Lipotso tse Tsoang ho Babali
◼ Ha motho a shoa, na ho loketse hore Bakreste ba fe litho tsa lelapa la mofu lipalesa kapa ba romele lipalesa lehaeng la mofu?
Linaheng tse ling ho etsa joalo ke tloaelo. Empa ho sebelisa lipalesa lepatong ka linako tse ling ho ’nile ha amana le bolumeli. Ka baka leo a re hlahlobeng taba ena ka ho felletseng, haholo-holo kaha ho na le meetlo e meng eo ho bonahalang hore e na le kamano e tšoanang le bolumeli ba bohata. Hlokomela litlhaloso tse tsoang ho The Encyclopedia of Religion (1987):
“Lipalesa li amana le sebaka se halalelang ka baka la ho kopana ha tsona le melimo le melimotsana. Flora, molimotsana oa Maroma oa nako ea selemo le lipalesa, o tlisa botle le monko o monate lipaleseng . . . Melimo e ka ’na ea thabisoa le ho rapeloa . . . ka ho fuoa lijo le lipalesa.
“Kamano ea lipalesa le mekete ea lefu e teng lefatšeng lohle. Magerike le Maroma a ne a koahela bafu le mabitla a bona ka lipalesa. Japane liphefumolohi tsa Mabuddha a shoang li phahamisetsoa holimo li behiloe holim’a mohalalitoe ’me majoe a mabitla a ka ’na a behoa holim’a mehalalitoe . . . Matahiti a beha lipalesa tse lika-likelitsoeng ka li-fern pel’a setopo ka mor’a lefu ’me a tšela setopo ka linōko tse entsoeng ka lipalesa ho se nolofalletsa hore se fetele bophelong bo halalelang ka mor’a lefu . . . Ho ka etsahala hore mohlomong lipalesa li be teng linakong tse halalelang ka sebōpeho sa libano kapa linōko.”
Bakreste ba bang ka ho hlokomela hore lipalesa li ’nile tsa sebelisoa kamanong le borapeli ba bohata ba bile le maikutlo a hore ha baa lokela ho fana ka tsona kapa ho li romela lepatong. Maikutlo a bona a ka ’na a boela a bontša takatso ea ho qoba meetlo ea lefatše kaha balateli ba Jesu ha baa lokela ho ba “karolo ea lefatše.” (Johanne 15:19, NW) Leha ho le joalo, taba ena e itšetlehile ka litemana tsa Bibele tse amanang le eona le se lumeloang sebakeng ka seng.
Lipalesa ke karolo ea limpho tse molemo tsa Molimo bakeng sa ba phelang hore ba thabele bophelo. (Liketso 14:15-17; Jakobo 1:17) Lipalesa tseo a li entseng li ’nile tsa sebelisoa borapeling ba ’nete. Kantelara e neng e le ka tabernakeleng e ne e khabisitsoe ka “lipalesa tsa alomonde . . . le lipalesa.” (Exoda 25:31-34, NW) Litšoantšo tsa tempele tse betliloeng li ne li akarelletsa meqhaka ea lipalesa le lifate tsa palema. (1 Marena 6:18, 29, 32) Ka ho hlakileng, tšebeliso ea bohetene ea lipalesa kapa meqhaka ea lipalesa e ne e sa bolele hore ka mehla barapeli ba ’nete ba lokela ho qoba ho li sebelisa.—Liketso 14:13.
Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka taba e batsi haholoanyane ea ho etsa meetlo, joaloka meetlo ea lepato? Bibele e bua ka meetlo e mengata, eo e meng ea eona e sa lokelang bakeng sa barapeli ba ’nete, ’me e meng e lateloa ke batho ba Molimo. Marena a Pele 18:28 e bua ka “mokhoa” oa barapeli ba Baale oa ho “hoeletsaka ’me ka mokhoa oa bona, ba itlhabaka”—e leng moetlo oo barapeli ba ’nete ba ke keng ba o latela. Ka lehlakoreng le leng, Ruthe 4:7 (NW) e etsa tlhahiso ea hore ho se ke ha nyatsoa “moetlo oa linakong tse fetileng Iseraeleng o mabapi le [mokhoa oa ho sebelisa] tokelo ea ho rekolla.”
Meetlo e amohelehang ho Molimo e ka ’na ea simoloha esita le litabeng tsa bolumeli. Ha Molimo o fana ka litaelo tsa mokhoa oa ho keteka Paseka, ha aa ka a bua ka tšebeliso ea veine, empa lekholong la pele la lilemo ho sebelisa likopi tsa veine ho ne ho tloaelehile. Jesu le baapostola ba hae ha baa ka ba hana moetlo ona oa bolumeli. Ba ile ba fumana hore ha o na phoso, ’me ba ile ba o latela.—Exoda 12:6-18; Luka 22:15-18; 1 Ba-Korinthe 11:25.
Ho joalo le ka meetlo e meng ea mapato. Moetlo oa Baegepeta e ne e le ho tšela setopo ka linōko. Mopatriareka ea tšepahalang Josefa ha a ka ba a bua tjena, ‘ona ke moetlo oa bohetene, kahoo Baheberu ba lokela ho o qoba.’ Ho e-na le hoo, o ile a “laela lingaka tse mo sebeletsang hore li noke ntat’ae,” ho totobetse hore lebaka e ne e le hore a ka patoa Naheng e Tšepisitsoeng. (Genese 49:29–50:3) Hamorao Bajode ba ile ba qala meetlo e fapaneng ea lepato e kang ho hlatsoa setopo le ho se epela letsatsing leo motho a shoeleng ka lona. Bakreste ba pele ba ile ba amohela meetlo e joalo ea Bajode.—Liketso 9:37.
Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba ho hlokomeloa hore moetlo oa lepato o na le moelelo o thehiloeng phosong e itseng ea bolumeli, e joaloka tumelo ea hore sephefumolohi ha se shoe? Hopola hore ho latela buka e ’ngoe ea boitsebiso ba bang “ba siea lipalesa tse lika-likelitsoeng ka li-fern pel’a setopo ka mor’a lefu ebe ba tšela senōko sa lipalesa holim’a setopo ho se nolofalletsa ho fetela bophelong bo halalelang ka mor’a lefu.” Hore feela ho na le moetlo o joalo ha ho bolele hore bahlanka ba Molimo ba tlameha ho qoba ntho efe le e fe e tšoanang le eo. Joalokaha Bajode ba ne ba sa lumele taba ea “ho fetela bophelong bo halalelang ka mor’a lefu,” Bibele e re: “Ba nka setopo sa Jesu, ba se phuthela ka masela hammoho le linoko, ka mokhoa oo ba-Jode ba epelang ka oona.”—Johanne 12:2-8; 19:40.
Bakreste ba lokela ho qoba litloaelo tse sa lumellaneng le ’nete ea Bibele. (2 Ba-Korinthe 6:14-18) Ho ntse ho le joalo, nakong e itseng kapa sebakeng se itseng mefuta eohle ea lintho tse sebelisoang, litšoantšo, le litloaelo, li ’nile tsa fuoa tlhaloso e fosahetseng kapa li ’nile tsa amahanngoa le lithuto tseo e seng tsa mangolo. Ho ’nile ha rapeloa lifate, ntho e nang le sebōpeho sa pelo e ’nile ea talingoa e halalela, le libano li ’nile tsa sebelisoa meketeng ea bohetene. Na see se bolela hore ha ho mohla Mokreste a ka sebelisang libano, a khabisa ka lifate, kapa a roala mabenyane a nang le sebōpeho sa pelo?a Eo hase qeto e nepahetseng.
Mokreste oa ’nete o lokela ho ipotsa: Na ho latela moetlo o itseng ho tla etsa hore ba bang ba nahane hore ke amohetse tumelo eo eseng ea mangolo kapa mekhoa? Nako le sebaka li ka ba le tšusumetso e itseng karabelong ea hao. Moetlo (kapa setšoantšo) e ka ’na eaba o ne o amana le bolumeli ba bohata lilemong tse likete tse fetileng kapa o ka ’na oa amana le bona kajeno naheng e itseng e hōle. Empa ho e-na le ho etsa lipatlisiso tse senyang nako, ipotse: ‘Maikutlo a tloaelehileng sebakeng seo ke lulang ho sona ke afe?’—Bapisa le 1 Ba-Korinthe 10:25-29.
Haeba ho tsebahala hantle hore moetlo o itseng (kapa setšoantšo se kang sefapano) o na le moelelo oa bolumeli ba bohata, o qobe. Kahoo Bakreste ba ne ba ke ke ba romela lipalesa tse lokisitsoeng ka tsela eo ka eona li nang le sebōpeho sa sefapano, kapa pelo e khubelu haeba seo se talingoa se e-na le moelelo oa bolumeli sebakeng ka seng. Kapa ho ka ’na ha ba le tsela e tloaelehileng eo lipalesa li sebelisoang ka eona lepatong kapa setšeng sa mabitla e nang le moelelo oa bolumeli. Le sona seo Mokreste o lokela ho se qoba. Leha ho le joalo, hoo ha ho bolele hore ho fana feela ka lipalesa lepatong kapa ho li fa motsoalle ea leng sepetlele ho tlameha ho talingoa e le ketso ea bolumeli kapa ho lokela ho qojoa.b
Ho fapana le seo, linaheng tse ngata moetlo oa ho fana ka lipalesa o atile ’me o talingoa e le ho bontša mosa ka tsela e loketseng. Lipalesa li ka tlatsetsa botleng ’me li ka etsa hore motho ea leng masoabing a hlasimolohe. Li boetse li bontša kutloelo-bohloko le kameho. Sebakeng se seng moetlo e ka ’na ea ba ho bontša boikutlo bo joalo ka ho fana, joaloka ho fa ba kulang kapa ba lahlehetsoeng ke moratuoa lefung lijo. (Hopola lerato leo batho ba neng ba le bontša Dorkase hobane a ne a bontša thahasello ea hae le kameho bakeng sa batho ba bang. [Liketso 9:36-39]) Ka ho hlakileng, ho etsa sena ha ho amane le litumelo tsa bohata, ba bang ho Lipaki tsa Jehova ba tloaetse ho fana ka lipalesa tse hlasimollang ho motsoalle ea kulang kapa ea hlahetsoeng ke lefu. ’Me ka bomong ba ka ’na ba bontša thahasello ea bona le boikutlo ka liketso.—Jakobo 1:27; 2:14-17.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bahetene ba ’nile ba sebelisa libano tsa lipalesa meketeng ea bona, empa ho ne ho sa fosahala hore batho ba Molimo ba sebelise libano borapeling ba ’nete. (Exoda 30:1, 7, 8; 37:29; Tšenolo 5:8) Bona hape le sehlooho “Are They Idolatrous Decorations?” ho Awake! ea December 22, 1976.
b Litakatso tsa lelapa li lokela ho nahaneloa, hobane ba bang ba etsa hore ho tsejoe hore ho e-na le ho ba romella lipalesa ba lakatsang ho li romela ba ka etsa monehelo phuthehong kapa mokhatlong o itseng o thusang ba hlokang.