Laboraro, la 10 December
Mamelang ba le etellang pele.—Baheb. 13:17.
Moeta-pele oa rona Jesu o phethahetse empa batho bao a ba khethileng hore ba etelle bahlanka ba hae pele mona lefatšeng ha baa phethahala. Ho ka ba thata ho ba mamela, haholo ha ba re kopa ho etsa ntho eo re sa batleng ho e etsa. Ka nako e ’ngoe moapostola Petrose le eena o ile a thatafalloa ke ho mamela. Ha lengeloi le ne le mo laela hore a je liphoofolo tse neng li sa hloeka ho ea ka Molao oa Moshe, o ile a hana ka makhetlo a mararo kaofela. (Lik. 10:9-16) Hobane’ng? O ne a utloa taelo ena e ncha e sa utloahale. Leha ho le joalo, moapostola Pauluse ha banna ba baholo ba Jerusalema ba ile ba re Pauluse a ee tempeleng le banna ba bane, ba itlhoekise ho ea ka molao e le hore a bontše hore oa o mamela. Pauluse o ne a tseba hore Bakreste ha baa tlameha ho mamela Molao ebile o ne a sa etsa letho le phoso. Ho ntse ho le joalo, o ile “a tsamaea le banna bao ka le hlahlamang ’me a itlhoekisa le bona ho ea ka molao.” (Lik. 21:23, 24, 26) Ho mamela ha Pauluse ho ile ha etsa hore Bakreste ba momahane.—Bar. 14:19, 21. w23.10 10 ¶15-16
Labone, la 11 December
Jehova ke motsoalle oa ba mo tšabang.—Pes. 25:14.
E ka ’na eaba ha u nahane hore ho tšaba motsoalle oa hao ho ka etsa hore setsoalle sa lona se tiee. Leha ho le joalo, batho ba batlang ho ba metsoalle ea Jehova ba lokela ho mo tšaba kapa ho mo hlompha. Re lokela ho sebetsa ka thata e le hore re lule re hlompha Jehova haholo ho sa tsotellehe hore na re na le nako e kae re mo sebeletsa. Ha e le hantle ho hlompha Molimo ho bolelang? Motho ea ratang Jehova o mo hlompha haholo ebile a ke ke a etsa letho le ka senyang setsoalle sa hae le eena. Jesu “o ne a hlompha Molimo.” (Baheb. 5:7) O ne a sa tšabe Jehova ka tsela e feteletseng. (Esa. 11:2, 3) Ho e-na le hoo, o ne a mo rata haholo a bile a batla ho mo mamela. (Joh. 14:21, 31) Le rona re batla ho tšoana le Jesu ka hore re hlomphe Jehova haholo hobane o lerato, o bohlale, o na le toka ebile o matla. Jehova oa re rata ebile tsela eo re itšoarang ka eona ha a re ruta ea mo ama. Ha re mamela Jehova, oa thaba empa ha re sa mo mamele o utloa bohloko.—Pes. 78:41; Liprov. 27:11. w23.06 14 ¶1-2; 15 ¶5
Labohlano, la 12 December
Ha a se a le matla, a ikhohomosa ’me sena sa etsa hore a kene mathateng. Ha aa ka a tšepahalla Jehova.—2 Likron. 26:16.
Ha Morena Uzia a se a le matla, o ile a khaotsa ho bontša hore o ananela lintho tsohle tse molemo tseo Jehova a neng a mo etselitse tsona. Re ithuta’ng? Kamehla re lokela ho hopola hore ke Jehova ea re fang lintho tsohle tse molemo tseo re li thabelang bophelong le tšebeletsong ea hae. Ho e-na le ho ithorisa ka lintho tseo re li entseng, re lokela ho lula re leboha Jehova ka lintho tsohle tseo a re thusang ho li etsa. (1 Bakor. 4:7) Kaha ha rea phethahala, re lokela ho ikokobetsa ’me re amohele khalemelo. Mor’abo rona ea lilemo li ka bang 60 o ile a re: “Ke ithutile hore ha kea lokela ho nyahama kapa ho koata ha batho ba bang ba hlokomela liphoso tsa ka. Ha ke khalemelloa liphoso tse nyenyane tseo ke li entseng, ke leka kahohle ho ntlafatsa le ho tsoela pele ke sebeletsa Jehova ka pelo eohle.” Ke ’nete hore ha re mamela Jehova ebile re lula re ikokobelitse, lintho li tla re tsamaela hantle bophelong.—Liprov. 22:4. w23.09 10 ¶10-11