Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
Tsebiso
Lipuo tse ncha: Shilluk, Tsimihety
  • Kajeno

Labobeli, la 9 December

Thapo e meloho e meraro e ke ke ea khaoloa habonolo.—Moek. 4:12.

Ha banyalani e le metsoalle ea Jehova, ba sebelisa keletso ea hae ’me seo se ka ba thusa hore ba qobe le ho rarolla mathata a ka fokotsang lerato leo ba ratanang ka lona. Batho bao e leng metsoalle ea Jehova baa mo etsisa ka hore ba be le makhabane a tšoanang le a hae a kang ho ba mosa, ho ba le mamello le ho tšoarela. (Baef. 4:32–5:1) Ha banyalani ba bontša makhabane ana, ho ba bonolo hore lerato la bona le hole. Morali oa bo rona Lena ea nang le lilemo tse fetang 25 a nyetsoe o re: “Ho bonolo ho rata motho eo e leng motsoalle oa Jehova le ho mo hlompha.” Nahana ka mohlala oa banyalani bao Bibele e buang ka bona. Ha Jehova a ne a tlameha ho khetha banyalani bao e neng e tla ba batsoali ba Mesia, O ile a khetha Josefa le Maria ho litloholo tse ngata tsa Davida. Hobane’ng? Ka bobeli e ne e le metsoalle ea Jehova. Jehova o ne a tseba hore ba ne ba tla etsa hore a tle pele lenyalong ba bona. w23.05 21 ¶3-4

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Laboraro, la 10 December

Mamelang ba le etellang pele.—Baheb. 13:17.

Moeta-pele oa rona Jesu o phethahetse empa batho bao a ba khethileng hore ba etelle bahlanka ba hae pele mona lefatšeng ha baa phethahala. Ho ka ba thata ho ba mamela, haholo ha ba re kopa ho etsa ntho eo re sa batleng ho e etsa. Ka nako e ’ngoe moapostola Petrose le eena o ile a thatafalloa ke ho mamela. Ha lengeloi le ne le mo laela hore a je liphoofolo tse neng li sa hloeka ho ea ka Molao oa Moshe, o ile a hana ka makhetlo a mararo kaofela. (Lik. 10:​9-16) Hobane’ng? O ne a utloa taelo ena e ncha e sa utloahale. Leha ho le joalo, moapostola Pauluse ha banna ba baholo ba Jerusalema ba ile ba re Pauluse a ee tempeleng le banna ba bane, ba itlhoekise ho ea ka molao e le hore a bontše hore oa o mamela. Pauluse o ne a tseba hore Bakreste ha baa tlameha ho mamela Molao ebile o ne a sa etsa letho le phoso. Ho ntse ho le joalo, o ile “a tsamaea le banna bao ka le hlahlamang ’me a itlhoekisa le bona ho ea ka molao.” (Lik. 21:​23, 24, 26) Ho mamela ha Pauluse ho ile ha etsa hore Bakreste ba momahane.—Bar. 14:​19, 21. w23.10 10 ¶15-16

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Labone, la 11 December

Jehova ke motsoalle oa ba mo tšabang.—Pes. 25:14.

E ka ’na eaba ha u nahane hore ho tšaba motsoalle oa hao ho ka etsa hore setsoalle sa lona se tiee. Leha ho le joalo, batho ba batlang ho ba metsoalle ea Jehova ba lokela ho mo tšaba kapa ho mo hlompha. Re lokela ho sebetsa ka thata e le hore re lule re hlompha Jehova haholo ho sa tsotellehe hore na re na le nako e kae re mo sebeletsa. Ha e le hantle ho hlompha Molimo ho bolelang? Motho ea ratang Jehova o mo hlompha haholo ebile a ke ke a etsa letho le ka senyang setsoalle sa hae le eena. Jesu “o ne a hlompha Molimo.” (Baheb. 5:7) O ne a sa tšabe Jehova ka tsela e feteletseng. (Esa. 11:​2, 3) Ho e-na le hoo, o ne a mo rata haholo a bile a batla ho mo mamela. (Joh. 14:​21, 31) Le rona re batla ho tšoana le Jesu ka hore re hlomphe Jehova haholo hobane o lerato, o bohlale, o na le toka ebile o matla. Jehova oa re rata ebile tsela eo re itšoarang ka eona ha a re ruta ea mo ama. Ha re mamela Jehova, oa thaba empa ha re sa mo mamele o utloa bohloko.—Pes. 78:41; Liprov. 27:11. w23.06 14 ¶1-2; 15 ¶5

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela