Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
Tsebiso
Lipuo tse ncha: Shilluk, Tsimihety
  • Kajeno

Moqebelo, la 26 June

Mantsoe ana. . . a be pelong ea hao; u a rute mora oa hao ka ho pheta-pheta.​—Deut. 6:​6, 7.

“Ho pheta-pheta” ho akareletsa ho “ruta le ho hopotsa ka makhetlo-khetlo.” E le hore batsoali ba tle ba atlehe ho etsa joalo, ba lokela ho qeta nako e ngata le bana ba bona. Ka linako tse ling, batsoali ba ka ’na ba nyahama hobane ba lokela ho pheta-pheta litaelo tse tšoanang ho bana ba bona. Empa batsoali ba lokela ho nka taba ena e le monyetla oa ho ruta bana ba bona hore ba utloisise Lentsoe la Molimo le hore ba le phethe. Kahoo, tseba bana ba hao hantle. Pesaleme ea 127 e tšoantša bana le metsu. (Pes. 127:4) Joalokaha metsu e etsoa ka lintho tse sa tšoaneng e bile e fapana ka boholo, le bana ha ba tšoane. Kahoo, batsoali ba lokela ho tseba hore na ba koetlisa ngoana ka mong joang. Banyalani ba lulang naheng ea Iseraele ba ileng ba atleha ho holisa bana ba bona ba babeli hore ba sebeletse Jehova, baa re bolella hore na ba ile ba thusoa ke’ng. Ba re: “Re ne re ruta ngoana a le mong Bibele ka nako.” Ke ’nete hore hlooho ea lelapa ke eona e lokelang ho etsa qeto ea hore na ho ithuta le bana ka tsela ena ho molemo le hore na hoa khoneha. w19.12 26-27 ¶18-20

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2021

Sontaha, la 27 June

Lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lona ka ho tšoanang le ba etse tsona.​—Mat. 7:12.

Ha re e-na le mathata, re ananela batho ba re thusang ka lintho tseo re li hlokang. Mor’abo rona Ryan eo ntate oa hae a ileng a hlokahalla kotsing e sehlooho ea tšohanyetso o re: “Ha re e-na le mathata ha ho bonolo hore re etse lintho tseo re neng re tloaetse ho li etsa letsatsi le letsatsi. Ho tšelisa haholo ha motho a ka u thusa ka ntho e ’ngoe e itseng le hoja ho ka bonahala eka ntho eo ke ntho e nyenyane.” Kamehla lula u hopola hore le ha u etsetsa batho lintho tse nyenyane feela, li ka ba tšelisa haholo. Morutuoa Mareka ea phetseng mehleng ea Jesu o ne a lula a phathahane. Leha ho le joalo, Mareka o ile a ipha nako e le hore a tšelise moapostola Pauluse ’me le Pauluse o ne a ikutloa a lokolohile hore a kope thuso ho Mareka. Morali’abo rona Angela ea ileng a utloa bohloko haholo ha mong ka eena a bolaoa o ile a ananela haholo hore ebe ho ile ha e-ba le batho ba neng ba mo tšelisa. O re: “Ha u bona hore ehlile batho ba batla ho u thusa ho ba bonolo hore u buisane le bona. Kannete oa hlokomela hore ba batla ho u thusa ebile ha ba tšabe ho u thusa ka eng kapa eng.” Re ka ’na ra ipotsa, ‘Na ke tsebahala ke le motho ea ikemiselitseng ho tšelisa Bakreste-’moho le ’na ka lintho tseo ba li hlokang?’ w20.01 11-12 ¶14-16

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2021

Mantaha, la 28 June

Mang kapa mang ea jang bohobe bona kapa ea noang senoelo sa Morena ka ho sa tšoaneleheng o tla ba molato.​—1 Bakor. 11:27.

Motlotsuoa a ka ja litšoantšetso ka ho sa “tšoaneleheng” joang? A ka etsa joalo haeba a ja litšoantšetso empa a sa mamele melao ea Jehova. (Baheb. 6:​4-6; 10:​26-29) Batlotsuoa baa tseba hore ba tlameha ho lula ba tšepahala e le hore ba fumane “moputso oa pitso ea holimo ea Molimo ka Kreste Jesu.” (Bafil. 3:​13-16) Moea o halalelang o thusa bahlanka ba Jehova hore ba ikokobetse e seng hore ba ikhohomose. (Baef. 4:​1-3; Bakol. 3:​10, 12) Kahoo, batlotsuoa ha ba inke ba phahametse batho ba bang. Baa tseba hore Jehova ha a ba fe moea o halalelang ho feta bahlanka ba bang ba hae. Ha ba nke hore ba utloisisa Bibele ho feta batho ba bang kaofela. Hape ba ke ke ba bolella motho e mong hore le eena o tlotsitsoe ’me o lokela ho ja litšoantšetso. Ho e-na le hoo, ka boikokobetso ba lumela hore ke Jehova feela ea ka memelang batho ho ea phela leholimong. w20.01 27-28 ¶4-5

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2021
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela