Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • es26 maq. 47-57
  • May

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • May
  • Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026
  • Lihloohoana
  • Labohlano, la 1 May
  • Moqebelo, la 2 May
  • Sontaha, la 3 May
  • Mantaha, la 4 May
  • Labobeli, la 5 May
  • Laboraro, la 6 May
  • Labone, la 7 May
  • Labohlano, la 8 May
  • Moqebelo, la 9 May
  • Sontaha, la 10 May
  • Mantaha, la 11 May
  • Labobeli, la 12 May
  • Laboraro, la 13 May
  • Labone, la 14 May
  • Labohlano, la 15 May
  • Moqebelo, la 16 May
  • Sontaha, la 17 May
  • Mantaha, la 18 May
  • Labobeli, la 19 May
  • Laboraro, la 20 May
  • Labone, la 21 May
  • Labohlano, la 22 May
  • Moqebelo, la 23 May
  • Sontaha, la 24 May
  • Mantaha, la 25 May
  • Labobeli, la 26 May
  • Laboraro, la 27 May
  • Labone, la 28 May
  • Labohlano, la 29 May
  • Moqebelo, la 30 May
  • Sontaha, la 31 May
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2026
es26 maq. 47-57

May

Labohlano, la 1 May

Molimo ha a leeme.—Bar. 2:11.

Ka mor’a hore Jehova a lokolle batho ba hae botlamuoeng Egepeta, o ile a khetha baprista hore ba sebetse tabernakeleng. O ile a fa Balevi boikarabelo ba hore ba hlokomele mesebetsi e meng e neng e etsoa tenteng e halalelang. Na Jehova o ne a hlokomela batho ba neng ba sebetsa tabernakeleng kapa ba neng ba lula pel’a eona ho feta tsela eo a neng a hlokomela batho ba bang ka eona? Che, ha ho joalo, Jehova ha a leeme. Motho e mong le e mong ea neng a lula likampong, o ne a e-na le monyetla o tšoanang oa ho thabela kamano eo a nang le eona le Jehova. Ka mohlala, Jehova o ne a entse bonnete ba hore sechaba kaofela se khona ho bona pilara ea leru le pilara ea mollo ha li le ka holim’a tabernakele. (Ex. 40:38) Ha leru le qala ho phahama, batho bohle ho akareletsa le ba neng ba lula hole le tabernakele, ba ne ba khona ho le bona ’me ba paka lithoto tsa bona le ho qhaqha litente tsa bona ebe ba tsamaisana hammoho e le sechaba. (Num. 9:​15-23) Ka ho tšoanang, le kajeno Jehova o ntse a re rata, a re hlokomela hape a re sireletsa ho sa tsotellehe hore na re lula hokae. w24.06 4 ¶10-12

Moqebelo, la 2 May

Emang ’me re baleheng hobane ha ho na le ea mong oa rona ea tla phonyoha ho Absalome.—2 Sam. 15:14.

Bophelo ba Davida bo ne bo le kotsing. Mora oa hae Absalome o ne a ikemiselitse ho mo bolaea e le hore e ka ba morena. (2 Sam. 15:​12, 13) Davida o ne a hloka ho tloha Jerusalema hang-hang! Leha ho le joalo, Davida o ile a hlokomela hore ho lokela hore ho be le motho ea salang motseng moo e le hore a ka mo joetsa ka merero ea Absalome. Kahoo, o ile a romela Tsadoke le baprista ba bang hore ba khutlele Jerusalema e le hore e ka ba lihloela. (2 Sam. 15:​27-29) Ba ne ba lokela ho ba hlokolosi haholo. Davida o ile a kopa Tsadoke le motsoalle e mong oa hae ea tšepahalang e leng Hushai hore ba mo thuse hore ba etse leano. (2 Sam. 15:​32-37) Hushai o ile a tlameha hore a etse eka o tšehetsa Absalome ’me a mo eletse ka hore na a ka hlasela Davida joang. Empa ho etsa joalo ho ile ha fa Davida nako ea hore a itokisetse hore a hlasele Absalome. Ha Absalome a mamela keletso ea Hushai, Hushai o ile a bolella Tsadoke le Abiathare hore na ke’ng se etsahetseng. (2 Sam. 17:​8-16) Ka mor’a moo, ba ile ba etsa bonnete ba hore ba bolella Davida merero eohle ea Absalome. ’me ba khona ho sireletsa bophelo ba Davida.—2 Sam. 17:​21, 22. w24.07 4-5 ¶9-10

Sontaha, la 3 May

Jehova o re: “Tloong re lokiseng litaba.—Esa. 1:18.

Bahlanka ba bang ba Jehova ba lula ba tšoenyehile ka liphoso tseo ba ileng ba li etsa nakong e fetileng, ebang ke pele kapa ka mor’a hore ba kolobetsoe. Empa re lokela ho hopola hore Jehova o re file Mora oa hae hore a re shoele hobane a re rata haholo. Ka lebaka leo, re lokela hore re lule re kholisehile hore o batla hore re amohele mpho ena ea hae. Ebile o batla hore re lumele hore ka mor’a hore re “lokise litaba le eena,” o re leballa liphoso tsa rona. Re leboha Jehova hore ebe o re rata haholo hoo a lebalang liphoso tsa rona. Taba e ’ngoe e thabisang ke hore o lula a hopola lintho tse ntle tseo re li etsang. (Pes. 103:​9, 12; Baheb. 6:10) Haeba u lula u tšoenyehile ka liphoso tseo u li entseng nakong e fetileng, leka ka matla ho nahana ka lintho tse ntle tseo u li etsang hona joale le tseo u tla li etsa nakong e tlang. U ke ke oa fetola lintho tseo u li entseng nakong e fetileng. Empa u ka khona ho thabisa Jehova le ho mo sebeletsa hona joale u be u lule u lebeletse hore litšepiso tsa hae li phethahale. w24.10 8 ¶8-9

Mantaha, la 4 May

Le apare botho bo bocha.—Bakol. 3:10.

Ka linako tse ling ha u bala Bibele, u ka ikutloa u nyahama ha u hlokomela hore ho na le lintho tse ngata tseo u lokelang ho ntlafatsa ho tsona. Nahana ka sena: Ha re re u ntse u bala Bibele, ’me khaolo eo u e balang e bua ka hore u se ke oa khetholla batho ba bang. (Jak. 2:​1-8) Joale, oa hlokomela hore u lokela ho ntlafatsa tseleng eo u tšoarang batho ba bang ka eona ’me u etsa qeto ea hore u tla etsa liphetoho. Joale letsatsing la bobeli, u bala litemana tse buang ka bohlokoa ba ho laola tsela eo u buang ka eona. (Jak. 3:​1-12) Oa hlokomela hore ka makhetlo u ee u bue lintho tse seng hantle ho batho ba bang. Kahoo, u etsa qeto ea hore u tla bua lintho tse hahang batho ba bang. Letsatsing la boraro, u bala litemana tse lemosang ka ho ba motsoalle oa lefatše. (Jak. 4:​4-12) Le teng oa hlokomela hore u lokela ho ntlafatsa tseleng eo u khethang boithabiso ka eona. Letsatsing la bone, u ka ’na oa ikutloa u nyahame ha u nahana ka lintho tse ngata tseo u lokelang ho ntlafatsa ho tsona. U se ke oa nyahama ’me u hopole hore ho apara “botho bo bocha” ha se ntho e felang. w24.09 5-6 ¶11-12

Labobeli, la 5 May

Le lumele ka lipelong tsa lona hore Kreste ke Morena le hore oa halalela. Le lule le itokiselitse ho ikarabella ho motho leha e le ofe ea le botsang ka tšepo eo le nang le eona. Empa ha le mo araba, le mo arabe ka bonolo le ka tlhompho.—1 Pet. 3:15.

Jesu o ne a tseba hore ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore Jehova o ntse a bona ho hloka toka ho mo hlahelang. O ne a kholisehile hore Jehova o tla felisa ho hloka toka ka nako e loketseng. Re ka etsisa Jesu ka ho laola hore na re re’ng haeba ba bang ba re tšoara ka ho hloka toka. Ka linako tse ling, lintho tseo batho ba ka re etsang tsona ha li re letho ’me re ka khetha ho li tlolisa mahlo. Kapa re ka khetha ho itholela feela e le ho qoba ho mpefatsa lintho le ho feta. (Moek. 3:7; Jak. 1:​19, 20) Ka linako tse ling re ka ’na ra lokela ho buella motho e mong ea tšoaroang ka ho hloka toka kapa ra lokela ho emela ’nete ea seo re se lumelang. (Lik. 6:​1, 2) Haeba re lokela ho bua, re lokela ho leka ka matla ho bua re khobile matšoafo le ka tlhompho. Re ka boela ra etsisa Jesu ka ho tšepa “moahloli ea ahlolang ka ho loka.”—1 Pet. 2:23. w24. 11 5-6 ¶10-12

Laboraro, la 6 May

Mangeloi a Molimo a thaba haholo ha moetsalibe a le mong a baka.—Luka 15:10.

Rea thaba haeba moetsalibe a baka. (Luka 15:7) Ke ’nete hore baholo ba etsa boiteko ba ho thusa motho ea entseng sebe empa ha e le hantle ke mang ea etsang hore a bake? Hopola seo moapostola Pauluse a ileng a se bua ka batho ba entseng sebe. O ile a re: “Mohlomong Molimo o tla ba fa monyetla oa hore ba bake.” (2 Tim. 2:25) Ka hona, Jehova ke eena feela ea thusang Mokreste ea entseng sebe hore a fetole tsela eo a nahanang le ho etsa lintho ka eona. Pauluse o re ho etsahala lintho tse thabisang ka mor’a hore motho a bake. Motho ea bakileng o ba le tsebo e nepahetseng ea ’nete, oa hlaphoheloa ’me o baleha ho tšoasoa a ntse a phela ke Satane. (2 Tim. 2:26) Leha motho a se a bakile, baholo ba tsoela pele ho mo etsetsa maeto a bolisa ho mo thusa ho matlafatsa tumelo ea hae, e le hore a qobe liteko tsa Satane ’me a tsoele pele a etsa lintho tse nepahetseng.—Baheb. 12:​12, 13. w24.08 23 ¶14-15

Labone, la 7 May

Ho hlakile hore ha le mpatle hobane le bone mehlolo eo ke e entseng empa le mpatla hobane le jele mahobe la khora.—Joh. 6:26.

Batho bao Jesu a ileng a ba fepa ba ne ba ipatlela lijo feela. Re tseba sena hobane letsatsi le latelang ha ba hlokomela hore Jesu le baapostola ba hae ha ba eo, ba ile ba kena likepeng tse tsoang Tiberiase ’me ba mo latela ba ea Kapernauma. (Joh. 6:​22-24) Ba ne ba sa mo latele hobane ba batla ho utloa haholoanyane ka ’Muso oa Molimo empa ntho e kholo eo ba neng ba e batla ke lijo. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Hlokomela se ileng sa etsahala ha ba kopana le Jesu haufi le Kapernauma. Jesu o ile a ba toba a re ba tletse lijo feela. O ile a re ‘ba jele mahobe ba khora’ le hoja lijo tseo e le “lijo tse senyehang.” O ile a ba khothaletsa hore ba sebeletse “lijo tse sa senyeheng tse tlisang bophelo bo sa feleng.” (Joh. 6:​26, 27) Jesu o ile a re ke Ntate oa hae ea tla fana ka lijo tseo. w24.12 5 ¶8-9

Labohlano, la 8 May

Motho ea bohlale o khetha mantsoe ka hloko ’me mantsoe a hae aa susumetsa.—Liprov. 16:23.

E le hore u be mosuoe ea atlehang, etsa bonnete ba hore ka linako tsohle lintho tseo u li buang ha u ruta kapa u fa bara le barali ba bo rona keletso, li tumellanong le Bibele. Kahoo, hore u atlehe, u lokela ho ithuta Bibele le lingoloa tse thehiloeng ho eona. (Liprov. 15:28) Ha u ntse u ithuta, hlokomela kamoo lingoloa tsa Bibele li hlalosang litemana kateng, e le hore u ka li sebelisa ka tsela e nepahetseng. Hape ha u ntse u ruta, leka ka matla ho finyella lipelo tsa bamameli. U ka ntlafatsa tsela eo u rutang ka eona ka hore u kope thuso ho baholo ba nang le phihlelo le ho sebelisa litlhahiso tseo ba u fang tsona. (1 Tim. 5:17) Baholo e lokela ho ba batho ba khonang ho khothatsa bara le barali ba bo rona. Leha ho le joalo, ka linako tse ling baholo ba lokela ho ba eletsa le ho ba khalemela. Maemong ana ka bobeli, ba lokela ho ba mosa. Haeba u le lerato, u le mosa ebile u theha lintho tseo u li rutang Lentsoeng la Molimo, u tla ba mosuoe ea atlehang hobane u tla be u etsisa Mosuoe e Moholo, e leng Jesu.—Mat. 11:​28-30; 2 Tim. 2:24. w24.11 24 ¶16

Moqebelo, la 9 May

Bolellang lichaba ka khanya ea hae.—Pes. 96:3.

Re ka rorisa Jehova ka lintho tseo re li buang ka eena. Batho ba Jehova ba memeloa ho ‘binela Jehova,’ ho ‘rorisa lebitso la hae,’ ho ‘bolela litaba tse monate tsa kamoo a pholosang kateng’ le ho ‘bolella lichaba ka khanya ea hae.’ (Pes. 96:​1-3) Tsena ke litsela tseo re ka rorisang Ntate oa rona oa leholimo ka tsona. (Lik. 4:29) Re ka rorisa Jehova ka lintho tsa bohlokoa tseo re nang le tsona. Haesale barapeli ba Jehova ba rorisa Jehova ka lintho tseo ba nang le tsona. (Liprov. 3:9) Ka mohlala, Baiseraele ba ile ba fana ka chelete le lintho tsa bohlokoa tseo ba nang le tsona e le hore tempele e hahoe ebe e hlokomeloe. (2 Mar. 12:​4, 5; 1 Likron. 29:​3-9) Barutuoa ba Kreste ba ne ba sebelisa “lintho tseo ba nang le tsona” ho thusa Jesu le baapostola ba hae. (Luka 8:​1-3) Hape, Bibele e bontša hore Bakreste ba lulang libakeng tse ling ba ile ba romela chelete ea liphallelo ho Bakreste-’moho le bona. (Lik. 11:​27-29) Le rona re ka rorisa Jehova ka hore re ithaopele ho ntša menehelo. w25.01 4 ¶8; 5 ¶11

Sontaha, la 10 May

Joale ke mang ea ka ba hanelang hore ba kolobetsoe?—Lik. 10:47.

Ke eng e thusitseng Korneliase hore a kolobetsoe? Bibele e re eena le lelapa la hae ba ne ba hlompha Molimo. Korneliase o ne a lula a rapela Molimo ka matla. (Lik. 10:2) Ha Petrose a bolella Korneliase litaba tse monate, eena le lelapa la hae ba ile ba amohela Kreste ’me ba kolobetsoa ntle ho tšenyo ea nako. (Lik. 10:​47, 48) E tlameha ebe Korneliase o ne a ikemiselitse ho etsa liphetoho life kapa life tse hlokahalang e le hore eena le ba lelapa la hae ba ka khona ho sebeletsa Jehova hammoho. (Josh. 24:15; Lik. 10:​24, 33) Korneliase a ka be a ile a lumella maemo a hae a ho tuma ho mo sitisa hore ebe Mokreste. Empa ha aa ka a etsa joalo. Na le uena ho na le liphetoho tse kholo tseo u lokelang ho li etsa e le hore u kolobetsoe? Haeba ho joalo, Jehova e tla ba Mothusi oa hao. O tla hlohonolofatsa boikemisetso ba hao ba ho mo sebeletsa u ipapisitse le melao-motheo ea Bibele. w25.03 5 ¶12-13

Mantaha, la 11 May

U se ke oa mamela lipale tsa bohata.—1 Tim. 4:7.

Ha u utloa lipale tsa bohata tse buang ka mokhatlo kapa ka bara ba bo rona ba etellang pele, hopola hore na lira tsa Molimo li ile tsa tšoara Jesu le barutuoa ba hae joang. Le mehleng ena batho ba Jehova ba ntse ba hlorisoa le ho etselletsoa ka mashano hantle feela joalokaha Bibele e ile ea bolela esale pele. (Mat. 5:​11, 12) Lipale tsa bohata li ke ke tsa re khelosa haeba re hlokomela hore na mohloli oa tsona ke ofe ebile re nka bohato hang-hang. Ke bohato bofe boo re lokelang ho bo nka? Hana lipale tsa bohata. Moapostola Pauluse o ile a fana ka litaelo tse hlakileng ka hore na re lokela ho etsa eng ha re utloa lipale tsa bohata. O ile a bolella Timothea hore ‘a khalemele ba bang moo hore ba se ke ba mamela lipale tsa bohata.’ (1 Tim. 1:​3, 4) Re hana lipale tsa bohata hobane rea tseba hore na li tsoa hokae. Ho e-na le hoo, re mamela “thuto e molemo.”—2 Tim. 1:13. w24.04 11 ¶16; 13 ¶17

Labobeli, la 12 May

Ba khelosa batho ka ho ba buela lipuo tse monate le ka ho ba rorisa empa ha e le hantle ba ba phoqa.—Bar. 16:18.

