Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
Tsebiso
Lipuo tse ncha: Shilluk, Tsimihety
  • Kajeno

Sontaha, la 6 June

Haeba u etsa se sebe, u be tšabong.​—Bar. 13:4.

Ho hlekefetsa bana ka motabo ke sebe se tebileng. Motho ea hlekefetsang ngoana o mo utloisa bohloko bo ke keng ba lekanngoa. O etsa hore ngoana a se ke a mo tšepa le hore a se ke a hlola a ikutloa a sireletsehile. Re lokela ho sireletsa bana ho batho ba joalo ba khopo, ’me re khothatse le ho thusa ba kileng ba hlekefetsoa. (1 Bathes. 5:​14) Ha motho e mong ka phuthehong a qosoa ka ho hlekefetsa bana ka motabo, o senya phutheho lebitso. (Mat. 5:​16; 1 Pet. 2:​12) Ha re lumelle batho ba etsang lintho tse mpe ba bile ba sa bake le ba senyang phutheho lebitso hore ba lule ba le ka phuthehong. Haeba motho e mong ka phuthehong a tlola melao ea naha, joaloka oa ho hlekefetsa bana ka motabo, ha e le hantle o bontša hore ha o hlomphe ba boholong pusong. (Bapisa le Liketso 25:8.) Le hoja baholo ba se na boikarabelo ba ho ahlola mang kapa mang ea tlotseng melao ea naha, ha ba sireletse batho ba hlekefelitseng bana ka motabo hore ba fuoe kahlolo e ba loketseng. w19.05 9 ¶4-7

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2021

Mantaha, la 7 June

Bohlale ba lefatše lena ke booatla ho Molimo.​—1 Bakor. 3:19.

Re ka fumana tharollo ea mathata ’ohle a rona hobane Jehova ke Morupeli oa rona e Moholo. (Esa. 30:​20, 21) Lentsoe la hae le re fa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e hlokang e le hore re “ka tšoaneleha ka botlalo” le ho “hlomelloa ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.” (2 Tim. 3:​17) Ha re phela ho latela melao-motheo ea Bibele, re tla ba bohlale ho feta batho ba reng re phele ho latela “bohlale ba lefatše lena.” (Pes. 119:​97-100) Ka bomalimabe, bohlale ba lefatše lena bo re khothalletsa hore re phelele ho ikhotsofatsa feela. Kahoo, ho ka ba thata hore re se ke ra nahana le ho etsisa batho bao e leng karolo ea lefatše lena. Ke ka hona Bibele e reng: “Hlokomelang: mohlomong ho ka ba le e mong ea tla le nka joaloka phofu ea hae ka filosofi le thetso ea lefeela ho ea ka neano ea batho.” (Bakol. 2:8) Joalokaha Bibele e ile ea bolela esale pele, batho ba mehleng ea bofelo e ne e tla ba “ba ratang menyaka.” (2 Tim. 3:4) Ho ata ha mafu a tšoaetsanoang ka thobalano a kang AIDS ke le leng la matšoao a bontšang hore bohlale ba lefatše lena ke booatla.​—2 Pet. 2:​19. w19.05 21 ¶1-2; 22 ¶4-5

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2021

Labobeli, la 8 June

[Emang] le tiile khahlanong le maqiti a Diabolose.​—Baef. 6:11.

Satane o ile a thetsa Baiseraele ka hore ba lokela ho etsisa litloaelo tsa lichaba tse ling e le hore ba atlehe. Lichaba tseo tse ba potolohileng li ne li lumela hore li lokela ho etsa meetlo e itseng e le hore melimo ea tsona e ka nesa pula. Baiseraele ba neng ba sa tšepe Jehova ka ho feletseng ba ne ba lumela hore tsela feela ea hore ba qobe komello ea nako e telele, ke ka hore ba etse meetlo eo ea Baale. Satane o ile a boela a lemoha tšekamelo ea bona ea boitšoaro bo bobe ’me a ba leka ka eona. Batho ba lichaba tseo ba ne ba rapela melimo ea bona ka ho etsa boitšoaro bo bobe. Boitšoaro boo bo bobe bo ne bo akareletsa botekatse ba banna le ba basali. Ba ne ba boetse ba lumella bosodoma le mekhoa e meng e litšila ea thobalano! (Deut. 23:​17, 18; 1 Mar. 14:​24) Ba ne ba lumela hore meetlo eo e susumetsa melimo ea bona hore e matlafatse mobu bakeng sa lijalo. Baiseraele ba bangata ba ile ba rata meetlo ena e litšila ea balichaba, eaba ba khetha ho rapela melimo eo. w19.06 2 ¶3; 4 ¶7-8

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2021
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela