Labone, la 8 October
Maria Magdalena a ea ho barutuoa a re ho bona: “Ke bone Morena!”—Joh. 20:18.
Hoseng ha la 16 Nisane basali ba bang ba tšepahalang ba ile ba ea lebitleng la Jesu. (Luka 24:1, 10) Hlokomela se ile sa etsahalla e mong oa basali bana e leng Maria Magdalena. Ha a fihla lebitleng la Jesu, o ile a fumana ho se na letho. O ile a matha a e’o bolella Petrose le Johanne. Ha ba utloa litaba tsena ba ile ba mathela lebitleng la Jesu ’me a ba sala morao. Ka mor’a hore ba fumane Jesu a le sieo ka lebitleng, banna bana ba ile ba khutlela hae. Maria eena o ile a sala moo a ntse a lla a sa tsebe hore Jesu o ntse a mo shebile. Empa Jesu o ne a bona hore mosali enoa ea tšepahalang o ntse a lla ’me sena se ile sa mo ama. Eaba o itlhahisa ho eena oa mo khothatsa le ho mo fa mosebetsi oa bohlokoa oa ho bolella bana babo hore o tsohile.—Joh. 20:17, 18. w24.10 13 ¶7
Labohlano, la 9 October
Ke tla etsa lipontšo le mehlolo e mengata naheng ea Egepeta.—Ex. 7:3.
Moshe e ne e le moprofeta, moahloli, molaoli le rahistori. O ile a etella pele sechaba sa Iseraele ho tsoa bokhobeng Egepeta, a ba a bona ha Jehova a etsa mehlolo e mengata. Jehova o ile a mo sebelisa ho ngola libuka tse hlano tse qalang tsa Bibele, Pesaleme ea 90 mohlomong le ea 91. Hape ho ka etsahala hore ebe ke eena ea ngotseng buka ea Jobo. Nakoana pele Moshe a shoa, ha a le lilemo li 120, o ile a bokella sechaba sohle sa Baiseraele e le hore a se hopotse ka lintho tsohle tseo Jehova a se etselitseng tsona. Ba bang ba bamameli ba hae ba ile ba bona lipontšo le mehlolo eo Jehova a ileng a e etsa le kamoo a ileng a fa Egepeta likotlo kateng. (Ex. 7:4) Ba ile ba tsamaea moo ho ommeng bohareng ba Leoatle le Lefubelu ba ba ba bona ha masole a Faro a timetsoa. (Ex. 14:29-31) Ha ba le lefeelleng, Jehova o ile a ba hlokomela a ba a ba sireletsa. (Deut. 8:3, 4) Ha sechaba se ne se le haufi le ho kena Naheng e Tšepisitsoeng, Moshe o ile a sebelisa monyetla oo oa ho qetela ho se khothatsa. w24.11 8-9 ¶3-4
Moqebelo, la 10 October
Motho ea jang bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng. Bohobe boo ke tla fana ka bona e le hore batho ba phele, ke nama ea ka.—Joh. 6:51.
Lijong Tsa Shoalane Tsa Morena, Jesu o ne a bua le batho ba seng bakae feela ha pejana teng a ne a bua le letšoele le Galilea. Ha Jesu a ne a le Galilea ka selemo sa 32, o ne a bua haholo le Bajuda ba neng ba mo batla bohobe. Leha ho le joalo, o ile a bua le bona ka ntho e ’ngoe ea bohlokoa ho feta bohobe boo, e neng e ka ba thusa ho fumana bophelo bo sa feleng. Jesu o ile a boela a re batho ba hlokahetseng ba tla tsosoa ka letsatsi la ho qetela ’me ba phele ka ho sa feleng. O ne a sa bue ka batho ba seng bakae ba khethiloeng bao a ileng a bua le bona hamorao Lijong Tsa Shoalane Tsa Morena. Ho e-na le hoo, ha a ne a le Galilea, o ne a bua ka tlhohonolofatso eo batho bohle ba neng ba ka e fumana. w24.12 11 ¶10-11