Lula u momahane le batho ba tšepahallang Jehova. Molimo o batla hore re mo sebeletse re momahane. Re tla lula re momahane haeba re tšoarella ’neteng. Mang kapa mang ea jalang litaba tseo e seng ’nete o baka likarohano ka phuthehong, ke kahoo Molimo a re lemosang hore ‘re mo qobe.’ Ho seng joalo, re ka qala ho kholoa lintho tseo e seng linnete ’me ra khaotsa ho tšepahalla Jehova. (Bar. 16:17) Haeba re hlokomela ’nete ’me re itšoarella ka eona, re tla lula re le haufi le Jehova hape tumelo ea rona e tla lula e le matla. (Baef. 4:​15, 16) Re ke ke ra khelosoa ke Satane ka lithuto tsa hae tsa leshano ’me re tla lula re sireletsehile tlas’a tlhokomelo ea Jehova nakong ea mahlomola a maholo. Lula u tšoarelletse ’neteng, ’me ‘Molimo oa khotso o tla ba le uena.’—Bafil. 4:​8, 9. w24.07 13 ¶16-17

Laboraro, la 13 May

Kreste eena o ile a nyehela sehlabelo se le seng e le hore a ka re lopolla sebeng ka ho sa feleng.—Baheb. 10:12.

Ka ho khetheha, Jesu o ne a thusa batho ba neng ba ikutloa ba le molato ka lebaka la libe tsa bona ’me o ile a ba mema hore e be balateli ba hae. O ne a tseba hore sebe ke mohloli o ka sehloohong oa mathata ’ohle a batho. Ke kahoo a neng a thusa banna le basali bao ho neng ho tsebahala hore ke baetsalibe. O ile a etsa papiso ena: “Batho ba phetseng hantle ha ba hloke ngaka empa ba kulang baa e hloka.” Eaba o re: “Ke tletse ho bitsa baetsalibe eseng batho ba lokileng.” (Mat. 9:​12, 13) Jesu o ile a fela a etsa joalo. O ile a ba mosa ho mosali oa moetsalibe ea neng a mo hlatsoa maoto ka meokho ea hae ’me a mo tšoarela libe. (Luka 7:​37-50) Ha Jesu a kopana le mosali oa Mosamaria selibeng, o ile a mo ruta lithuto tsa bohlokoa le hoja a ne a tseba hore o lula le monna eo e seng oa hae. (Joh. 4:​7, 17-19, 25, 26) Molimo o ile a ba a fa Jesu matla a ho felisa e ’ngoe ea litla-morao tse bohloko ka ho fetisisa tsa sebe e leng lefu. Re tseba seo joang? Jesu o ile a tsosa banna, basali le bana bafung.—Mat. 11:5. w24.08 4 ¶9-10

Labone, la 14 May

O tla ahlola ba lulang lefatšeng ka toka, a ahlole le lichaba ka botšepehi.—Pes. 96:13.

Jehova o tla halaletsa lebitso la hae joang haufinyane? Ka ho tlisa toka. Haufinyane o tla ahlola bolumeli ba bohata hobane bo entse lintho tse mpe le ho ruta batho mashano ka eena. (Tšen. 17:​5, 16; 19:​1, 2) Ha bolumeli ba bohata bo se bo felisitsoe, batho ba bang ba ka ’na ba khetha ho ba barapeli ba Jehova. Qetellong ka ntoa ea Armagedone, Jehova o tla felisa Satane le lefatše la hae, a felise bohle ba mo hanyetsang, ba mo hloileng le ba buang leshano ka eena. Empa o tla pholosa bohle ba mo ratang, ba mo mamelang le ba motlotlo ho mo rorisa. (Mar. 8:38; 2 Bathes. 1:​6-10) Ka mor’a teko ea ho qetela e tlang ho ba ka mor’a Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete, Jehova o tla be a halalelitse lebitso la hae ka ho feletseng. (Tšen. 20:​7-10) Ka nako eo, “batho bohle ba tla tseba matla a Jehova. Tsebo eo e tla ba ngata joalokaha metsi a koahetse leoatle.” (Hab. 2:14) Re tla thaba haholo ha batho bohle lefatšeng ba se ba rorisa Jehova ka tsela e mo tšoanelang. w25.01 7 ¶15-16

Labohlano, la 15 May

Le lokela ho mamella hobane ena ke tsela eo le khalemeloang ka eona.—Baheb. 12:7.

Bakreste ba Baheberu ba ne ba ka thusoa ke eng ho mamella khanyetso? Moapostola Pauluse o ne a tseba hore ba lokela ho ba le maikutlo a nepahetseng ka liteko tsa bona. O ile a ba hlalosetsa hore Molimo a ka lumella hore ba hlaheloe ke mathata a lekang tumelo e le ho ba koetlisa. Koetliso eo, e ne e ka ba thusa ho ba le makhabane a thabisang Jehova. Ba ne ba tla nolofalloa ke ho mamella ha ba nahana ka melemo e tlisoang ke ho mamella liteko. (Baheb. 12:11) Pauluse o ile a khothaletsa Bakreste ba Baheberu ho mamella liteko ka sebete. O ne a le boemong bo botle ba ho fana ka khothaletso eo. Joalokaha a ile a hlorisa Bakreste, o ne a tseba hore na ba tla tšoaroa hampe hakae. O ne a boetse a tseba ho mamella mahloriso etsoe o ile a hanyetsoa ka litsela tse ngata ka mor’a ho ba Mokreste.—2 Bakor. 11:​23-25. w24.09 12-13 ¶16-17

Moqebelo, la 16 May

Le lule le falimehile.—Mat. 25:13.

Letsatsi le leng le le leng le fetang mosebetsi oa rona oa boboleli e ba o potlakileng haholo. Hobane’ng? Hobane ho setse nako e nyenyane pele bofelo bo fihla. Hlokomela seo Jesu a ileng a se bolela ka mosebetsi oa boboleli mehleng ena ea bofelo joalokaha ho tlalehiloe ho Mareka 13:10. Ho ea ka tlaleho ea Matheu, Jesu o itse litaba tse monate li tla boleloa lefatšeng lohle pele “bofelo” bo fihla. (Mat. 24:14) Polelo ena e bua ka bofelo ba lefatše la Satane le khopo. Jehova o se a behile ‘letsatsi kapa hora’ eo lintho tsena li tla etsahala ka eona. (Mat. 24:36; Lik. 1:7) Letsatsi le leng le le leng le fetang le re atametsa haufi le nako eo ea bofelo. (Bar. 13:11) Hona joale re lokela ho bolela litaba tse monate ho fihlela bofelo bo fihla. Ha re ntse re nahana ka mosebetsi oa rona oa boboleli, re lokela ho ipotsa potso ena ea bohlokoa: Ke hobane’ng ha re bolela litaba tse monate? Ka mantsoe a bonolo feela, lerato ke lona le re susumeletsang hore re bolele litaba tse monate. Ha re etsa mosebetsi ona oa boboleli, re bontša hore re rata litaba tsena tse monate, re rata batho ’me habohlokoa le ho feta re rata Jehova le lebitso la hae. w24.05 14-15 ¶2-3

Sontaha, la 17 May

Molimo a bona hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e entseng e molemo haholo.—Gen. 1:31.

Batsoali, khothaletsa ngoana oa hao ho nahana ka lintho tseo Jehova a li bopileng. Ha le ntse le otlolla maoto le le phakeng kapa le ntse le sebetsa jareteng, mo bontše hore lintho tse bopiloeng li na le libopeho tse sa tšoaneng tse ipheta-phetang. Libopeho tsena tse fapa-fapaneng ke bopaki ba hore ho na le motho ea bohlale ka ho fetisisa ea li entseng. Ka mohlala, bo-rasaense ba qetile lilemo tse ngata ba hlahloba lintho tsa tlhaho tse bopehileng joaloka mela e ik’haretseng. Rasaense e mong ea bitsoang Nicola Fameli o re ho na le tatellano e tšoanang ea linomoro eo u e fumanang ha u bala mela eo e ik’haretseng. Tatellano eo e bitsoa Fibonacci. Ho na le lintho tse ngata tsa tlhaho tse nang le sebopeho sena sa mela e ik’haretseng, tse kang lihlopha tse itseng tsa linaleli, likhetla tsa leoatle, makhasi a limela le lisonobolomo. w24.12 16 ¶7

Mantaha, la 18 May

Ke eena ea le fang bophelo.—Deut. 30:20.

Moshe, Davida le Johanne ba phetse mehleng ea khale ’me tsela eo ba neng ba phela ka eona e fapane hole le tsela eo re phelang ka eona mehleng ena. Empa ho na le lintho tse ngata tseo re tšoanang le bona ka tsona. Ba ne ba sebeletsa Molimo oa ’nete ’me le rona re etsa sona seo. Joaloka bona re rapela Jehova, re itšetleha ka eena ’me re latela tataiso eo a re fang eona. Hape joaloka banna bao, re kholisehile hore Jehova o hlohonolofatsa ba mo mamelang. A re ikemisetseng ho mamela mantsoe a ho qetela a banna bana ba holileng, ba neng ba mamela melao ea Jehova. Ha re etsa joalo, re tla atleha e le kannete linthong tsohle tseo re li etsang. Re tla “phela nako e telele” ebile e le ka ho sa feleng. Re tla thaba ka lebaka la ho thabisa Ntate oa rona ea lerato ea leholimong, ea tla re hlohonolofatsa ho feta kamoo re ka nahanang kateng.—Baef. 3:20. w24.11 13 ¶20-21

Labobeli, la 19 May

Molimo o file e mong le e mong ka phuthehong mosebetsi.—1 Bakor. 12:28.

Mehleng ea Bakreste ba pele, ba bang ba bara ba bo rona ba ne ba khethoa hore e be bahlanka ba sebeletsang. (1 Tim. 3:8) Ho bonahala eka moapostola Pauluse o ne a bua ka bona ha a ne a re ke “ba thusang ba bang.” Ho ka etsahala hore ebe bahlanka ba sebeletsang ba ne ba thusa baholo ho etsa mesebetsi ea bohlokoa e le hore baholo ba ka shebana le ho ruta le ho lisa phutheho. Ka mohlala, ho ka etsahala hore ebe bahlanka ba sebeletsang ba ne ba thusetsa ka ho etsa likopi tsa Mangolo kapa ho reka thepa e hlokahalang bakeng sa ho etsa likopi tseo. Nahana ka mesebetsi e meng ea bohlokoa eo bahlanka ba sebeletsang ba e etsang phuthehong ea heno. (1 Pet. 4:10) Ba ka fuoa mosebetsi oa ho hlokomela liak’haonte tsa phutheho kapa tšimo, ho etsa likopo tsa lingoliloeng le ho li fa bahoeletsi, ho sebetsa lefapheng la molumo, ho ba bahlokomeli kapa ho thusetsa ka ho hlokomela Holo ea ’Muso. Mesebetsi ena kaofela e bohlokoa ho etsa hore lintho li tsamaee ka tsela e hlophisehileng ka phuthehong.—1 Bakor. 14:40. w24.10 19 ¶4-5

Laboraro, la 20 May

Ke na le matla a ho etsa lintho tsohle ka lebaka la ea mphang matla.—Bafil. 4:13.

