Sontaha, la 22 March
Le rapele Molimo kamehla, le mo kope ka tieo.—Bafil. 4:6.
Ha ho pelaelo hore u kile oa rapella ho fumana motho eo u batlang hore e be molekane oa hao haeba u batla ho kena lenyalong. Ke ’nete hore Jehova ha a u tšepise ho u fa molekane oa lenyalo. Empa oa tseba hore na u hloka’ng le hore u ikutloa joang ’me a ka u thusa hore u fumane molekane. Kahoo, tsoela pele u mo bolella seo u se batlang le hore na u ikutloa joang. (Pes. 62:8) Kopa Jehova hore a u thuse hore u be le mamello ’me a u fe bohlale. (Jak. 1:5) Le haeba u e-s’o fumane motho ea u loketseng hore u ka nyalana le eena, Jehova o tšepisa hore o tla lula a u hlokomela maikutlong le ka lintho tseo u li hlokang. (Pes. 55:22) U lokela ho ela hloko hore ho batla molekane oa lenyalo ha ea lokela ho ba ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hao. (Bafil. 1:10) Thabo ea sebele ha ea itšetleha ka hore na u lenyalong kapa che empa e itšetlehile ka kamano ea hao le Jehova. (Mat. 5:3) Empa ha u ntse u e-s’o nyale, u ka ba le bolokolohi ba ho sebeletsa Jehova haholoanyane. (1 Bakor. 7:32, 33) Sebelisa nako ena hamolemo. w24.05 21 ¶4; 22 ¶6
Mantaha, la 23 March
Le se ke la ameha feela ka lintho tse le tsoelang molemo empa le amehe le ka lintho tse tla tsoela batho ba bang molemo.—Bafil. 2:4.
Le lokela ho ratana nako e kae? Hangata lintho ha li tsamaee hantle ha batho ba potlakela ho etsa qeto. (Liprov. 21:5) Kahoo, le lokela ho ratana nako e lekaneng e le hore le ka tsebana hantle. Leha ho le joalo, ha lea lokela ho ratana nako e telele ho sa hlokahale. Bibele e re: “Ha ntho eo motho a e lebeletseng e lieha ho phethahala, e kulisa pelo.” (Liprov. 13:12) Ke eng seo batho ba bang ba ka se etsang ho thusa batho ba ratanang? Re ka ba memela lijong, ra etsa borapeli ba lelapa le bona kapa ra ithabisa le bona. (Bar. 12:13) Mohlomong u ka ba thusa ka hore u tsamaee le bona haeba ba batla ho intša, u be le bona ka koloing kapa u ba memele moo u lulang teng e le hore ba se ke ba e-ba bang. (Bagal. 6:10) Haeba batho ba ratanang ba u kopa hore u qete nako le bona, nka seo e le tsela ea bohlokoa eo u ka thusang metsoalle ea hao ka eona. Etsa bonnete ba hore ha u ba siee ba le bang feela empa u ba fe nako ea hore ba ke ba bue. w24.05 30 ¶13-14
Labobeli, la 24 March
Ke mo file nako ea hore a bake.—Tšen. 2:21.
Baholo ba leka ho bona hore na ke’ng e entseng hore motho a qetelle a entse sebe. Ka mohlala, na kamano ea hae le Jehova e ile ea fokola hobane a ne a se a sa etse thuto ea botho le ho ba teng tšimong kamehla? Na o ne a se a sa rapele Jehova kamehla? Na o ne a se a tlohetse ho loantša litakatso tse fosahetseng? O qeta nako ea hae a e-na le bo-mang hona o khetha boithabiso bo joang? Liqeto tseo a li entseng linthong tsena li susumelitse tsela eo a nahanang le ho etsa lintho ka eona joang? Na oa utloisisa hore na Jehova Ntate oa hae o ikutloa joang ka lintho tseo a li entseng? Baholo ba ka botsa motho eo lipotso tse tla mo thusa ho nahana hore na ke’ng e entseng hore kamano ea hae le Jehova e senyehe le hore qetellong a etse sebe. Ba etsa sena ka mosa ’me ha ba mo botse lipotso ka litaba tsa hae tsa botho tseo ba sa hlokeng ho li tseba. (Liprov. 20:5) Ho ekeletsa moo, baholo ba ka sebelisa papiso ho thusa motho eo hore a nahane ka lintho tseo a li entseng le ho bona hore na ke hobane’ng ha li fosahetse. Mohlomong ka mor’a ho kopana le motho ea entseng sebe ka lekhetlo la pele, o tla qala ho soabela boitšoaro ba hae ’me a ka ’na a baka. w24.08 22 ¶9-11