Mantaha, la 9 February
A kha tholoana ’me a e ja. Ka mor’a moo, a fa le monna oa hae ha a se a e-na le eena ’me a e ja.—Gen. 3:6.
Jehova o entse hore tlaleho eo e bohloko e ngoloe ka Bibeleng molemong oa rona. E re thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha a hloile sebe hakana. Sebe se re arohanya le Jehova ’me se etsa hore qetellong re shoe. (Esa. 59:2) Ke lona lebaka le etsang hore Satane a se rate hakana. O ile a susumeletsa Adama le Eva hore ba etse sebe ’me le hona joale o tsoela pele ho susumeletsa batho ho se etsa. Satane o ne a nahana hore o atlehile ho senya morero oa Molimo ka batho empa o ne a sa utloisise hore na Jehova o lerato hakae. Ha ho mohla Molimo a ileng a fetola morero oa hae ka bana ba Adama le Eva. Kaha Jehova o rata batho, hang-hang o ile a ba fa tšepo. (Bar. 8:20, 21) Jehova o ne a tseba hore ba bang ba bana ba Adama le Eva ba ne ba tla khetha ho mo rata le ho mo mamela. Kaha Jehova ke Ntate ebile ke ’Mopi oa bona, o ne a tla ba bulela monyetla oa hore ba lokolloe sebeng le hore e be metsoalle ea hae. w24.08 3 ¶3-4
Labobeli, la 10 February
Lemoha hore na lintho tsa bohlokoa haholo ke life.—Bafil. 1:10.
Boholo ba batho ba Jehova ba phathahane haholo. Rea sebetsa e le hore re itlhokomele re be re hlokomele ba malapa a rona. (1 Tim. 5:8) Boholo ba Bakreste ba hlokomela ba malapa ba kulang kapa ba tsofetseng ’me kaofela ha rona re qeta nako re itlhokomela. Ho ekelletsa moo, re na le likabelo tseo re lokelang ho li phetha ka phuthehong. Ntho e ’ngoe ea bohlokoa eo re lokelang ho lula re e etsa ke ho bolella batho litaba tse monate tsa ’Muso ka cheseho. Ho bala Bibele ke e ’ngoe ea “lintho tsa bohlokoa haholo” eo Mokreste e mong le e mong a lokelang ho e etsa. Ha e buoa ka motho ea thabileng, pesaleme ea pele e re: “O thabela molao oa Jehova, o bala molao oa Hae le ho nahanisisa ka oona bosiu le motšehare.” (Pes. 1:1, 2) Ho hlakile hore re lokela ho ipha nako ea ho bala Bibele. U lokela ho bala Bibele neng? Ho itšetlehile ka maemo a hao. w24.09 3 ¶5-6
Laboraro, la 11 February
Motho e mong le e mong o tla ikarabella ka lintho tseo a li etsang.—Bagal. 6:5.
Na Mokreste ea holileng a ka hloka thuso ea motho e mong? Ho joalo. O ntse a hloka ho kopa thuso ka linako tse ling. Mokreste ea sa holang a ka ’na a batla hore ba bang ba mo joetse hore na a etse’ng kapa ba mo etsetse qeto eo a lokelang ho e etsa. Phapang ke hore ha Mokreste ea holileng a kopa thuso ho batho ba bohlale le ba nang le boiphihlelo, oa tseba hore o na le boikarabelo ba ho iketsetsa liqeto le hore “o tla ikarabella ka lintho tseo a li etsang”. Joalokaha batho ba baholo ba fapane ka litšobotsi, le Bakreste ba holileng ba na le makhabane a sa tšoaneng a kang bohlale, sebete, ho fana le kutloelo-bohloko. Hape Bakreste ba babeli ba holileng ba ka ’na ba tobana le boemo bo tšoanang empa ba etsa liqeto tse peli tse fapaneng tse ntseng li sa hanane le Mangolo. Taba ena e etsahala hangata haeba qeto e lokelang ho etsoa e itšetlehile ka letsoalo la motho. Kahoo, Bakreste ha ba ahlolane ka lebaka la liqeto tse fapaneng tseo ba li entseng. Ho e-na le hoo, ba lula ba momahane.—Bar. 14:10; 1 Bakor. 1:10. w24.04 4 ¶7-8