Haeba re hopola hore Jehova oa phela le hore o lula a re thusa, re tla khona ho mamella mathata leha e le afe a re hlahelang. Ke Molimo ea Matla ’Ohle, kahoo a ka re fa matla a hore re mamelle. Ho tseba taba ena ho ka re thusa hore re kholisehe hore re ka khona ho sebetsana le mathata a rona. Hape ha re bona kamoo Jehova a re thusang kateng ha re e-na le mathata a manyenyane, rea kholiseha hore o tla re thusa le ha re e-na le mathata a maholo.Nahana ka liketsahalo tse peli tse ileng tsa etsa hore Morena Davida a tšepe Jehova haholoanyane. Ha Davida e sa le molisana, bere le tau li ile tsa nka e ’ngoe ea linku tsa ntate oa hae. Maemong ao a mabeli, ka sebete Davida o ile a lelekisa liphoofolo tseo ’me a pholosa linku. Leha ho le joalo, Davida ha aa ka a nahana hore o entse seo ka matla a hae. O ne a tseba hore Jehova ke eena ea mo thusitseng. (1 Sam. 17:​34-37) Ha a ne a nahana ka tsona, Davida o ne a kholiseha hore Molimo ea phelang o tla mo fa matla le nakong e tlang. w24.06 21 ¶5-6

Labone, la 21 May

Mang kapa mang ea arabang taba pele a utloa lintlha kaofela, ke sethoto ebile oa itlotlolla.—Liprov. 18:13.

A re re u memetsoe ho ea ’mokeng. Na u lokela ho ea? Haeba u sa tloaelana le motho ea u memang kapa u sa tsebe hore na ho tl’o etsoang ’mokeng oo, u lokela ho mo botsa lipotso tse kang: “’Moka oo o tl’o ba hokae, hona neng? Ho tl’o ba le batho ba bakae? Ke mang ea filoeng boikarabelo ba ho beha lintho leihlo? Ho tla be ho e-na le bo-mang? Ho tl’o etsoa’ng ’mokeng oo? Na ho tl’o nooa joala?” Likarabo tsa lipotso tsena li tla u thusa hore u etse qeto e nepahetseng. Ka mor’a ho fumana lintlha ka botlalo, nahanisisa ka hloko ka boemo ka kakaretso. Ka mohlala, ho thoe’ng haeba u fumane hore ho tla be ho e-na le batho ba sa mameleng melao ea Jehova ’mokeng oo kapa ho tla be ho e-na le joala empa ho se na motho ea ikarabellang ka ho etsa bonnete ba hore batho ha ba noe joala ka tsela e feteletseng? Na u bona eka ’moka oo o ka qetella e le phathi e sa laoleheng? (1 Pet. 4:3) Ha u nahana ka lintlha ka botlalo tse amang boemo bona, ho tla ba bonolo hore u etse qeto e nepahetseng. w25.01 15 ¶4-5

Labohlano, la 22 May

Le hoja libe tsa lona li le khubelu, li tla ba tšoeu joaloka lehloa.—Esa. 1:18.

Jehova o sebelisa papiso e ’ngoe ho re thusa ho ananela kamoo a sebelisang sehlabelo sa Jesu kateng ho hlakola libe tsa batho ba bakileng. Le hoja ho le thata ho tlosa letheba le lekhubelu leseleng le lesoeu, Jehova eena o sebelisa papiso ena ho re kholisa hore a ka tlosa libe tsa rona, a li hlatsoa ka ho felletseng ha e-ba joalokaha eka ha rea ka ra li etsa. Bibele e tšoantša sebe le sekoloto. (Mat. 6:12; Luka 11:4) Kahoo, nako le nako ha re siteloa Jehova, ho tšoana le ha re ntse re ikenya sekolotong le ho feta. Re mo kolota haholo! Empa ha Jehova a re tšoarela ho tšoana le ha eka o hlakola sekoloto seo. Le ka mohla Jehova a ke ke a batla hore re patale sekoloto seo a se hlakotseng. Kannete re ikutloa re imolohile ha Jehova a re tšoarela. w25.02 9-10 ¶9-10

Moqebelo, la 23 May

Bana ha baa tšoanela ho bolokela batsoali ba bona empa batsoali ba tšoanela ho bolokela bana ba bona.—2 Bakor. 12:14.

Ha batsoali ba ntse ba tsofala, ho na le lintho tseo ba ka hlokang thuso ka tsona, ’me bana ba bangata ba thabela ho thusa batsoali ba bona ka litlhoko tse joalo. (1 Tim. 5:4) Empa batsoali ba Bakreste baa hlokomela hore ntho e ka sehloohong e ba thabisang ke ho thusa bana ba bona hore ba sebeletse Jehova, eseng ho ba holisa ba nahanne hore ba tla ba thusa ka lichelete hamorao. (3 Joh. 4) Ha u ntse u ruta bana ba hao hore na ba ka iphelisa joang, ba behele mohlala o motle o bontšang hore u tšepa Jehova. Ho tloha ha ba sa le banyenyane feela, ba rute bohlokoa ba ho sebetsa ka thata. (Liprov. 29:21; Baef. 4:28) Ha ba ntse ba hola, ba thuse ho sebetsa ka thata sekolong. Batsoali ba Bakreste ba tla be ba etsa hantle ha ba etsa lipatlisiso ebile ba sebelisa melao-motheo ea Bibele ho thusa bana ba bona hore na ke joang ba ka sebelisang thuto eo ba nang le eona ka bohlale. Sena se tla thusa bana ba bona hore ba iphelise le hore ba tle ba fumane monyetla oa ho eketsa tšebeletso ea bona. w25.03 30-31 ¶15-16

Sontaha, la 24 May

Le apare botho bo bocha.—Baef. 4:24.

