Molimo o Rera Hore Motho a Thabele Bophelo Paradeiseng
“Eaba Jehova Molimo o nka motho, a ’mea tšimong ea Edene, ho e lema le ho e lebela.”—GENESE 2:15.
1. Morero oa ’Mōpi qalehong e ne e le ofe mabapi le batho ba utloang?
E NE e le morero oa ’Mōpi qalehong, ’me e sa ntsane e le morero oa hae, hore batho ba utloang ba thabele bophelo ho se mohla ba tsofalang, ka mehla ba tletse sehlahlo sa bocha, ba lokolohile ho teneheng, ka mehla ba e-na le morero oa bohlokoa oo ba ka o phethang, bophelo ba ho rata le ho ratoa ka tsela ea ’nete, e se nang boithati, ka ho phethahetseng—paradeiseng!—Genese 2:8; bapisa Luka 23:42, 43.
2. (a) E tlameha e be ho ile ha etsahala joang ha motho oa pele a qala ho ikutloa? (b) Motho oa pele o bōpiloe neng, hokae, hona e le ka nako efe ea selemo?
2 Ho hlokomela seo, talima morao ho Adama ea sa tsoa bōptjoa, ha a qala ho ikutloa, ha a hlahloba ’mele oa hae le sohle seo a neng a se bona le seo a neng a se utloa le seo a neng a se thetsa hohle ka thōko ho eena, ha a hlokomela ka lekhetlo la pele hore oa phela! Sena se etsahetse lilemong tse ka bang 6 000 tse fetileng, selemong sa 4 026 pele ho Mehla e Tloaelehileng ea rōna, ho latela mokhoa oa ho bala nako o fanoeng ka Bibeleng e Halalelang. Se etsahetse tikolohong ea naha eo kajeno e tsejoang e le Turkey, kapa karolong e ka boroa-bophirimela ea se bitsoang Asia kajeno, kae-kae mathōkong a Nōka ea Eufrate le Nōka ea Tigris, ’me ka hona ke karolong e ka leboea ea qitikoe ea rōna lefatše. Nako e ne e ka ba la 1 Mphalane, kaha boholo ba lialmanaka tsa batho tsa boholo-holo li ne li qala ho bala nako haufinyane le letsatsi leo.
3. (a) Motho oa pele o ne a le boemong bofe ha a qala ho phela? (b) Lebitso la motho oa pele e ile ea e-ba lefe, hona le ne le bolela eng?
3 Motho oa pele o qalile ho phela a hōlile ka ho felletseng, a bōpehile ka mokhoa o phethahetseng, a e-na le bophelo bo phethahetseng, a e-na le boitšoaro bo phethahetseng. Lebitso leo a le fuoang khafetsa tlalehong ea Bibele le re hlokomelisa ntho eo a bōpiloeng ka eona. Lebitso la hae e ne e le ’A·dhamʹ.a Lefatše, kapa mobu, leo a neng a bōpiloe ka se tsoang ho lona le ne le bitsoa ’a·dha·mahʹ. Kahoo ho ka ’na ha boleloa hore lebitso la hae le bolela “Motho oa Lefatše.” Lena e ile ea e-ba lebitso la botho la motho enoa oa pele—Adama. E tlameha e be e ile ea e-ba ho hlasimollang hakaakang ho Adama ha a qala ho phela, a fetoha motho ea ikutloang, ea bohlale!
4. Ke ho falimehela bophelong hofe ho makatsang hoo motho oa pele a sa kang a ba le hona, kahoo e ne e se mora oa eng?
4 Ha motho enoa oa pele, Adama, a qala ho phela, a falimeha hore a ikutloe ka mokhoa o bohlale, ’me a tutubolla mahlo a hae, ha aa ka a iphumana a robetse sefubeng se boea, a sikiloe ke liphaka tse matla tse telele tsa sebopuoa se seng se kang tšoene e tšehali, a se mamaretse ’me a qethohile a se shebile ka mahlong ’me ka kameho e lerato a se bitsa ’Mè. Motho oa pele, Adama, ha aa ka a falimehela bophelong ka tsela e makatsang joalo. Ha aa ka a ikutloa a e-na le kamano ea nama le tšoene, esita le hamorao ha a qala ho e bona. Letsatsing leo a bōpiloeng ka lona, ho ne ho se letho le bontšang hore e ne e le setloholo, setloho-tloholoana, sa tšoene kapa sa sebopuoa leha e le sefe se kang seo. Empa, na motho oa pele, Adama, o ne a tla sala a emisitsoe hlooho ke hore na o bile teng joang? Che.
