Labone, la 12 February
Ha ke tšoenyehile haholo, U ile oa ntšelisa oa ba oa etsa hore ke thabe.—Pes. 94:19.
U ka etsa’ng haeba u ntse u ikutloa u se na thuso? U ka bala litemana tsa Bibele tse u kholisang hore u bohlokoa ho Jehova ebe u nahanisisa ka tsona. Haeba u hlolehile ho finyella lipakane tseo u neng u ipehetse tsona, u se ke oa nyahama hape u se ke oa ipapisa le batho ba bang. Jehova ha aa lebella hore re etse lintho tse ka holimo ho matla a rona. (Pes. 103:13, 14) Haeba u kile oa hlekefetsoa, u se ke oa ikutloa u le molato. U hopole hore Jehova o tla ahlola batho ba tšoarang ba bang hampe le hore o thusa ba ileng ba tšoaroa hampe. (1 Pet. 3:12) Jehova ke eena ea u khethileng hore u be mosebetsi-’moho le eena, kahoo, u se ke oa ikhalala hore u ka khona ho thusa batho ba bang. (1 Bakor. 3:9) Mathata a u hlahetseng bophelong a ka u thusa hore u utloisise tsela eo batho ba ka ’nang ba ikutloa ka eona ha ba utloile bohloko le hore u ba qenehele. U kholisehe hore u ka khona ho thusa batho ba bang! w24.10 7-8 ¶6-7
Labohlano, la 13 February
Na Molimo le eena a ke ke a etsa bonnete ba hore toka ea phethoa bakeng sa bahlanka ba hae ba mo llelang bosiu le motšehare? O tla fela a etse joalo le hoja a e-na le mamello. Kea le tšepisa hore o tla etsa bonnete ba hore toka e phethoa ka potlako.—Luka 18:7, 8.
Jehova o batla hore re tšoaroe hantle ebile oa bona ha ba bang ba re tšoara ka ho hloka toka. “Jehova o rata toka.” (Pes. 37:28) Jesu o ile a re kholisa hore ka nako e loketseng, Jehova “o tla etsa bonnete ba hore toka e phethoa ka potlako.” Haufinyane o tla felisa lintho tsohle tse re utloisang bohloko le mefuta eohle ea ho hloka toka. (Pes. 72:1, 2) Ha re ntse re emetse nako eo ka eona toka e tla ba teng lefatšeng lohle, Jehova o re thusa hore re sebetsane le ho hloka toka. (2 Pet. 3:13) Ka mohlala, o re ruta hore na re itšoare joang ha re tšoaroa ka ho hloka toka, e le hore re se ke ra mpefatsa boemo le ho feta. Tsela e ’ngoe eo Jehova a re thusang ka eona, ke ka ho re fa mohlala oa Mora oa hae o hlahang ka Bibeleng oa hore na o ile a itšoara joang ha a tšoaroa ka ho hloka toka. Jehova o boetse o re fa keletso e hlahang ka Bibeleng, ea hore na re ka etsa’ng ha re tšoaroa ka ho hloka toka. w24.11 2-3 ¶3-4
Moqebelo, la 14 February
Lona ba feng lijo.—Mat. 14:16.
Taba ea hore batho ba fuoe lijo e ne e bonahala eka e ke ke ea khoneha hobane ho ne ho e-na le banna ba ka bang 5 000. Ho ka etsahala hore ha ho balelloa basali le bana, ho ne ho e-na le batho ba 15 000 ba lokelang ho fuoa lijo. (Mat. 14:21) Andrease o ile a re: “Moshanyana ke enoa ea nang le mahobe a mahlano a harese le litlhapi tse peli tse nyenyane empa li nyenyane haholo bakeng sa ho fepa sechaba sena.” (Joh. 6:9) Bohobe ba harese e ne e le lijo tse tloaelehileng ho batho bohle ebang ba ne ba futsanehile kapa che ’me tlhapi e nyenyane ho ka etsahala hore e ne e tšetsoe ka letsoai ebile e omisitsoe. Empa na lijo tseo moshanyana eo a neng a li nkile li ne li ka anela batho bao kaofela? Kaha Jesu o ne a batla ho ba mosa ho sechaba seo, o ile a laela hore se lule holim’a joang ka lihlopha. (Mar. 6:39, 40; Joh. 6:11-13) Ka mor’a moo, Jesu a leboha Ntate oa hae bakeng sa bohobe le tlhapi eo. Ka ho etsa joalo, Jesu o ile a bontša hore o ananela lijo tseo. Hape o ne a bontša hore Molimo ke eena ea entseng hore ba be le tsona. Ho bohlokoa hore re latele mohlala oa Jesu oa hore re rapelle lijo pele re ja. Jesu o ile a re sechaba se fuoe lijo ’me batho bohle ba ja ho fihlela ba khotsofetse. w24.12 2-3 ¶3-4