Labone, la 5 February
Etsang hore ’Muso oa Molimo le ho mamela Molimo e be lintho tse tlang pele bophelong ba lona ’me o tla le ekeletsa lintho tse ling tsohle.—Mat. 6:33.
Ka lebaka la mathata a moruo, batho ba bang ba ile ba lekeha hore ba amohele mosebetsi o tla etsa hore ba siee malapa a bona, ’me hangata ho bonahetse hore qeto eo e booatla. Pele u amohela mosebetsi, u se ke oa nahana feela ka hore na u tla fumana chelete e kae, empa u nahane le ka hore na uena le lelapa la hao le tla lahleheloa hakae moeeng. (Luka 14:28) Ipotse: ‘Lenyalo la ka le tla ameha joang haeba ke fumana mosebetsi hole ’me ke siea molekane oa ka? Na ke tla khona ho ea libokeng tsohle, tšebeletsong ea tšimo le ho qeta nako le Bakreste-’moho le ’na?’ Haeba u na le bana, u boetse u lokela ho ipotsa potso ena ea bohlokoa: ‘Ke tla holisa bana ba ka joang “ka ho ba khalemela le ho ba tataisa ka tsela eo Jehova a e batlang” haeba ke sa lule le bona?’ (Baef. 6:4) Lumella monahano oa Molimo hore e be oona o u tataisang, eseng oa lelapa kapa metsoalle e sa hlompheng melao-motheo ea Mangolo. w25.03 29 ¶12
Labohlano, la 6 February
Re se ke ra hlola re e-ba bana.—Baef. 4:14.
Mokreste ea sa holang a ka khelosoa “ke batho ba bolotsana” le “batho ba qhekellang ba bang ka maqiti a bona.” A ka ’na a kholoa batho ba jalang litaba tse khelosang, mabare-bare le litaba tseo eseng ’nete tse tsoang mecheng ea puisano. A ka ’na a khelosoa ke bakoenehi. Hape a ka ’na a monela ba bang, a ba le likhohlano le bona kapa a khopeha habonolo. A ka boela a etsa ntho e fosahetseng ha a lekoa. (1 Bakor. 3:3.) Mangolo a bapisa ho hola ha Mokreste le ho hola ha ngoana ho fihlela e e-ba motho e moholo. (Baef. 4:15) Ngoana ha a tsebe lintho tse ngata, kahoo o hloka tataiso le ho sireletsoa. Ka mohlala, ’mè a ka ’na a tšoara morali oa hae e monyenyane ka letsoho ha ba tšela tsela. Ha ngoanana eo a ntse a hola, ’mè oa hae a ka ’na a mo lumella hore a tšele tsela a le mong, empa o tla mo hopotsa hore a shebe likoloi ka lehlakoreng le letona le le letšehali pele a tšela. Ha ngoana e se e le motho e moholo, o se a tseba ho qoba likotsi tse kang tseo. Ka tsela e tšoanang, ha Bakreste ba se ba holile, ba nahana ka melao-motheo ea Bibele e le hore ba tsebe hore na Jehova o nahana joang ka taba eo, ebe joale ba etsa qeto e nepahetseng. w24.04 3 ¶5-6
Moqebelo, la 7 February
Jehova, ke mang eo e ka bang moeti tenteng ea hao?—Pes. 15:1.
Ka lilemo tse ngata-ngata, baeti ba Molimo e ne e le feela mangeloi a neng a lula le eena leholimong. Ka mor’a moo, o ile a bopa batho ’me le bona e ile ea e-ba baeti ba hae. Ba bang ba baeti bao ba hae e ne e le Enoke, Noe, Abrahama le Jobo. Bibele e re e ne e le metsoalle ea Jehova hobane ba ne ba mo mamela. (Gen. 5:24; 6:9; Jobo 29:4; Esa. 41:8) Ho theosa le lilemo tse ngata Jehova haesale a ntse a mema metsoalle ea hae hore e be baeti ba hae. (Ezek. 37:26, 27) Ka mohlala, boprofeteng ba Ezekiele re ithuta hore Molimo o batla hore barapeli ba hae ba tšepahalang ba be le kamano e haufi-ufi le eena. O tšepisa hore o tla etsa “selekane sa khotso le bona.” Boprofeta bona bo bua ka nako eo ka eona ba nang le tšepo ea ho phela leholimong le ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ba tla momahana tenteng ea Jehova e le ‘mohlape o le mong.’ (Joh. 10:16) Nako eo e se e fihlile. w24.06 2 ¶2, 4; 3 ¶5