5. Ke eng eo Adama a neng a e tseba ka tieo mabapi le serapa sa hae sa lipalesa le eena ka boeena?
5 Hoa utloahala hore e ka ’na eaba o ile a emisoa hlooho ke hore na lintho tsohle tse ntle tseo a neng a li bona li bile teng joang. O ile a iphumana a le ka har’a serapa se setle sa lipalesa, paradeise eo a neng a sa e qapa, a sa e etsa, le ho e hlophisa. See se bile teng joang? E le motho ea bohlale ka mokhoa o phethahetseng, ea nahanang, o ne a tla batla ho tseba. O ne a sa ka a ba le phihlelo ea letho pele ho moo. O ne a tseba hore e ne e se motho ea ikentseng, ea ikhōlisitseng. O ne a sa tsohela boemong bona ka boiteko ba hae.—Bapisa Pesaleme ea 100:3, NW; 139:13, 14.
6. Mohlomong Adama o ne a tla itšoara joang ka hore e be o phela lehaeng le phethahetseng lefatšeng?
6 E ka ’na eaba motho oa pele, Adama, tšimolohong o ile a thabisoa haholo ke phihlelo ena ea mathomo ea ho phela ka thabo lehaeng le phethahetseng la lefatše hoo a neng a sitoa ho nahana hore na o tsoa hokae hona hobane’ng. Ho ne ho se seo a ka se etsang haese ho etsa litlatse tsa thabo. O ile a fumana mantsoe a tsoa molomong oa hae. O ile a ikutloa a bua ka puo ea batho, a hlalosa lintho tse ratehang tseo a neng a li bona a bile a li utloa. Ho ne ho le monate hakaakang ho phela serapeng see sa Paradeise! Empa ha ka thabo a ntse a ipokellela boitsebiso bo tsoang linthong tseo a li bonang, melumong, linthong tseo a li fofonelang, le linthong tse mo thetsang, o ne a tla susumelletseha ho nahana ka tsela e itseng. Ho rōna, ha re ne re ka behoa maemong ao a neng a le ho ’ona, ho ne ho tla ba le sephiri mabapi le ntho eo eohle, sephiri seo re neng re ke ke ra se rarolla ka borōna.
Ha ho Sephiri ka ho ba Teng ha Motho
7. Ke hobane’ng ha Adama a sa ka a emisoa hlooho ka nako e telele ke ho iphumana a phela a bile a le serapeng sa paradeise?
7 Ha hoa ka ha feta nako e telele motho oa pele, Adama, a ntse a tsielehile ka boemo boo a neng a iphumana a phela ho bona a bile a le mong, ho se e mong ea tšoanang le eena ea bonahalang serapeng sa Paradeise. O ile a utloa lentsoe, e mong a bua. Motho o ile a utloisisa lentsoe leo. Empa ea buang o ne a le hokae? Motho ha aa ka a bona ea buang. Lentsoe le ne le e-tsoa sebakeng se sa bonahaleng, se ke keng sa bonoa, ’me le ne le bua le eena. E ne e le lentsoe la Moetsi oa motho, ’Mōpi oa hae! ’Me motho o ne a ka mo arabela ka puo ea mofuta o tšoanang. O ile a iphumana a bua le Molimo, ’Mōpi. Motho o ne a sa hloke seea-le-moea sa kajeno sa mahlale se amohelang melaetsa hore a utloe lentsoe la Molimo. Molimo o ne o buisana le eena ka ho tobileng joaloka sebōpuoa sa hae.
