Laboraro, la 5 September
Le fetohe ka ho fetola likelello tsa lōna.—Bar. 12:2.
Jehova o tla re thusa ho utloisisa seo a se batlang, ’me re tla ithuta ho nahana joaloka eena. Qetellong, seo re se nahanang, re se buang le seo re se etsang se tla khahlisa Jehova ’me re tla ithuta ho laola mefokolo ea rona. (Luka 11:13; Bagal. 5:22, 23) Leha ho le joalo, re ntse re tla lokela ho lula re e loantša. (Liprov. 4:23). Ho nka nako ho ithuta ho etsisa Jehova. Kahoo, haeba u nka hore ha u e-s’o etse liphetoho tse ngata kamoo u batlang kateng, e-ba le mamello. Qalong u ka ’na ua tlameha ho iqobella ho etsa seo Bibele e se rutang. Empa ha nako e ntse e ea, u tla nolofalloa ho nahana joaloka Jehova le ho etsa se nepahetseng.—Pes. 37:31; Liprov. 23:12; Bagal. 5:16, 17. w16.05 4:14, 16
La 3-9 September
Johanne 1–2
Pina ea 13 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Jesu o Etsa Mohlolo oa Pele”: (10 mets.)
[Bapala video ea Selelekela sa Johanne.]
Joh 2:1-3—Ho hlaha boemo bo ka hlabisang lihlong moketeng oa lenyalo (w15 6/15 4 ¶3)
Joh 2:4-11—Mohlolo oo Jesu a ileng a o etsa o matlafatsa tumelo ea barutuoa ba hae (jy-E 41 ¶6)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Joh 1:1—Ke hobane’ng ha re ka re Johanne o ne a sa re “Lentsoe” ke Molimo ea Matla Oohle? (“Lentsoe,” “a e-na le,” “Lentsoe e ne e le molimo” ; litlhaloso tsa Joh 1:1 tse ho nwtsty-E)
Joh 1:29—Ke hobane’ng ha Johanne Mokolobetsi a ile a re Jesu ke “Konyana ea Molimo”? (“Konyana ea Molimo” litlhaloso tsa Joh 1:29 tse ho nwtsty-E)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
U fumane matlotlo afe a mang ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Joh 1:1-18
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Video e Bontšang Leeto la Pele: (4 mets.) Bapala video e be le buisana ka eona.
Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.
Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) bhs 50, Molaetsa oa Bibele, 2
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Litlhoko Tsa Phetheho: (8 mets.)
Seo Mokhatlo o se Finyeletseng: (7 mets.) Bapala video ea Seo Mokhatlo o se Finyeletseng ea September.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 12 ¶15-22 le lebokose le leqepheng la 140
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 121 le Thapelo