Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
Tsebiso
Puo e ncha: Dengese
  • Kajeno

Laboraro, la 8 April

Jehova o sireletsa ba tšepahalang.—Pes. 31:23.

Ha re lula re le metsoalle e haufi ea Jehova, ha ho letho leo Satane a ka le etsang le ka re lematsang ka ho sa feleng. (1 Joh. 3:8) Lefatšeng le lecha Jehova o tla tsoela pele a sireletsa metsoalle ea hae e tšepahalang linthong tse ka senyang kamano ea bona le eena. O tla boela a ba sireletse e le hore ba se ke ba shoa. (Tšen. 21:4) Ke tlotla e kholo ho ba moeti tenteng ea Jehova le ho ba le kamano e ntle le eena e ka lulang e le teng ka ho sa feleng. (Ezek. 37:27) Re lokela ho itšoara joang haeba re batla ho tsoela pele re le baeti ba Jehova? Haeba u ne u ka memeloa ha motho e mong, u ne u ka batla ho tseba hore na o lebeletse hore u etse’ng. Ka ho tšoanang, re batla ho tseba hore na Jehova o lebeletse’ng ho batho ba batlang ho tsoela pele e le baeti. Lerato la rona ho Jehova le re susumeletsa ho etsa sohle seo re ka se khonang ho mo thabisa. (Bakol. 1:10) Re lokela ho lula re mo hlompha re sa lebale hore na ke mang ’me tlhompho e joalo e tla re thusa hore re qobe ho itšoara ka tsela e ke keng ea mo thabisa. Kannete re batla ho ‘tsamaea le Molimo oa rona re ikokobelitse.’—Mik. 6:8. w24.06 4 ¶8-9

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Labone, la 9 April

A kena lipakeng bakeng sa ba tlolang molao.—Esa. 53:12.

Jehova o ile a kopa Abrahama hore a etse sehlabelo ka mora oa hae Isaka. E tlameha ebe Abrahama o ile a utloa ho etsa joalo e le ntho e bohloko ka ho fetisisa eo a neng a ka e nahana. Empa o ne a ikemiselitse ho mamela Jehova. Leha ho le joalo, Molimo o ile a mo thiba ha a ne a re o bolaea Isaka. Mohlala oo oa Abrahama o ruta batho bohle ba nang le tumelo ho Jehova thuto ea bohlokoa ka ho fetisisa, ea hore o ne a tla ikemisetsa ho fana ka Mora oa hae eo a mo ratang e le sehlabelo. Na rea bona hore na Jehova o re rata hakaakang? (Gen. 22:​1-18) Lilemo hamorao, Molimo o ile a fa Baiseraele Molao o neng o re ba lokela ho etsa mahlabelo ka liphoofolo e le hore ba tšoareloe libe. (Lev. 4:​27-29; 17:11) Mahlabelo ao a ne a bontša hore Jehova o ne a tla fana ka sehlabelo se molemo le ho feta, se neng se tla lokolla batho ba bangata sebeng ka ho feletseng. Molimo o ile a susumeletsa baprofeta ba hae hore ba ngole ka ngoana ea neng a tla tla. Ba ile ba re ngoana eo, e leng Mora oa Molimo, o ne a tla utloisoa bohloko a be a bolaoe e le hore a pholose batho bohle sebeng le lefung ho akareletsa le uena.—Esa. 53:​1-12. w24.08 4 ¶7-8

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026

Labohlano, la 10 April

Ke rata molao oa hao haholo. Ke nahanisisa ka oona letsatsi lohle.—Pes. 119:97.

Ha u bala Bibele, etsa bonnete ba hore u sebelisa lintho tseo u ithutileng tsona. Ha u ntse u bala litemana tse itseng, u ka ipotsa, ‘Nka sebelisa seo ke ithutang sona joang kajeno kapa nakong e tlang?’ Ka mohlala, a re re u ntse u bala 1 Bathesalonika 5:​17, 18. Ka mor’a hore u bale litemana tsena tse peli, u ka ema hanyane ’me oa ipotsa: ‘Thapelo ea ka e tebile hakae, hona ke rapela hakae ka letsatsi?’ U ka boela oa nahana ka lintho tseo u ka lebohang Jehova ka tsona. Mohlomong u ka leboha Jehova ka lintho tse tharo tseo a u etselitseng tsona bophelong. Leha u ka nka metsotso e ’maloa feela u nahanisisa ka seo u se balileng ka Bibeleng, seo se ka u thusa hore u be motho ea etsang seo Lentsoe la Molimo le se buang. Nahana feela hore na u tla rua molemo hakae ha u etsa lintho tsena letsatsi le letsatsi ha u bala Bibele. Kannete u tla phetha seo Lentsoe la Molimo le se buang. w24.09 4-5 ¶9-10

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela