Ke Mang ea Lokelang ho Etsa Qeto ka Boholo ba Lelapa?
KA MONGOLLI OA TSOHA! BRAZIL
LE LE matsatsi a mararo feela, lesea la moshemane le ile la siuoa ka har’a mokotlana oa polasetiki seteisheneng sa literene tse tsamaeang ka tlas’a lefatše. Empa koranta e ’ngoe ea Brazil e hlokometse hore malapa a ’maloa a ile a ithaopela ho thola lesea lena.
Le hoja ketsahalo ea mofuta oo ka ho khetheha e sa tloaeleha, palo ea bana ba sa batleheng le ba lahloang lefatšeng ho pota ea eketseha. Hangata batsoali ba nang le boikarabelo baa haella. Na ho thibela kemolo ke tharollo? Na ho fosahetse ha motho a rera boholo ba lelapa la hae?
Ho latela World Health Organization, hoo e ka bang karolo ea 50 lekholong ea liketsahalo tsa ho ima lefatšeng ka bophara ke ho sa reroang. Hangata hase feela hore ho ima ha hoa reroa empa ho boetse ha ho batlehe.
Ba bangata ba leka ho qoba ho ima, mohlomong ka lebaka la mathata a bophelo, bolulo, kapa a mosebetsi. Kahoo, mekhoa e thibelang kemolo, e kang lipilisi tse thibelang pelehi kapa lik’hondomo, e tloaelehile. Ho ntša mpa le ho inyopisa le tsona li sebelisoa e le mekhoa e meng ea ho thibela pelehi. Tabeng ea ho ntšoa ha limpa Brazil, koranta ea O Estado de S. Paulo ea tlaleha: “World Health Organization e hakanya hore selemo le selemo basali ba limilione tse 5 ho ba limilione tse 13 ba imang Brazil ba ntša limpa ka sekhukhu.” Hape, makasine ea Time e tlalehile hore karolo ea 71 lekholong ea basali ba Brazil ba lilemong tsa ho ba le bana ba lulang le balekane ba bona ba sebelisa mekhoa ea ho thibela pelehi. Ho bana, karolo ea 41 lekholong e sebelisa lipilisi ’me karolo ea 44 lekholong e nyopisitsoe.
Phuputso e bontša hore karolo ea 75 lekholong ea baahi ba Brazil e nahana hore ke habohlokoa ho rera lenane la bana. Ba bang ba hana thero ea malapa hobane ba lumela hore lintho li reriloe esale pele kapa hobane ba nahana hore ke thato ea Molimo hore lelapa le be le ‘bana ba bangata kamoo Molimo a ba romelang kateng.’ Ke mang ea lokelang ho etsa qeto ka boholo ba lelapa—lithahasello tsa banyalani kapa tsa sechaba kapa tsa bolumeli?
Ho Thibela Pelehi—Ke Hobane’ng ha ho Tsosa Khang?
Le hoja e lumella mokhoa oa ho thibela pelehi oa tlhaho, Kereke ea Roma e K’hatholike, bolumeli bo boholo ka ho fetisisa Brazil, e hanyetsa mekhoa ea ho thibela kemolo, ebang ke e ntšang mpa kapa che. Mopapa Paul VI o ile a bolela: “Ketso e ’ngoe le e ’ngoe e amanang le likamano tsa lenyalo e [lokela ho] bulehela ho fetisa bophelo.” Mopapa John Paul II o ile a re: “Ho thibela kemolo, ha ho hlahlobisisoa hantle, ho khahlanong le molao ka ho feletseng hoo le ka mohla, tlas’a mabaka leha e le afe, ho ke keng ha lokafatsoa.” Ka lebaka leo, Mak’hatholike a mangata a tsila-tsila ho lekanyetsa boholo ba malapa a ’ona, a nka hore ho thibela kemolo ke sebe.
Ka lehlakoreng le leng, koranta ea bongaka Lancet ea phatlalatsa: “Ba limilione ba tla qeta bophelo bohle ba bona ba sa ruteha, ba hloka mesebetsi, ba se na bolulo bo botle ’me ba sa fumane litšebeletso tsa motheo bakeng sa bophelo bo botle, boiketlo le bohloeki, ’me ho eketseha ho sa laoloeng ha baahi ke hona ho ka sehloohong ho bakeng maemo ana.” Ka lebaka la ho tšaba sepenya sa baahi le bofutsana, mebuso e meng e khothalletsa thero ea malapa, le hoja kereke e hanyetsa. Ka mohlala, setsebi sa baeloji Paul Ehrlich o re: “Costa Rica e fokolitse karolelano ea bana [lelapeng ka leng] ho tloha ho ba 7 ho ea ho ba 3.”
