Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Kajeno

Moqebelo, la 29 November

Ke tla patala Jehova ka eng bakeng sa lintho tsohle tse molemo tseo a nketselitseng tsona?—Pes. 116:12.

Lilemong tse hlano tse fetileng, batho ba ka holimo ho milione ba ile ba kolobetsoa ’me ea e-ba Lipaki Tsa Jehova. Ha u inehela ho Jehova, u khetha ho ba e mong oa barutuoa ba Jesu Kreste ebile u khetha hore ho etsa thato ea Molimo e be ntho ea bohlokoa bophelong ba hao. U lokela ho etsa’ng ha u se u inehetse ho Jehova? Jesu o itse: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntšala morao, a se ke a hlola a iphelela.” (Mat. 16:24) Ha u se u inehetse ho Jehova, u lokela ho qoba ntho leha e le efe e sa lumellaneng le thato ea hae. (2 Bakor. 5:​14, 15) Seo se akareletsa ho qoba ho etsa “liketso tse mpe” joaloka “boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano.” (Bagal. 5:​19-21; 1 Bakor. 6:18) Na ho mamela melao ea Jehova ho tla etsa hore u phele ka thata? Haeba u rata Jehova ebile u mamela melao ea hae, u tla hlokomela hore e u tsoela molemo.—Pes. 119:97; Esa. 48:​17, 18. w24.03 2 ¶1; 3 ¶4

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Sontaha, la 30 November

U Mora . . . ea nkhahlisang.—Luka 3:22.

Jehova o fana ka moea o halalelang oa hae ho batho ba mo thabisang. (Mat. 12:18) Re ka ipotsa: ‘Na ke khona ho bontša tse ling tsa litholoana tse behoang ke moea o halalelang bophelong ba ka?’ Na u bona eka u se u e-na le mamello haholoanyane ha u sebetsana le batho ba bang ho feta pele u ithuta ka Jehova? Ha u ntse u bontša litholoana tse behoang ke moea o halalelang haholoanyane, u lokela ho kholiseha le ho feta hore Jehova oa u amohela. Batho bao Jehova a ba amohelang ba fumana melemo ea sehlabelo sa Jesu seo Jehova a faneng ka sona. (1 Tim. 2:​5, 6) Empa ho thoe’ng haeba re ntse re utloa eka Jehova ha a re amohele le hoja re lumela sehlabelong sa Jesu re bile re kolobelitsoe? Re lokela ho hopola hore ha se kamehla re lokelang ho tšepa tsela eo re ikutloang ka eona empa re ka tšepa Jehova. O nka batho ba nang le tumelo sehlabelong sa Jesu ba lokile ebile o tšepisa ho ba hlohonolofatsa.—Pes. 5:12; Bar. 3:26. w24.03 30 ¶15; 31 ¶17

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Mantaha, la 1 December

Bafu baa tsosoa.—Luka 20:37.

Na Jehova o na le matla a ho tsosa bafu? O na le ’ona hobane o “Matla ’Ohle.” (Tšen. 1:8) O na le matla a ho hlola sera leha e le sefe, ho akareletsa le lefu. (1 Bakor. 15:26) Hape rea tseba hore Molimo a ka tsosa bafu hobane o hopola ntho e ’ngoe le e ’ngoe. O bitsa naleli e ’ngoe le e ’ngoe ka lebitso. (Esa. 40:26) O boetse o hopola batho ba hlokahetseng. (Jobo 14:13; Luka 20:38) O hopola ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka batho bao a tla ba tsosa. O hopola botho ba bona, hore na ba ne ba shebahala joang, lintho tse ba etsahaletseng bophelong le lintho tseo ba neng ba li tseba. Ho hlakile hore re ka lumela hore Jehova o tla tsosa bafu nakong e tlang hobane rea tseba hore o batla ho ba tsosa ebile o na le matla a ho etsa joalo. Nahana ka lebaka le leng la ho lumela hore tšepiso ena e tla phethahala. Jehova o se a ile a tsosa batho ba bang. Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, o ile a fa banna ba ’maloa ba tšepahalang ho akareletsa le Jesu matla a ho tsosa bafu. w23.04 9-10 ¶7-9

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela