Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • es26 maq. 17-26
  • February

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • February
  • Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026
  • Lihloohoana
  • Sontaha, la 1 February
  • Mantaha, la 2 February
  • Labobeli, la 3 February
  • Laboraro, la 4 February
  • Labone, la 5 February
  • Labohlano, la 6 February
  • Moqebelo, la 7 February
  • Sontaha, la 8 February
  • Mantaha, la 9 February
  • Labobeli, la 10 February
  • Laboraro, la 11 February
  • Labone, la 12 February
  • Labohlano, la 13 February
  • Moqebelo, la 14 February
  • Sontaha, la 15 February
  • Mantaha, la 16 February
  • Labobeli, la 17 February
  • Laboraro, la 18 February
  • Labone, la 19 February
  • Labohlano, la 20 February
  • Moqebelo, la 21 February
  • Sontaha, la 22 February
  • Mantaha, la 23 February
  • Labobeli, la 24 February
  • Laboraro, la 25 February
  • Labone, la 26 February
  • Labohlano, la 27 February
  • Moqebelo, la 28 February
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026
es26 maq. 17-26

February

Sontaha, la 1 February

Ke ntho e hlomphehang hore motho a qobe ho pheha khang, empa leoatla le leng le le leng le rata ho pheha khang.—Liprov. 20:3.

Bara ba bo rona ba nang le makhabane a Bokreste, ke ba bohlokoa ka phuthehong. Mor’abo rona ea seng manganga o sebetsa ka thata ho bopa khotso le ho thusa ba bang hore ba be le khotso. O boetse o mamela batho ba bang le ho leka ho utloisisa hore na ba ikutloa joang. Haeba le le sebokeng sa baholo ’me ho etsoa qeto e sa hananeng le melao-motheo ea Bibele, na u tla e tšehetsa le haeba u e-na le maikutlo a fapaneng? U se ke oa hatella ba bang hore ba lumellane le maikutlo a hao. Tseba hore ho bohlokoa ho mamela maikutlo a batho ba bang. (Gen. 13:​8, 9; Liprov. 15:22) Sena se bolela hore u hlompha ba bang ebile ha u rate ho ngangisana le bona, ho e-na le hoo u ba tšoara ka mosa. Joaloka motho ea nang le khotso, sebetsa ka thata ho bopa khotso le batho ba bang le maemong a thata. (Jak. 3:​17, 18) Mantsoe a hao a mosa a tla thusa ba bang hore ba khobe matšoafo, ho akarelletsa le bahanyetsi ba rona.—Baahl. 8:​1-3; Liprov. 25:15; Mat. 5:​23, 24. w24.11 23 ¶13

Mantaha, la 2 February

O tla romela mangeloi ’me a tla bokella bakhethoa ba hae ho tsoa likhutlong tse ’nè tsa lefatše, ho tloha pheletsong ea lefatše ho ea pheletsong ea leholimo.—Mar. 13:27.

Ke ’nete hore Jesu o ile a shoa “hanngoe ebile e le la ho qetela” empa o tsoela pele ho itella rona. (Bar. 6:10) Ka tsela efe? O tsoela pele ho sebelisa nako le matla a hae ho re etsetsa lintho tse molemo tseo re li fumanang ka lebaka la sehlabelo sa hae. Nahana ka lintho tseo a ntseng a li etsa hona joale. Ke Morena oa rona, Moprista ea Phahameng le hlooho ea phutheho. (1 Bakor. 15:25; Baef. 5:23; Baheb. 2:17) Ke eena ea ikarabellang ka mosebetsi oa ho bokella batlotsuoa le bongata bo boholo, e leng mosebetsi o lokelang ho phethoa pele mahlomola a maholo a fela. (Mat. 25:32) O boetse o sebelisa mohlanka ea tšepahalang ho etsa bonnete ba hore re fumana lintho tseo re li hlokang hore re sebeletse Jehova ka botšepehi matsatsing ana a ho qetela. (Mat. 24:45) Le nakong ea Puso ea hae ea Lilemo Tse Sekete, Jesu o tla ’ne a tsoele pele ho re etsetsa lintho tse molemo. Kannete Jesu o iteletse rona. Ke mpho ea bohlokoa eo Jehova a re fileng eona. w25.01 24 ¶12

Labobeli, la 3 February

Molimo o bile mosa ’me a ba nka ba lokile hobane ba ile ba lopolloa libeng tsa bona ka Kreste Jesu. O entse ntho eo e le mpho.—Bar. 3:24.

Ha Jehova a re tšoarela libe, ho joalokaha eka ha re e-s’o li etse ho hang hape re ka kholiseha hore a ke ke a re ahlola ka lebaka la tsona nakong e tlang. Taba ena e etsa hore re be le setsoalle se matla le Ntate oa rona ea leholimong. Leha ho le joalo, rea tseba hore taba ea hore Jehova oa re tšoarela ke mpho eo a re fang eona hobane a re rata a bile a le mosa, eseng hobane a tlamehile ho re fa eona. Kannete rea thaba hore ebe Jehova ke Molimo ‘ea tšoarelang e le kannete.’ (Pes. 130:4; Bar. 4:8) Empa ho na le ntho ea bohlokoa eo re lokelang ho e etsa haeba re batla hore Jehova a re tšoarele. Jesu o ile a re: “Haeba le sa tšoarele batho liphoso tsa bona, Ntate oa lona le eena a ke ke a le tšoarela.” (Mat. 6:​14, 15) Kahoo, ho hlakile hore ke habohlokoa hore re etsise Jehova ka hore re tšoarele batho ba bang. w25.02 13 ¶18-19

Laboraro, la 4 February

Molimo o tla tsosa batho ba lokileng le ba sa lokang bafung.—Lik. 24:15.

Nahana ka batho ba Sodoma le Gomora. Monna ea lokileng ea bitsoang Lota o ne a lula har’a bona. Empa na rea tseba hore ehlile Lota o ile a ba bolella ka Jehova kaofela ha bona? Che. Kaofela ha bona ba ne ba le khopo empa na e mong le e mong oa bona o ne a tseba ntho e nepahetseng le e fosahetseng? Ha ho bonahale ho le joalo. Hopola hore na Bibele e re’ng ka letšoele la banna ba neng ba batla ho beta baeti ba Lota. Bibele e re letšoele leo e ne e le banna bohle “ho tloha ho moshanyana ho ea ho monna-moholo.” (Gen. 19:4; 2 Pet. 2:7) Na ehlile re tseba hantle hore Molimo ea mohau Jehova o entse qeto ea hore ha ho le ea mong oa bona ea tla tsoha? Che, re ke ke ra cho joalo. Jehova o ile a tiisetsa Abrahama hore ha ho na leha e se e le batho ba leshome ba lokileng motseng oo. (Gen. 18:32) Kahoo, ba ne ba sa loka ’me Jehova o ne a nepile ka ho ba timetsa. Na re ka bua re kholisehile hore ha ho le ea mong oa bona ea tla tsoha ha Molimo a “tsosa batho . . . ba sa lokang bafung”? Che, re ke ke ra tiisa hore ho joalo. w24.05 2 ¶3; 3 ¶8

Labone, la 5 February

Etsang hore ’Muso oa Molimo le ho mamela Molimo e be lintho tse tlang pele bophelong ba lona ’me o tla le ekeletsa lintho tse ling tsohle.—Mat. 6:33.

Ka lebaka la mathata a moruo, batho ba bang ba ile ba lekeha hore ba amohele mosebetsi o tla etsa hore ba siee malapa a bona, ’me hangata ho bonahetse hore qeto eo e booatla. Pele u amohela mosebetsi, u se ke oa nahana feela ka hore na u tla fumana chelete e kae, empa u nahane le ka hore na uena le lelapa la hao le tla lahleheloa hakae moeeng. (Luka 14:28) Ipotse: ‘Lenyalo la ka le tla ameha joang haeba ke fumana mosebetsi hole ’me ke siea molekane oa ka? Na ke tla khona ho ea libokeng tsohle, tšebeletsong ea tšimo le ho qeta nako le Bakreste-’moho le ’na?’ Haeba u na le bana, u boetse u lokela ho ipotsa potso ena ea bohlokoa: ‘Ke tla holisa bana ba ka joang “ka ho ba khalemela le ho ba tataisa ka tsela eo Jehova a e batlang” haeba ke sa lule le bona?’ (Baef. 6:4) Lumella monahano oa Molimo hore e be oona o u tataisang, eseng oa lelapa kapa metsoalle e sa hlompheng melao-motheo ea Mangolo. w25.03 29 ¶12

Labohlano, la 6 February

Re se ke ra hlola re e-ba bana.—Baef. 4:14.

Mokreste ea sa holang a ka khelosoa “ke batho ba bolotsana” le “batho ba qhekellang ba bang ka maqiti a bona.” A ka ’na a kholoa batho ba jalang litaba tse khelosang, mabare-bare le litaba tseo eseng ’nete tse tsoang mecheng ea puisano. A ka ’na a khelosoa ke bakoenehi. Hape a ka ’na a monela ba bang, a ba le likhohlano le bona kapa a khopeha habonolo. A ka boela a etsa ntho e fosahetseng ha a lekoa. (1 Bakor. 3:3.) Mangolo a bapisa ho hola ha Mokreste le ho hola ha ngoana ho fihlela e e-ba motho e moholo. (Baef. 4:15) Ngoana ha a tsebe lintho tse ngata, kahoo o hloka tataiso le ho sireletsoa. Ka mohlala, ’mè a ka ’na a tšoara morali oa hae e monyenyane ka letsoho ha ba tšela tsela. Ha ngoanana eo a ntse a hola, ’mè oa hae a ka ’na a mo lumella hore a tšele tsela a le mong, empa o tla mo hopotsa hore a shebe likoloi ka lehlakoreng le letona le le letšehali pele a tšela. Ha ngoana e se e le motho e moholo, o se a tseba ho qoba likotsi tse kang tseo. Ka tsela e tšoanang, ha Bakreste ba se ba holile, ba nahana ka melao-motheo ea Bibele e le hore ba tsebe hore na Jehova o nahana joang ka taba eo, ebe joale ba etsa qeto e nepahetseng. w24.04 3 ¶5-6

Moqebelo, la 7 February

Jehova, ke mang eo e ka bang moeti tenteng ea hao?—Pes. 15:1.

Ka lilemo tse ngata-ngata, baeti ba Molimo e ne e le feela mangeloi a neng a lula le eena leholimong. Ka mor’a moo, o ile a bopa batho ’me le bona e ile ea e-ba baeti ba hae. Ba bang ba baeti bao ba hae e ne e le Enoke, Noe, Abrahama le Jobo. Bibele e re e ne e le metsoalle ea Jehova hobane ba ne ba mo mamela. (Gen. 5:24; 6:9; Jobo 29:4; Esa. 41:8) Ho theosa le lilemo tse ngata Jehova haesale a ntse a mema metsoalle ea hae hore e be baeti ba hae. (Ezek. 37:​26, 27) Ka mohlala, boprofeteng ba Ezekiele re ithuta hore Molimo o batla hore barapeli ba hae ba tšepahalang ba be le kamano e haufi-ufi le eena. O tšepisa hore o tla etsa “selekane sa khotso le bona.” Boprofeta bona bo bua ka nako eo ka eona ba nang le tšepo ea ho phela leholimong le ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ba tla momahana tenteng ea Jehova e le ‘mohlape o le mong.’ (Joh. 10:16) Nako eo e se e fihlile. w24.06 2 ¶2, 4; 3 ¶5

Sontaha, la 8 February

Molimo o ile a re fa sebete.—1 Bathes. 2:2.

Kaha re batho ba Jehova, re tšehetsa ’Muso oa Molimo ka lipelo tsohle tsa rona empa re lokela hore re be sebete e le hore re ka etsa joalo. (Mat. 6:33) Ka mohlala, lefatšeng lena le khopo leo re phelang ho lona, re hloka ho ba sebete e le hore re phele ka tsela eo Jehova a batlang hore re phele ka eona le hore re bolele litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo. Hape lefatše le ntse le tsoela pele ho ba le likarohano ka lebaka la lipolotiki, ke kahoo re hlokang ho ba sebete hore re se ke ra nka lehlakore le ho ngangisana ka litaba tse amanang le lipolotiki. (Joh. 18:36) Batho ba bangata ba Jehova ba ba le mathata a lichelete, baa hlekefetsoa kapa ba koalloa literonkong ka lebaka la ho hana ho nka lehlakore lipolotiking le ho kenela sesole. Ha re nahana ka tsela eo ba bang ba bontšitseng sebete ka eona e le hore ba lule ba tšepahalla Jehova le ’Muso oa hae, re susumeletseha hore le rona re be sebete. Morena oa rona Kreste Jesu, o ile a hana ho ba karolo ea lipolotiki lefatšeng la Satane. (Mat. 4:​8-11; Joh. 6:​14, 15) Kamehla o ne a lula a itšetlehile ka Jehova hore a mo fe matla. w24.07 3 ¶4; 4 ¶7

Mantaha, la 9 February

A kha tholoana ’me a e ja. Ka mor’a moo, a fa le monna oa hae ha a se a e-na le eena ’me a e ja.—Gen. 3:6.

Jehova o entse hore tlaleho eo e bohloko e ngoloe ka Bibeleng molemong oa rona. E re thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha a hloile sebe hakana. Sebe se re arohanya le Jehova ’me se etsa hore qetellong re shoe. (Esa. 59:2) Ke lona lebaka le etsang hore Satane a se rate hakana. O ile a susumeletsa Adama le Eva hore ba etse sebe ’me le hona joale o tsoela pele ho susumeletsa batho ho se etsa. Satane o ne a nahana hore o atlehile ho senya morero oa Molimo ka batho empa o ne a sa utloisise hore na Jehova o lerato hakae. Ha ho mohla Molimo a ileng a fetola morero oa hae ka bana ba Adama le Eva. Kaha Jehova o rata batho, hang-hang o ile a ba fa tšepo. (Bar. 8:​20, 21) Jehova o ne a tseba hore ba bang ba bana ba Adama le Eva ba ne ba tla khetha ho mo rata le ho mo mamela. Kaha Jehova ke Ntate ebile ke ’Mopi oa bona, o ne a tla ba bulela monyetla oa hore ba lokolloe sebeng le hore e be metsoalle ea hae. w24.08 3 ¶3-4

Labobeli, la 10 February

Lemoha hore na lintho tsa bohlokoa haholo ke life.—Bafil. 1:10.

Boholo ba batho ba Jehova ba phathahane haholo. Rea sebetsa e le hore re itlhokomele re be re hlokomele ba malapa a rona. (1 Tim. 5:8) Boholo ba Bakreste ba hlokomela ba malapa ba kulang kapa ba tsofetseng ’me kaofela ha rona re qeta nako re itlhokomela. Ho ekelletsa moo, re na le likabelo tseo re lokelang ho li phetha ka phuthehong. Ntho e ’ngoe ea bohlokoa eo re lokelang ho lula re e etsa ke ho bolella batho litaba tse monate tsa ’Muso ka cheseho. Ho bala Bibele ke e ’ngoe ea “lintho tsa bohlokoa haholo” eo Mokreste e mong le e mong a lokelang ho e etsa. Ha e buoa ka motho ea thabileng, pesaleme ea pele e re: “O thabela molao oa Jehova, o bala molao oa Hae le ho nahanisisa ka oona bosiu le motšehare.” (Pes. 1:​1, 2) Ho hlakile hore re lokela ho ipha nako ea ho bala Bibele. U lokela ho bala Bibele neng? Ho itšetlehile ka maemo a hao. w24.09 3 ¶5-6

Laboraro, la 11 February

Motho e mong le e mong o tla ikarabella ka lintho tseo a li etsang.—Bagal. 6:5.

Na Mokreste ea holileng a ka hloka thuso ea motho e mong? Ho joalo. O ntse a hloka ho kopa thuso ka linako tse ling. Mokreste ea sa holang a ka ’na a batla hore ba bang ba mo joetse hore na a etse’ng kapa ba mo etsetse qeto eo a lokelang ho e etsa. Phapang ke hore ha Mokreste ea holileng a kopa thuso ho batho ba bohlale le ba nang le boiphihlelo, oa tseba hore o na le boikarabelo ba ho iketsetsa liqeto le hore “o tla ikarabella ka lintho tseo a li etsang”. Joalokaha batho ba baholo ba fapane ka litšobotsi, le Bakreste ba holileng ba na le makhabane a sa tšoaneng a kang bohlale, sebete, ho fana le kutloelo-bohloko. Hape Bakreste ba babeli ba holileng ba ka ’na ba tobana le boemo bo tšoanang empa ba etsa liqeto tse peli tse fapaneng tse ntseng li sa hanane le Mangolo. Taba ena e etsahala hangata haeba qeto e lokelang ho etsoa e itšetlehile ka letsoalo la motho. Kahoo, Bakreste ha ba ahlolane ka lebaka la liqeto tse fapaneng tseo ba li entseng. Ho e-na le hoo, ba lula ba momahane.—Bar. 14:10; 1 Bakor. 1:10. w24.04 4 ¶7-8

Labone, la 12 February

Ha ke tšoenyehile haholo, U ile oa ntšelisa oa ba oa etsa hore ke thabe.—Pes. 94:19.

U ka etsa’ng haeba u ntse u ikutloa u se na thuso? U ka bala litemana tsa Bibele tse u kholisang hore u bohlokoa ho Jehova ebe u nahanisisa ka tsona. Haeba u hlolehile ho finyella lipakane tseo u neng u ipehetse tsona, u se ke oa nyahama hape u se ke oa ipapisa le batho ba bang. Jehova ha aa lebella hore re etse lintho tse ka holimo ho matla a rona. (Pes. 103:​13, 14) Haeba u kile oa hlekefetsoa, u se ke oa ikutloa u le molato. U hopole hore Jehova o tla ahlola batho ba tšoarang ba bang hampe le hore o thusa ba ileng ba tšoaroa hampe. (1 Pet. 3:12) Jehova ke eena ea u khethileng hore u be mosebetsi-’moho le eena, kahoo, u se ke oa ikhalala hore u ka khona ho thusa batho ba bang. (1 Bakor. 3:9) Mathata a u hlahetseng bophelong a ka u thusa hore u utloisise tsela eo batho ba ka ’nang ba ikutloa ka eona ha ba utloile bohloko le hore u ba qenehele. U kholisehe hore u ka khona ho thusa batho ba bang! w24.10 7-8 ¶6-7

Labohlano, la 13 February

Na Molimo le eena a ke ke a etsa bonnete ba hore toka ea phethoa bakeng sa bahlanka ba hae ba mo llelang bosiu le motšehare? O tla fela a etse joalo le hoja a e-na le mamello. Kea le tšepisa hore o tla etsa bonnete ba hore toka e phethoa ka potlako.—Luka 18:​7, 8.

Jehova o batla hore re tšoaroe hantle ebile oa bona ha ba bang ba re tšoara ka ho hloka toka. “Jehova o rata toka.” (Pes. 37:28) Jesu o ile a re kholisa hore ka nako e loketseng, Jehova “o tla etsa bonnete ba hore toka e phethoa ka potlako.” Haufinyane o tla felisa lintho tsohle tse re utloisang bohloko le mefuta eohle ea ho hloka toka. (Pes. 72:​1, 2) Ha re ntse re emetse nako eo ka eona toka e tla ba teng lefatšeng lohle, Jehova o re thusa hore re sebetsane le ho hloka toka. (2 Pet. 3:13) Ka mohlala, o re ruta hore na re itšoare joang ha re tšoaroa ka ho hloka toka, e le hore re se ke ra mpefatsa boemo le ho feta. Tsela e ’ngoe eo Jehova a re thusang ka eona, ke ka ho re fa mohlala oa Mora oa hae o hlahang ka Bibeleng oa hore na o ile a itšoara joang ha a tšoaroa ka ho hloka toka. Jehova o boetse o re fa keletso e hlahang ka Bibeleng, ea hore na re ka etsa’ng ha re tšoaroa ka ho hloka toka. w24.11 2-3 ¶3-4

Moqebelo, la 14 February

Lona ba feng lijo.—Mat. 14:16.

Taba ea hore batho ba fuoe lijo e ne e bonahala eka e ke ke ea khoneha hobane ho ne ho e-na le banna ba ka bang 5 000. Ho ka etsahala hore ha ho balelloa basali le bana, ho ne ho e-na le batho ba 15 000 ba lokelang ho fuoa lijo. (Mat. 14:21) Andrease o ile a re: “Moshanyana ke enoa ea nang le mahobe a mahlano a harese le litlhapi tse peli tse nyenyane empa li nyenyane haholo bakeng sa ho fepa sechaba sena.” (Joh. 6:9) Bohobe ba harese e ne e le lijo tse tloaelehileng ho batho bohle ebang ba ne ba futsanehile kapa che ’me tlhapi e nyenyane ho ka etsahala hore e ne e tšetsoe ka letsoai ebile e omisitsoe. Empa na lijo tseo moshanyana eo a neng a li nkile li ne li ka anela batho bao kaofela? Kaha Jesu o ne a batla ho ba mosa ho sechaba seo, o ile a laela hore se lule holim’a joang ka lihlopha. (Mar. 6:​39, 40; Joh. 6:​11-13) Ka mor’a moo, Jesu a leboha Ntate oa hae bakeng sa bohobe le tlhapi eo. Ka ho etsa joalo, Jesu o ile a bontša hore o ananela lijo tseo. Hape o ne a bontša hore Molimo ke eena ea entseng hore ba be le tsona. Ho bohlokoa hore re latele mohlala oa Jesu oa hore re rapelle lijo pele re ja. Jesu o ile a re sechaba se fuoe lijo ’me batho bohle ba ja ho fihlela ba khotsofetse. w24.12 2-3 ¶3-4

Sontaha, la 15 February

Rorisang Jehova Molimo oa lona.—1 Likron. 29:20.

Ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a rorisa Ntate oa hae ka ho bolella batho hore Jehova ke eena ea mo fileng matla a ho etsa mehlolo. (Mar. 5:​18-20) Jesu o ile a boela a tlotlisa Jehova ka tsela eo a neng a bua ka Ntate oa hae ka eona le ka tsela eo a neng a tšoara batho ka eona. Ka letsatsi le leng, Jesu o ne a ntse a ruta ka tlung ea thapelo. Har’a bamameli ba hae ho ne ho e-na le mosali ea neng a qetile lilemo tse 18 a holofalitsoe ke modemona. Modemona o ne a entse hore a kotlobane haholo hoo a neng a sa khone ho inamoloha ho hang. Kannete taba ena e ne e utloisa bohloko. Jesu o ile a utloela mosali eo bohloko eaba oa mo atamela, o bua le eena ka mosa, o re: “Ngoan’eso, u tl’o fola.” Ka mor’a moo a mo beha matsoho ’me hang-hang mosali eo a otloloha “eaba o rorisa Molimo.” O ne a thabile haholo hore ebe Jehova o ile a mo folisa. (Luka 13:​10-13) Mosali eo o ne a e-na le lebaka le utloahalang la ho rorisa Jehova, joaloka rona. w25.01 2-3 ¶3-4

Mantaha, la 16 February

U re tšoarele liphoso tsa rona.—Luka 11:4.

Na ho ka khoneha hore re fumane bophelo boo Adama le Eva ba bo lahlileng ka boomo? E, empa ha ho matleng a rona hore re bo fumane. (Pes. 49:​7-9) Ntle le hore re fumane thuso, re ne re ke ke ra ba le tšepo ea tsoho ea bafu. Ha e le hantle, lefu la rona le ne le tla tšoana le lefu la liphoofolo tseo ho seng mohla li tla tsoha. (Moek. 3:19; 2 Pet. 2:12) Ntate oa rona ea lerato Jehova, o re file mpho ena e le hore a patale sebe seo re se futsitseng ho Adama. Ha Jesu a hlalosa taba ena o ile a re: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea mong e le hore e mong le e mong ea bontšang hore o lumela ho eena a se ke a timetsoa empa a fumane bophelo bo sa feleng.” (Joh. 3:16) Ho ekelletsa moo, mpho ena e re file monyetla oa hore re ka ba metsoalle ea Jehova hape. Re ka rua molemo mphong ena e babatsehang e etsang hore libe tsa rona li tšoareloe. w25.02 3 ¶3-6

Labobeli, la 17 February

[Saule] a kolobetsoa.—Lik. 9:18.

Ke eng e thusitseng Saule hore a kolobetsoe? Saule o ile a foufatsoa ke khanya e hlahang leholimong ha Jesu a ntse a bua le eena. (Lik. 9:​3-9) O ile a itima lijo ka matsatsi a mararo ’me e tlameha ebe ka nako eo o ile a thuisa ka se sa tsoa mo etsahalla. Kannete Saule o ile a kholiseha hore Jesu ke Mesia le hore balateli ba hae ke barapeli ba ’nete. Ho na le lintho tse ngata tseo re ka ithutang tsona ho Saule. O ne a ka ’na a lumella boikhohomoso kapa ho tšaba batho ho mo sitisa hore a kolobetsoe. Empa ha aa ka a etsa joalo. Saule o ne a ikemiselitse ho ba Mokreste, le hoja a ne a tseba hore ho etsa joalo ho tla etsa hore a hlorisoe. (Lik. 9:​15, 16; 20:​22, 23) Le ka mor’a hore a kolobetsoe, o ile a tsoela pele a itšetlehile ka Jehova hore a mo thuse ho mamella liteko tse sa tšoaneng. (2 Bakor. 4:​7-10) Ke ’nete hore ha u kolobetsoa ’me u ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova, u tla kopana le lintho tse tla leka tumelo ea hao, empa kholiseha hore u tla fumana thuso eo u e hlokang. U ka kholiseha hore Molimo le Kreste ba tla lula ba u tšehelitse.—Bafil. 4:13. w25.03 4 ¶8-9

Laboraro, la 18 February

Ha ke mathe joalokaha eka ha ke tsebe hore na ke mathela’ng.—1 Bakor. 9:26.

Ho bala Bibele ke ntho e ntle. Leha ho le joalo, ho na le lintho tse ling tseo re lokelang ho li etsa e le hore re rue molemo ho eona. Nahana ka papiso ena: Lijalo li hloka pula e le hore li hole. Empa ha pula eo e ka na ka sekhahla, ha e li thuse hobane metsi aa li khama. Ha pula e sa ne ka sekhahla, mobu o tl’o khona ho monya metsi ebe lijalo li rua molemo. Ka tsela e tšoanang, re lokela ho qoba ho bala Bibele kapele, hoo re sa khoneng ho nahanisisa ka seo re se balang le ho se sebelisa. (Jak. 1:24) U ka etsa’ng haeba u tloaetse ho bala Bibele kapele feela u feta? Kha moea, u iphe nako ea ho nahana ka seo u se balang kapa seo u sa tsoa se bala. U ka leka ho eketsa nako eo u balang ka eona e le hore u iphe nako ea ho nahanisisa. w24.09 4 ¶7-9

Labone, la 19 February

Mamelang ba le etellang pele.—Baheb. 13:17.

Ha ba fumana tataiso ba lokela ho e bala ka hloko ’me ba etse sohle se matleng a bona hore ba e sebelise. Ba fumana tataiso ea hore na ba tšoare liboka joang, ba rapelle phutheho joang le hore na ba hlokomele linku tsa Kreste joang. Ha baholo ba latela tataiso eo ba e fuoang ke mokhatlo, bara le barali ba bo rona baa bona hore Jehova oa ba rata le ho ba hlokomela. Ha baholo ba re fa tataiso, re lokela ho ikemisetsa ho e latela. Ha re etsa joalo, re tla be re nolofalletsa ba etellang pele hore ba etse mosebetsi oa bona. Bibele e re khothaletsa ho mamela le ho ikokobelletsa ba re etellang pele. (Baheb. 13:​7, 17) Ka linako tse ling ho thata ho etsa joalo. Hobane’ng? Hobane banna bana ha baa phethahala. Leha ho le joalo, haeba re shebane le mefokolo ea baholo ho e-na le makhabane a bona, re tla be re thusa lira tsa rona. Joang? Batho ba re hanyetsang ba batla hore re se ke ra tšepa hore Jehova o sebelisa mokhatlo ho re tataisa. Haeba re nahana joaloka bona, re ka qetella re se re sa tšepe mokhatlo oa Molimo. w24.04 10 ¶11-12

Labohlano, la 20 February

O tla arola batho lihlopha tse peli.—Mat. 25:32.

Na batho bohle ba tla shoa nakong ea mahlomola a maholo ba tla timetsoa ka ho sa feleng ho se na tšepo ea hore ba tla tsoha? Mangolo a hlakile hore batho ba hanyetsang Jehova, bao a tla ba timetsa a e-na le mabotho a hae ka Armagedone, ba ke ke ba tsoha. (2 Bathes. 1:​6-10) Empa ho tla etsahala’ng ka batho ba bang nakong ea mahlomola a maholo bao ka mohlala ba tla shoa hobane ba kula, ba se ba tsofetse, ba hlahetsoe ke likotsi kapa ba bolaoa ke batho ba bang? (Moek. 9:11; Zak. 14:13) Na batho baa ba tla ba har’a “ba sa lokang” ba tla tsosoa lefatšeng le lecha? (Lik. 24:15) Kannete ha re tsebe. Re tseba lintho tse ’maloa ka liketsahalo tsa nakong e tlang. Ka mohlala, rea tseba hore nakong ea Armagedone batho ba tla ahloloa ho latela tsela eo ba ileng ba tšoara bara ba bo Kreste ka eona. (Mat. 25:40) Hape ba tla ahloloa e le linku ba tla be ba ile ba tšehetsa batlotsuoa le Kreste.—Tše. 12:17. w24.05 10-11 ¶9-11

Moqebelo, la 21 February

Jehova oa phela. Ho rorisoe Lefika la ka. Ho ke ho phahamisoe Molimo oa poloko ea ka.—Pes. 18:46.

Bibele e re re phela nakong eo bophelo bo neng “bo tla ba thata hape ho tla ba kotsi.” (2 Tim. 3:1) Bahlanka ba Jehova ba na le mathata ao batho bohle ba nang le ’ona lefatšeng lena le busoang ke Satane ebile baa hanyetsoa le ho hlorisoa. Ke’ng e re thusang hore re ’ne re sebeletse Jehova ho sa tsotellehe mathata ao re nang le ’ona? Ntho e ’ngoe e re thusang ke ho tseba hore Jehova “ke Molimo ea phelang.” (Jer. 10:10; 2 Tim. 1:12) Jehova ke Molimo oa sebele, o bona mathata ao re kopanang le ’ona ebile o batla ho re thusa. (2 Likron. 16:9; Pes. 23:4) Ho mo nka e le Molimo ea phelang ho tla re thusa ho sebetsana le mathata a rona ka katleho. w24.06 20 ¶1-2

Sontaha, la 22 February

Tsela ea ba lokileng e tšoana le mahlaseli a meso,ao khanya ea ’ona e ntseng e eketseha ho fihlela har’a mpa ea motšehare.—Liprov. 4:18.

Re hloka ho lula re tšepa mokhatlo oa Jehova. Haeba ho hlakile hore ho hlokahala hore ho etsoe liphetoho tseleng eo re utloisisang ’nete e itseng ea Bibele kapa tseleng eo re sebeletsang Jehova ka eona, ba etellang pele ha ba qea-qee ho etsa liphetoho tse hlokahalang. Ba etsa joalo hobane ba batla ho thabisa Jehova. Ba boetse ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho theha liqeto tsa bona Lentsoeng la Molimo, e leng thuto e molemo eo batho bohle ba Jehova ba lokelang ho e mamela. Moapostola Pauluse o ile a re: “U nke thuto e molemo.” (2 Tim. 1:13) “Thuto e molemo” e bolela lithuto tsa Bokreste tse fumanoang ka Bibeleng. (Joh. 17:17) Lithuto tsena ke motheo oa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e lumelang. Mokhatlo oa Jehova o etsa bonnete ba hore lintho tseo re li lumelang li thehiloe thutong eo. Haeba re lumela thuto e molemo, re tla hlohonolofatsoa. w24.07 11-12 ¶12-13

Mantaha, la 23 February

Jehova . . . ha a le felle pelo hobane ha a lakatse hore mang kapa mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba bake.—2 Pet. 3:9.

Kaha moapostola Petrose o ne a se a ile a tšoareloa, o ne a se a ka khona ho ruta batho ba bang ka ho baka le ho tšoarela. Nakoana ka mor’a mokete oa Pentekonta, Petrose o ile a bua le letšoele la Bajuda a le bolella hore le ile la bolaea Mesia. Leha ho le joalo, o ile a re ho bona: “Bakang ’me le sokolohe, libe tsa lona li tle li hlakoloe e le hore Jehova a ka le khatholla.” (Lik. 3:​14, 15, 17, 19) Ka mantsoe ao, Petrose o ile a ba ruta hore ha motho a sokoloha, e leng ha a fetola tsela eo a nahanang ka eona le mekhoa ea hae e mebe ’me a etsa lintho tse thabisang Molimo, ke hona ha a bakile. O ile a boela a re Jehova o ne a tla hlakola libe tsa bona. Ho khothatsa haholo ho tseba hore ho sa tsotellehe hore na re etsa libe tse tebileng hakae, haeba feela re baka, Jehova o ikemiselitse ho re tšoarela. w24.08 12 ¶14

Labobeli, la 24 February

Le se ke la rata chelete.—Baheb. 13:5.

Haeba re e-na le tumelo e matla ea hore haufinyane Jehova o tla felisa lefatše lena le khopo, re ke ke ra nahana hore ho ba le chelete e ngata ke eona ntho ea bohlokoa. Nakong ea mahlomola a maholo, chelete e tla be e se na thuso. Bibele e re batho “ba tla lahlela silevera ea bona literateng” hobane ba tla hlokomela hore “silevera ea bona kapa khauta ea bona e ke ke ea ba pholosa letsatsing la bohale ba Jehova.” (Ezek. 7:19) Ho e-na le ho batla ho ba le chelete e ngata kamoo re ka khonang, re lokela ho etsa liqeto tse tla re thusa ho hlokomela rona le ba malapa a rona le tse tla re fa monyetla oa ho sebeletsa Jehova. Seo se akareletsa ho qoba ho etsa likoloto ho sa hlokahale kapa ho qoba ho sebelisa nako e ngata re hlokomela lintho tseo re nang le tsona. Re boetse re lokela ho ba hlokolosi hore lintho tseo e se ke ea e-ba tsona tse tlang pele bophelong ba rona. (Mat. 6:​19, 24) Ha bofelo ba lefatše lena bo ntse bo atamela, re tla lokela ho khetha hore na re tšepa Jehova kapa lintho tseo re nang le tsona. w24.09 11 ¶13-14

Laboraro, la 25 February

Ea nahanang hore o eme a hlokomele hore a se ke a oa.—1 Bakor. 10:12.

Ho ka etsahala hore re hlole e meng ea mefokolo ea rona ka ho feletseng. Empa ho na le mefokolo eo re ka tlamehang ho e loantša ka nako e telele. Nahana ka mohlala oa moapostola Petrose. Ka lebaka la ho tšaba batho, o ile a latola Jesu ka makhetlo a mararo. (Mat. 26:​69-75) Hamorao ho ile ha bonahala eka Petrose o hlotse bothata boo hobane ka sebete o ile a paka ka Jesu ka pel’a Lekhotla le Phahameng la Bajuda. (Lik. 5:​27-29) Leha ho le joalo, lilemo hamorao, o ile a khaotsa ho ja le Bakreste ba Balichaba hobane a ne “a tšaba batho ba bolotseng.” (Bagal. 2:​11, 12) Petrose o ne a se a boetse a tšaba batho hape. Mohlomong bofokoli bona o ne a sa bo hlola ka ho feletseng. Le rona joaloka Petrose re ka ’na ra tlameha ho loantša bofokoli boo re neng re se re nahana hore re se re bo hlotse. Leha ho le joalo, re ka khona ho hlola bofokoli boo re ntseng re bo loantša ka ho mamela mantsoe a Jesu a ho lula re falimehile. (Mat. 26:41) Le nakong eo u ikutloang eka u matla, tsoela pele ho qoba maemo a ka etsang hore u oele tekong. Tsoela pele ho etsa lintho tse ileng tsa u thusa hore u atlehe.—2 Pet. 3:14. w24.07 18-19 ¶17-19

Labone, la 26 February

O ile a fana ka limpho e leng banna.—Baef. 4:8.

