Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
September
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Moqebelo, la 8 September

Jehova Molimo oa rōna ke Jehova a le mong.—Deut. 6:4.

Poleloana e reng “Jehova a le mong” e boetse e bontša hore morero oa hae o tiile le lintho tseo a li etsang ke tse ka tšeptjoang. Jehova Molimo ha a feto-fetohe. Kamehla oa tšepahala, ha a fetohe ’me o bua ’nete. Ka mohlala, o ile a tšepisa Abrahama hore litloholo tsa hae li tla lula Naheng e Tšepisitsoeng. Ka hona, Jehova o ile a etsa mehlolo e mengata e le hore a phethahatse tšepiso eo. Lilemo tse makholo a mane le mashome a mararo ka mor’a ho mo tšepisa seo, morero oa Jehova o ne o ntse o e-s’o fetohe. (Gen. 12:1, 2, 7; Ex. 12:40, 41) Lilemo tse makholo hamorao, Jehova o ile a re Baiseraele ke lipaki tsa hae, ’me a re ho bona: “Ke ’na Ea tšoanang. Pele ho ’na ha ho na Molimo ea ileng a etsoa, ’me le ka mor’a ka ho ile ha tsoela pele ho se e mong.” Jehova o ile a boela a etsa bonnete ba hore morero oa hae ha o fetohe ha a ne a re: “Ka linako tsohle ke ’na Ea tšoanang.” (Esa. 43:10, 13; 44:6; 48:12) Ruri Baiseraele ba ne ba e-na le tlotla ea ho sebeletsa Molimo ea tšepahalang le ea sa fetoheng. Le rona kajeno re na le tlotla ea ho mo sebeletsa.—Mal. 3:6;Jak. 1:17. w16.06 3:6, 7

La 3-9 September
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | September

La 3-9 September

Johanne 1–2

  • Pina ea 13 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Jesu o Etsa Mohlolo oa Pele”: (10 mets.)

    • [Bapala video ea Selelekela sa Johanne.]

    • Joh 2:1-3—Ho hlaha boemo bo ka hlabisang lihlong moketeng oa lenyalo (w15 6/15 4 ¶3)

    • Joh 2:4-11—Mohlolo oo Jesu a ileng a o etsa o matlafatsa tumelo ea barutuoa ba hae (jy-E 41 ¶6)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Joh 1:1—Ke hobane’ng ha re ka re Johanne o ne a sa re “Lentsoe” ke Molimo ea Matla Oohle? (“Lentsoe,” “a e-na le,” “Lentsoe e ne e le molimo” ; litlhaloso tsa Joh 1:1 tse ho nwtsty-E)

    • Joh 1:29—Ke hobane’ng ha Johanne Mokolobetsi a ile a re Jesu ke “Konyana ea Molimo”? (“Konyana ea Molimo” litlhaloso tsa Joh 1:29 tse ho nwtsty-E)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • U fumane matlotlo afe a mang ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Joh 1:1-18

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Video e Bontšang Leeto la Pele: (4 mets.) Bapala video e be le buisana ka eona.

  • Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.

  • Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) bhs 50, Molaetsa oa Bibele, 2

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 38

  • Litlhoko Tsa Phetheho: (8 mets.)

  • Seo Mokhatlo o se Finyeletseng: (7 mets.) Bapala video ea Seo Mokhatlo o se Finyeletseng ea September.

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 12 ¶15-22 le lebokose le leqepheng la 140

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 121 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | July

BEKE EA LA 3-9 SEPTEMBER, 2018

7 U Batla ho Tsejoa le ho Ratoa ke Mang?

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela