Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Kajeno

Sontaha, la 30 November

U Mora . . . ea nkhahlisang.—Luka 3:22.

Jehova o fana ka moea o halalelang oa hae ho batho ba mo thabisang. (Mat. 12:18) Re ka ipotsa: ‘Na ke khona ho bontša tse ling tsa litholoana tse behoang ke moea o halalelang bophelong ba ka?’ Na u bona eka u se u e-na le mamello haholoanyane ha u sebetsana le batho ba bang ho feta pele u ithuta ka Jehova? Ha u ntse u bontša litholoana tse behoang ke moea o halalelang haholoanyane, u lokela ho kholiseha le ho feta hore Jehova oa u amohela. Batho bao Jehova a ba amohelang ba fumana melemo ea sehlabelo sa Jesu seo Jehova a faneng ka sona. (1 Tim. 2:​5, 6) Empa ho thoe’ng haeba re ntse re utloa eka Jehova ha a re amohele le hoja re lumela sehlabelong sa Jesu re bile re kolobelitsoe? Re lokela ho hopola hore ha se kamehla re lokelang ho tšepa tsela eo re ikutloang ka eona empa re ka tšepa Jehova. O nka batho ba nang le tumelo sehlabelong sa Jesu ba lokile ebile o tšepisa ho ba hlohonolofatsa.—Pes. 5:12; Bar. 3:26. w24.03 30 ¶15; 31 ¶17

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Mantaha, la 1 December

Bafu baa tsosoa.—Luka 20:37.

Na Jehova o na le matla a ho tsosa bafu? O na le ’ona hobane o “Matla ’Ohle.” (Tšen. 1:8) O na le matla a ho hlola sera leha e le sefe, ho akareletsa le lefu. (1 Bakor. 15:26) Hape rea tseba hore Molimo a ka tsosa bafu hobane o hopola ntho e ’ngoe le e ’ngoe. O bitsa naleli e ’ngoe le e ’ngoe ka lebitso. (Esa. 40:26) O boetse o hopola batho ba hlokahetseng. (Jobo 14:13; Luka 20:38) O hopola ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka batho bao a tla ba tsosa. O hopola botho ba bona, hore na ba ne ba shebahala joang, lintho tse ba etsahaletseng bophelong le lintho tseo ba neng ba li tseba. Ho hlakile hore re ka lumela hore Jehova o tla tsosa bafu nakong e tlang hobane rea tseba hore o batla ho ba tsosa ebile o na le matla a ho etsa joalo. Nahana ka lebaka le leng la ho lumela hore tšepiso ena e tla phethahala. Jehova o se a ile a tsosa batho ba bang. Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, o ile a fa banna ba ’maloa ba tšepahalang ho akareletsa le Jesu matla a ho tsosa bafu. w23.04 9-10 ¶7-9

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Labobeli, la 2 December

Mantsoe ao le a buang e ke e be a mosa kamehla, a nokiloeng ka letsoai.—Bakol. 4:6.

Ha re sebelisa temoho le ho bua le batho ka tsela e bonolo, ba ka thabela ho re mamela le ho tsoela pele ba qoqa le rona. Ha motho a batla ho ngangisana le rona le ho bua lintho tse mpe ka lintho tseo re li lumelang, ha rea lokela ho tsoela pele re bua le eena. (Liprov. 26:4) Empa batho ba bangata ha ba joalo. Mohlomong ba bang ba ka re mamela. Re se re ithutile hore ho ba bonolo ho re tsoela molemo. Kahoo, rapela Jehova u mo kope hore a u fe matla ao u a hlokang e le hore u ka ba bonolo ha batho ba u botsa lipotso tse thata kapa ba u tšoaea liphoso. Hopola hore ho ba bonolo ho ka u thusa hore u qobe ho ngangisana le batho ha ba e-na le maikutlo a fapaneng ka taba e itseng. Hape ho araba ka tsela e bonolo ho ka etsa hore batho ba bang ba fetole maikutlo a bona ka rona le ka seo Bibele e se rutang. ‘Lula u itokiselitse ho ikarabella ho motho leha e le ofe’ ea u botsang ka lintho tseo u li lumelang ’me u etse joalo “ka bonolo le ka tlhompho.” (1 Pet. 3:15) E-ba motho ea bonolo. w23.09 19 ¶18-19

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela