Labobeli, la 26 May
Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle.—Liprov. 17:17.
Re ka bontša hore re tšehetsa batho ba ratanang ka lintho tseo re li buang le tseo re khethang hore re se ke ra li bua. Ka linako tse ling re ka khetha ho ithiba ’me re se ke ra bua lintho tse itseng. (Liprov. 12:18) Ka mohlala, re ka ’na ra batla ho bolella batho ba bang hore mora le morali oa bo rona ea itseng baa ratana. Empa ho ka etsahala hore ba ne ba ka thabela hore e be bona ba bolellang batho ba bang hore baa ratana. Ha rea lokela ho seba ka batho ba ratanang kapa ho ba tšoaea liphoso ka lintho tse sa re ameng. (Liprov. 20:19; Bar. 14:10; 1 Bathes. 4:11) Hape, ha rea lokela ho bua lintho kapa ho botsa lipotso tse ka etsang hore batho ba ratanang ba ikutloe ba le tlas’a khatello ea hore ba nyalane. Re lokela ho etsa’ng haeba batho ba ratanang ba etsa qeto ea ho arohana? Re lokela ho qoba ho kena-kenana le litaba tsa bona kapa ho beha e mong oa bona molato. (1 Pet. 4:15) Ha batho ba ratanang ba khetha ho arohana, taba eo ha e bolele hore ba entse qeto e fosahetseng. Hangata taba eo e bolela hore nako eo ba e qetileng ba ratana e ba thusitse ho etsa qeto e nepahetseng. Leha ho le joalo, qeto eo e ka ’na eaba e ba utloisitse bohloko haholo. Kahoo, re ka batla litsela tsa ho ba thusa. w24.05 31 ¶15-16
Laboraro, la 27 May
Ha u nyahama nakong ea mathata, u tla felloa ke matla.—Liprov. 24:10.
E ’ngoe ea liteko tse thata ka ho fetisisa tseo re ka tobanang le tsona ke ha setho sa lelapa kapa motsoalle ea haufi a tlohela Jehova. (Pes. 78:40) Ha u rata motho eo haholo, u tla thatafalloa le ho feta ho amohela boemo bona. Haeba u kile oa hlaheloa ke ntho ena e bohloko, mohlala oa Tsadoke oa botšepehi o ka u matlafatsa. O ile a lula a tšepahalla Jehova ha motsoalle oa hae ea haufi Abiathare a khetha ho se tšepahale. Sena se ile sa etsahala ha Morena Davida a le makhatheng a lefu, mora oa hae Adonija o ile a leka ho inkela ka mahahapa borena boo Jehova a neng a bo tšepisitse Solomone. (1 Likron. 22:9, 10) Abiathare o ile a khetha ho tšehetsa Adonija. (1 Mar. 1:5-8) Ka ho etsa joalo, Abiathare o ne a sa tšepahalle Davida le Tsadoke empa le Jehova. Eena le Abiathare ba ne ba sebelitse haufi-ufi e le baprista ka lilemo tse ngata.—2 Sam. 8:17; 15:29; 19:11-14. w24.07 6 ¶14-15
Labone, la 28 May
Ho thaba motho ea lulang a falimehile.—Liprov. 28:14.
Re ka kholiseha hore ho lula re itebetse e le hore re se ke ra oela molekong ho tla re tsoela molemo. Le hoja ho etsa sebe ho ka ’na ha re thabisa “ka nakoana,” ho phela ka melao ea Jehova ho tla etsa hore re thabe le ho feta. (Baheb. 11:25; Pes. 19:8) Re thaba hobane re bopiloe ka tsela eo re lokelang ho latela melao ea hae. (Gen. 1:27) Ha re phela ka tsela e khahlisang Jehova, re tla ba le letsoalo le hloekileng ’me ka moso re tla phela ka ho sa feleng. (1 Tim. 6:12; 2 Tim. 1:3; Juda 20, 21) Ke ’nete hore “nama ea fokola.” (Mat. 26:41) Empa taba eo ha e bolele hore ha ho letho leo re ka le etsang ka mefokolo ea rona. Jehova o lutse a le malala-a-laotsoe ho re fa matla ao re a hlokang. (2 Bakor. 4:7) Empa hlokomela hore Molimo o re fa matla a sa tloaelehang. Matla ao re nang le ’ona ke a tloaelehileng ’me ke boikarabelo ba rona. Kahoo, re lokela ho sebelisa matla ’ohle ao re nang le ’ona hore re loantše liteko; ke boikarabelo ba rona. Jehova o tla araba lithapelo tsa rona ’me a re fe matla a eketsehileng haeba re a hloka. (1 Bakor. 10:13) Kannete, ka thuso ea Jehova, re ka khona ho lula re itebetse e le hore re se ke ra kena molekong. w24.07 19 ¶19-21