Labobeli, la 24 February
Le se ke la rata chelete.—Baheb. 13:5.
Haeba re e-na le tumelo e matla ea hore haufinyane Jehova o tla felisa lefatše lena le khopo, re ke ke ra nahana hore ho ba le chelete e ngata ke eona ntho ea bohlokoa. Nakong ea mahlomola a maholo, chelete e tla be e se na thuso. Bibele e re batho “ba tla lahlela silevera ea bona literateng” hobane ba tla hlokomela hore “silevera ea bona kapa khauta ea bona e ke ke ea ba pholosa letsatsing la bohale ba Jehova.” (Ezek. 7:19) Ho e-na le ho batla ho ba le chelete e ngata kamoo re ka khonang, re lokela ho etsa liqeto tse tla re thusa ho hlokomela rona le ba malapa a rona le tse tla re fa monyetla oa ho sebeletsa Jehova. Seo se akareletsa ho qoba ho etsa likoloto ho sa hlokahale kapa ho qoba ho sebelisa nako e ngata re hlokomela lintho tseo re nang le tsona. Re boetse re lokela ho ba hlokolosi hore lintho tseo e se ke ea e-ba tsona tse tlang pele bophelong ba rona. (Mat. 6:19, 24) Ha bofelo ba lefatše lena bo ntse bo atamela, re tla lokela ho khetha hore na re tšepa Jehova kapa lintho tseo re nang le tsona. w24.09 11 ¶13-14
Laboraro, la 25 February
Ea nahanang hore o eme a hlokomele hore a se ke a oa.—1 Bakor. 10:12.
Ho ka etsahala hore re hlole e meng ea mefokolo ea rona ka ho feletseng. Empa ho na le mefokolo eo re ka tlamehang ho e loantša ka nako e telele. Nahana ka mohlala oa moapostola Petrose. Ka lebaka la ho tšaba batho, o ile a latola Jesu ka makhetlo a mararo. (Mat. 26:69-75) Hamorao ho ile ha bonahala eka Petrose o hlotse bothata boo hobane ka sebete o ile a paka ka Jesu ka pel’a Lekhotla le Phahameng la Bajuda. (Lik. 5:27-29) Leha ho le joalo, lilemo hamorao, o ile a khaotsa ho ja le Bakreste ba Balichaba hobane a ne “a tšaba batho ba bolotseng.” (Bagal. 2:11, 12) Petrose o ne a se a boetse a tšaba batho hape. Mohlomong bofokoli bona o ne a sa bo hlola ka ho feletseng. Le rona joaloka Petrose re ka ’na ra tlameha ho loantša bofokoli boo re neng re se re nahana hore re se re bo hlotse. Leha ho le joalo, re ka khona ho hlola bofokoli boo re ntseng re bo loantša ka ho mamela mantsoe a Jesu a ho lula re falimehile. (Mat. 26:41) Le nakong eo u ikutloang eka u matla, tsoela pele ho qoba maemo a ka etsang hore u oele tekong. Tsoela pele ho etsa lintho tse ileng tsa u thusa hore u atlehe.—2 Pet. 3:14. w24.07 18-19 ¶17-19
Labone, la 26 February
O ile a fana ka limpho e leng banna.—Baef. 4:8.
Ha ho na motho ea kileng a ba seatla se bulehileng ho feta Jesu. Ha a ne a le lefatšeng, o ile a ithaopela ho sebelisa matla ao a neng a e-na le ’ona a ho etsa mehlolo ho thusa batho ba bang. (Luka 9:12-17) O ile a fana ka mpho e kholo ka ho fetisisa ka hore a tele bophelo ba hae bakeng sa rona. (Joh. 15:13) Jesu o ile a tsoela pele a le seatla se bulehileng le ka mor’a hore a tsosoe bafung. O ile a tšepisa hore o tla kopa Jehova hore a re fe moea o halalelang ho re ruta le ho re tšelisa ’me o ile a fela a etsa joalo. (Joh. 14:16, 17, nal.; 16:13) Hape Jesu o sebelisa liboka ho re ruta ho etsa batho ba lichaba tsohle barutuoa. (Mat. 28:18-20) Moapostola Pauluse o ile a re ka mor’a hore Jesu a nyolohele leholimong, o ile “a fana ka limpho e leng banna.” (Baef. 4:7, 8.) Pauluse o ile a hlalosa hore Jesu o fane ka banna bao e le hore ba thuse phutheho ka litsela tse sa tšoaneng. (Baef. 1:22, 23; 4:11-13) Ke ’nete hore banna bao ba etsa liphoso hobane ha baa phethahala. (Jak. 3:2) Ho ntse ho le joalo, Morena oa rona Jesu Kreste o ba sebelisetsa ho re thusa, ke limpho tseo a re fileng tsona. w24.10 18 ¶1-2