Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Tšebelisano le Meea e Mebe
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
    • ‘Apara lihlomo tsohle tsa Molimo’ tse hlalositsoeng ho Ba-Efese 6:10-18 ’me u chesehele ho boloka karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona e le boemong bo botle.

  • Tsoho
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
    • Tsoho

      Tlhaloso: A·naʹsta·sis, lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “tsoho,” le bolela “ho ema hape” ’me le bua ka ho tsoha bafung. Tlhaloso e utloahalang haholoanyane “tsoho ea bafu” e sebelisoa khafetsa ka Mangolong. (Matt. 22:31; Lik. 4:2; 1 Ba-Kor. 15:12) Seheberu ke techi·yathʹ ham·me·thimʹ, e bolelang “ho phelisoa hape hoa bafu.” (Matt. 22:23, botlaaseng ba leqephe, khatisong ea Litšupiso ea NW) Tsoho e akarelletsa ho tsosolosoa hoa mokhoa oa bophelo oa motho, mokhoa oa bophelo oo Molimo o o bolokileng mohopolong oa oona. Ho latela thato ea Molimo bakeng sa motho ka mong, motho o tsosetsoa bophelong ba botho ba nama kapa ba ’mele oa moea empa leha ho le joalo a ntse a itseba, a e-na le botho le mehopolo joaloka pele a e-shoa. Tokisetso ea tsoho ea bafu ke pontšo e hlollang ea mosa o sa tšoanelang oa Jehova; e bontša bohlale le matla a hae ’me ke ka eona morero oa hae oa mathomo mabapi le lefatše o tlang ho ntšetsoa pele.

      Na tsoho ke ho kopanngoa hoa moea (soul) o se nang ’mele le ’mele oa nama?

      Haele hantle hore hona ho etsahale, batho ba ne ba tla tlameha hore ba be le moea (soul) o se nang ’mele o ka arohanang le ’mele oa nama. Bibele ha e rute ntho e joalo. Maikutlo ao a ile a alingoa bohlaleng ba Bagerike. Thuto ea Bibele e mabapi le moea (soul) e thathamisitsoe maqepheng 312-315. Bakeng sa bopaki ka ho re na tumelo ea Bokreste-’mōtoana ea moea (soul) o se nang ’mele, o sa shoeng e qalehile hokae, bona maqephe 316, 317.

      Na Jesu o tsositsoe ka ’mele oa nama, hona na o na le ’mele o joalo hona joale leholimong?

      1 Pet. 3:18: “Kreste o na a utloisoe bohloko hang ka baka la libe; eena ea lokileng o bolaetsoe bakhopo, hore a tsebe ho re tlisa ho Molimo; o shoele ka nģeng ea nama, empa o phelisitsoe ka nģeng ea moea [“ka nģeng ea moea (spirit),”

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela