Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
September
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Sontaha, la 16 September

Ba ile ba hlokofatsoa hobane ba ne ba ke ke ba amohela tokollo ka thekollo e itseng, e le hore ba ka fihlela tsoho e molemo.—Baheb. 11:35.

Le hoja re ke ke ra tiisa hore na Pauluse o ne a nahanne ka bo-mang, ba bang ba kang Nabothe le Zakaria, ba ile ba tlepetsoa ka majoe hobane ba mamela Molimo ’me ba etsa thato ea hae. (1 Mar. 21:3, 15; 2 Likron. 24:20, 21) Daniele le metsoalle ea hae ba ne ba e-na le monyetla oa ho “amohela tokollo” haeba ba ne ba ka koeneha. Empa ho e-na le hoo, tumelo ea bona ho Molimo e ile ea etsa hore ba lule ba tiile, ’me ba khone ho “thiba melomo ea litau” le ho “thiba matla a mollo.” (Baheb. 11:33, 34; Dan. 3:16-18, 20, 28; 6:13, 16, 21-23) Baprofeta ba bang ba kang Mikaia le Jeremia “ba ile ba amohela teko ea bona ka litšomo . . . le lichankana” ka lebaka la tumelo ea bona. Ha ba bang ba kang Elia, “ba ile ba lelera mahoatateng le lithabeng le mahaheng le maphaong a lefatše.” Kaofela ha bona ba ile ba mamella liteko tseo hobane ba ne ba e-na le “tebello e tiisitsoeng ea lintho tseo ho nang le tšepo bakeng sa tsona.”—Baheb. 11:1, 36-38; 1 Mar. 18:13; 22:24-27; Jer. 20:1, 2; 28:10, 11; 32:2. w16.10 3:10, 11

La 10-16 September
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | September

La 10-16 September

Johanne 3–4

  • Pina ea 57 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Jesu o Bua le Mosali oa Mosamaria ka Molimo”: (10 mets.)

    • Joh 4:6, 7—Le hoja Jesu a ne a shoele ke mokhathala, o ile a qalisa moqoqo le mosali oa Mosamaria (“a khathetse,” litlhaloso tsa Joh 4:6 tse ho nwtsty-E

    • Joh 4:21-24—Ka lebaka la moqoqo oa Jesu o neng o bonahala eka ke o sa reng letho, hamorao batho ba bangata ba ile ba tseba ka Mesia

    • Joh 4:39-41—Ka lebaka la mosebetsi o tsoileng matsoho oo Jesu a o entseng, Basamaria ba bangata ba ile ba beha tumelo ho eena

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Joh 3:29—Re lokela ho utloisisa temana ee joang? (“motsoalle oa monyali” litlhaloso tsa Joh 3:29 tse ho nwtsty-E)

    • Joh 4:10—E ka ’na eaba mosali oa Mosamaria o ile a utloisisa mantsoe a Jesu a reng “metsi a phelang” joang, empa Jesu o ne a bua ka eng? (“metsi a phelang” litlhaloso tsa Joh 4:10 tse ho nwtsty-E)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Joh 4:1-15

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.

  • Video e Bontšang Leeto la Pele la ho Boela: (5 mets.) Bapala video e be le buisana ka eona.

  • Puo: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) wp16.2 9 ¶1-4 —Sehlooho: Johanne 4:23 e bolela’ng?

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 77

  • “Ho Ntlafatsa Bokhoni ba Rona Boboleling ka ho Qalisa Moqoqo le Batho ka Morero oa ho ba Ruta ka Molimo”: (15 mets.) Puisano. Ha u phethela, khothalletsa bohle hore bonyane ba qalise moqoqo le motho a le mong bekeng ena. Sebokeng sa Bophelo le Tšebeletso bekeng e tlang, bahoeletsi ba tla fuoa monyetla oa ho pheta liphihlelo tseo ba bileng le tsona.

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 13 ¶1-4 le mabokose a maqepheng a 148-149 le 158-159

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 35 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | July

BEKE EA LA 10-16 SEPTEMBER, 2018

12 U Tšepile Mang?

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela