August
Moqebelo, la 1 August
Ho tla ba le mahlomola a maholo. A kang ’ona ha a e-s’o be teng ho tloha ha lefatše le thehoa.—Mat. 24:21.
Re rapella hore batho ba bangata kamoo ho ka khonehang ba tla mamela molaetsa oa rona ’me ba kopanele borapeling ba ’nete le rona. Empa ho thoe’ng ka ba sa mameleng molaetsa oa rona hona joale? Jehova a ka ’na a batla ho pholosa batho ba qalang ho bontša tumelo ho eena ha ba bona Babilona e Moholo e felisoa. Kahoo, ke habohlokoa haholo hore re bolelle batho ka taba ena. Ka nako eo ba ka ’na ba hopola lintho tseo re ba bolellang tsona hona joale. (Bapisa le Ezekiele 33:33.) Mohlomong ba tla nahana ka molaetsa o lemosang oo re ileng ra ba bolella oona ebe ba batla ho sebeletsa Jehova hammoho le rona pele bofelo bo fihla. Joaloka molebeli oa teronko oa Filipi ea ileng a bontša tumelo ka mor’a hore “lefatše le reketle ka matla,” mohlomong batho ba sa mameleng molaetsa oa rona hona joale ba tla o mamela ka mor’a hore Babilona e Moholo e felisoe ba sa lebella.—Lik. 16:25-34. w24.05 17 ¶9-10
Sontaha, la 2 August
Kreste o felisitse Molao.—Bar. 10:4.
Re ithuta thuto e ’ngoe ea bohlokoa ho seo moapostola Pauluse a ileng a se ngolla Bakreste ba Baheberu. Ba bang ba Bakreste ba ne ba se ba sa hole. Ho e-na le hoo, ba ne ba ‘boetse e le batho ba hlokang lebese eseng lijo tse tiileng.’ (Baheb. 5:12) Ba ne ba sa ithute lintho tse ncha tseo Jehova a neng a ba ruta tsona a sebelisa phutheho ebile ba sa li lumele. (Liprov. 4:18) Ka mohlala, Bakreste ba bangata ba Bajuda ba ne ba ntse ba buella hore ho bolokoe Molao oa Moshe le hoja ho ne ho se ho fetile lilemo tse 30 sehlabelo sa Jesu se felisitse Molao oo. (Tite 1:10) Joale, Pauluse o ne a leka ho ba thusa hore ba amohele lijo tse tiileng tseo a neng a ba ruta tsona. Lengolo la Baheberu le ile la ba thusa ho bona hore tsela ena e ncha ea Bokreste eo ba neng ba rapela Jehova ka eona, e ne e le molemo ho feta tsela ea Sejuda. Le ile la boela la ba fa sebete sa ho tsoela pele ba bolela.—Baheb. 10:19-23. w24.04 6 ¶15
Mantaha, la 3 August
Molimo o tla tsosa batho ba lokileng le ba sa lokang bafung.—Lik. 24:15.
Ho tloha ha Adama le Eva ba kopanela le Satane borabeleng ba hae khahlanong le Jehova Molimo, ho se ho shoele batho ba libilione. Ho tla etsahala’ng ka batho bao kaofela? Palo e fokolang ea balateli ba Kreste ba tšepahalang ba 144 000 ba tla tsosetsoa ho ea phela leholimong ba se ba sa shoe. (Tšen. 14:1) Banna le basali ba bangata ba neng ba rata Jehova ba tla phela hape ha ho ‘tsosoa batho ba lokileng’ ’me ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng haeba ba lula ba tšepahala nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete le nakong ea teko ea ho qetela. (Dan. 12:13; Baheb. 12:1) Hape ka nako ea Lilemo Tse Sekete, batho “ba sa lokang” ba akareletsang batho ba sa kang ba sebeletsa Jehova kapa “ba neng ba tloaetse ho etsa lintho tse fosahetseng,” ba tla fuoa monyetla oa ho fetola litsela tsa bona hore e be bahlanka ba tšepahalang ba Jehova Molimo. (Joh. 5:29; Luka 23:42, 43) Leha ho le joalo, batho ba bang ba ne ba le khopo hoo a entseng qeto ea hore a ke ke a ba tsosa ho hang.—Luka 12:4, 5. w24.05 2 ¶3; 5 ¶15; 6 ¶17
Labobeli, la 4 August
Ba ntlhompha ka melomo feela, empa lipelo tsa bona li suthetse hole le ’na.—Esa. 29:13
Motho ea batlang ho ba moeti tenteng ea Jehova o lokela ho “bua ’nete ka pelong ea hae.” (Pes. 15:2) Taba ena ha e bolele feela hore re se ke ra bua leshano. Jehova o batla hore re tšepahale linthong tsohle. (Baheb. 13:18) Sena se bohlokoa hobane “Jehova o nyonya motho ea bolotsana empa ke motsoalle oa ba lokileng. (Liprov. 3:32) Batho ba ‘buang ’nete ka lipelong tsa bona’ ha ba mamele Molimo feela ha batho ba bang ba ba shebile ebe ba etsa lintho tse mpe moo ba leng bang. Ba qoba ho etsa lintho tse fosahetseng. Motho ea bolotsana a ka ’na a belaella hore e meng ea melao ea Jehova e molemo. (Jak. 1:5-8) A ka ’na a khetha ho se mamele Jehova linthong tseo a li nkang e se tsa bohlokoa hakaalo. Haeba a sa fumane litla-morao tsa liketso tsa hae, a ka ’na a etsa lintho tse mpe le ho feta. Jehova a ke ke a amohela borapeli ba hae le hoja a nahana hore o ntse a mo sebeletsa. (Moek. 8:11) Kahoo, re batla ho tšepahala linthong tsohle. w24.06 10 ¶7-8
Laboraro, la 5 August
Le eme le tiile, le itlamme matheka ka lebanta la ’nete.—Baef. 6:14.
Batho ba Jehova ba rata ’nete e fumanoang ka Lentsoeng la Molimo. Tumelo ea rona e thehiloe ho lona. (Bar. 10:17) Re kholisehile hore Jehova o thehile phutheho ea Bokreste “e tšehetsang le ho sireletsa ’nete.” (1 Tim. 3:15) Satane o rata hore re se ke ra tšepa Bibele kapa tataiso eo re e fumanang ka mokhatlong oa Molimo. (Baef. 4:14) Haufinyane Diabolose o tla sebelisa mashano a matla ho khelosa lichaba hore li nke lehlakore khahlanong le Jehova. (Tšen. 16:13, 14) Re ka lebella hore Satane o tla leka ka matla ho khelosa batho ba Jehova. (Tšen. 12:9) Ke kahoo ho leng bohlokoa hore re ikoetlisetse ho mamela ’nete le ho tseba phapang pakeng tsa ’nete le leshano. (Bar. 6:17; 1 Pet. 1:22) Re lokela ho etsa sena e le hore re pholohe mahlomola a maholo. w24.07 8 ¶1-3
Labone, la 6 August
Taelo ena eo ke le laelang eona kajeno ha e thata haholo hore le ka e utloisisa kapa la e phetha.—Deut. 30:11.
Nakong eo Jehova a neng a fa Baiseraele melao, o ile a etsa selekane le bona. Selekane seo se ne se re haeba feela ba ka mamela melao ea hae, o ne a tla ba sireletsa le ho ba hlohonolofatsa. Empa haeba ba ne ba ka mo fetohela ka hore ba rapele melimo e meng, le eena o ne a tla khaotsa ho ba hlohonolofatsa ebe ba hlaheloa ke mathata. Leha ho le joalo, ba ne ba ntse ba ka khona ho lokisa litaba le Molimo ka hore ba ‘khutlele ho Jehova Molimo oa bona’ le ka hore ba ‘mamele lentsoe la hae.’ (Deut. 30:1-3, 17-20) Ka mantsoe a mang ba ne ba e-na le monyetla oa ho baka. Haeba ba ne ba ka etsa joalo, Jehova o ne a tla ba rata a be a ba hlohonolofatse. Baiseraele ba ile ba fetohela Jehova ka makhetlo a mangata. Eaba qetellong ba utloa ka letlalo. Empa Jehova ha aa ka a ba fella pelo. O ile a romela baprofeta ka makhetlo a mangata ho ba thusa hore ba bake le ho khutlela ho eena.—2 Mar. 17:13, 14. w24.08 9 ¶4-5
Labohlano, la 7 August
Phutheho e Jerusalema ea hlorisoa haholo.—Lik. 8:1.
Bakreste ba Jerusalema le Judea ba ile ba tobana le mathata a mangata ka mor’a hore Jesu a shoe. Nakoana ka mor’a hore phutheho ea Bokreste e thehoe, ba ile ba hlorisoa haholo. Hoo e ka bang ka mor’a lilemo tse 20, Bakreste bao ba ile ba tobana le mathata a moruo ka lebaka la tlala e kholo le bofutsana. (Lik. 11:27-30) Leha ho le joalo, hoo e ka bang ka selemo sa 61, Bakreste ba ne ba phela ka khotso ha ho bapisoa le se neng se tl’o ba hlahela. E ne e le hona ba tl’o tobana le mathata a mangata. Ka eona nako eo, Jehova o ile a susumetsa Pauluse hore a ngolle Bakreste bao lengolo, ’me le ile la fihla ka nako e nepahetseng e le hore ba ka itokisetsa se neng se larile ka pele. Lengolo leo le ne le le nakong hobane le fihlile nakong eo Bakreste ba Baheberu ba neng ba ntse ba iphelela ka khotso. Leha ho le joalo, khotso ea bona e ne e tla ba ea nakoana. Pauluse o ile a ba fa keletso ea bohlokoa e neng e tla ba thusa ho mamella mathata ao ba neng ba tla tobana le ’ona haufinyane. w24.09 8 ¶1-2
Moqebelo, la 8 August
Bana ke bona feela basebetsi-’moho le ’na bakeng sa ’Muso oa Molimo ebile ba ntšelisa haholo.—Bakol. 4:11.
Ha re e-na le mathata, Jehova oa re bontša hore oa re rata ka ho re fa bara le barali ba bo rona. Ba ka re tšelisa ka ho re mamela le ho ba le rona ha re hlaheloa ke mathata. Ba ka re balla temana ea Bibele e khothatsang kapa ba rapela le rona. (Bar. 15:4) Ka linako tse ling mora kapa morali oa bo rona a ka re hopotsa hore na Jehova o ikutloa joang ka mathata a re hlahelang ’me sena se ka re thusa hore re khone ho mamella. Bakreste-’moho le rona ba ka boela ba re thusa ka litsela tse ling joaloka ho re tlisetsa lijo nakong eo re nang le mathata. Ka linako tse ling e le hore re fumane matšeliso, ho ka hlokahala hore re kope thuso. (Liprov 17:17) Ka linako tse ling ba ka se tsebe hore na re ikutloa joang le hore na re hloka eng. (Liprov. 14:10) Leka ho bua le metsoalle ea hao e haufi u ba hlalosetse hore na ba ka u thusa joang. U ka ’na oa khetha ho bua le moholo a le mong kapa ba babeli bao u tla phutholoha ha u na le bona. Ka linako tse ling barali ba bo rona ba ee ba ikutloe ba sireletsehile ha ba buile le barali ba bo rona ba bang. w24.10 10 ¶15-16
Sontaha, la 9 August
E mong le e mong ea amohelang Mora a bile a bontša hore o lumela ho eena [o tla ba] le bophelo bo sa feleng.—Joh. 6:40.
Batho ba bangata ba leka ho ja lijo tse nang le phepo le ho ikoetlisa kamehla e le hore ba phele nako e telele. Leha ho le joalo, ha baa lebella ho phela ka ho sa feleng. Ha ba na tšepo ebile ha ba lumele hore motho a ka phela ka ho sa feleng ka lebaka la mathata a tlisoang ke botsofali. Ho sa tsotellehe seo, ho Johanne 3:16 le 5:24 Jesu o ile a bontša hore ho ka khoneha hore batho ba fumane “bophelo bo sa feleng.” Ka letsatsi le leng, Jesu o ile a etsa mohlolo oa ho fepa batho ba likete bohobe le tlhapi. Ntho eo a e entseng e ne e makatsa empa seo a ileng a se bua letsatsing le latelang ho batho ba neng ba mo latela ha a ea Kapernauma, se ne se makatsa le ho feta. Ha ba le pel’a lebopo la Galilea, o ile a ba bolella hore o tla tsosa batho ba hlokahetseng ’me ba tla phela ka ho sa feleng. (Joh. 6:39, 40) Mantsoe a Jesu a bontša hore batho ba bangata ba hlokahetseng ba tla tsosoa le hore uena le baratuoa ba hao le tla thabela ho phela ka ho sa feleng. w24.12 8 ¶1-2
Mantaha, la 10 August
Lona banna, . . . le ba tšoare ka tsela eo le neng le tla tšoara sejana se pshatlehang habonolo.—1 Pet. 3:7.
Tlaleho ea morao-rao ea Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo e bontša hore banna ba bangata ba hlekefetsa basali ba bona ka ho ba otla, ho ba buela mantsoe a bohloko kapa ho ba tšoara hampe ka litsela tse ling tse ba utloisang bohloko maikutlong. Banna bana ba ka etsa eka ba tšoara basali ba bona ka tlhompho ha ba le bathong, empa ha ba le hae ba ba tšoara hampe. Ke hobane’ng ha banna ba bang ba hlekefetsa basali ba bona? Ho ka etsahala hore ebe ba bone boitšoaro boo ho bo-ntate ba bona, kahoo ba ka ’na ba nahana hore bo nepahetse. Banna ba bang ba hlekefetsa basali ba bona hobane feela e le tloaelo sebakeng seo ba leng ho sona. Ba ba hlekefetsa hobane feela ba batla ho bontša hore ba na le matla a ho ba laola. Ba bang ha baa ka ba rutoa ho laola maikutlo le khalefo ea bona. Ba bang bona ba tloaetse ho shebella pornography ’me seo se etsa hore ba be le pono e fosahetseng ka basali le thobalano. Ho ekelletsa moo, litlaleho li bontša hore nakong ea seoa sa COVID-19, banna ba bangata ba ile ba qala ho hlekefetsa basali ba bona. Empa ha ho na lebaka leha e le lefe leo monna a lokelang ho hlekefetsa mosali oa hae ka lona. w25.01 8 ¶2-3
Labobeli, la 11 August
Kreste o ile a utloa bohloko ha e sa ntse e le motho. Le lona le itokisetse ho nahana joaloka Kreste.—1 Pet. 4:1.
“U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle, ka moea oa hao oohle, ka matla a hao ’ohle le ka kelello ea hao eohle.” (Luka 10:27) Jesu o ile a hlakisa hore molao ona e ne e le oa bohlokoa ka ho fetisisa Molaong oa Moshe. Hlokomela hore tsela eo re ratang Jehova ka eona e ama lipelo tsa rona, e leng se akarelletsang lintho tseo re li batlang le tsela eo re ikutloang ka eona. E boetse e akarelletsa ho inehela ho Jehova ka ho felletseng le kamoo re sebelisang matla a rona kateng. Leha ho le joalo, ho rata Jehova ho boetse ho ama likelello tsa rona, e leng se akarelletsang tsela eo re nahanang ka eona ka lintho tse itseng. Ke ’nete hore re ke ke ra utloisisa ka ho felletseng tsela eo Jehova a nahanang ka eona. Empa re ka utloisisa haholoanyane tsela eo Molimo a nahanang ka eona ka hore re ithute ho “nahana joaloka Kreste,” hobane Jesu o bonahatsa ka ho phethahetseng tsela eo Ntate oa hae a nahanang ka eona.—1 Bakor. 2:16. w25.03 8 ¶1
Laboraro, la 12 August
Re lopolotsoe sebeng hobane mora oa hae o ile a re patalla ka mali a hae. Ka hona, re tšoareloa libe ka lebaka la mosa o moholo oa Molimo.—Baef. 1:7.
Kaha Jesu o ne a phethahetse, o ne a tšoana hantle le Adama pele a etsa sebe. (1 Bakor. 15:45) Jesu o ile a khona ho khutlisa seo Adama a se lahlileng ka hore ebe o ile a fana ka bophelo ba hae bakeng sa rona. (Bar. 5:19) Jesu e ile ea e-ba “Adama oa ho qetela.” Ha ho hlokahale hore ho be le motho e mong ea phethahetseng ea ka lefellang seo Adama a se lahlileng hobane Jesu o entse joalo hanngoe ebile “e le la ho qetela.” (Baheb. 7:27; 10:12) Joale phapang ke efe pakeng tsa tokisetso ea sehlabelo sa ho tšoareloa libe le tefo ea topollo? Tokisetso ea sehlabelo sa ho tšoareloa libe, ke ketso eo Molimo a e etsang e le hore batho ba boele ba be le kamano e ntle le eena. Tefo ea topollo eona, ke tefo e pataloang e le ho etsa hore tokisetso ea sehlabelo sa ho tšoareloa libe e khonehe bakeng sa batho hobane ke baetsalibe. Tefo ena e ile ea pataloa ka hore ho tšolloe mali a bohlokoa a Jesu molemong oa rona.—Baheb. 9:14. w25.02 4 ¶12-13
Labone, la 13 August
Molimo oa tšepahala ’me a ke ke a lumella hore le hlaheloe ke liteko tseo le ke keng la khona ho li mamella. Ha le lekoa, o tla le thusa e le hore le khone ho mamella.—1 Bakor. 10:13.
Ha re e-na le mathata re lokela ho nahana ka ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa. Satane o re ha re e-na le mathata re tla lahla Jehova. Kahoo, tsela eo re itšoarang ka eona ha re e-na le mathata e ama tsela eo Jehova a ikutloang ka eona. (Jobo 1:10, 11; Liprov. 27:11) Empa haeba re tšepahalla Jehova le hoja re e-na le mathata, re bontša hore re rata Jehova ebile re paka hore Diabolose o leshano. Na hona joale u lula sebakeng seo mebuso e hanyetsang Lipaki Tsa Jehova? Na u na le mathata a lichelete kapa batho ha ba batle ho mamela molaetsa oa Bibele? Kapa na u na le bothata bo bong? Haeba ho joalo, hopola hore boemo boo u leng ho bona bo u fa monyetla oa hore u thabise pelo ea Jehova. Hape hopola hore a ke ke a lumella hore u hlaheloe ke liteko tseo u ke keng oa khona ho li mamella. O tla u fa matla ao u a hlokang e le hore u mamelle. w24.06 22 ¶9
Labohlano, la 14 August
E mong le e mong o lekoa ke ho hoheloa ke litakatso tsa hae.—Jak. 1:14.
Na oa tseba hore na uena u fokola hokae? Ha ho re tšoele molemo hore re ithetse ka hore ha re na mefokolo e itseng kapa ho nahana hore re ke ke ra etsa sebe. (1 Joh. 1:8) Hopola hore Pauluse o ile a re le “Bakreste ba tšoanelehang ba tataisoang ke moea o halalelang” ba ka inehela tekong haeba ba sa itebele. (Bagal. 6:1) Kahoo re lokela ho ba le ’nete ’me re lumele hore ho na le moo re fokolang. (2 Bakor. 13:5) Ha re se re tsebile mefokolo ea rona le lintho tse ka re lekang habonolo, re lokela ho etsa’ng? Re lokela ho sebetsa ka thata e le hore re tle re khone ho hlola liteko tseo! Ka mohlala, mehleng ea Bibele sebaka se neng se keneha habonolo ka ho fetisisa marakong a motse, e ne e le likeiti tsa oona. Ke ka lebaka leo likeiti li neng li lebeloa ke balebeli ba bangata haholo. Ka ho tšoanang, re lokela ho isa tlhokomelo ea rona e ngata moo re tsebang hore re fokola teng, e le hore re be monyetleng o motle oa ho hlola liteko.—1 Bakor. 9:27. w24.07 15 ¶5-7
Moqebelo, la 15 August
Le lokela ho etsa lintho tse molemo le be le eketse tsebo ea lona e nepahetseng ka Molimo.—Bakol. 1:10.
Lintho tse molemo li akareletsa ho bolela litaba tse monate. Kahoo, ha re bala Lentsoe la Molimo ebile re nahanisisa ka lona, re ba le tumelo e matla ho Jehova ebile rea hlokomela hore ke habohlokoa ho bolella batho ba bang molaetsa oa ’Muso. U se ke oa potlaka ha u bala Lentsoe la Molimo le ha u nahanisisa ka lona e le hore u ka ithuta lintho tse ngata tse ka u tsoelang molemo. Iphe nako e lekaneng ea ho etsa lintho tsena. Haeba u bala temana eo ho leng thata hore u e utloisise, u se ke oa e feta feela. Ho e-na le hoo, sebelisa Watch Tower Publications Index kapa Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova e le hore u fumane tlhaloso ea eona. Haeba u ipha nako e lekaneng ha u ithuta, u tla kholiseha hore lintho tseo Bibele e li buang ke ’nete. (1 Bathes. 5:21) Haeba u kholisehile, u tla thabela ho bolella batho ba bang lintho tseo u ithutileng tsona. w24.04 15 ¶4-5
Sontaha, la 16 August
Ke le ngoletse hobane ke batla ho bona hore na le batho ba mamelang.—2 Bakor. 2:9.
Davida o ile a re: “Jehova, u molemo ebile u ikemiselitse ho tšoarela.” (Pes. 86:5) Mikea eena o ile a re: “Na o teng Molimo ea tšoanang le uena, ea tšoarelang liphoso le ea lebalang melato?” (Mik. 7:18) Esaia eena o ile a re: “Motho ea khopo a tlohele tsela ea hae, a tlohele ho nahana bokhopo. A ke a khutlele ho Jehova, ea tla mo hauhela, a khutlele ho Molimo oa rona hobane o tla mo tšoarela ka pelo eohle.” (Esa. 55:7) E le hore Bakreste ba phutheho ea Korinthe ba etsise Jehova, ba ne ba lokela ho amohela monna eo ea bakileng ka thabo ba be ba mo kholise hore baa mo rata. Haeba ba ne ba ka amohela monna eo, ba ne ba tla be ba bontša hore ke “batho ba mamelang.” Ke ’nete hore ho ne ho se ho fetile likhoeli tse ’maloa feela monna eo a tlositsoe ka phuthehong empa khalemelo eo e ile ea mo thusa hore a bake. Kahoo, ho ne ho sa hlokahale hore baholo ba liehe ho mo khutlisetsa ka phuthehong. w24.08 17-18 ¶12-13
Mantaha, la 17 August
E mong o tla nkoa, e mong a siuoe.—Mat. 24:40.
Re phela nakong eo ho tla etsahala lintho tse kholo. Haufinyane Jesu o tla ahlola motho e mong le e mong. Jesu o ile a re bolella ka ho hlaka hore na ho tla etsahala’ng lefatšeng pele a tlisa kahlolo. O ile a bolella balateli ba hae hore na ba tla “bona ka’ng” hore o teng le hore ‘lefatše lena lea fela.’ (Mat. 24:3) Boprofeta bona bo hlaha ho Matheu khaolo ea 24 le ea 25, Mareka khaolo ea 13 le Luka khaolo ea 21. Jesu o ile a sebelisa lipapiso tse tharo ho re lemosa. Ke papiso ea linku le lipoli, baroetsana ba bohlale le ba maoatla le ea litalenta. Lipapiso tsena li re bontša hore Jesu o tla ahlola batho ho ea ka liketso tsa bona. w24.09 20 ¶1-2
Labobeli, la 18 August
Le etse lintho tsohle ka lerato.—1 Bakor. 16:14.
Nahana ka mohlala oa rona o ka sehloohong, e leng Jesu Kreste. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e etsa, o ne a e etsa hobane a ne a rata Ntate oa hae le batho. Lerato leo le ile la mo susumeletsa hore a sebeletse ba bang ka thata a be a ba etsetse mesebetsi e neng e khelloa fatše. (Mat. 20:28; Joh. 13:5, 14, 15) Mor’abo rona, haeba le uena u etsa lintho hobane u susumetsoa ke lerato, Jehova o tla u hlohonolofatsa a be a u thuse hore u khone ho finyella lipakane tsa hao, joaloka ho tšoanelehela ho ba mohlanka ea sebeletsang. (1 Pet. 5:5) Lefatšeng, batho ba inkelang holimo ke bona ba nkoang e le ba bohlokoa. Empa eseng ka mokhatlong oa Jehova. Mor’abo rona ea susumetsoang ke lerato joaloka Jesu, ha a batle ho laola batho ba bang, kapa ho etsa hore ba bang ba mo nke eka ke oa bohlokoa. Haeba mor’abo rona ea joalo a ne a ka khethoa, o ne a ka ’na a hana ho etsa mesebetsi e khelloang fatše empa e hlokahala bakeng sa ho hlokomela linku tsa Jehova tsa bohlokoa. A ka nka mesebetsi e joalo e le tlase ebile e sa mo tšoanele.—Joh. 10:12. w24.11 15 ¶6-7
Laboraro, la 19 August
Moea o halalelang o le khethetseng hore le o lebele le be le lise phutheho ea Molimo.—Lik. 20:28.
Lefatšeng lohle, ho hlokahala bara ba bo rona ba eketsehileng ba tla sebeletsa e le “limpho.” (Baef. 4:8) Haeba u mor’abo rona ea kolobelitsoeng, na ‘ho matleng a hao ho thusa’? (Liprov. 3:27.) Na u ikemiselitse ho sebeletsa hore u tšoanelehe ho ba mohlanka ea sebeletsang? Haeba u mohlanka ea sebeletsang, na u ikemiselitse ho sebetsa ka thata hore u be moholo e le hore u thuse bana beno? Na u ka etsa liphetoho bophelong ba hao e le hore u khone ho etsa kopo ea ho ea Sekolong sa Baevangeli ba ’Muso (SKE)? Sekolo seo se tla u koetlisa e le hore u sebelisoe ke Jesu haholoanyane. Haeba u utloa eka ha u tšoanelehe, rapela Jehova. Mo kope hore a u thuse ka moea o halalelang e le hore u ka atleha ho etsa mosebetsi ofe kapa ofe oo u o fuoang ka phuthehong. (Luka 11:13) Bara ba bo rona bao Jesu a ba khethileng e le “limpho” ke bopaki ba hore o ntse a re tataisa mehleng ena ea bofelo. (Mat. 28:20) Re leboha hore ebe re na le Morena ea lerato le ea seatla se bulehileng, ea tsebang lintho tseo re li hlokang ebile o re file bara ba bo rona ho re thusa. w24.10 23 ¶16-17
Labone, la 20 August
Lintho tsa khale li ke ke tsa hopoloa.—Esa. 65:17.
Ho tla etsahala’ng ka lintho tse utloisang bahlanka ba Molimo bohloko le mathata a ba hlahelang? Lintho tseo li tla be li “lebetsoe [’me li] tla tlosoa ka pel’a mahlo a [Molimo].” (Esa. 65:16) Jehova o tla felisa mathata a rona ’me o tla etsa hore re lebale lintho tse re utloisang bohloko ka ho feletseng. Re ikutloa re khatholohile ha re le libokeng hobane ho ba libokeng ho re thusa hore re se ke ra nahana ka lintho tse re tšoenyang tse etsahalang lefatšeng lena le khopo. Hape re thusa bara le barali ba bo rona hore ba lule ba khobile matšoafo ka hore re be le lerato, thabo, khotso, mosa le bonolo e leng litholoana tse behoang ke moea o halalelang. (Bagal. 5:22, 23) Ke tlhohonolofatso e kholo hore ebe re karolo ea mokhatlo oa Molimo. Batho bohle ba tsoelang pele ho sebeletsa Jehova ba tla bona ha tšepiso ea Molimo ea hore ho tla ba le “maholimo a macha le lefatše le lecha” e phethahala. w24.04 22 ¶9-10
Labohlano, la 21 August
Ke leraba hore motho a itlame ka lepotlapotla hore o tla fa Molimo mpho Ebe ka mor’a moo, ke hona a nahanisisang ka boitlamo boo a bo entseng.—Liprov. 20:25.
Le hoja nako eo batho ba ratanang ka eona e le e monate, nako eo ke ea bohlokoa haholo hobane ba ka qetella ba nyalane. Ka letsatsi la lenyalo, monna le mosali ba ikana ho Jehova hore ba tla ratana le ho hlomphana hafeela ba ntse ba phela. Re lokela ho nahana ka hloko pele re etsa kano leha e le efe. Ka ho tšoanang, re lokela ho nahana ka hloko ha re nahana ka ho etsa kano ea lenyalo. Ha batho ba ntse ba ratana, ba tsebana haholoanyane ’me ba ka etsa qeto e nepahetseng. Ka linako tse ling ba ka etsa qeto ea ho nyalana empa ka linako tse ling ba ka etsa qeto ea hore ba arohane. Haeba ba arohana, sena ha se bolele hore ho na le ntho e phoso eo ba e entseng. Ho e-na le hoo, nako eo ba e qetileng ba tsebana e ba thusitse hore ba etse qeto e nepahetseng ea hore na ba tla nyalana kapa che. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore batho ba batlang ho ratana ba tsebe hore na morero oa ho ratana ke ofe? Ha motho ea e-s’o nyale a tseba morero oa ho ratana, a ke ke a khetha ho ratana le motho eo a sa ikemisetsang ho mo nyala. w24.05 26-27 ¶3-4
Moqebelo, la 22 August
U se ke oa soabela ho bolella batho ka Morena oa rona.—2 Tim. 1:8.
Ka linako tse ling ngoana a ka tšaba ho hlalosetsa batho ba bang seo a se lumelang. Sena se ka etsahala haeba ka tlelaseng ho buuoa ka thuto ea ho iphetola ha lintho. Hobane’ng? Matichere a ka hlalosa thuto ea ho iphetola ha lintho e le thuto ea ’nete e ke keng ea latoloa. Haeba u motsoali, u ka thusa ngoana oa hao joang hore a kholisehe hore seo a se lumelang ke ’nete? Mo kholise hore ha aa lokela ho soabela hore o lumela hore ’Mopi o teng. Hobane’ng? Le bo-rasaense ba bangata baa tseba hore bophelo ha boa itlhahela feela tjee ka mohlolo. Bo-rasaense bana ba bona bopaki ba hore ho na le motho ea bohlale ea bopileng lintho tsohle. Kahoo, ha ba lumele thutong ea hore lintho li iphetotse. Ntho e ’ngoe e ka thusang ngoana oa hao hore a matlafatse tumelo ea hae le hore a be sebete, ke hore a botse bara le barali ba bo rona hore na ba kholisitsoe ke’ng hore lintho li bopiloe. w24.12 18 ¶14-15
Sontaha, la 23 August
A fa Jesu moea o halalelang, moea oo oa etsa hore a thabe.—Luka 10:21.
Jesu o ne a lula a khothetse ha a etsa mosebetsi oa boboleli. Seo se ile sa mo thusa hore a lule a o chesehela. Ka mohlala, ho ea qetellong ea selemo sa 30, Jesu o ile a hlokomela hore batho ba bangata ba ikemiselitse ho mamela ’me o ile a ba tšoantša le tšimo e seng e loketse ho kotuloa. (Joh. 4:35) O ile a re ho barutuoa ba hae: “Kotulo e kholo.” (Mat. 9:37, 38) Hamorao o ile a boela a hatisa taba eo a re: “Kotulo e kholo . . . Le kope Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae.” (Luka 10:2) Jesu o ne a lula a kholisehile hore ho tla ba le batho ba tla mamela litaba tse monate, ’me o ne a thaba ha ba etsa joalo. Jesu o ile a thusa barutuoa ba hae hore ba lule ba cheseha ka ho ba hopotsa hore molaetsa oo ba o bolela’ng o tla thusa batho. w25.03 18-19 ¶15-16
Mantaha, la 24 August
Molimo oa ka ke lefika la ka leo ke balehelang ho lona.—Pes. 94:22.
Jehova ke setšabelo. Feela joalokaha motho a ka khona ho ipatela sefefo se matla tlas’a lefika le leholo, Jehova le eena oa re sireletsa ha re hlaheloa ke maemo a re thatafalletsang bophelo. O re thusa hore re lule re e-na le kamano e ntle le eena. Hape o re tšepisa hore lintho tse re utloisang bohloko hona joale li ke ke tsa re utloisa bohloko ka ho sa feleng. O boetse o tšepisa hore nakong e tlang o tla felisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e re tšoenyang le e re utloisang bohloko. (Ezek. 34:25, 26) Tsela e ’ngoe eo re ka etsang Jehova Setšabelo sa rona ka eona ke ka ho mo rapela. Ha re rapela, Jehova o lebela lipelo tsa rona le menahano ea rona ka ho re fa “khotso.” (Bafil. 4:6, 7) Jehova o lula a ikemiselitse ho re thusa. Re ka mo tšepa hobane “ke Lefika kamehla le mehla.” (Esa. 26:3, 4) O tla lula a le teng ho phethahatsa litšepiso tsa hae, ho utloa lithapelo tsa rona le ho re fa tšehetso eo re e hlokang. Hape re ka mo tšepa hobane le eena o tšepahalla bahlanka ba hae. (2 Sam. 22:26) A ke ke a lebala mesebetsi ea rona ’me o tla lula a re hlohonolofatsa.—Baheb. 6:10; 11:6. w24.06 27 ¶4-6
Labobeli, la 25 August
U sireletse pelo ea hao, kaha liliba tsa bophelo li tsoa ho eona.—Liprov. 4:23.
Re lokela ho ela hloko lintho tseo re li shebellang kapa tseo re li etsang ha re ithabisa. Re boetse re lokela ho ba hlokolosi ha re khetha metsoalle le hore re se ke ra qala ho nka lintho tse bonahalang kapa chelete e le lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong. Haeba re hlokomela hore lerato la rona ho Jehova le qala ho fokola, re lokela ho sebetsa ka thata hore re fetole tsela eo re nahanang ka eona le eo re etsang lintho ka eona hang-hang. (Mat. 5:29, 30) Re lokela hore re rate Jehova ka pelo eohle. Re ka ithetsa ka ho nahana hore tšusumetso e mpe e ke ke ea re lematsa haeba re phathahane ka ho sebeletsa Jehova. Ka mohlala, nahana u ntse u tsamaea ka ntle ho le moea ebile ho bata haholo. Ebe ha u fihla hae u besa mollo. U nahana hore thuso ke efe ea ho besa mollo empa u butse monyako? Kapele moea oo o batang o tla tlala ntlo. Ntlha ke efe moo? Ha se feela hore re lokela ho ja lijo tsa moea tse re thusang hore re be le kamano e mofuthu le Jehova. Empa re boetse re lokela ho hanela tšusumetso e mpe, e le hore “moea” oa lefatše lena o batang kapa boitšoaro bo se nang bomolimo bo se ke ba kena lipelong tsa rona ’me ba etsa hore re se ke ra rata Jehova ka pelo eohle.—Baef. 2:2. w24.07 21 ¶6-7
Laboraro, la 26 August
Le ’ne le rate lira tsa lona le ho rapella ba le hlorisang.—Mat. 5:44.
Re ke ke ra utloisisa ka botlalo bohloko boo Jesu a ileng a feta ho bona. Empa o ile a lula a rata Jehova le ho mo tšepahalla le hoja a ile a utloa bohloko bo bokaalo. Ho e-na le hore a lakaletse masole ao hore a fumane kotlo, o ile a a rapella a re: “Ntate, u ba tšoarele hobane ha ba tsebe hore na ba etsa’ng.” (Luka 23:34) Haeba re rapella batho ba re tšoarang hampe, seo se tla re thusa hore re lule re khobile matšoafo le hore re fokotse khalefo ea rona. Ho ka boela ha fetola tsela eo re ikutloang ka eona ka bona. Re ka ’na ra tšoaroa ka ho hloka toka pele lefatše lena le fela. Ho sa tsotellehe hore na re tobana le eng, a re se keng ra khaotsa ho rapela Jehova hore a re thuse. Ho ekeletsa moo, e se eka re ka etsisa tsela eo Jesu a ileng a sebetsana le ho tšoaroa ka ho hloka toka ka eona le ho tsoela pele re sebelisa melao-motheo ea Bibele. Ha re etsa joalo, re ka kholiseha hore Jehova o tla re hlohonolofatsa.—1 Pet. 3:8, 9. w24.11 6 ¶16; 7 ¶17, 19
Labone, la 27 August
Ha u Molimo ea thabisoang ke bobe. Ha ho na motho ea etsang lintho tse mpe ea ka lulang le uena.—Pes. 5:4.
Jehova a ke ke a re tlohela feela ha re etsa lintho tse fosahetseng. O hloile sebe. (Pes. 5:4-6) Kahoo, o lebeletse hore re mamele melao ea hae e ka Bibeleng. Empa ha se hore o lebeletse hore re be batho ba phethahetseng. (Pes. 130:3, 4) Ka nako e tšoanang, ‘batho ba sa mo rateng, ba fetolang mosa oa hae lebaka la ho ikemela ka boitšoaro ba bona bo bobe boo ba bo etsang ba sa soabe,’ bona o tla ba nkela bohato. (Juda 4) Ha se feela Bibele e reng “ho tla timetsoa batho ba sa rateng Molimo” ntoeng ea Armagedone. (2 Pet. 3:7; Tšen. 16:16) Leha ho le joalo, Jehova ha a lakatse hore mang kapa mang a timetsoe. Re ithutile hore Jehova “o lakatsa hore bohle ba bake.” (2 Pet. 3:9) Baholo ba leka ho etsisa Jehova ka hore ka mamello ba thuse baetsalibe hore ba fetole litsela tsa bona ’me ba khutlele ho Jehova. w24.08 26 ¶1-2
Labohlano, la 28 August
U bula letsoho la hao ebe u khotsofatsa lintho tsohle tse phelang.—Pes. 145:16.
Joaloka Jehova, re ka bontša batho ba bang hore rea ba rata ka ho ba thusa ka lintho tseo ba li hlokang. Ka mohlala, na u tseba Mokreste-’moho le uena ea hlokang lijo kapa liaparo? Jehova a ka u sebelisa ho mo thusa ka lintho tseo a li hlokang. Bahlanka ba Jehova ba tsebahala ka ho thusa ha ho hlahile likoluoa. Ka mohlala, nakong ea seoa sa COVID-19, bara le barali ba bo rona ba ile ba arolelana lijo, liaparo le lintho tse ling le batho ba neng ba li hloka. Ba bangata ba ile ba boela ba thusa ka hore ba fane ka menehelo mosebetsing oa lefatše lohle. Menehelo ena e ile ea thusa bara le barali ba bo rona lefatšeng lohle ba neng ba hloka thuso ka lebaka la koluoa eo. Ba ile ba sebelisa keletso e hlahang ho Baheberu 13:16 e reng: “Le se ke la lebala ho etsa lintho tse molemo le ho arolela ba bang lintho tseo le nang le tsona hobane Molimo o thabisoa ke mahlabelo a joalo.” w24.09 27 ¶6-7
Moqebelo, la 29 August
Lemoha hore na lintho tsa bohlokoa haholo ke life.—Bafil. 1:10.
Nahana ka boemo bona. U ntse u batla mosebetsi e le hore u hlokomele lelapa la hao ’me ho na le mesebetsi e ’meli. U nahana ka lintlha tse eketsehileng tse kang hore na ke mosebetsi oa mofuta ofe, u tl’o sebetsa nako e kae, ho tl’o u nka nako e kae hore u fihle mosebetsing le lintlha tse ling. Mesebetsi ena ka bobeli ha e hanane le melao-motheo ea Bibele. Mohlomong u batla mosebetsi o mong ho feta o mong hobane e le mosebetsi oo u o ratang kapa o patalang haholo. Leha ho le joalo, ho na le lintlha tse ling hape tseo u lokelang ho nahana ka tsona pele u nka qeto. Ka mohlala, na o mong oa mesebetsi eo o tla u sitisa ho ea libokeng? Na o mong oa mesebetsi eo o tla u sitisa hore u hlokomele lelapa la hao maikutlong le moeeng? Ho ipotsa lipotso tsena ho tla u thusa hore u lemohe “lintho tsa bohlokoa haholo,” e leng borapeli ba hao le litlhoko tsa lelapa la hao, ho e-na le ho batla ho etsa chelete e ngata. Joale u tla khona ho etsa qeto eo Jehova a tla e hlohonolofatsa. w25.01 17 ¶11-13
Sontaha, la 30 August
Jehova o haufi le bao lipelo tsa bona li utloileng bohloko.—Pes. 34:18.
Kholiseha hore Jehova oa u rata ebile o u nka u le bohlokoa le haeba batho ba bang ba kile ba u tšoara hampe. Haeba u utloa u ‘khathetse matla,’ u hopole hore Jehova o ile a bona hore pelo ea hao e ntle eaba o u hulela ho eena. (Joh. 6:44) O u rata haholo! kahoo, o ikemiselitse ho u thusa ka linako tsohle. Re ka tseba hore na Jehova o ikutloa joang ka hore re ithute mohlaleng oa Jesu. Ha Jesu a ne a le lefatšeng o ne a tsotella batho ba neng ba khelloa fatše a bile a ba tšoara ka mosa. (Mat. 9:9-12) Ka lekhetlo le leng mosali e mong ea kulang haholo o ile a tla ho Jesu, a tšoara seaparo sa hae a tšepa hore o tla fola eaba Jesu oa mo tšelisa a ba a mo babatsa ka lebaka la tumelo ea hae. (Mar. 5:25-34) Ha re bona Jesu ho tšoana le ha re bona Jehova hantle. (Joh. 14:9) Kahoo, u ka kholiseha hore Jehova o u nka u le oa bohlokoa ebile o bona lintho tse ntle tseo u li etsang, oa bona hore u lumela ho eena ebile oa mo rata. w24.10 7 ¶4-5
Mantaha, la 31 August
U bokelle likeleli tsa ka ka lekukeng la hao.—Pes. 56:8.
Davida o ile a tobana le maemo a thata bophelong a ileng a etsa hore a lle. O ne a hlouoe ke batho ba bangata. Metsoalle ea hae e meng le litho tse ling tsa lelapa ha lia ka tsa mo tšepahalla ’me li ne li batla ho mo lematsa. (1 Sam. 19:10, 11; 2 Sam. 15:10-14, 30) Nakong eo e thata haholo, o ile a re: “Ke khathetse ka lebaka la ho lula ke lla. Bosiu bohle ke kolobisa bethe ea ka ka likeleli. Setulo sa ka se tletse metsi ka lebaka la meokho ea ka.” (Pes. 6:6) Le hoja Davida a ne a kopana le mathata a mangata bophelong, o ne a kholisehile hore Jehova oa mo rata. O ile a re: “Jehova o tla utloa sello sa ka.” (Pes. 6:8) Mantsoe a temana ena a bontša ka ho hlaka hore Jehova oa re rata ebile oa tsotella hore na re ikutloa joang. Davida o ne a utloa eka Jehova o ntse a bokella likeleli tsa hae ka lekukeng a bile a li ngola ka bukeng. O ne a kholisehile hore Jehova oa bona ebile o hopola matšoenyeho a hae. O ne a boetse a kholisehile hore Ntate oa hae ea lerato ea leholimong, o bona mathata a hae le hore o hlokomela tsela eo a ikutloang ka eona. w24.12 22 ¶11-12