October
Labone, la 1 October
Ke tla lula ke letetse Jehova.—Mik. 7:7.
Hangata re fumana tataiso e tsoang mokhatlong e re thusang ho sebeletsa Jehova. Tataiso eo re e fumana ho tsoa ho baholo, balebeli oa potoloho, ofisi ea lekala kapa Sehlopha se Busang. Empa ho thoe’ng haeba ka linako tse ling re sa utloisise hore na ke hobane’ng ha re fuoe tataiso eo? Re ka ’na ra nahana feela ka hore na tataiso eo e ka ’na ea re bakela mathata afe. Re ka ’na ra boela ra sheba mefokolo ea bara ba bo rona ba faneng ka tataiso eo. Ha re tsamaea ka tumelo, re tla be re bontša hore rea tšepa hore Jehova ke eena ea tataisang mokhatlo oa hae ebile o tseba maemo a rona. Kahoo, re mamela hang-hang ebile e le ka pelo eohle. (Baheb. 13:17) Rea hlokomela hore ho mamela ha rona ho etsa hore phutheho e momahane. (Baef. 4:2, 3) Re na le tšepo ea hore Jehova o tla re hlohonolofatsa ha re mamela bara ba bo rona ba etellang pele, le hoja ba sa phethahala. (1 Sam. 15:22) Ka nako e loketseng, Jehova o tla etsa liphetoho tse hlokahalang. w25.03 23-24 ¶13-14
Labohlano, la 2 October
Molimo . . . eo e leng Mosenoli oa liphiri.—Dan. 2:28.
Re phela nakong e thabisang. Letsatsi le leng le le leng re bona ha boprofeta ba Bibele bo phethahala. Ka mohlala, re bona “morena oa leboea” le “morena oa boroa” ba sututsana, e mong le e mong a batla ho laola lefatše. (Dan. 11:40, nal.) Re bona ha litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo li boleloa lefatšeng lohle ’me batho ba limilione ba khetha ho sebeletsa Jehova. (Esa. 60:22; Mat. 24:14) Hape re fumana matletse-tletse a lijo tse matlafatsang tumelo ea rona “ka nako e tšoanetseng.” (Mat. 24:45-47) Jehova o re thusa ho utloisisa haholoanyane liketsahalo tsa bohlokoa tse tla etsahala haufinyane. (Liprov. 4:18) Re ka kholiseha hore nakong eo mahlomola a maholo a qalang, re tla be re tseba lintho tsohle tseo re lokelang ho li tseba e le hore re mamelle ka botšepehi le hore re lule re momahane nakong eo e thata. Leha ho le joalo, re lokela ho lumela hore ho na le lintho tseo re sa li tsebeng tse tla etsahala nakong e tlang. w24.05 8 ¶1-2
Moqebelo, la 3 October
Ha a etselletse ka leleme la hae.—Pes. 15:3.
Mopesaleme o boetse o bua ka motho ea etselletsang ba bang. Ho etselletsa motho e mong ho bolela’ng? Hangata motho ea etselletsang o bua lintho tseo e seng ’nete ka motho e mong tse ka senyang botumo ba hae. Pesaleme ea 15:3 e boetse ea re hopotsa hore baeti ba Jehova ha ba etse letho le lebe ho baahisani ba bona ebile ha ba bue hampe ka metsoalle ea bona. (Pes. 15:1) Ho bua batho ba bang hampe ho ka akareletsa’ng? Re ka iphumana re buile hampe ka batho ba bang re sa hlokomele. Ka mohlala: (1) morali oa bo rona a ka tlohela tšebeletso ea nako e tletseng, (2) banyalani ba ka tlohela ho sebeletsa Bethele kapa (3) mor’abo rona a ka tlohela ho sebeletsa e le moholo kapa e le mohlanka ea sebeletsang. Na ho tla be ho nepahetse ho iketsetsa liqeto tsa hore na ke hobane’ng ha ho bile le liphetoho tse joalo bophelong ba bona? Ho ka etsahala hore ebe ho na le mabaka a mang ao re sa a tsebeng. Hape, moeti tenteng ea Jehova “ha a etse letho le lebe ho moahisani oa hae ebile ha a bue hampe ka metsoalle ea hae.” w24.06 11 ¶11-13
Sontaha, la 4 October
Ke lula ke nahana ka Jehova. Kaha o ka letsohong la ka le letona, nke ke ka tšoenyeha le ka mohla.—Pes. 16:8.
E le hore re tšabe Jehova haholoanyane, re lokela ho nahana ka hore na ke eng e tla mo khahlisa nako eohle ha re etsa liqeto. Ha u ntse u bala litlaleho tsa Bibele, ipotse: ‘Ha ke ne ke le boemong boo, nka be ke ile ka etsa qeto efe?’ Ka mohlala, ipone u mametse likhosana tseo tse leshome ha li re Baiseraele ba ke ke ba khona ho hlola Bakanana. Na u ka be u ile oa li kholoa eaba u tšaba batho kapa lerato leo u ratang Jehova ka lona le takatso ea ho mo thabisa li ka be li bile matla ho feta ho tšaba batho? Sechaba sohle sa Iseraele se ile sa hloleha ho hlokomela ’nete eo Joshua le Kalebe ba neng ba e bua. Ka lebaka leo, Jehova ha aa ka a lumella Baiseraele bao ho kena Naheng e Tšepisitsoeng.—Num. 14:10, 22, 23. w24.07 10 ¶7
Mantaha, la 5 October
Jehova ke eena ea hlahlobang lipelo.—Liprov. 17:3.
Gomere, mosali oa moprofeta Hosea, o ile a siea Hosea eaba o ea ho banna ba bang. Na Jehova o ne a nka Gomere e se e le ba-e-hlotse? Che! Kaha Jehova o khona ho bona lipelo, o ile a re ho Hosea: “Tsamaea hape, u rate mosali ea ratoang ke monna e mong a bile a etsa bofebe joalokaha Jehova a rata sechaba sa Iseraele leha se ntse se ea ho melimo e meng.” (Hos. 3:1; Liprov. 16:2) Hlokomela hore mosali oa Hosea o ne a ntse a tsoela pele ka boitšoaro bona ba hae bo bobe. Ho ntse ho le joalo, Jehova o ile a re Hosea a ee ho eena, a mo tšoarele a be a khutlelane le eena. Mohlala ona oa bontša hore Jehova o ne a sa qhalla batho ba hae matsoho. Le hoja ba ne ba ntse ba tsoela pele ho etsa lintho tse mpe, o ne a ntse a ba rata. O ile a ’na a leka ka litsela tsohle ho ba thusa hore ba bake le ho fetola mekhoa ea bona. Mohlala ona o re ruta hore Jehova o ‘hlahloba lipelo’ ’me o ikemiselitse ho thusa motho leha a ntse a tsoela pele ho etsa sebe se tebileng hore qetellong a bake. w24.08 10 ¶7
Labobeli, la 6 October
Molao ke setšoantšo feela sa lintho tse molemo tse tlang ho tla.—Baheb. 10:1.
Bajuda bao e ileng ea e-ba Bakreste ba ile ba lokela ho etsa liphetoho tse kholo ’me ho ne ho se bonolo. Bajuda e ne e kile ea e-ba sechaba se khethiloeng ke Jehova. Ka lilemo tse ngata, Jerusalema e ne e le sebaka sa bohlokoa ka ho fetisisa. Morena ea neng a emela Jehova o ne a busa a le moo ’me le batho ba neng ba batla ho rapela Jehova, ba ne ba mo rapela ba le tempeleng e neng e le Jerusalema. Bajuda bohle ba tšepahalang ba ne ba latela Molao oa Moshe oo ba neng ba o rutoa ke baeta-pele ba bolumeli. Lithuto tseo li ne li akarelletsa hore na ba lokela ho ja eng, litaba tsa lebollo le hore na ba lokela ho tšoara batho ba Balichaba joang. Leha ho le joalo, ka mor’a lefu la Jesu, Jehova o ne a se a sa amohele mahlabelo a Bajuda. Kahoo, ho ne ho se bonolo ho Bajuda bao e seng e le Bakreste ka nako eo hore ba fetole tsela eo ba seng ba rapela Jehova ka eona. (Baheb. 10:1, 4, 10) Esita le Bakreste ba neng ba e-na le tumelo e matla, joaloka moapostola Petrose, ba ne ba thatafalloa ke ho etsa liphetoho tsena. (Lik. 10:9-14; Bagal. 2:11-14) Ka lebaka la lithuto tse ncha, Bakreste bao ba ile ba hlorisoa ke baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda. w24.09 9 ¶4
Laboraro, la 7 October
Hopolang ba le etellang pele, ba le boleletseng lentsoe la Molimo.—Baheb. 13:7.
Ha Jehova a fa batho ba hae mosebetsi, o lebeletse hore ba o etse ka tsela e hlophisehileng. (1 Bakor. 14:33) Ka mohlala, ke thato ea Molimo hore litaba tse monate li boleloe lefatšeng lohle. (Mat. 24:14) Jehova o file Jesu boikarabelo ba ho etella pele mosebetsi ona. Jesu o etsa bonnete ba hore mosebetsi ona o etsoa ka tsela e hlophisehileng. Ha liphutheho li ne li thehoa libakeng tse fapaneng mehleng ea baapostola, ho ne ho khethoa baholo hore ba fane ka tataiso le ho etella pele. (Lik. 14:23) Jerusalema ho ne ho e-na le sehlopha sa baapostola le baholo ’me se ne se etsa liqeto tse itseng tseo liphutheho tsohle li neng li lebeletsoe hore li li mamele. (Lik. 15:2; 16:4) Kaha Bakreste ba mehleng eo ba ne ba mamela litaelo tseo, “liphutheho [li ile] tsa ’na tsa matlafala tumelong ’me tsa hola letsatsi le letsatsi.”—Lik. 16:5. w24.04 8 ¶1
Labone, la 8 October
Maria Magdalena a ea ho barutuoa a re ho bona: “Ke bone Morena!”—Joh. 20:18.
Hoseng ha la 16 Nisane basali ba bang ba tšepahalang ba ile ba ea lebitleng la Jesu. (Luka 24:1, 10) Hlokomela se ile sa etsahalla e mong oa basali bana e leng Maria Magdalena. Ha a fihla lebitleng la Jesu, o ile a fumana ho se na letho. O ile a matha a e’o bolella Petrose le Johanne. Ha ba utloa litaba tsena ba ile ba mathela lebitleng la Jesu ’me a ba sala morao. Ka mor’a hore ba fumane Jesu a le sieo ka lebitleng, banna bana ba ile ba khutlela hae. Maria eena o ile a sala moo a ntse a lla a sa tsebe hore Jesu o ntse a mo shebile. Empa Jesu o ne a bona hore mosali enoa ea tšepahalang o ntse a lla ’me sena se ile sa mo ama. Eaba o itlhahisa ho eena oa mo khothatsa le ho mo fa mosebetsi oa bohlokoa oa ho bolella bana babo hore o tsohile.—Joh. 20:17, 18. w24.10 13 ¶7
Labohlano, la 9 October
Ke tla etsa lipontšo le mehlolo e mengata naheng ea Egepeta.—Ex. 7:3.
Moshe e ne e le moprofeta, moahloli, molaoli le rahistori. O ile a etella pele sechaba sa Iseraele ho tsoa bokhobeng Egepeta, a ba a bona ha Jehova a etsa mehlolo e mengata. Jehova o ile a mo sebelisa ho ngola libuka tse hlano tse qalang tsa Bibele, Pesaleme ea 90 mohlomong le ea 91. Hape ho ka etsahala hore ebe ke eena ea ngotseng buka ea Jobo. Nakoana pele Moshe a shoa, ha a le lilemo li 120, o ile a bokella sechaba sohle sa Baiseraele e le hore a se hopotse ka lintho tsohle tseo Jehova a se etselitseng tsona. Ba bang ba bamameli ba hae ba ile ba bona lipontšo le mehlolo eo Jehova a ileng a e etsa le kamoo a ileng a fa Egepeta likotlo kateng. (Ex. 7:4) Ba ile ba tsamaea moo ho ommeng bohareng ba Leoatle le Lefubelu ba ba ba bona ha masole a Faro a timetsoa. (Ex. 14:29-31) Ha ba le lefeelleng, Jehova o ile a ba hlokomela a ba a ba sireletsa. (Deut. 8:3, 4) Ha sechaba se ne se le haufi le ho kena Naheng e Tšepisitsoeng, Moshe o ile a sebelisa monyetla oo oa ho qetela ho se khothatsa. w24.11 8-9 ¶3-4
Moqebelo, la 10 October
Motho ea jang bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng. Bohobe boo ke tla fana ka bona e le hore batho ba phele, ke nama ea ka.—Joh. 6:51.
Lijong Tsa Shoalane Tsa Morena, Jesu o ne a bua le batho ba seng bakae feela ha pejana teng a ne a bua le letšoele le Galilea. Ha Jesu a ne a le Galilea ka selemo sa 32, o ne a bua haholo le Bajuda ba neng ba mo batla bohobe. Leha ho le joalo, o ile a bua le bona ka ntho e ’ngoe ea bohlokoa ho feta bohobe boo, e neng e ka ba thusa ho fumana bophelo bo sa feleng. Jesu o ile a boela a re batho ba hlokahetseng ba tla tsosoa ka letsatsi la ho qetela ’me ba phele ka ho sa feleng. O ne a sa bue ka batho ba seng bakae ba khethiloeng bao a ileng a bua le bona hamorao Lijong Tsa Shoalane Tsa Morena. Ho e-na le hoo, ha a ne a le Galilea, o ne a bua ka tlhohonolofatso eo batho bohle ba neng ba ka e fumana. w24.12 11 ¶10-11
Sontaha, la 11 October
Banna, le tsoele pele ho rata basali ba lona.—Bakol. 3:19.
Jehova o hloile bohle ba ratang ntoa. (Pes. 11:5) Ka ho khetheha o hloile monna e mong le e mong ea hlekefetsang mosali oa hae. (Mal. 2:16) Haeba monna a sa tšoare mosali oa hae hantle, ho etsa joalo ho ka ama kamano ea hae le Molimo. Hape Jehova a ka ’na a se ke a mamela lithapelo tsa hae. (1 Pet. 3:7) Ha banna ba bang ba halefile, ba bua mantsoe a ka utloisang basali ba bona bohloko haholo. Empa Jehova o hloile batho ‘ba bohale, ba etsang lerata ba halefile le ba buang lipuo tse hlabang.’ (Baef. 4:31, 32) Monna ea buisang mosali oa hae hampe o senya lenyalo la hae le setsoalle sa hae le Molimo. (Jak. 1:26) Hape, monna ea shebang litšoantšo tse litšila o senya kamano ea hae le Jehova ebile ha a hlomphe mosali oa hae. Jehova o lebeletse hore monna a tšepahalle mosali oa hae ka lintho tseo a li etsang le tseo a li nahanang. Jesu o ile a re monna ea shebang mosali e mong e le hore a be le takatso ea ho etsa thobalano le eena, o se a febile le eena “ka pelong ea hae.”—Mat. 5:28, 29. w25.01 9 ¶6-8
Mantaha, la 12 October
Motho e ba ea lokileng . . . ka lebaka la tumelo eo a nang le eona ho Jesu Kreste.—Bagal. 2:16.
Ho nkoa re lokile ho bolela hore re tšoaretsoe liphoso tsa rona ’me le sekoloto sa rona se hlakotsoe ka ho felletseng. Sena ha se bolele hore Jehova o tlola molao oa hae oa toka. Ha se hore o re nka re lokile hobane re tšoaneleha kapa hona hore o amohela libe tseo re li etsang. Empa Jehova o ikemiselitse ho re tšoarela ha re lumela ho seo eena le Jesu ba se entseng, e leng ho fana ka tefo ea topollo e le hore re ka tšoareloa libe. (Bar. 3:24) Re rua molemo joang ha Jehova a re nka re lokile? Ba bang ba nkoang ba lokile ba khetheloa ho ea busa le Kreste leholimong ’me e be bana ba Molimo. (Tite 3:7; 1 Joh. 3:1) Jehova o se a tšoaretse libe tsa bona. Ho joalokaha eka ha baa ka ba etsa libe, kahoo baa tšoaneleha hore e ka ba karolo ea ’Muso oa Molimo. (Bar. 8:1, 2, 30) Ba bang bona ba nkoang ba lokile ba tla phela lefatšeng ka ho sa feleng. Jehova o se a ba tšoaretse libe ’me e se e le metsoalle ea hae.—Jak. 2:21-23. w25.02 5 ¶17-18
Labobeli, la 13 October
U nahana menahano ea batho eseng ea Molimo.—Mat. 16:23.
Nahana ka ketsahalo e ’ngoe moo moapostola Petrose a sa kang a bonahatsa tsela eo Jehova a nahanang ka eona. Jesu o ile a bolella baapostola ba hae hore o tla ea Jerusalema, ho nehelanoe ka eena ho baeta-pele ba bolumeli, a mamelle tlhokofatso ’me hamorao a bolaoe. (Mat. 16:21) Petrose o ile a thatafalloa ke ho utloisisa hore na ke joang Jehova a ka lumellang hore Jesu a bolaoe hobane e ne e le eena Mesia ea tšepisitsoeng, hape e ne e le eena ea neng a tla pholosa Baiseraele. (Mat. 16:16) Eaba Petrose o nkela Jesu ka thoko o re ho eena: “Ikhauhele, Morena. Ho hang u ke ke oa etsahalloa ke ntho e tjena.” (Mat. 16:22) Kaha Petrose ha aa ka a nahana joaloka Jehova boemong bona, ha baa ka ba lumellana le Jesu. Ho ka etsahala hore sepheo seo Petrose a neng a fa Jesu keletso ka sona se ne se le setle empa Jesu o ile a hana keletso ea Petrose. Ho na le seo re ka ithutang sona moo. Thato ea Jehova e ne e se hore Jesu a phele bophelo ba ho iqenehela. Ketsahalong eo, Petrose o ile a ithuta ntlha ea bohlokoa ea hore a ithute ho nahana ka tsela eo Molimo a nahanang ka eona. w25.03 9 ¶5-6
Laboraro, la 14 October
Jehova o haufi le bao lipelo tsa bona li utloileng bohloko. O pholosa ba khathetseng matla.—Pes. 34:18.
Na pelo ea hao e bohloko hobane motho eo u neng u mo tšepa o u tsoile tlase? Hopola hore Ntate oa hao ea leholimong oa u rata ho sa tsotellehe hore na batho ba bang ba ka u utloisa bohloko hakae. Haeba ho na le motho ea u soetsitseng, u ka tšelisoa ke mantsoe a Davida a hlahang temaneng ea kajeno. Batho “ba khathetseng matla” ba ka ’na ba ikutloa ba se na tšepo. Jehova o thusa batho ba ikutloang joalo joang? Jehova “o haufi” le rona, o joaloka motsoali ea nkang ngoana oa hae ea ntseng a lla ebe oa mo tholisa. Ha re utloile bohloko hobane ho e-na le motho ea re soetsitseng kapa ea re lahlileng, Jehova o utloa bohloko boo re bo utloang ’me o tla re thusa hang-hang. O ikemiselitse ho re tšelisa ha re utloile bohloko kapa re nahana hore ha re na thuso. O re fa tšepo e re thusang hore re mamelle mathata a rona hona joale.—Esa. 65:17. w24.12 23 ¶13-14
Labone, la 15 October
Le tla fuoa [moputso] ke Jehova.—Bakol. 3:24.
Mehleng ena baholo ba ka kholiseha hore Jehova o bona mesebetsi e metle eo ba e etsang ebile oa e ananela. Baholo ba etsa maeto a bolisa, baa ruta ebile ba etsa le mosebetsi oa boboleli ’me ba bangata ba bona ba thusa liprojekeng tsa kaho le ha ho hlahile likoluoa. Baholo ba bang ba thusa Likomiting Tsa Bohokahanyi le Lipetlele kapa ba Lihlopheng Tse Etelang Bakuli. Baholo baa tseba hore phutheho ke ea Jehova. Kahoo, ba sebetsa ka thata ka phuthehong ebile ba na le tumelo e matla ea hore Molimo o tla ba putsa ka lebaka la mesebetsi eo ba e etsang. (Bakol. 3:23, 24) Ha se motho e mong le e mong eo e ka bang moholo. Leha ho le joalo, kaofela ha rona ho na le seo re ka se etsetsang Jehova. Molimo oa rona o thaba haholo ha re etsa sohle se matleng a rona ho mo sebeletsa. Oa bona ha re fana ka menehelo ho tšehetsa mosebetsi oa lefatše lohle le haeba re sa khone ho fana ka o mongata. Hape oa thaba ha re tšoarela batho ba re utloisang bohloko. Tšepa hore Jehova o ananela seo u ka khonang ho mo etsetsa sona. Boiteko boo u bo etsang bo etsa hore a u rate ebile o tla u putsa.—Luka 21:1-4. w24.06 23 ¶12-13
Labohlano, la 16 October
Le se ke la lumella lipelo tsa lona ho khelohela litseleng tsa mosali eo. Le se ke la hlahlathella litseleng tsa hae.—Liprov. 7:25.
Tlaleho ena ea Solomone e bontša ntho e ka etsahallang morapeli ofe kapa ofe oa Jehova. A ka ’na a etsa sebe se tebileng ebe hamorao o re taba ena e etsahetse hang-hang. Kapa a re o bone feela a se a entse sebe. Empa haeba a ka nahana hantle hore na ho etsahetse’ng, o tla hlokomela hore o ile a etsa liqeto tse seng bohlale pele a etsa sebe seo se tebileng. Mohlomong o ile a etsa setsoalle le batho ba sa rateng Jehova, kapa e ka ’na eaba boithabiso boo a ileng a bo khetha, liwebsaete tseo a ileng a kena ho tsona kapa libaka tseo a ileng a ea ho tsona li ne li sa lokela Mokreste. Mohlomong o ne a se a sa rapele, a sa bale Bibele, a sa ee libokeng kapa tšimong. Joaloka mohlankana eo ho buuoang ka eena ho Liproverbia, o ile a etsa sebe se tebileng ka mor’a hore a etse liqeto tse ngata tse seng bohlale. Re ithuta’ng tabeng ee? Ha rea lokela ho qoba sebe ka bosona feela empa re lokela ho qoba le mehato e ka etsang hore re qetelle re entse sebe. Solomone o ile a hlalosa ntlha ena hang ka mor’a hore a bue ka tlaleho ena.—Mat. 5:29, 30. w24.07 16 ¶10-11
Moqebelo, la 17 October
Re fuoe mosebetsi ona o ikhethang le hoja re tšoana feela le lijana tsa letsopa tse tšetseng letlotlo le khethehileng.—2 Bakor. 4:7.
Ke mosebetsi ofe oo? Ke mosebetsi o pholosang bophelo ba batho oa ho bolela molaetsa oa ’Muso. (2 Bakor. 4:1) Lijana tsa letsopa li emela’ng? Li emela bahlanka ba Molimo ba bolellang batho ba bang litaba tse monate. Mehleng ea Pauluse, batho ba rekisang ba ne ba sebelisa linkho tsa letsopa ho tsamaisa lintho tsa bohlokoa joaloka lijo, veine le chelete. Ka tsela e tšoanang, Jehova o sebelisa rona hore re etse mosebetsi ona oa bohlokoa oa ho bolela litaba tse monate. Jehova o tla re thusa hore re be le matla a ho bolela molaetsa oa hae. Ka linako tse ling re ka tšaba ho hanyetsoa ke batho. Ke’ng e ka re thusang ha re ikutloa ka tsela eo? Ak’u nahane ka thapelo eo baapostola ba ileng ba e etsa nakong eo ba neng ba laeloa hore ba khaotse ho bolela litaba tse monate. Ho e-na le hore ba tšohe, ba ile ba kopa Jehova ka thapelo hore a ba thuse hore ‘ba ’ne ba bolele lentsoe la hae ka sebete sohle.’ Jehova o ile a arabela thapelo ea bona hang-hang. (Lik. 4:18, 29, 31) Ka linako tse ling ho tšaba ho hanyetsoa ke batho ho ka etsa hore re tšoenyehe ’me ha re ikutloa ka tsela eo re ka kopa Jehova hore a re thuse. Re ka kopa Jehova hore a re thuse hore re rate batho e le hore re se ke ra tšaba ho ba bolella litaba tse monate. w24.04 16 ¶8-9
Sontaha, la 18 October
‘Ntate oa rona ea maholimong, lebitso la hao le halaletsoe.—Mat. 6:9.
Re batla ho halaletsa lebitso la Jehova hobane rea mo rata. Taba ena e etsa hore re batle ho bolella batho hore mashano a matala ao Satane a a buileng ka Jehova ha se ’nete. (Gen. 3:1-5; Jobo 2:4; Joh. 8:44) Ha re bolela litaba tse monate re bontša hore re batla ho bolella batho bohle ba ikemiselitseng ho re mamela hore na Jehova ke Molimo ea joang. Re batla ho bolella batho bohle hore Jehova o lerato ebile o busa ka tsela e lokileng le e nang le toka le hore ’Muso oa hae o tla felisa mathata ’ohle le ho etsa hore re be le khotso ’me re thabe. (Pes. 37:10, 11, 29; 1 Joh. 4:8) Ha re bolella batho lintho tsena ka Jehova, re halaletsa lebitso la hae. Hape rea thaba hobane re etsa seo re lokelang ho se etsa joalokaha re le Lipaki Tsa Jehova. w24.05 18 ¶12
Mantaha, la 19 October
Ha u etsa mokete, u meme bafutsana, ba holofetseng le ba sa boneng; U tla thaba hobane ba tla be ba se na letho leo ba ka u patalang ka lona. Molimo o tla u buseletsa mohla a tsosang batho ba lokileng.—Luka 14:13, 14.
Bara ba bo rona, le ka bontša hore le ‘batho ba amohelang baeti’ ka hore le etsetse ba bang lintho tse molemo, ho akarelletsa le bao eseng metsoalle ea lona. (1 Pet. 4:9) Buka e ’ngoe e hlalosang Bibele e re motho ea amohelang baeti, o mosa le ho batho bao a sa ba tsebeng ’me o thabela ho ba memela ha hae. Ipotse, ‘Na ke tsebahala ke le motho ea amohelang baeti?’ (Baheb. 13:2, 16) Mor’abo rona ea amohelang baeti, o bontša mosa ho baeti bohle bao a ba memang, ho sa tsotellehe hore na ba futsanehile, ke ba tsoang liphuthehong tse ka ntle ho tl’o fana ka lipuo kapa ba sebetsang ka thata ho khothatsa liphutheho joaloka balebeli ba potoloho.—Gen. 18:2-8; Liprov. 3:27; Lik. 16:15; Bar. 12:13. w24.11 21 ¶6
Labobeli, la 20 October
Baroetsana ba neng ba itokisitse ba kena le eena moketeng oa lenyalo.—Mat. 25:10.
Jesu o ile a etsa papiso ka baroetsana ba leshome ba neng ba e’o khahlanyetsa monyali. (Mat. 25:1-4) Kaofela ba ne ba batla ho felehetsa monyali ho ea moketeng oa lenyalo. Jesu o ile a re ba bahlano e ne e le “ba bohlale,” ba bahlano e le “maoatla.” Baroetsana ba bohlale ba ne ba itokisitse ebile ba itjoetsitse hore ba tla emela monyali hore a fihle esita le ha a ne a ka fihla bosiu. Kahoo, ba ile ba nka mabone e le hore ba khantše ha ho e-ba lefifi. Ba ile ba boela ba nka oli e eketsehileng e le hore mabone a bona a se ke a tima haeba monyali a ne a ka lieha. (Mat. 25:6-10.) Ha monyali a fihla, baroetsana ba bohlale ba ile ba kena le eena moketeng oa lenyalo. Ka tsela e tšoanang, Bakreste ba tlotsitsoeng ba tla lula ba tšepahala ba bile ba falimehile ho fihlela Kreste a tla, ba tla fumana moputso oa bona ’me ba kene le monyali e leng Jesu ’Musong oa hae o leholimong.—Tšen. 7:1-3 w24.09 21 ¶6
Laboraro, la 21 October
Ka bona bongata bo boholo ba batho . . . ba lichaba tsohle.—Tšen. 7:9.
Ha re nahana ka seo mosebetsi oa boboleli o se finyellang lefatšeng lohle, re susumelletseha ho tsoela pele re bolela ka cheseho. Selemo le selemo, batho ba limilione ba thahasellang ba tla Sehopotsong ba be ba ithute Bibele le rona. Batho ba likete tse makholo baa kolobetsoa ’me ba kopanela le rona mosebetsing oa boboleli. Ha re tsebe hore na ke batho ba bakae bao e leng hona ba tla mamela molaetsa oa rona, empa rea tseba hore Jehova o ntse a bokella bongata bo boholo, bo tla pholoha mahlomola a maholo a tlang. (Tšen. 7:9, 14) Mong’a kotulo o kholisehile hore batho ba bangata ba ntse ba tla amohela litaba tse monate. Kahoo, re tla tsoela pele re ntse re bolela. (Luka 10:2) Haesale barutuoa ba Jesu ba tsebahala ka ho bolela ka cheseho. Ha batho ba bona kamoo baapostola ba neng ba le sebete kateng, ba ile “ba hlokomela hore ba ne ba tloaetse ho tsamaea le Jesu.” (Lik. 4:13) Ha batho ba re bona re le tšimong, e se eka ba ka hlokomela hore le rona re susumelitsoe ke mohlala oa Jesu oa ho cheseha. w25.03 18 ¶15; 19 ¶17-18
Labone, la 22 October
Jehova, motho ke’ng hore u mo hlokomele?—Pes. 144:3.
Ha re bala Bibele, rea hlokomela hore Jehova o tsotella le batho bao ho nkoang ba se na thuso. Ka mohlala, Jehova o ile a roma moprofeta Samuele hore a il’o khetha morena oa Iseraele har’a bara ba Jese. Jese o ile a bitsa bara ba hae ba supileng eaba o siea oa ho fela e leng Davida. Empa Jehova o ile a khetha Davida. (1 Sam. 16:6, 7, 10-12.) Jehova o ne a bona hore na Davida ke motho ea joang, a bona hore o mo rata ka pelo eohle. U se ke oa lebala kamoo Jehova a u bontšitseng hore oa u tsotella. A ka u fa keletso e u loketseng. (Pes. 32:8) Taba ena e bontša hore o re tseba hantle! (Pes. 139:1) Ha u bona kamoo keletso ea Jehova e u tsoelang molemo kateng, u tla kholiseha hore oa u tsotella. (1 Likron. 28:9; Lik. 17:26, 27) Jehova o bona boiteko ba hao le makhabane a hao ’me o batla ho ba Motsoalle oa hao.—Jer. 17:10. w24.10 25-26 ¶7-9
Labohlano, la 23 October
A ba hauhela hobane ba ne ba tšoana le linku tse se nang molisa.—Mar. 6:34.
Ho hlakile hore u rata Jehova ebile u batla ho sebeletsa ba bang. Ke eng e ka u thusang hore u batle ho etsa mosebetsi oo? Nahana ka hore na ho sebeletsa Bakreste-’moho le uena ho tla u thabisa hakae. Jesu o ile a re: “Ho fana ho thabisa haholo ho feta ho fuoa.” (Lik. 20:35) Jesu o ile a phelela mantsoe a hae. O ile a thaba e le kannete ka lebaka la ho sebeletsa ba bang. Nahana ka mohlala o hlahang ho Mareka 6:31-34. Ka le leng, Jesu le baapostola ba hae ba ne ba khathetse. Ba ne ba le tseleng e eang sebakeng se ka thoko moo ba tla phomola. Empa batho ba bangata ba ile ba ba fihlela pele moo ba eang hobane ba ne ba batla ho rutoa ke Jesu. Jesu a ka be a ile a hana hobane eena le barutuoa ba hae “ba ne ba se na nako ea ho phomola esita le ea ho ja.” Mohlomong Jesu a ka be a ile a ba ruta ntho e le ’ngoe kapa tse peli, ebe ka mor’a moo o re ba tsamaee. Empa kaha o ne a susumetsoa ke lerato, o ile “a qala ho ba ruta” ho fihlela “e se e le mantsiboea.”—Mar. 6:35. w24.11 16 ¶9-10
Moqebelo, la 24 October
Mosebetsi oa lona o tla putsoa.—2 Likron. 15:7.
Khothaletsa ngoana oa hao ho batla menyetla ea ho bua le batho ba bang ka Bibele. (Bar. 10:10) U ka bapisa boiteko boo a bo etsang ba ho bua ka tumelo ea hae le boo motho a bo etsang ha a ithuta ho bapala seletsa se itseng sa ’mino. Qalong motho eo a ka ithuta ho bapala pina e bonolo. Ha nako e ntse e ea, ho tla ba bobebe hore a bapale tse ling. Ka tsela e tšoanang, mocha oa Paki a ka qala ka ho sebelisa tsela e bonolo ha a hlalosetsa batho ba bang lintho tseo a li lumelang ka Bibeleng. Ka mohlala, a ka botsa ngoana eo a kenang sekolo le eena potso ena: “Na u ne u tseba hore hangata lienjiniere li kopitsa lintho tsa tlhaho? E-re ke u bontše video ena e monate.” Ka mor’a ho mo bontša video e hlahang tlas’a lihlooho tsa Na e Entsoe? a ka re: “Haeba bo-rasaense ba rorisoa ka lebaka la lintho tseo ba li entseng empa ba li kopilitse linthong tsa tlhaho, ke mang ea lokelang ho rorisoa bakeng sa lintho tseo tsa tlhaho?” Ho qala moqoqo ka tsela ena e bonolo, ho ka etsa hore ngoana eo a ntseng a buisana le eena a batle ho ithuta ka ho eketsehileng. w24.12 19 ¶17-18
Sontaha, la 25 October
Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong ’me sa tlisa lefu.—Bar. 5:12.
E le hore re lopolloe sebeng le lefung, Jehova o ile a romela Jesu hore a tl’o re shoela. Empa ho tla joang hore lefu la motho a le mong ea phethahetseng le lopolle batho ba limilione sebeng le lefung? Moapostola Pauluse o re: “Joalokaha ho se mamele ha motho a le mong [Adama] ho ile ha etsa hore ba bangata e be baetsalibe, ka ho tšoanang ho mamela ha motho a le mong [Jesu] ho tla etsa hore ba bangata e be ba lokileng.” (Bar. 5:19; 1 Tim. 2:6) E leng hore batho bohle ke baetsalibe ebile baa shoa hobane motho a le mong ea neng a phethahetse ha aa ka a mamela Molimo. Kahoo, ho ne ho hlokahala motho e mong ea phethahetseng ea neng a tla mamela Molimo e le hore re lopolloe sebeng le lefung. Ke hobane’ng ha Jehova a sa ka a tlohela bana ba Adama ba mo mamelang hore ba phele ka ho sa feleng? Ho batho ho ne ho ka bonahala eka ena ke eona tsela e nepahetseng ea ho rarolla bothata. Empa ho Jehova ho etsa joalo e ne e tla be e le ho hloka toka, hobane ho ne ho ka bonahala eka Adama ha a etsa sebe se tebileng le hore bana ba hae ba phethahetse empa bonneteng ho se joalo. w25.01 21 ¶3-4
Mantaha, la 26 October
Re tataisoa ke tumelo eseng ke lintho tseo re li bonang.—2 Bakor. 5:7.
Ho na le nako eo moapostola Pauluse a neng a tseba hore o tl’o bolaoa haufinyane. Empa o ile a khotsofatsoa ke tsela eo a phetseng bophelo ba hae ka eona. Ha a hetla morao, o ile a re: “Ke mathile peiso ho fihlela qetellong ebile ke bolokile tumelo ea ’nete.” (2 Tim. 4:6-8) Pauluse o ile a etsa liqeto tse nepahetseng tšebeletsong ea hae ’me o ne a kholisehile hore o ne a thabisitse Jehova. Le rona re batla ho etsa liqeto tse nepahetseng e le hore Molimo a re amohele. Re ka etsa seo joang? Ha Pauluse a bua ka eena le Bakreste ba bang ba tšepahalang, o ile a re: “Re tsamaea ka tumelo, eseng ka pono.” Ka Bibeleng, ka linako tse ling poleloana “ho tsamaea” e ka bolela tsela eo motho a khethang ho phela ka eona. Ha motho a tsamaea ka tumelo, o etsa liqeto a itšetlehile ka tšepo eo a nang le eona ho Jehova Molimo. Liketso tsa hae li bontša hore o kholisehile hore Molimo o tla mo putsa le hore ho mamela keletso ea Jehova e hlahang ka Lentsoeng la hae, ho tla mo tsoela molemo.—Pes. 119:66; Baheb. 11:6. w25.03 20 ¶1-2
Labobeli, la 27 October
Le lumelle Molimo hore a fetole tsela eo le nahanang ka eona.—Bar. 12:2.
Ka thuso ea moea o halalelang oa Molimo, batho ba bangata ba neng ba tloaetse ho etsa lintho tse mpe ba entse liphetoho tse kholo bophelong ba bona. (Esa. 65:25) Ba sebelitse ka thata hore ba tlohele ho etsa lintho tse mpe tseo ba neng ba tloaetse ho li etsa. (Baef. 4:22-24) Kaha re baetsalibe, re tla lula re ntse re etsa liphoso. Leha ho le joalo, Jehova o entse hore “batho ba mefuta eohle” ba momahane ka hore ba bontšane lerato le hore ba phele ka khotso. (Tite 2:11) Ke Molimo ea matla ’ohle feela ea ka etsang ntho ena. Mantsoe ana a re tiisetsa hore litšepiso tsa Jehova li lula li phethahala. (Esa. 55:10, 11) Hona joale re se re ntse re phela ka khotso le ka kutloano le Bakreste-’moho le rona. Jehova o entse lelapa le ikhethang la bara le barali ba bo rona. Ka lebaka la hore re karolo ea lelapa lena le leholo, re na le khotso hona joale ebile re ikutloa re sireletsehile le hoja re phela lefatšeng le khopo. (Pes. 72:7) Ka lebaka lena, re batla ho thusa batho ba bangata kamoo ho ka khonehang kateng hore le bona e be karolo ea lelapa la Jehova. Re ka khona ho etsa joalo ha re tsoela pele re etsa mosebetsi oa ho etsa batho barutuoa.—Mat. 28:19, 20. w24.04 23 ¶13, 15
Laboraro, la 28 October
Rona re nahana joaloka Kreste.—1 Bakor. 2:16.
Jesu o ne a rata Jehova ka kelello ea hae eohle. O ne a tseba hore na thato ea Molimo ke efe ka eena ’me o ne a ikemiselitse ho etsa lintho tumellanong le eona, le hoja seo se ne se bolela hore o tla utloa bohloko ka lebaka la ho emela se nepahetseng. Kaha Jesu o ne a ikemiselitse ho etsa thato ea Ntate oa hae, ha aa ka a lumella letho hore le mo sitise ho finyella pakane eo. Petrose le baapostola ba bang ba ile ba e-ba le tokelo ea ho qeta nako le Jesu le ho ithuta kamoo a nahanang kateng. Ha Petrose a ngola lengolo la hae le qalang le bululetsoeng, o ile a khothalletsa Bakreste hore ba itokisetse ho nahana joaloka Kreste. (1 Pet. 4:1) Ha Petrose a ne a re: ‘Le lona le itokise,’ o ne a sebelisa lentsoe le neng le sebelisoa ha masole a itokisetsa ho ea ntoeng. Kahoo, haeba Bakreste ba etsisa tsela eo Jesu a nahanang ka eona, ba tla be ba e-na le sebetsa se matla seo ba ka se sebelisang ho loantša litloaelo tsa ho etsa sebe le ho loantša lefatše lena le laoloang ke Satane.—2 Bakor. 10:3-5; Baef. 6:12. w25.03 8-9 ¶1-3
Labone, la 29 October
Merero e ka pelong ea motho e joaloka metsi a tebileng empa motho ea nang le temoho oa e kha.—Liprov. 20:5.
U lokelang ho tseba eng ka motho eo u ratanang le eena? Pele u ka mo rata haholo, u ka ’na oa batla hore le buisane ka lintho tsa bohlokoa tse kang hore na o batla ho finyella’ng bophelong. U ka etsa’ng e le hore u tsebe motho eo u ratanang le eena hantle? Ntho e ka le thusang ke hore le buisane ka bolokolohi, le botsane lipotso ’me le mamelane ka hloko. (Jak. 1:19) Le ka thusoa le ke ho etsa lintho tse tla le thusa hore ho be bonolo hore le qoqe, joaloka ho ja hammoho, ho otlolla maoto hammoho le ho etsa mosebetsi oa boboleli hammoho. Le ka boela la tsebana haholoanyane ha le qeta nako le e-na le metsoalle le ba lelapa. Hape le ka rera ho etsa lintho tse tla le thusa ho bona hore na le itšoara joang ha le e-na le batho ba sa tšoaneng le ha le le maemong a sa tšoaneng. w24.05 27-28 ¶6-7
Labohlano, la 30 October
Le etsise Molimo hobane le bana ba hae bao a ba ratang.—Baef. 5:1.
Haufinyane re tla tobana le mathata a tla etsa hore re hloke ho itšetleha ka Jehova ho feta leha e le neng pele. Litlaleho tsa Bibele le lipale tsa bana ba bo rona ba mehleng ena li tla re thusa ho ela hloko kamoo Molimo a ileng a thusa bahlanka ba hae kateng. Nahanisisa ka litlaleho tseo. Ho etsa joalo ho tla u thusa hore u etse Jehova Lefika la hao. Hape u tla matlafatsa bana ba bo rona ka phuthehong. Jesu o ile a reha Simone Kefase (eo ha e fetoleloa e leng “Petrose”), e bolelang “Lefika.” (Joh. 1:42) Sena se ne se bontša hore Petrose o ne a tla tšelisa Bakreste-’moho le eena le ho ba matlafatsa tumelong. Ka tsela e tšoanang, Bibele e hlalosa baholo e le “moriti oa lefika le leholo.” Sena se bolela hore ba sireletsa phutheho. (Esa. 32:2) Leha ho le joalo, kaofela ha rona ka phuthehong re rua molemo ha re etsisa Jehova. w24.06 28 ¶10-11
Moqebelo, la 31 October
Jehova . . . ke Molimo ea batlang hore batho ba inehele ho eena feela.—Deut. 4:24.
Marena a Iseraele ao Jehova a neng a a nka a tšepahala a ne a khomaretse borapeli ba ’nete. Boholo ba marena ao Jehova a ileng a a ahlola a sa tšepahale ke ba ileng ba khaotsa ho mamela molao oa hae eaba ba rapela melimo ea bohata. (1 Mar. 21:25, 26; 2 Likron. 12:1) Ke hobane’ng ha taba ea borapeli e ne e le ea bohlokoa hakaale ho Jehova? Lebaka le leng ke hore marena a ne a ikarabella bakeng sa ho tataisa batho ba Molimo borapeling ba ’nete. Hape borapeli ba bohata bo lebisa libeng tse ling tse tebileng le ho hloka toka. (Hos. 4:1, 2) Ho feta moo, marena le bafo ba ’ona ba ne ba inehetse ho Jehova. Kahoo, Bibele e tšoantša ho kenella ha bona borapeling ba bohata le bofebe. (Jer. 3:8, 9) Motho ea etsang bofebe o siteloa molekane oa hae ka tsela e tebileng ka ho fetisisa. Ka ho tšoanang, mohlanka ea inehetseng oa Jehova ea kopanelang borapeling ba bohata, o utloisa Jehova bohloko haholo.—Deut. 4:23. w24.07 22-23 ¶12-15