Moqebelo, la 15 February
Bolellanang ’nete.—Zak. 8:16.
Ho na le ntho e ’ngoe eo e leng khale e le teng eo liphello tsa eona li leng bohloko. Ke efe? Ke leshano. Hangata ha motho a bua leshano o batla hore batho ba lumellane le eena. Satane ke eena motho oa pele ea ileng a bua leshano ’me ha Jesu a bua ka eena o ile a re: “Diabolose . . . ke ntate oa leshano.” (Joh. 8:44) Jehova o ile a bopa Adama le Eva ’me a ba fa lehae le letle la Paradeise e le hore ba ka thabela ho phela ho lona. O ile a ba laela hore ba se ke ba ja “sefate sa tsebo ea botle le bobe” e le hore ba se ke ba shoa. Satane o ile a ba thetsa a sebelisa noha a re: “Ka sebele le ke ke la shoa . . . etsoe Molimo oa tseba hore letsatsing leo ka lona le jang [litholoana] tsa sona mahlo a lona a tla tutuboloha ’me le tla ba joaloka Molimo, le tsebe botle le bobe.” Lena ebile leshano la pele leo Satane a le buileng lilemo tse likete tse fetileng serapeng sa Edene.—Gen. 2:15-17; 3:1-5. w18.10 6 ¶1-2
La 10-La 16 February
GENESE 15-17
Pina ea 39 le Thapelo
Selelekela (1 mots.)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Ke Hobane’ng ha Jehova a Ile a Reha Abrame le Sarai Mabitso a Macha?”: (10 mets.)
Gen 17:1—Abrame o ne a lokile le hoja a ne a sa phethahala (it-1-E 817)
Gen 17:3-5—Abrame o ile a rehoa Abrahama (it-1-E 31 ¶1)
Gen 17:15, 16—Sarai o ile a rehoa Sara (w09 2/1 13)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (10 mets.)
Gen 15:13, 14—Lilemo tse 400 tseo litloholo tsa Abrahama li ileng tsa hatelloa ka tsona li ile qala neng hona tsa fela neng? (it-1-E 460-461)
Gen 15:16—Ke joang ‘moloko oa bone’ oa Abrahama o ileng oa khutlela Kanana? (it-1-E 778 ¶4)
’Malong oa Bibele oa bekeng ee, u ithutile’ng ka Jehova? Ke lintlha life tseo u ka ratang ho li sebelisa tšimong kapa tse ling feela tseo u li ratileng?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Gen 15:1-21 (th khaolo ea 10)
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Video ea Leeto la Pele: (4 mets.) Puisano. Bapala video ea leeto la pele ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang: Mohoeletsi o botsitse lipotso ka tsela e nepahetseng joang? O sebelisitse papiso hantle joang?
Leeto la Pele: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Hlalosetsa mong’a ntlo taba eo hangata batho ba tšimong ea lona ba etsang khang ka eona. (th khaolo ea 3)
Leeto la Pele: (5 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Fa mong’a ntlo bukana ea Litaba Tse Molemo ebe le qala ho ithuta le eena thutong ea boraro. (th khaolo ea 6)
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Kamoo Banyalani ba ka Matlafatsang Manyalo a Bona”: (15 mets.) Puisano. Bapala video ea Matlafatsang Tlamahano ea Lona ea Lenyalo.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) ia khao. 3 ¶14-21, lebokose le leqepheng la 30 le lipotso tse leqepheng la 32
Phethela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
Pina ea 28 le Thapelo