Labone, la 16 April
Ha ke le mathateng ke ile ka bitsa Jehova, . . . a nkutloa ha ke lla ke kopa thuso.—Pes. 18:6.
Morena Davida o ne a tseba Jehova hantle ebile o ne a mo tšepa. Ha Morena Saule le lira tse ling tsa Davida ba ne ba batla ho bolaea Davida, Davida o ile a rapela Jehova ’me a mo kopa hore a mo thuse. Ka mor’a hore Molimo a arabe thapelo ea hae ’me a mo pholose, Davida o ile a re: “Jehova oa phela.” (Pes. 18:46) Davida ha aa ka a bua mantsoe ao ho bontša feela hore Molimo o teng. Buka e ’ngoe ea lipatlisiso e re Davida o ne a kholisehile hore Jehova ke “Molimo ea phelang ea lulang a thusa bahlanka ba hae.” Lintho tse ileng tsa etsahalla Davida li ile tsa etsa hore a tsebe hore Molimo oa hae oa phela ’me li ile tsa etsa hore a ikemisetse ho sebeletsa Jehova le ho mo rorisa. (Pes. 18:28, 29, 49) Ha re kholisehile hore Jehova ke Molimo ea phelang, seo se ka re thusa hore re mo sebeletse ka cheseho. Re tla ba le matla a ho mamella mathata hape re tla ikemisetsa ho tsoela pele re sebetsa ka thata tšebeletsong ea hae. Re tla boela re ikemisetse ho lula re le haufi le Jehova. w24.06 20-21 ¶3-4
Labohlano, la 17 April
Le se ke la lumella mang kapa mang ho le khelosa ka tsela leha e le efe.—2 Bathes. 2:3.
Re ka ithuta eng mantsoeng ao Moapostola Pauluse a ileng a a ngolla Bathesalonika? Haeba re utloa ntho e sa lumellaneng le seo re ithutileng sona ka Bibeleng kapa ha re utloa mabare-bare a makatsang, re lokela ho ba le temoho. Lira tsa rona tsa Soviet Union ea pele, li ile tsa fa bara ba bo rona lengolo leo e neng eka le tsoa ntlo-kholo. Lengolo leo le ne le khothaletsa ba bang ba bara ba bo rona hore ba iketsetse mokhatlo o mong o ikemetseng. E ne eka lengolo leo le tsoa ntlo-kholo empa bara ba bo rona ba tšepahalang ha baa ka ba thetsoa. Ba ile ba hlokomela hore molaetsa oa lengolo leo o ne o sa lumellane le lintho tseo ba li rutiloeng. Mehleng ena, ka linako tse ling batho ba sa rateng ’nete ba sebelisa marang-rang ho re ferekanya le ho re arola. Ho e-na le hore ‘re lumelle likelello tsa rona hore li ferekanngoe habonolo,’ re ka itšireletsa ka hore re nahanisise ka hloko hore na lintho tseo re li utloang kapa tseo re li balang li lumellana le ’nete eo re ithutileng eona kapa che.—2 Bathes. 2:2; 1 Joh. 4:1. w24.07 12 ¶14-15
Moqebelo, la 18 April
Haeba mang kapa mang a etsa sebe, re na le mothusi.—1 Joh. 2:1.
Qeto ea bohlokoa ka ho fetisisa eo motho a ka e etsang ke ho inehela ho Jehova ’me e be karolo ea lelapa la hae. Jehova o batla hore re mo rapele re e-na le Bakreste-’moho. Hobane’ng? Hobane o rata batho ebile o ba batlela se molemo. O batla hore ba thabele ho ba metsoalle ea hae le hore ba phele ka ho sa feleng. (Deut. 30:19, 20; Bagal. 6:7, 8) Jehova ha a qobelle mang kapa mang hore a mo sebeletse. O lumella motho e mong le e mong ho etsa qeto ea hore na o batla ho etsa’ng. Empa ho tla etsahala’ng haeba Mokreste ea kolobelitsoeng a tlola molao oa Molimo ’me a etsa sebe se tebileng? Haeba a sa bake, o lokela ho tlosoa ka har’a phutheho. (1 Bakor. 5:13) Leha ho le joalo, Jehova o batla hore motho eo a bake ’me a khutlele ho eena. Ha e le hantle, lebaka le ka sehloohong le entseng hore Jehova a fane ka Mora oa hae e le tefo ea topollo ke hore o batla ho tšoarela baetsalibe ba bakileng. Jehova ke Molimo ea lerato haholo ’me o kopa bohle ba entseng libe tse tebileng hore ba bake.—Zak. 1:3; Bar. 2:4; Jak. 4:8. w24.08 14 ¶1-2