8, 9. (a) Ke lipotso life tseo Adama a neng a ka li arabelloa, ’me ke tlhokomelo le thahasello efe ea bontate e ileng ea bontšoa ho eena? (b) Adama o ile a fumana karabelo efe ho Ntat’ae oa leholimo?
8 Joale motho o ile a tseba hore o ne a se mong, ’me e tlameha e be o ile a ikutloa hamolemo ka baka la sena. Kelello ea hae e ne e tletse lipotso. O ne a ka li botsa Ea sa bonahaleng ea neng a bua le eena. Ke mang ea neng a mo entse hammoho le serapa see sa thabo? Ke hobane’ng ha a ne a behiloe moo, ’me o ne a lokela ho etsa’ng ka bophelo ba hae? Na ho ne ho e-na le morero oa letho bophelong? Tlhokomelo le thahasello ea bontate e ile ea bontšoa ho motho enoa oa pele, Adama, hobane lipotso tsa hae li ile tsa arabeloa ka tsela e ileng ea khotsofatsa kelello ea hae e batlisisang. E tlameha e be e ile ea e-ba monyaka o mokaakang ho Moetsi oa hae, Monei-Bophelo oa hae, Ntat’ae oa leholimo, ho utloa ha motho a qala ho bua ’me a bitsa mantsoe a hae a ho qala! E tlameha e be ho ile ha thabisa Ntate oa leholimo hakaakang ho utloa mora oa hae a bua le eena! Potso ea pele ea tlhaho e ne e tla ba, “Ke bile teng joang?” Ntate oa leholimo o ile a thabela ho araba potso ena ’me eaba o lumela hore motho enoa oa pele e ne e le mora oa Hae. E ne e le “mora oa Molimo.” (Luka 3:38, NW) Jehova o ile a itsebahatsa e le Ntate oa motho enoa oa pele, Adama. Moko-taba oa karabelo eo Adama a ileng a e fumana ho Ntat’ae oa leholimo bakeng sa potso ea hae oo a ileng a o fetisetsa ho bana ba hae ke ona:
9 “Jehova Molimo a bōpa motho ka lerōle la lefatše, ’me a bululela linkong tsa hae phefumoloho ea ho phela, ’me motho ea e-ba moea o phelang. Jehova Molimo a hloma tšimo Edene ka ’nģa Bochabela, ’me a bea teng motho eo a ’mōpileng. Jehova Molimo a melisa lefatšeng lifate tsohle tse khahlisang mahlo, tse monate ha li jeoa, ’me har’a tšimo a melisa sefate sa bophelo, le sefate sa ho tseba botle le bobe. Nōka e ne e tsoa Edene ho nosetsa tšimo, ’me e ne e arohana teng, e ikentse linōka tse ’ne.”—Genese 2:7-10.b
10, 11. (a) Ke linnete life tseo Adama a ileng a ithuta tsona ka ho hlaka, empa ke lipotso life tse ling tseo ho neng ho hlokahala hore a li arabelloe? (b) Ntate oa leholimo o ile a fa Adama likarabelo life?
10 Kelello ea Adama e bohlale, e hlaphohileng e ile ea noa ka cheseho boitsebiso bona bo khotsofatsang. Joale o ne a tseba hore o ne a sa tsoe sebakeng seo se sa bonahaleng seo Moetsi le ’Mōpi oa hae a neng a bua a le ho sona. Ho fapana le hoo, o ne a bōpiloe ka se tsoang lefatšeng leo a neng a phela ho lona ka hona e ne e le oa lefatše. Monei-Bophelo oa hae le Ntat’ae e ne e le Jehova Molimo. E ne e le “moea o phelang.” Kaha o ne a fumane bophelo ba hae ho Jehova Molimo, e ne e le “mora oa Molimo.” Lifate tse neng li mo potolohile serapeng sa Edene li ne li hlahisa litholoana tse neng li le monate ha li jeoa, hore a li je ’me a lule a ntse a phela e le moea o phelang. Empa, ke hobane’ng ha a ne a tlameha ho lula a ntse a phela, hona ke hobane’ng ha a ne a behiloe lefatšeng, serapeng see sa Edene? E ne e le motho ea bōpiloeng a felletse a le bohlale a bile a le matla ’meleng, ’me o ne a lokela ho tseba. Ho seng joalo, ke joang a neng a ka phethahatsa morero oa hae bophelong e le hore a thabise Moetsi oa hae le Ntat’ae ka ho etsa thato ea Molimo? Likarabelo tsa lipotso tsena tse loketseng li ile tsa fanoa boitsebisong bo latelang:
11 “Eaba Jehova Molimo o nka motho, a ’mea tšimong ea Edene, ho e lema le ho e lebela. Jehova Molimo a laela motho, a re: Ha e le lifate tsohle tsa tšimo, u tla li ja; empa ha e le sefate sa ho tseba botle le bobe, u se ke ua se ja, hobane mohla u se jang, u tla shoa.”—Genese 2:15-17.
12. E tlameha e be Adama o ile a leboha ’Mōpi oa hae bakeng sa eng, ka hona motho o ne a ka tlotlisa Molimo joang?
12 E tlameha e be Adama o ile a leboha ’Mōpi oa hae ka ho fuoa ntho e ’ngoe e neng e tla etsa hore a lule a tšoarehile serapeng sena se setle sa Edene. Joale o ne a tseba thato ea ’Mōpi oa hae, ’me o ne a ka Mo etsetsa ho hong lefatšeng. Joale o ne a e-na le boikarabelo bo behiloeng holim’a hae, ba ho lema serapa sa Edene le ho se hlokomela, empa eo e ne e tla ba ntho e monate. Ka ho etsa sena, o ne a ka boloka serapa sa Edene se shebahala ka tsela e tlisang khanya le thoriso ho Moetsi oa sona, Jehova Molimo. Neng kapa neng ha Adama a ne a lapa ka baka la ho sebetsa, o ne a ka ja se lifateng tsa serapa hore a khotsofale. Ka tsela ena o ne a ka nchafatsa matla a hae ’me a boloka bophelo ba hae ba thabo ka mehla le mehla—ka ho sa feleng.—Bapisa Moeklesia 3:10-13.
Tebello ea Bophelo bo sa Feleng
13. Motho oa pele o ne a e-na le tebello efe, hona hobane’ng?
13 Ka ho sa feleng? Ena e tlameha e ile ea e-ba khopolo eo ho neng ho batla ho le thata hore motho ea phethahetseng a e kholoe! Empa hobane’ng? ’Mōpi oa hae o ne a se na khopolo kapa morero oa ho senya serapa sena sa Edene se qapiloeng ka botsebi. Ke hobane’ng ha a ne a ka senya mosebetsi oa hae, ha o ne o le motle hakaalo ’me o senola botsebi ba hae ba ho qapa? Ka ho utloahalang, o ne a ke ke a rera ho etsa joalo. (Esaia 45:18) ’Me kaha serapa sena seo ho neng ho se se ka bapisoang le sona se ne se lokela ho lula se ntse se lengoa, se ne se tla hloka molemi le mohlokomeli ea kang motho ea phethahetseng, Adama. ’Me haeba motho ea se hlokomelang a ne a ke ke a ja tholoana ea “sefate sa ho tseba botle le bobe” se thibetsoeng, o ne a ke ke a shoa le ka mohla. Motho ea phethahetseng o ne a ka phela ka ho sa feleng!
14. Ke joang Adama a neng a ka fumana bophelo bo sa feleng Paradeiseng?
14 Bophelo bo sa feleng serapeng sa Paradeise sa Edene bo ne bo behiloe ka pel’a Adama! Bo ne bo ka thabeloa ka ho sa feleng, haeba feela a ne a ka lula a utloa ’Mōpi oa hae ka mokhoa o phethahetseng, ho se mohla a jang tholoana e thibetsoeng ke ’Mōpi oa motho. E ne e le takatso ea Hae hore motho ea phethahetseng a lule a utloa ’me a lule a phela ka ho sa feleng. Ho thibeloa ha tholoana ea “sefate sa ho tseba botle le bobe” e ne e se letho le bolaeang. E ne e mpa e le teko ea kutlo ea motho e phethahetseng ho Ntat’ae. Ho ne ho fa motho monyetla oa ho paka lerato la hae ho Molimo, ’Mōpi oa hae.