Khatiso ea Machaba a Kopaneng e reng Facts for Life—A Communication Challenge ea bolela: “Ka mor’a hore mosali a be le bana ba bane, ho tsoela pele a ima ho beha bophelo bo botle ba ’mè hammoho le ba ngoana kotsing ka ho eketsehileng. Haholo-holo haeba nakong e fetileng bana ha baa ka ba sieana ka lilemo tse fetang tse peli lipakeng, ’mele oa mosali o ka sohlokeha habonolo ke ho ima khafetsa, ho beleha, ho nyantša le ho hlokomela bana ba banyenyane.”
Malapa a maholo a ntse a atile moo ho shoa ha masea ho ntseng ho phahame, haholo-holo libakeng tsa mahae tsa Afrika, Asia le Latin America. Hobane’ng? Ba bangata ha ba e-s’o tloaelane le mekhoa ea ho thibela kemolo. Libakeng tse ling mohlomong lebaka le leng ke hore, joalokaha moetsi e mong oa molao a ile a bolela, “monna o ntse a italima e le monna oa sebele hafeela mosali oa hae a ima selemo se seng le se seng.” Jornal da Tarde e bolela lebaka le leng le ka ’nang la tlatsetsa, haholo-holo ho latela pono ea mosali: “Bana ke o mong oa mehloli ea bona e ikhethang ea thabo ’me ba tlisa boikutlo ba botho ba ho finyella ho itseng.” Hape, Paulo Nogueira Neto, eo e kileng ea e-ba mongoli oa tikoloho Brazil, o ile a bolela: “Ngoana ke letsete sechabeng se futsanehileng.”
Seo Bibele e se Bolelang
Na u ne u tseba hore Lentsoe la Molimo, Bibele, le ho siela monna le mosali ho etsa qeto ka boholo ba lelapa? Le boetse le bontša hore lenyalo le loketse, ebang ke bakeng sa ho hlahisa bana kapa bakeng sa ho bontša kameho e lerato ka ho ba le likamano tsa botona le botšehali ka mokhoa o hlomphehang.—1 Bakorinthe 7:3-5; Baheberu 13:4.
Empa na Molimo ha aa ka a bolella Adama le Eva Paradeiseng hore “ngatafalang, le ate, le tlale lefatšeng”? (Genese 1:28) E, leha ho le joalo ha ho letho ka Bibeleng le bontšang hore re tlas’a taelo e tšoanang kajeno. Mongoli Ricardo Lezcano o ile a supa hore: “Ho bonahala e le ntho e ikhanyetsang ho sebelisa ho batho [ba limilione tse likete] molao o tšoanang o ileng oa sebelisoa ho baahi ba babeli feela lefatšeng.” Esita le haeba qeto ke ho se be le bana ka ho feletseng, ena ke khetho ea botho e lokelang ho hlomphuoa.
Ka ho thahasellisang, New Catholic Encyclopedia ea hlokomela hore pono ea Lipaki tsa Jehova e thehiloe Bibeleng. Ea bolela: “Ntle ho mekhoa ea ho thibela pelehi, eo li e tlohellang ho ba qeto ea banyalani, boitšoaro ba tsona lenyalong le likamanong tsa botona le botšehali e hlile ke bo sa thekeseleng.” Ea eketsa: “Li talima Bibele e le eona feela mohloli oa tumelo le tekanyetso ea tsona ea boitšoaro.”
Na mekhoa eohle ea ho lekanyetsa boholo ba lelapa e loketse? Che. Kaha bophelo boa halalela, Molao oa Molimo ho Iseraele o ile oa laela hore motho ea etsang hore mpa e senyehe a tšoaroe joaloka ’molai. (Exoda 20:13; 21:22, 23) Tabeng ea ho inyopisa, joaloka ho koaloa ha methapo e fetisang peō ea botona, qeto ke ea letsoalo la motho, kaha sena ha ho moo se boleloang ka ho toba ka Bibeleng. “E mong le e mong o tla jara mojaro oa hae.” (Bagalata 6:5)a ’Me kaha ho na le mekhoa e sa tšoaneng ea ho thibela pelehi, tataiso ea bongaka e ka thusa banyalani ho etsa qeto ea hore na ba rata ho sebelisa o itseng ka ho khetheha kapa che.