Ha ho na motho ea kileng a ba seatla se bulehileng ho feta Jesu. Ha a ne a le lefatšeng, o ile a ithaopela ho sebelisa matla ao a neng a e-na le ’ona a ho etsa mehlolo ho thusa batho ba bang. (Luka 9:​12-17) O ile a fana ka mpho e kholo ka ho fetisisa ka hore a tele bophelo ba hae bakeng sa rona. (Joh. 15:13) Jesu o ile a tsoela pele a le seatla se bulehileng le ka mor’a hore a tsosoe bafung. O ile a tšepisa hore o tla kopa Jehova hore a re fe moea o halalelang ho re ruta le ho re tšelisa ’me o ile a fela a etsa joalo. (Joh. 14:​16, 17, nal.; 16:13) Hape Jesu o sebelisa liboka ho re ruta ho etsa batho ba lichaba tsohle barutuoa. (Mat. 28:​18-20) Moapostola Pauluse o ile a re ka mor’a hore Jesu a nyolohele leholimong, o ile “a fana ka limpho e leng banna.” (Baef. 4:​7, 8.) Pauluse o ile a hlalosa hore Jesu o fane ka banna bao e le hore ba thuse phutheho ka litsela tse sa tšoaneng. (Baef. 1:​22, 23; 4:​11-13) Ke ’nete hore banna bao ba etsa liphoso hobane ha baa phethahala. (Jak. 3:2) Ho ntse ho le joalo, Morena oa rona Jesu Kreste o ba sebelisetsa ho re thusa, ke limpho tseo a re fileng tsona. w24.10 18 ¶1-2

Labohlano, la 27 February

Temoho e tla u sireletsa.—Liprov. 2:11.

Davida o ile a bolella mora oa hae Solomone hore o ne a tla atleha hafeela a mamela Jehova Molimo. Ka masoabi, ha Solomone a se a holile o ile a qala ho rapela melimo e meng. Jehova ha aa ka a thabela seo, ’me o ile a khaotsa ho fa Solomone bohlale ba ho busa batho ba hae ka tsela e mosa le ka toka. (1 Mar. 11:​9, 10; 12:4) Re ithuta’ng? Ha re mamela Jehova, o tla re hlohonolofatsa le ho re thusa. (Pes. 1:​1-3) Ke ’nete hore Jehova ha a re tšepisa maruo le botumo joaloka Solomone. Empa haeba re mamela Molimo oa rona, o tla re fa bohlale bo tla re thusa ho etsa liqeto tse nepahetseng. (Liprov. 2:​6, 7; Jak. 1:5) Melao-motheo ea hae e ka re thusa hore re etse liqeto tse nepahetseng tabeng ea mosebetsi, thuto, boithabiso le chelete. Haeba re mamela keletso ea Molimo, re tla sireletsa kamano ea rona le eena ’me re tla fumana bophelo bo sa feleng. (Liprov. 2:​10, 11) Re tla ba le metsoalle ea ’nete le malapa a rona a tla thaba. w24.11 10-11 ¶11-12

Moqebelo, la 28 February

Etsang bonnete ba hore lintho tsohle li nepahetse, le khomarele tse nepahetseng.—1 Bathes. 5:21.

Batsoali, le na le menyetla e mengata ea ho buisana le bana ba lona ka Bibele kapa ho buisana le bona ka ho ba le tumelo ho Molimo. Menyetla eo e ka hlaha ha le ntse le bala libuka. Ha le ntse le bala libuka kapa le shebeletse livideo tse buang ka lintho tsa histori, u ka bontša ngoana oa hao lintlha tsa bohlokoa tse ka mo thusang hore a kholisehe hore Bibele e nepahetse. Mohlomong u ka mo ruta hore lebitso la Molimo le hlaha lejoeng la Moabe le nang le lilemo tse 3 000 le le teng. Ho na le lejoe le entsoeng le tšoanang hantle le leo la Moabe le fumanehang musiamong oa “Bibele le Lebitso la Molimo” Ntlo-kholo ea Lipaki Tsa Jehova e Warwick, New York. Lejoeng leo la Moabe ho bontšitsoe hore Morena Mesha oa Moabe o ile a fetohela Baiseraele ’me Bibele e bua taba e tšoanang. (2 Mar. 3:​4, 5) Ha ngoana oa hao a bona bopaki ba hore Bibele e bua ’nete ebile e nepahetse, tumelo ea hae e tla ba matla le ho feta. w24.12 14 ¶4; 15 ¶6

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela