Labobeli, la 4 August
Ba ntlhompha ka melomo feela, empa lipelo tsa bona li suthetse hole le ’na.—Esa. 29:13
Motho ea batlang ho ba moeti tenteng ea Jehova o lokela ho “bua ’nete ka pelong ea hae.” (Pes. 15:2) Taba ena ha e bolele feela hore re se ke ra bua leshano. Jehova o batla hore re tšepahale linthong tsohle. (Baheb. 13:18) Sena se bohlokoa hobane “Jehova o nyonya motho ea bolotsana empa ke motsoalle oa ba lokileng. (Liprov. 3:32) Batho ba ‘buang ’nete ka lipelong tsa bona’ ha ba mamele Molimo feela ha batho ba bang ba ba shebile ebe ba etsa lintho tse mpe moo ba leng bang. Ba qoba ho etsa lintho tse fosahetseng. Motho ea bolotsana a ka ’na a belaella hore e meng ea melao ea Jehova e molemo. (Jak. 1:5-8) A ka ’na a khetha ho se mamele Jehova linthong tseo a li nkang e se tsa bohlokoa hakaalo. Haeba a sa fumane litla-morao tsa liketso tsa hae, a ka ’na a etsa lintho tse mpe le ho feta. Jehova a ke ke a amohela borapeli ba hae le hoja a nahana hore o ntse a mo sebeletsa. (Moek. 8:11) Kahoo, re batla ho tšepahala linthong tsohle. w24.06 10 ¶7-8
Laboraro, la 5 August
Le eme le tiile, le itlamme matheka ka lebanta la ’nete.—Baef. 6:14.
Batho ba Jehova ba rata ’nete e fumanoang ka Lentsoeng la Molimo. Tumelo ea rona e thehiloe ho lona. (Bar. 10:17) Re kholisehile hore Jehova o thehile phutheho ea Bokreste “e tšehetsang le ho sireletsa ’nete.” (1 Tim. 3:15) Satane o rata hore re se ke ra tšepa Bibele kapa tataiso eo re e fumanang ka mokhatlong oa Molimo. (Baef. 4:14) Haufinyane Diabolose o tla sebelisa mashano a matla ho khelosa lichaba hore li nke lehlakore khahlanong le Jehova. (Tšen. 16:13, 14) Re ka lebella hore Satane o tla leka ka matla ho khelosa batho ba Jehova. (Tšen. 12:9) Ke kahoo ho leng bohlokoa hore re ikoetlisetse ho mamela ’nete le ho tseba phapang pakeng tsa ’nete le leshano. (Bar. 6:17; 1 Pet. 1:22) Re lokela ho etsa sena e le hore re pholohe mahlomola a maholo. w24.07 8 ¶1-3
Labone, la 6 August
Taelo ena eo ke le laelang eona kajeno ha e thata haholo hore le ka e utloisisa kapa la e phetha.—Deut. 30:11.
Nakong eo Jehova a neng a fa Baiseraele melao, o ile a etsa selekane le bona. Selekane seo se ne se re haeba feela ba ka mamela melao ea hae, o ne a tla ba sireletsa le ho ba hlohonolofatsa. Empa haeba ba ne ba ka mo fetohela ka hore ba rapele melimo e meng, le eena o ne a tla khaotsa ho ba hlohonolofatsa ebe ba hlaheloa ke mathata. Leha ho le joalo, ba ne ba ntse ba ka khona ho lokisa litaba le Molimo ka hore ba ‘khutlele ho Jehova Molimo oa bona’ le ka hore ba ‘mamele lentsoe la hae.’ (Deut. 30:1-3, 17-20) Ka mantsoe a mang ba ne ba e-na le monyetla oa ho baka. Haeba ba ne ba ka etsa joalo, Jehova o ne a tla ba rata a be a ba hlohonolofatse. Baiseraele ba ile ba fetohela Jehova ka makhetlo a mangata. Eaba qetellong ba utloa ka letlalo. Empa Jehova ha aa ka a ba fella pelo. O ile a romela baprofeta ka makhetlo a mangata ho ba thusa hore ba bake le ho khutlela ho eena.—2 Mar. 17:13, 14. w24.08 9 ¶4-5