Labohlano, la 6 March
Ha e le ’na, maoto a ka a batlile a kheloha. Maoto a ka a batlile a thella.—Pes. 73:2.
Re ka ’na ra utloa bohloko haholo le ho nyahama ha re tšoaroa ka ho hloka toka. (Moek. 7:7) Bahlanka ba Jehova ba tšepahalang, ba joaloka Jobo le Habakuke, ba ile ba ikutloa ka tsela e tšoanang. (Jobo 6:2, 3; Hab. 1:1-3) Le hoja ho tloaelehile ho ikutloa ka tsela ena, re lokela ho ba hlokolosi hore na re itšoara joang ha re tšoaroa ka ho hloka toka e le hore re se ke ra etsa ntho e fosahetseng ebe re mpefatsa maemo le ho feta. Ha re bona batho ba tšoarang ba bang ka ho hloka toka ba sa fuoe kotlo, re ka ’na ra bona ho se na molemo oa hore le rona re tsoele pele ho etsa se nepahetseng. Nahana ka mohlala oa mopesaleme ea ileng a bona ha batho ba khopo ba tšoara batho ba lokileng ka ho hloka toka, empa ho bonahala eka batho ba khopo baa atleha. O ile a re: “Bana ke ba khopo, bao lintho li lulang li ba tsamaela hantle.” (Pes. 73:12) O ile a nyahama haholo ka lebaka la ho hloka toka ho neng ho le teng, hoo a ileng a ba a utloa eka ho sebeletsa Jehova ke tšenyo ea nako. O ile a re: “Ha ke leka ho utloisisa, ke ne ke tšoenyeha.”—Pes. 73:14, 16. w24.11 3 ¶5-7
Moqebelo, la 7 March
Rorisang Jehova, lona malapa a lichaba, rorisang Jehova ka lebaka la khanya le matla a hae.—Pes. 96:7.
Re rorisa Jehova hobane re mo hlompha haholo. Re na le mabaka a mangata a ho mo hlompha. Jehova o matla ’ohle ’me ha a khathale. (Pes. 96:4-7) Bohlale ba hae bo babatsehang, bo bonahala ka ho hlaka linthong tseo a li bopileng. O re file bophelo le lintho tsohle tseo re li hlokang e le hore re phele. (Tšen. 4:11) Oa tšepahala. (Tšen. 15:4) Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang ea atleha, hape o lula a phethahatsa litšepiso tsa hae. (Josh. 23:14) Ha se feela moprofeta Jeremia a ileng a re ka Jehova: “Har’a batho bohle ba bohlale ba lichaba le har’a mebuso eohle ea bona, ho hang ha ho ea tšoanang le uena.” (Jer. 10:6, 7) Kannete re na le mabaka a utloahalang a ho hlompha Ntate oa rona oa leholimo. Ke ’nete hore re hlompha Jehova empa ha ho felle moo, re boetse rea mo rata. Re rorisa Jehova hobane re mo rata haholo. w25.01 3 ¶5-6
Sontaha, la 8 March
Tlosang moetsalibe eo har’a lona.—1 Bakor. 5:13.
Bahanyetsi ba Molimo ba leka ho etsa hore lintho tse ntle tse etsoang ke mokhatlo oa hae li bonahale li le mpe. Ka mohlala, re ithutile hore Mangolo a re Jehova o batla hore barapeli ba hae ba hloeke ’meleng, boitšoarong le hore ba mo rapele ka tsela eo a e batlang. O batla hore batho ba etsang lintho tse mpe ba sa bake ba tlosoe ka phuthehong. (1 Bakor. 5:11, 12; 6:9, 10) Re mamela taelo eo ea Mangolo. Empa ha re mamela taelo ena bahanyetsi ba rona ba re ha re rate batho, rea ba ahlola le hore ha re rate ha batho ba fapane le rona. Re lokela ho elelloa hore na ke mang ea hlileng a hlaselang mokhatlo oa Molimo. Satane Diabolose ke eena ea hlohlelletsang mashano a buuoang ka mokhatlo. “Ke ntate oa leshano.” (Joh. 8:44; Gen. 3:1-5) Kahoo, re ka lebella hore Satane o tla sebelisa batšehetsi ba hae ho jala lipale tsa bohata ka mokhatlo oa Jehova. w24.04 10-11 ¶13-14