Etsa Liqeto Tseo U ka li Phelelang
Hase ntho e ’ngoe le e ’ngoe bophelong e ka reroang. Empa na u ka reka koloi kapa ntlo ntle le ho nahana ka ho teba ka se amehang? Koloi kapa ntlo li ka boela tsa rekisoa, empa bana ba ke ke ba khutlisoa. Kahoo, ha ho reroa boimana, na monna le mosali ha baa lokela ho nahanela matla a bona a ho fana ka litlhoko tsa bophelo?
Ka sebele, re ke ke ra rata hore malapa a rōna e be a sa fepehang hantle, leha e le ho batla ho ba moroalo ho ba bang. (1 Timothea 5:8) Ka nako e tšoanang, ntle ho lijo le bolulo, bana ba hloka thuto, litekanyetso tsa boitšoaro le lerato.
Ho phaella ho hlahlobeng se hlokahalang tabeng ea mosebetsi, chelete le mamello, bophelo ba mosali bo lokela ho nahaneloa. Ho siea nako e loketseng ea ho hlahlamisa bana ka bohlale ho boloka bophelo ’me ho tlatsetsa bophelong bo molemo ba ’mele. Facts for Life e re: “E ’ngoe ea litsela tse sebetsang ka ho fetisisa tsa ho fokotsa likotsi tsa boimana le pelehi ho ’mè hammoho le ho ngoana ke ho rera ho siea nako lipakeng tsa bana. Likotsi tsa ho ba le bana li khōlō haholo ha ’mè ea lebeletseng ngoana a le ka tlaase ho lilemo tse 18 kapa a le ka holimo ho lilemo tse 35, kapa e bile moimana ka makhetlo a mane kapa ho feta nakong e fetileng, kapa haeba ho bile le lekhalo la nako e ka tlaase ho lilemo tse peli ka mor’a ho ba le ngoana oa ho qetela.”
Banyalani ba nahanang ka ho ba le bana ba lokela ho hlokomela hore, joalokaha Bibele e boletse esale pele, re pota-potiloe ke lefatše le tletseng tlōlo ea molao, tlala, ntoa le ho se tsitse ha moruo. (Matheu 24:3-12; 2 Timothea 3:1-5, 13; Tšenolo 6:5, 6) Lerato la sebele ho bana le tla thusa banyalani ho talima lintho ka tsela ea sebele mabapi le lefatše leo re phelang ho lona, ba hlokomela hore ho hōlisa bana mehleng ea rōna ke phephetso e khōlō. Kahoo ho e-na le ho lumella lintho ho iketsahalla feela ka botsona le ho ba le bana ba bangata ba itlhahelang thoboloko feela ka tšepo ea hore lintho tsohle li tla loka, ba bangata ba khetha ho itherela hore na malapa a bona a tla ba maholo hakae e le hore bana ba bona ba tle ba thabele thabo le tšireletseho tse khōloanyane.
Ntle le ho re thusa ho etsa liqeto tse bohlale litabeng tsa malapa, Lentsoe la Molimo le re fa tšepo e tiileng ea ka moso. Bibele e bontša hore morero oa ’Mōpi bakeng sa batho ke hore ba phele ka ho sa feleng ka khotso le thabo lefatšeng la paradeise. Ho finyella sena, haufinyane Molimo o tla felisa tsamaiso ena e khopo ea lintho. Joale, lefatšeng le lecha la ho loka le lokolohileng bofutsaneng le sepenyeng sa baahi, bana ba ke ke ba hlola ba lahloa hobane ba sa batlehe.—Esaia 45:18; 65:17, 20-25; Matheu 6:9, 10.
Ka ho hlakileng, ho nahanelana le ho nahanela bana, haesita le ho ba le pono e leka-lekaneng ka ho hlahisa bana, ho tla thusa banyalani ho etsa qeto ka boholo ba lelapa la bona. Ho e-na le ho lumella lintho ho inkela tsela ea tsona, ba lokela ho batla tataiso ea Molimo ka thapelo. “Hlohonolo la [Jehova, NW] le entša motho, ha ho masoabi ao le a tlisang.”—Liproverbia 10:22, BPN.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Bana ba limilione ba lahliloe
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Bana ba hloka tlhokomelo e lerato