Mantaha, la 16 February
U re tšoarele liphoso tsa rona.—Luka 11:4.
Na ho ka khoneha hore re fumane bophelo boo Adama le Eva ba bo lahlileng ka boomo? E, empa ha ho matleng a rona hore re bo fumane. (Pes. 49:7-9) Ntle le hore re fumane thuso, re ne re ke ke ra ba le tšepo ea tsoho ea bafu. Ha e le hantle, lefu la rona le ne le tla tšoana le lefu la liphoofolo tseo ho seng mohla li tla tsoha. (Moek. 3:19; 2 Pet. 2:12) Ntate oa rona ea lerato Jehova, o re file mpho ena e le hore a patale sebe seo re se futsitseng ho Adama. Ha Jesu a hlalosa taba ena o ile a re: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea mong e le hore e mong le e mong ea bontšang hore o lumela ho eena a se ke a timetsoa empa a fumane bophelo bo sa feleng.” (Joh. 3:16) Ho ekelletsa moo, mpho ena e re file monyetla oa hore re ka ba metsoalle ea Jehova hape. Re ka rua molemo mphong ena e babatsehang e etsang hore libe tsa rona li tšoareloe. w25.02 3 ¶3-6
Labobeli, la 17 February
[Saule] a kolobetsoa.—Lik. 9:18.
Ke eng e thusitseng Saule hore a kolobetsoe? Saule o ile a foufatsoa ke khanya e hlahang leholimong ha Jesu a ntse a bua le eena. (Lik. 9:3-9) O ile a itima lijo ka matsatsi a mararo ’me e tlameha ebe ka nako eo o ile a thuisa ka se sa tsoa mo etsahalla. Kannete Saule o ile a kholiseha hore Jesu ke Mesia le hore balateli ba hae ke barapeli ba ’nete. Ho na le lintho tse ngata tseo re ka ithutang tsona ho Saule. O ne a ka ’na a lumella boikhohomoso kapa ho tšaba batho ho mo sitisa hore a kolobetsoe. Empa ha aa ka a etsa joalo. Saule o ne a ikemiselitse ho ba Mokreste, le hoja a ne a tseba hore ho etsa joalo ho tla etsa hore a hlorisoe. (Lik. 9:15, 16; 20:22, 23) Le ka mor’a hore a kolobetsoe, o ile a tsoela pele a itšetlehile ka Jehova hore a mo thuse ho mamella liteko tse sa tšoaneng. (2 Bakor. 4:7-10) Ke ’nete hore ha u kolobetsoa ’me u ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova, u tla kopana le lintho tse tla leka tumelo ea hao, empa kholiseha hore u tla fumana thuso eo u e hlokang. U ka kholiseha hore Molimo le Kreste ba tla lula ba u tšehelitse.—Bafil. 4:13. w25.03 4 ¶8-9
Laboraro, la 18 February
Ha ke mathe joalokaha eka ha ke tsebe hore na ke mathela’ng.—1 Bakor. 9:26.
Ho bala Bibele ke ntho e ntle. Leha ho le joalo, ho na le lintho tse ling tseo re lokelang ho li etsa e le hore re rue molemo ho eona. Nahana ka papiso ena: Lijalo li hloka pula e le hore li hole. Empa ha pula eo e ka na ka sekhahla, ha e li thuse hobane metsi aa li khama. Ha pula e sa ne ka sekhahla, mobu o tl’o khona ho monya metsi ebe lijalo li rua molemo. Ka tsela e tšoanang, re lokela ho qoba ho bala Bibele kapele, hoo re sa khoneng ho nahanisisa ka seo re se balang le ho se sebelisa. (Jak. 1:24) U ka etsa’ng haeba u tloaetse ho bala Bibele kapele feela u feta? Kha moea, u iphe nako ea ho nahana ka seo u se balang kapa seo u sa tsoa se bala. U ka leka ho eketsa nako eo u balang ka eona e le hore u iphe nako ea ho nahanisisa. w24.09 4 ¶7-9