Ho Esaia khaolo ea 65, Jehova o hlalosa hore na batho ba mo sebeletsang ba ne ba tla phela joang. Taba ena e ile ea phethahala ka lekhetlo la pele ka selemo sa 537 pele ho mehla ea Jesu. Ka nako eo Bajuda ba ne ba lokolotsoe botlamuoeng Babilona ’me ba ile ba khutlela naheng ea bona. Jehova o ile a hlohonolofatsa batho ba hae ’me a ba thusa hore ba lokise motse oa Jerusalema o neng o senyehile, ba o etse hore o boele o be motle le hore tempele e boele e be sebaka seo ho rapeloang Jehova ho sona Iseraele. (Esa. 51:11; Zak. 8:3) Boprofeta ba Esaia bo ile ba phethahala ka lekhetlo la bobeli ka selemo sa 1919 ha bahlanka ba Jehova ba ne ba lopolloa Babilona e Moholo. Ho tloha ka nako eo bahlanka ba Jehova lefatšeng lohle ba ile ba qala ho mo sebeletsa ka tsela eo a e amohelang. Baboleli ba ’Muso ba chesehang ba ile ba theha liphutheho tse ngata ’me ba qala ho ba le makhabane a Bokreste. Banna le basali ba neng ba le mabifi ’me ba itšoere hampe ba ile ba ‘apara botho bo bocha boo Molimo a bo entseng ho ea ka thato ea hae.’ w24.04 20-21 ¶3-4.

Mantaha, la 25 May

Motho e mong le e mong o tla ikarabella ka lintho tseo a li etsang.—Bagal. 6:5.

Linaheng tse ling ho lebeletsoe hore batsoali kapa batho ba baholo e be bona ba khethelang bana ba bona balekane ba lenyalo. Athe linaheng tse ling, ba lelapa kapa metsoalle ba batlela motho ea sa nyalang motho eo e ka bang molekane oa lenyalo ’me hamorao ba etsa litokisetso tsa hore ba ka kopana e le ho bona hore na ba ka qala ho ratana. Haeba u koptjoa hore u lokisetse hore batho bao e ka bang balekane ba lenyalo ba kopane kapa hore u khethele motho e mong molekane oa lenyalo, nahana ka lintho tseo batho bana ba babeli ba li ratang le tseo ba li hlokang. Haeba u nahana hore motho e mong e ka ba molekane oa motsoalle oa hao kapa e mong oa lelapa, etsa bonnete ba hore u mo tseba hantle, u tsebe makhabane a hae ’me ka ho khetheha u tsebe hore na o na le kamano e ntle le Jehova kapa che. Ho ba le kamano e ntle le Jehova ho bohlokoa ho feta ho ba le chelete, ho ruteha haholo kapa ho ba le maemo sechabeng. Leha ho le joalo, hopola hore mor’abo rona le morali oa bo rona ba sa nyalang ba lokela ho etsa qeto ea hore ba tla nyalana kapa che. w24.05 23 ¶11

Labobeli, la 26 May

Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle.—Liprov. 17:17.

Re ka bontša hore re tšehetsa batho ba ratanang ka lintho tseo re li buang le tseo re khethang hore re se ke ra li bua. Ka linako tse ling re ka khetha ho ithiba ’me re se ke ra bua lintho tse itseng. (Liprov. 12:18) Ka mohlala, re ka ’na ra batla ho bolella batho ba bang hore mora le morali oa bo rona ea itseng baa ratana. Empa ho ka etsahala hore ba ne ba ka thabela hore e be bona ba bolellang batho ba bang hore baa ratana. Ha rea lokela ho seba ka batho ba ratanang kapa ho ba tšoaea liphoso ka lintho tse sa re ameng. (Liprov. 20:19; Bar. 14:10; 1 Bathes. 4:11) Hape, ha rea lokela ho bua lintho kapa ho botsa lipotso tse ka etsang hore batho ba ratanang ba ikutloe ba le tlas’a khatello ea hore ba nyalane. Re lokela ho etsa’ng haeba batho ba ratanang ba etsa qeto ea ho arohana? Re lokela ho qoba ho kena-kenana le litaba tsa bona kapa ho beha e mong oa bona molato. (1 Pet. 4:15) Ha batho ba ratanang ba khetha ho arohana, taba eo ha e bolele hore ba entse qeto e fosahetseng. Hangata taba eo e bolela hore nako eo ba e qetileng ba ratana e ba thusitse ho etsa qeto e nepahetseng. Leha ho le joalo, qeto eo e ka ’na eaba e ba utloisitse bohloko haholo. Kahoo, re ka batla litsela tsa ho ba thusa. w24.05 31 ¶15-16

Laboraro, la 27 May

Ha u nyahama nakong ea mathata, u tla felloa ke matla.—Liprov. 24:10.

E ’ngoe ea liteko tse thata ka ho fetisisa tseo re ka tobanang le tsona ke ha setho sa lelapa kapa motsoalle ea haufi a tlohela Jehova. (Pes. 78:40) Ha u rata motho eo haholo, u tla thatafalloa le ho feta ho amohela boemo bona. Haeba u kile oa hlaheloa ke ntho ena e bohloko, mohlala oa Tsadoke oa botšepehi o ka u matlafatsa. O ile a lula a tšepahalla Jehova ha motsoalle oa hae ea haufi Abiathare a khetha ho se tšepahale. Sena se ile sa etsahala ha Morena Davida a le makhatheng a lefu, mora oa hae Adonija o ile a leka ho inkela ka mahahapa borena boo Jehova a neng a bo tšepisitse Solomone. (1 Likron. 22:​9, 10) Abiathare o ile a khetha ho tšehetsa Adonija. (1 Mar. 1:​5-8) Ka ho etsa joalo, Abiathare o ne a sa tšepahalle Davida le Tsadoke empa le Jehova. Eena le Abiathare ba ne ba sebelitse haufi-ufi e le baprista ka lilemo tse ngata.—2 Sam. 8:17; 15:29; 19:​11-14. w24.07 6 ¶14-15

Labone, la 28 May

Ho thaba motho ea lulang a falimehile.—Liprov. 28:14.

Re ka kholiseha hore ho lula re itebetse e le hore re se ke ra oela molekong ho tla re tsoela molemo. Le hoja ho etsa sebe ho ka ’na ha re thabisa “ka nakoana,” ho phela ka melao ea Jehova ho tla etsa hore re thabe le ho feta. (Baheb. 11:25; Pes. 19:8) Re thaba hobane re bopiloe ka tsela eo re lokelang ho latela melao ea hae. (Gen. 1:27) Ha re phela ka tsela e khahlisang Jehova, re tla ba le letsoalo le hloekileng ’me ka moso re tla phela ka ho sa feleng. (1 Tim. 6:12; 2 Tim. 1:3; Juda 20, 21) Ke ’nete hore “nama ea fokola.” (Mat. 26:41) Empa taba eo ha e bolele hore ha ho letho leo re ka le etsang ka mefokolo ea rona. Jehova o lutse a le malala-a-laotsoe ho re fa matla ao re a hlokang. (2 Bakor. 4:7) Empa hlokomela hore Molimo o re fa matla a sa tloaelehang. Matla ao re nang le ’ona ke a tloaelehileng ’me ke boikarabelo ba rona. Kahoo, re lokela ho sebelisa matla ’ohle ao re nang le ’ona hore re loantše liteko; ke boikarabelo ba rona. Jehova o tla araba lithapelo tsa rona ’me a re fe matla a eketsehileng haeba re a hloka. (1 Bakor. 10:13) Kannete, ka thuso ea Jehova, re ka khona ho lula re itebetse e le hore re se ke ra kena molekong. w24.07 19 ¶19-21

Labohlano, la 29 May

Ba tloaetseng ho etsa sebe u ba khalemele ka pel’a batho bohle.—1 Tim. 5:20.

Moapostola Pauluse o ile a ngola mantsoe a hlahang temaneng ea kajeno ho Timothea moholo-’moho le eena e le ho mo bontša hore o lokela ho sebetsana joang le “ba tloaetseng ho etsa sebe.” Pauluse o ne a bolela’ng? O ne a sa bolele hore “batho bohle” ke motho e mong le e mong ka phuthehong. Leha ho le joalo, o ne a bua ka batho ba tsebang ka sebe seo. E ka ba batho ba boneng se etsahetseng kapa e ka ba batho bao motho ea entseng sebe a ba boleletseng ka ho toba seo a se entseng. Ka hona, baholo ba bolella batho bao feela hore taba ea motho eo e se e sebelitsoe. Maemong a mang e ka ’na eaba batho ba bangata ka phuthehong baa tseba hore motho ea itseng o entse sebe se tebileng kapa ba ka ’na ba tseba hamorao. Boemong boo, “batho bohle” ba ka akarelletsa motho e mong le e mong ka phuthehong. Kahoo moholo o tla etsa tsebiso phuthehong ea hore mora kapa morali oa bo rona o khalemetsoe. Hobane’ng? Ha Pauluse a fana ka lebaka o re: “E le hore le ba bang ba tle ba tšabe ho etsa sebe.” w24.08 23-24 ¶16-17

Moqebelo, la 30 May

Tsena ke lipolelo tsa ’nete tsa Molimo.—Tšen. 19:9.

Re lokela ho lula re phathahane ka ho sebeletsa Jehova ho fihlela bofelo bo tla. Batlotsuoa ba lokela ho lula ba falimehile e le hore ba fumane moputso oa bona oa ho ea leholimong. Ba labalabela “ho bokelloa” hore ba ee ho Jesu leholimong. (Mat. 24:40) Ka mor’a ntoa ea Armagedone, kaofela ha bona e tla ba monyaluoa lenyalong la konyana. (2 Bathes. 2:1) Le hoja nako ea hore Jesu a ahlole e atametse, ha rea lokela ho tšoha. Haeba re tšepahala, Ntate oa rona ea lerato ea leholimong o tla re fa “matla a sa tloaelehang” e le hore re ka “atleha . . . ho ema ka pel’a Mor’a motho.” (2 Bakor. 4:7; Luka 21:36) Ho sa tsotellehe hore na re na le tšepo ea ho phela leholimong kapa lefatšeng, re tla thabisa ntate oa rona haeba re mamela litemoso tse lipapisong tsa Jesu. Kaha Jehova o mosa, mabitso a rona a tla ‘fumanoa a ngotsoe bukeng’ ea bophelo.—Dan. 12:1; Tšen. 3:5. w24.09 24¶19-20

Sontaha, la 31 May

Ho atamela ho Molimo ho ntsoela molemo.—Pes. 73:28.

Le uena Lentsoe la Molimo le ka u thusa joalokaha le thusitse mopesaleme. U hopole hore Jehova o tla lula a e-na le uena mathateng ’ohle a hao le hore qetellong moputso oa hao o tla ba molemo ho feta oa batho ba sa mo sebeletseng. Batho bana ba tšepile lintho tseo ba khonang ho iketsetsa tsona hobane ha ho na bokamoso boo ba bo lebeletseng, empa uena Jehova o tla u hlohonolofatsa ka tsela eo u ke keng oa e lekanya. (Pes. 145:16) Nahana, na kannete re ka tseba hore na bophelo ba rona bo ka be bo bile joang ha re ne re entse qeto e fapaneng? Ntho eo re kholisehileng ka eona ke hore motho ha a etsa liqeto tse bontšang hore o rata Molimo le batho ba bang, a ke ke a soetseha. w24.10 26-27 ¶12-13

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela