Labobeli, la 2 December
Mantsoe ao le a buang e ke e be a mosa kamehla, a nokiloeng ka letsoai.—Bakol. 4:6.
Ha re sebelisa temoho le ho bua le batho ka tsela e bonolo, ba ka thabela ho re mamela le ho tsoela pele ba qoqa le rona. Ha motho a batla ho ngangisana le rona le ho bua lintho tse mpe ka lintho tseo re li lumelang, ha rea lokela ho tsoela pele re bua le eena. (Liprov. 26:4) Empa batho ba bangata ha ba joalo. Mohlomong ba bang ba ka re mamela. Re se re ithutile hore ho ba bonolo ho re tsoela molemo. Kahoo, rapela Jehova u mo kope hore a u fe matla ao u a hlokang e le hore u ka ba bonolo ha batho ba u botsa lipotso tse thata kapa ba u tšoaea liphoso. Hopola hore ho ba bonolo ho ka u thusa hore u qobe ho ngangisana le batho ha ba e-na le maikutlo a fapaneng ka taba e itseng. Hape ho araba ka tsela e bonolo ho ka etsa hore batho ba bang ba fetole maikutlo a bona ka rona le ka seo Bibele e se rutang. ‘Lula u itokiselitse ho ikarabella ho motho leha e le ofe’ ea u botsang ka lintho tseo u li lumelang ’me u etse joalo “ka bonolo le ka tlhompho.” (1 Pet. 3:15) E-ba motho ea bonolo. w23.09 19 ¶18-19
Laboraro, la 3 December
E-bang le . . . mamello.—Bakol. 3:12.
A re bueng ka lintho tse ’nè tseo re ka li etsang ho bontša hore re na le mamello. Ea pele, motho ea nang le mamello o lieha ho halefa. O leka ho lula a khobile matšoafo ebile ha a iphetetse ha batho ba mo utloisitse bohloko. Hape ha a tšoare batho hampe ha a imetsoe kelellong. (Ex. 34:6) Ea bobeli, motho ea nang le mamello ha a fele pelo. Haeba ntho e nka nako e telele ho feta kamoo a lebeletseng, o leka hore a se ke a lubeha kapa a teneha. (Mat. 18:26, 27) Ea boraro, motho ea nang le mamello ha a etse lintho a sa nahana. Ha motho ea nang le mamello a e-na le mosebetsi oa bohlokoa oo a lokelang ho o etsa, ha a o potlakele kapa hona ho o etsa a tatile. Ho e-na le hoo, o ipha nako e lekaneng ea ho rera hore na o tla o etsa joang ebe o nka nako ea hae e le hore a o etse hantle. Ea bone, motho ea nang le mamello o loanela ho mamella mathata a sa tletlebe. O loanela ho lula a sebeletsa Jehova a thabile le hoja a e-na le mathata. (Bakol. 1:11) Bahlanka ba Jehova ba lokela ho bontša hore ba na le mamello ka litsela tsena tsohle tseo re buileng ka tsona. w23.08 20-21 ¶3-6
Labone, la 4 December
Jehova ke eena ea hlahlobang lipelo.—Liprov. 17:3.
Lebaka le ka sehloohong leo ka lona re lokelang ho sireletsa lipelo tsa rona ke hobane Jehova o hlahloba lipelo. Taba ena e bolela hore o tseba lintho tseo batho ba bang ba sa li tsebeng ka rona ebile o tseba hantle hore na re batho ba mofuta ofe. O tla re rata haeba re lula re nahana ka likeletso tsa hae tse tla re thusa ho phela ka ho sa feleng. (Joh. 4:14) Re ke ke ra lematsoa ke mekhoa e mebe le mashano a Satane le batho ba khopo. (1 Joh. 5:18, 19) Ha setsoalle sa rona le Jehova se ntse se hola, re tla mo rata re be re mo hlomphe le ho feta. Haeba re sa batle ho utloisa Ntate oa rona bohloko, re ke ke ra batla le ho nahana ka ho etsa sebe. Morali oa bo rona Marta ea lulang Croatia ea ileng a lekeha ho etsa boitšoaro bo bobe o re: “Ke ne ke thatafalloa ke ho nahana lintho hantle le ho hlola takatso ea ho etsa sebe seo. Empa ho hlompha Jehova ho ile ha ntšireletsa.” Ho hlompha Molimo ho ile ha mo sireletsa joang? Morali oa bo rona Marta o re o ile a nahanisisa ka hore na liphello e ne e tla ba life ha a ne a ka etsa qeto e fosahetseng. Le rona re ka mo etsisa. w23.06 20-21 ¶3-4