Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
Tsebiso
Lipuo tse ncha: Shilluk, Tsimihety
  • Kajeno

Laboraro, la 3 December

E-bang le . . . mamello.—Bakol. 3:12.

A re bueng ka lintho tse ’nè tseo re ka li etsang ho bontša hore re na le mamello. Ea pele, motho ea nang le mamello o lieha ho halefa. O leka ho lula a khobile matšoafo ebile ha a iphetetse ha batho ba mo utloisitse bohloko. Hape ha a tšoare batho hampe ha a imetsoe kelellong. (Ex. 34:6) Ea bobeli, motho ea nang le mamello ha a fele pelo. Haeba ntho e nka nako e telele ho feta kamoo a lebeletseng, o leka hore a se ke a lubeha kapa a teneha. (Mat. 18:​26, 27) Ea boraro, motho ea nang le mamello ha a etse lintho a sa nahana. Ha motho ea nang le mamello a e-na le mosebetsi oa bohlokoa oo a lokelang ho o etsa, ha a o potlakele kapa hona ho o etsa a tatile. Ho e-na le hoo, o ipha nako e lekaneng ea ho rera hore na o tla o etsa joang ebe o nka nako ea hae e le hore a o etse hantle. Ea bone, motho ea nang le mamello o loanela ho mamella mathata a sa tletlebe. O loanela ho lula a sebeletsa Jehova a thabile le hoja a e-na le mathata. (Bakol. 1:11) Bahlanka ba Jehova ba lokela ho bontša hore ba na le mamello ka litsela tsena tsohle tseo re buileng ka tsona. w23.08 20-21 ¶3-6

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Labone, la 4 December

Jehova ke eena ea hlahlobang lipelo.—Liprov. 17:3.

Lebaka le ka sehloohong leo ka lona re lokelang ho sireletsa lipelo tsa rona ke hobane Jehova o hlahloba lipelo. Taba ena e bolela hore o tseba lintho tseo batho ba bang ba sa li tsebeng ka rona ebile o tseba hantle hore na re batho ba mofuta ofe. O tla re rata haeba re lula re nahana ka likeletso tsa hae tse tla re thusa ho phela ka ho sa feleng. (Joh. 4:14) Re ke ke ra lematsoa ke mekhoa e mebe le mashano a Satane le batho ba khopo. (1 Joh. 5:​18, 19) Ha setsoalle sa rona le Jehova se ntse se hola, re tla mo rata re be re mo hlomphe le ho feta. Haeba re sa batle ho utloisa Ntate oa rona bohloko, re ke ke ra batla le ho nahana ka ho etsa sebe. Morali oa bo rona Marta ea lulang Croatia ea ileng a lekeha ho etsa boitšoaro bo bobe o re: “Ke ne ke thatafalloa ke ho nahana lintho hantle le ho hlola takatso ea ho etsa sebe seo. Empa ho hlompha Jehova ho ile ha ntšireletsa.” Ho hlompha Molimo ho ile ha mo sireletsa joang? Morali oa bo rona Marta o re o ile a nahanisisa ka hore na liphello e ne e tla ba life ha a ne a ka etsa qeto e fosahetseng. Le rona re ka mo etsisa. w23.06 20-21 ¶3-4

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Labohlano, la 5 December

Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re, . . . Lichaba li tla tseba hore ke ’na Jehova ha ke halaletsoa har’a lona li ntse li shebile.—Ezek. 36:23.

Jesu o ne a tseba hore morero oa Jehova ke ho halaletsa lebitso la hae, e leng ho shanofatsa lintho tsohle tse buuoeng ka eena tseo e seng ’nete. Ke ka lebaka leo Mong’a rona a ileng a ruta balateli ba hae hore ha ba rapela ba re: “Ntate oa rona ea maholimong, lebitso la hao le halaletsoe.” (Mat. 6:9) Jesu o ne a tseba hore ho halaletsoa ha lebitso la Molimo ke taba ea bohlokoa ka ho fetisisa e amang popo eohle. Ha ho na mang kapa mang ea kileng a halaletsa lebitso la Jehova ho feta Jesu. Empa ha Jesu a ne a tšoeroe, lira tsa hae li ile tsa mo qosa ka hore o hlompholotse lebitso la Molimo. E tlameha ebe Jesu o ne a utloa ho senya lebitso le halalelang la Ntate oa hae e le sebe se seholo ka ho fetisisa. O ne a tšoenyehile haholo ka hore ebe o ne a tl’o qosoa ka sebe sena a be a fumanoe a le molato. E ka ’na eaba leo e ne e le lona lebaka le ka sehloohong le ileng la etsa hore ebe Jesu o ile a “sareloa habohloko” lihora pele a tšoaroa.—Luka 22:​41-44. w24.02 11 ¶11

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela