Moqebelo, la 6 December
Ntlo e hahoa ka bohlale.—Liprov. 24:3.
Ha re ntse re matha peisong ea bophelo, re lokela ho rata Jehova le Jesu ho feta ba malapa a rona. (Mat. 10:37) Empa sena ha se bolele hore ha rea lokela ho hlokomela ba malapa a rona hobane e le hore re amoheloe ke Molimo le Kreste, re tlameha ho phetha boikarabelo ba rona ka lapeng. (1 Tim. 5:4, 8) Ha re etsa joalo re tla thaba. Jehova oa tseba hore lelapa le tla thaba haeba monna le mosali ba ratana ebile ba hlomphana, ha batsoali ba rata bana ba bona ebile ba ba ruta le ha bana ba mamela batsoali ba bona. (Baef. 5:33; 6:1, 4) Sebelisa keletso eo Bibele e fanang ka eona ho sa tsotellehe boikarabelo boo u nang le bona ka lapeng. U se ke oa etsa lintho ho latela maikutlo a hao, ho latela seo litsebi li se buang kapa ho ea ka tloaelo ea sebaka seo u lulang ho sona. Bala lingoloa tsa rona tse thehiloeng Bibeleng. Lingoloa tsena li na le likeletso tse tsoang ka Bibeleng tse ka u thusang. w23.08 28 ¶6-7
Sontaha, la 7 December
U e bale ka lentsoe le tlase bosiu le motšehare e le hore u ka etsa lintho tsohle tse ngotsoeng ho eona. Ha u etsa joalo, seo u se etsang se tla atleha ’me u tla etsa lintho ka bohlale.—Josh. 1:8.
Ho na le lintho tseo barali ba bo rona ba lokelang ho li tseba tse tla ba thusa bophelong. Lintho tse ling tseo ngoana oa ngoanana a ithutang tsona a sa le monyenyane li ka mo thusa bophelo bohle ba hae. Ka mohlala, ithute ho bala le ho ngola hantle. Litsong tse ling batho ha ba nke hore ho bohlokoa hore basali ba ithute ho bala le ho ngola. Leha ho le joalo, ke habohlokoa hore Bakreste bohle ba ithute ho bala le ho ngola. (1 Tim. 4:13) Tsoela pele u leka ho ithuta ho bala le ho ngola hantle le hoja ho ka ba thata. Ho etsa joalo ho tla u thusa joang? Ho ka u thusa hore u fumane mosebetsi. U tla khona ho ithuta Lentsoe la Molimo le ho ruta batho ba bang. Hape u tla ba motsoalle oa Jehova ha u ntse u bala Bibele ’me u nahanisisa ka lintho tseo u li balang.—1 Tim. 4:15. w23.12 20 ¶10-11
Mantaha, la 8 December
Jehova o tseba ho pholosa batho ba mo sebeletsang ka botšepehi mathateng.—2 Pet. 2:9.
Kopa Jehova hore a u thuse ho hlola liteko. Kaha ha rea phethahala, re lokela ho lula re loantša teko ea ho etsa se fosahetseng. Satane o etsa matsapa ’ohle ho re thatafaletsa ntoa ena. Tsela e ’ngoe eo a lekang ho silafatsa likelello tsa rona ka eona ke ka ho sebelisa boithabiso bo sa hloekang. Boithabiso bo joalo bo ka tlatsa likelello tsa rona ka menahano e litšila e ka etsang hore Jehova a re nke re sa hloeka le e ka etsang hore re etse libe tse tebileng. (Mar. 7:21-23; Jak. 1:14, 15) Re hloka thuso ea Jehova haeba re batla ho hlola teko ea ho etsa lintho tse fosahetseng. Jesu o ile a kenyeletsa mantsoe a latelang thapelong ea mohlala: “U se ke oa re lumella hore re hloloe ke moleko empa u re lopolle ho ea khopo.” (Mat. 6:13) Jehova o batla ho re thusa empa re lokela ho mo kopa thuso. Ha re se re rapeletse thuso re lokela ho qoba kahohle lintho tse ka re behang tekong. w23.05 6-7 ¶15-17