Mantaha, la 8 December
Jehova o tseba ho pholosa batho ba mo sebeletsang ka botšepehi mathateng.—2 Pet. 2:9.
Kopa Jehova hore a u thuse ho hlola liteko. Kaha ha rea phethahala, re lokela ho lula re loantša teko ea ho etsa se fosahetseng. Satane o etsa matsapa ’ohle ho re thatafaletsa ntoa ena. Tsela e ’ngoe eo a lekang ho silafatsa likelello tsa rona ka eona ke ka ho sebelisa boithabiso bo sa hloekang. Boithabiso bo joalo bo ka tlatsa likelello tsa rona ka menahano e litšila e ka etsang hore Jehova a re nke re sa hloeka le e ka etsang hore re etse libe tse tebileng. (Mar. 7:21-23; Jak. 1:14, 15) Re hloka thuso ea Jehova haeba re batla ho hlola teko ea ho etsa lintho tse fosahetseng. Jesu o ile a kenyeletsa mantsoe a latelang thapelong ea mohlala: “U se ke oa re lumella hore re hloloe ke moleko empa u re lopolle ho ea khopo.” (Mat. 6:13) Jehova o batla ho re thusa empa re lokela ho mo kopa thuso. Ha re se re rapeletse thuso re lokela ho qoba kahohle lintho tse ka re behang tekong. w23.05 6-7 ¶15-17
Labobeli, la 9 December
Thapo e meloho e meraro e ke ke ea khaoloa habonolo.—Moek. 4:12.
Ha banyalani e le metsoalle ea Jehova, ba sebelisa keletso ea hae ’me seo se ka ba thusa hore ba qobe le ho rarolla mathata a ka fokotsang lerato leo ba ratanang ka lona. Batho bao e leng metsoalle ea Jehova baa mo etsisa ka hore ba be le makhabane a tšoanang le a hae a kang ho ba mosa, ho ba le mamello le ho tšoarela. (Baef. 4:32–5:1) Ha banyalani ba bontša makhabane ana, ho ba bonolo hore lerato la bona le hole. Morali oa bo rona Lena ea nang le lilemo tse fetang 25 a nyetsoe o re: “Ho bonolo ho rata motho eo e leng motsoalle oa Jehova le ho mo hlompha.” Nahana ka mohlala oa banyalani bao Bibele e buang ka bona. Ha Jehova a ne a tlameha ho khetha banyalani bao e neng e tla ba batsoali ba Mesia, O ile a khetha Josefa le Maria ho litloholo tse ngata tsa Davida. Hobane’ng? Ka bobeli e ne e le metsoalle ea Jehova. Jehova o ne a tseba hore ba ne ba tla etsa hore a tle pele lenyalong ba bona. w23.05 21 ¶3-4
Laboraro, la 10 December
Mamelang ba le etellang pele.—Baheb. 13:17.
Moeta-pele oa rona Jesu o phethahetse empa batho bao a ba khethileng hore ba etelle bahlanka ba hae pele mona lefatšeng ha baa phethahala. Ho ka ba thata ho ba mamela, haholo ha ba re kopa ho etsa ntho eo re sa batleng ho e etsa. Ka nako e ’ngoe moapostola Petrose le eena o ile a thatafalloa ke ho mamela. Ha lengeloi le ne le mo laela hore a je liphoofolo tse neng li sa hloeka ho ea ka Molao oa Moshe, o ile a hana ka makhetlo a mararo kaofela. (Lik. 10:9-16) Hobane’ng? O ne a utloa taelo ena e ncha e sa utloahale. Leha ho le joalo, moapostola Pauluse ha banna ba baholo ba Jerusalema ba ile ba re Pauluse a ee tempeleng le banna ba bane, ba itlhoekise ho ea ka molao e le hore a bontše hore oa o mamela. Pauluse o ne a tseba hore Bakreste ha baa tlameha ho mamela Molao ebile o ne a sa etsa letho le phoso. Ho ntse ho le joalo, o ile “a tsamaea le banna bao ka le hlahlamang ’me a itlhoekisa le bona ho ea ka molao.” (Lik. 21:23, 24, 26) Ho mamela ha Pauluse ho ile ha etsa hore Bakreste ba momahane.—Bar. 14:19, 21. w23.10 10 ¶15-16