Labohlano, la 5 December
Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re, . . . Lichaba li tla tseba hore ke ’na Jehova ha ke halaletsoa har’a lona li ntse li shebile.—Ezek. 36:23.
Jesu o ne a tseba hore morero oa Jehova ke ho halaletsa lebitso la hae, e leng ho shanofatsa lintho tsohle tse buuoeng ka eena tseo e seng ’nete. Ke ka lebaka leo Mong’a rona a ileng a ruta balateli ba hae hore ha ba rapela ba re: “Ntate oa rona ea maholimong, lebitso la hao le halaletsoe.” (Mat. 6:9) Jesu o ne a tseba hore ho halaletsoa ha lebitso la Molimo ke taba ea bohlokoa ka ho fetisisa e amang popo eohle. Ha ho na mang kapa mang ea kileng a halaletsa lebitso la Jehova ho feta Jesu. Empa ha Jesu a ne a tšoeroe, lira tsa hae li ile tsa mo qosa ka hore o hlompholotse lebitso la Molimo. E tlameha ebe Jesu o ne a utloa ho senya lebitso le halalelang la Ntate oa hae e le sebe se seholo ka ho fetisisa. O ne a tšoenyehile haholo ka hore ebe o ne a tl’o qosoa ka sebe sena a be a fumanoe a le molato. E ka ’na eaba leo e ne e le lona lebaka le ka sehloohong le ileng la etsa hore ebe Jesu o ile a “sareloa habohloko” lihora pele a tšoaroa.—Luka 22:41-44. w24.02 11 ¶11
Moqebelo, la 6 December
Ntlo e hahoa ka bohlale.—Liprov. 24:3.
Ha re ntse re matha peisong ea bophelo, re lokela ho rata Jehova le Jesu ho feta ba malapa a rona. (Mat. 10:37) Empa sena ha se bolele hore ha rea lokela ho hlokomela ba malapa a rona hobane e le hore re amoheloe ke Molimo le Kreste, re tlameha ho phetha boikarabelo ba rona ka lapeng. (1 Tim. 5:4, 8) Ha re etsa joalo re tla thaba. Jehova oa tseba hore lelapa le tla thaba haeba monna le mosali ba ratana ebile ba hlomphana, ha batsoali ba rata bana ba bona ebile ba ba ruta le ha bana ba mamela batsoali ba bona. (Baef. 5:33; 6:1, 4) Sebelisa keletso eo Bibele e fanang ka eona ho sa tsotellehe boikarabelo boo u nang le bona ka lapeng. U se ke oa etsa lintho ho latela maikutlo a hao, ho latela seo litsebi li se buang kapa ho ea ka tloaelo ea sebaka seo u lulang ho sona. Bala lingoloa tsa rona tse thehiloeng Bibeleng. Lingoloa tsena li na le likeletso tse tsoang ka Bibeleng tse ka u thusang. w23.08 28 ¶6-7
Sontaha, la 7 December
U e bale ka lentsoe le tlase bosiu le motšehare e le hore u ka etsa lintho tsohle tse ngotsoeng ho eona. Ha u etsa joalo, seo u se etsang se tla atleha ’me u tla etsa lintho ka bohlale.—Josh. 1:8.
Ho na le lintho tseo barali ba bo rona ba lokelang ho li tseba tse tla ba thusa bophelong. Lintho tse ling tseo ngoana oa ngoanana a ithutang tsona a sa le monyenyane li ka mo thusa bophelo bohle ba hae. Ka mohlala, ithute ho bala le ho ngola hantle. Litsong tse ling batho ha ba nke hore ho bohlokoa hore basali ba ithute ho bala le ho ngola. Leha ho le joalo, ke habohlokoa hore Bakreste bohle ba ithute ho bala le ho ngola. (1 Tim. 4:13) Tsoela pele u leka ho ithuta ho bala le ho ngola hantle le hoja ho ka ba thata. Ho etsa joalo ho tla u thusa joang? Ho ka u thusa hore u fumane mosebetsi. U tla khona ho ithuta Lentsoe la Molimo le ho ruta batho ba bang. Hape u tla ba motsoalle oa Jehova ha u ntse u bala Bibele ’me u nahanisisa ka lintho tseo u li balang.—1 Tim. 4:15. w23.12 20 ¶10-11