15. Ke hobane’ng ha Adama a ne a ka lebella bokamoso bo khanyang, le se molemo se tsoang ho ’Mōpi oa hae?
15 A khotsofetse ho tsoa pelong hore o ne a sa ba teng feela ka kotsi ea tšohanyetso empa o ne a e-na le Ntate oa leholimo, ’me kelello ea hae e behiloe leseling ka kutloisiso ea morero oa hae bophelong, a bile a talimile bophelong bo sa feleng Paradeiseng, motho ea phethahetseng o ne a talimile bokamosong bo khanyang ka pele. O ne a ja se lifateng tse neng li le monate ha li jeoa, a qoba “sefate sa ho tseba botle le bobe.” O ne a batla ho tseba se molemo se tsoang ho ’Mōpi oa hae. Mosebetsi, oa mofuta o sa senyeng, empa e le oa ho lema serapa sa Edene o ne o le molemo, ’me motho ea phethahetseng o ne a sebetsa.
O ne a sa Ikutloe a Tlameha ho Hlalosa Litaba
16-18. Ke lintho life tseo ho thoeng ke liphiri tseo Adama a sa kang a ikutloa a tlameha ho li rarolla, hona hobane’ng?
16 Khanya ea motšehare e ile ea nyamela ha leseli le leholo la motšehare, leo a neng a le bona ka ho tsamaea ha lona sebakeng, le likela. Lefifi le ile la aparela, ea e-ba bosiu, ’me khoeli ea qala ho bonahala ho eena. Ha e-ea ka ea mo kenya boikutlo ba tšabo; e ne e le leseli le fokolang le neng le khantša bosiu. (Genese 1:14-18) Mohlomong linakangoeli li ne li fofa ka serapeng, ’me khanya ea tsona e ne e ntse e paitsa joaloka mabone a manyenyane.
17 Ha shoalane e tšoara ’me a apareloa ke lefifi, o ile a utloa bohlokoa ba ho robala joaloka liphoofolo tse mo potolohileng. Ha a tsoha, o ile a qala ho ikutloa a lapile, ’me o ile a ja ka takatso e monate lifateng tse lumelletsoeng ho fumana seo mohlomong se bitsoang lijo tsa hoseng.
18 A fumane matla hape ’me a khathollotsoe hantle ke phomolo ea bosiu, o ile a retelehela mosebetsing oa letsatsi leo. Ha a ntse a shebile botala bo mo potolohileng, ha aa ka a ikutloa hore o tlameha ho fatisisa sephiri sa hoo lilemo tse likete hamorao batho ba neng ba tla ho bitsa photosynthesis, tšebetso ena e hlollang eo ka eona motsoako o motala oa limela tsohle, chlorophyll ea tsona, o sebelisang matla a khanya ea letsatsi ho hlahisetsa motho le phoofolo lijo, ka nako e tšoanang o monya moea o litšila oo motho le phoofolo ba o ntšang ’me o fana ka moea o hloekileng hore ba o phefumolohe. Motho a ka ’na a ho bitsa sephiri, empa ho ne ho sa hlokahale hore Adama a se rarolle. E ne e le mohlolo oa ’Mōpi oa motho. O ne a o utloisisa ’me a entse hore o sebeletse ho tsoela libopuoa tse phelang lefatšeng molemo. Kahoo, ho ne ho lekane bakeng sa bohlale bo phethahetseng ba motho oa pele hore Molimo ’Mōpi o entse hore lintho li hōle, ’me mosebetsi oa motho oo a neng a o filoe ke Molimo e ne e le ho hlokomela mefuta ena ea bophelo ba limela e hōlang serapeng sa Edene.—Bona Genese 1:12.
O ne a le Mong—Empa a sa Haelloe ke Thabo
19. Le hoja a ne a hlokomela hore o ne a le mong, ho se e mong ea tšoanang le eena lefatšeng, Adama ha aa ka a etsa eng?
19 Thuto ea motho e tsoang ho Ntat’ae oa leholimo e ne e e-s’o fele. O ne a hlokomela serapa sa Edene ho se e mong ea tšoanang le eena lefatšeng ea ka ikopanyang le eena kapa ea ka mo thusang. Mabapi le mofuta oa hae, mofuta oa motho, o ne a le mong. Ha aa ka a tsamaea a ntse a batla hore a fumane motho e mong ea tšoanang le eena hore a fumane setsoalle lefatšeng. Ha aa ka a kōpa Ntat’ae oa leholimo ho mo fa moena kapa khaitseli. Ho ba mong ha hae e le motho ha hoa ka ha etsa hore a qetelle a hlanya kapa ha mo amoha thabo ea ho phela le ho sebetsa. O ne a e-na le botsoalle le Molimo.—Bapisa Pesaleme ea 27:4.
20. (a) Ke eng e ileng ea thabisa Adama ’me ea mo nyakallisa ka ho fetisisa? (b) Ke hobane’ng ha ho tsoela pele a phela ka tsela ena e ne e ke ke ea e-ba bothata bo bolaeang ho Adama? (c) Sehlooho se latelang se tla bua ka eng?
20 Adama o ne a tseba hore eena hammoho le mosebetsi oa hae o ne a ntse a lekoloa ke Ntat’ae oa leholimo. Ho neng ho mo nyakallisa ka ho fetisisa e ne e le ho thabisa Molimo le ’Mōpi oa hae, eo ho babatseha ha hae ho neng ho senoloa ke mesebetsi eohle e metle ea pōpo e neng e potolohile motho. (Bapisa Tšenolo 15:3.) Hore a tsoele pele a phela ka tsela ena e ne e ke ke ea e-ba bothata bo bolaeang kapa mosebetsi o tenang bakeng sa motho enoa ea neng a leka-lekane ka ho phethahetseng ea neng a ka buisana le Molimo oa hae. ’Me Molimo o ne o behile mosebetsi o thahasellisang ka pel’a Adama, mosebetsi o hapang, o neng o tla mo tlisetsa khotsofalo le monyaka o moholo. Sehlooho se latelang se tla bolela ho eketsehileng ka mahlohonolo a Paradeise le litebello tseo Adama a neng a li thabela tse tsoang ho ’Mōpi oa hae ea lerato.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lena ke Lentsoe le ngotsoeng ka puo ea qalehong ea tlaleho ea pōpo ka Bibeleng e Halalelang.—Genese 1:26, New World Translation Reference Bible, mongolo o tlaase ho leqephe.
b Moprofeta Moshe, ea ileng a tlaleha boitsebiso bo bukeng ea Genese lekholong la lilemo la bo16 pele ho Mehla e Tloaelehileng ea rōna, o ile a phaella ka boitsebiso bo latelang mabapi le nōka ena ea Edene, ho latela tsebo ea mehleng ea hae:
“Lebitso la ea pele ke Pisone, e teetseng naha eohle ea Havila hare, moo gauda e leng teng. Gauda ea naha eo e ntle; bdela e teng le lejoe la onyxe. Lebitso la nōka ea bobeli ke Gihone, e teetseng naha eohle ea Kushe hare. Lebitso la nōka ea boraro ke Hiddekele, e mathelang ka ’nģa Bochabela ho Assyria. Nōka ea bone ke Eufrate.”—Genese 2:11-14.
Likarabelo Tsa Hao ke Life?
◻ Ke hobane’ng ha Adama a sa ka a qeta nako e telele a emisitsoe hlooho ke ho ba teng ha hae?
◻ Molimo o ile oa fa Adama mosebetsi ofe, ’me e tlameha e be o ile a itšoara joang?
◻ Motho ea phethahetseng o ne a thabela tebello efe, hona hobane’ng?
◻ Ke hobane’ng ha Adama a sa ka a etsa hore ho rarolla liphiri e be mosebetsi oa bophelo ba hae?
◻ Ke hobane’ng ha taba ea hore Adama e ne e le eena feela motho e sa ka ea mo amoha thabo ea ho phela?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 10]
Foto ea NASA