Sontaha, la 22 February
Tsela ea ba lokileng e tšoana le mahlaseli a meso,ao khanya ea ’ona e ntseng e eketseha ho fihlela har’a mpa ea motšehare.—Liprov. 4:18.
Re hloka ho lula re tšepa mokhatlo oa Jehova. Haeba ho hlakile hore ho hlokahala hore ho etsoe liphetoho tseleng eo re utloisisang ’nete e itseng ea Bibele kapa tseleng eo re sebeletsang Jehova ka eona, ba etellang pele ha ba qea-qee ho etsa liphetoho tse hlokahalang. Ba etsa joalo hobane ba batla ho thabisa Jehova. Ba boetse ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho theha liqeto tsa bona Lentsoeng la Molimo, e leng thuto e molemo eo batho bohle ba Jehova ba lokelang ho e mamela. Moapostola Pauluse o ile a re: “U nke thuto e molemo.” (2 Tim. 1:13) “Thuto e molemo” e bolela lithuto tsa Bokreste tse fumanoang ka Bibeleng. (Joh. 17:17) Lithuto tsena ke motheo oa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e lumelang. Mokhatlo oa Jehova o etsa bonnete ba hore lintho tseo re li lumelang li thehiloe thutong eo. Haeba re lumela thuto e molemo, re tla hlohonolofatsoa. w24.07 11-12 ¶12-13
Mantaha, la 23 February
Jehova . . . ha a le felle pelo hobane ha a lakatse hore mang kapa mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba bake.—2 Pet. 3:9.
Kaha moapostola Petrose o ne a se a ile a tšoareloa, o ne a se a ka khona ho ruta batho ba bang ka ho baka le ho tšoarela. Nakoana ka mor’a mokete oa Pentekonta, Petrose o ile a bua le letšoele la Bajuda a le bolella hore le ile la bolaea Mesia. Leha ho le joalo, o ile a re ho bona: “Bakang ’me le sokolohe, libe tsa lona li tle li hlakoloe e le hore Jehova a ka le khatholla.” (Lik. 3:14, 15, 17, 19) Ka mantsoe ao, Petrose o ile a ba ruta hore ha motho a sokoloha, e leng ha a fetola tsela eo a nahanang ka eona le mekhoa ea hae e mebe ’me a etsa lintho tse thabisang Molimo, ke hona ha a bakile. O ile a boela a re Jehova o ne a tla hlakola libe tsa bona. Ho khothatsa haholo ho tseba hore ho sa tsotellehe hore na re etsa libe tse tebileng hakae, haeba feela re baka, Jehova o ikemiselitse ho re tšoarela. w24.08 12 ¶14
Labobeli, la 24 February
Le se ke la rata chelete.—Baheb. 13:5.
Haeba re e-na le tumelo e matla ea hore haufinyane Jehova o tla felisa lefatše lena le khopo, re ke ke ra nahana hore ho ba le chelete e ngata ke eona ntho ea bohlokoa. Nakong ea mahlomola a maholo, chelete e tla be e se na thuso. Bibele e re batho “ba tla lahlela silevera ea bona literateng” hobane ba tla hlokomela hore “silevera ea bona kapa khauta ea bona e ke ke ea ba pholosa letsatsing la bohale ba Jehova.” (Ezek. 7:19) Ho e-na le ho batla ho ba le chelete e ngata kamoo re ka khonang, re lokela ho etsa liqeto tse tla re thusa ho hlokomela rona le ba malapa a rona le tse tla re fa monyetla oa ho sebeletsa Jehova. Seo se akareletsa ho qoba ho etsa likoloto ho sa hlokahale kapa ho qoba ho sebelisa nako e ngata re hlokomela lintho tseo re nang le tsona. Re boetse re lokela ho ba hlokolosi hore lintho tseo e se ke ea e-ba tsona tse tlang pele bophelong ba rona. (Mat. 6:19, 24) Ha bofelo ba lefatše lena bo ntse bo atamela, re tla lokela ho khetha hore na re tšepa Jehova kapa lintho tseo re nang le tsona. w24.09 11 ¶13-14