Na Ruri ho Kile ha E-ba le Serapa sa Edene?
NA U tseba pale ea Adama le Eva le serapa sa Edene? Ke pale e tloaelehileng lefatšeng ka bophara. Ke hobane’ng ha u sa ipalle eona? E hlaha ho Genese 1:26–3:24. Makumane a pale ena ke ana:
Jehova Molimoa o bōpa monna ka lerōle, o mo reha lebitso la Adama ’me o mo beha serapeng sebakeng se bitsoang Edene. Molimo ke eena ea lemmeng serapa sena. Se na le metsi a mangata ’me se tletse lifate tse ntle tse behang litholoana. Bohareng ba sona ho na le “sefate sa tsebo ea botle le bobe.” Molimo o fana ka taelo ea hore batho ba se ke ba ja litholoana tsa sefate sena, o bontša hore ha ba sa mamele, seo se tla fella ka lefu. Ka mor’a nako Jehova o sebelisa khopo ea Adama ho mo etsetsa molekane, e leng mosali oa hae, Eva. Molimo o ba fa mosebetsi oa ho hlokomela serapa sena ’me o re ba ate ba tlale lefatše.
Ha Eva a le mong, noha e bua le eena ’me e mo eka hore a je tholoana e hanetsoeng, e re Molimo o mo boleletse leshano ebile o mo hanela ka ntho e molemo, e ka etsang hore a tšoane le molimo. Eva oa lumela ’me o ja tholoana e hanetsoeng. Hamorao Adama le eena o tlōla molao oo oa Molimo. Jehova o nka bohato ’me o lihela kahlolo ho Adama, Eva le noha. Ka mor’a hore batho bana ba lelekoe serapeng sa paradeise, mangeloi a koala tsela e kenang.
Ho na le nako eo ka eona litsebi, bahlalefi le bo-rahistori ba bangata ba neng ba lumela hore liketsahalo tse tlalehiloeng Bibeleng bukeng ea Genese ke ’nete ebile li lumellana le histori. Leha ho le joalo, kajeno ho na le lipelaelo tse ngata ka taba eo. Empa batho ba belaellang tlaleho ea Genese ka Adama, Eva le serapa sa Edene ba itšetlehile ka eng? A re hlahlobeng lintho tse ’nè tseo ba tloaetseng ho li hanyetsa.
1. Na serapa sa Edene e ne e le sebaka sa sebele?
Ke hobane’ng ha batho ba e-na le lipelaelo ka taba ee? E ka ’na eaba ba susumelitsoe ke filosofi. Ka lilemo tse makholo, litsebi tsa thuto ea bolumeli li ’nile tsa nahana hore serapa seo sa Molimo se ntse se le teng kae-kae. Leha ho le joalo, kereke e ile ea susumetsoa ke bo-rafilosofi ba Bagerike ba kang Plato le Aristotle, ba neng ba lumela hore ha ho na letho le phethahetseng lefatšeng. Ba ne ba lumela hore leholimo ke lona feela le ka bang le lintho tse phethahetseng. Ka hona, litsebi tsa thuto ea bolumeli li ile tsa beha lebaka la hore Paradeise ea tšimolohong e tlameha ebe e ne e le haufi le leholimo.b Ba bang ba ne ba re serapa seo se ne se le holim’a thaba e telele ka tsela e sa tloaelehang hoo se neng se le hōle haholo le lefatše lena le senyehileng; ba bang bona ba lumela hore se ne se le North Pole kapa South Pole; ha ba bang bona ba ne ba nahana hore se ne se le khoeling kapa haufi le eona. Ka hona, ha ho makatse hore ebe taba ea Edene e ile ea bonahala eka ke pale feela tjee e inahaneloang. Litsebi tse ling tsa kajeno li re taba ea hore Edene e ne e le lefatšeng mona ke bohlanya feela, li lumela hore ha ho sebaka se joalo se kileng sa e-ba teng.
Leha ho le joalo, Bibele ha e hlalose serapa seo ka tsela eo. Ho Genese 2:8-14, re ithuta lintho tse ’maloa tse tobileng ka serapa seo. Se ne se le karolong e ka bochabela ea sebaka se bitsoang Edene. Se ne se nosetsoa ke metsi a nōka eo e neng e le mohloli oa linōka tse ling tse ’nè. Linōka tseo li boletsoe mabitso ka bone ba tsona, le tlhaloso e khutšoanyane ea hore na li ne li leba hokae. Boitsebiso bona bo ’nile ba tšoarisa litsebi phupe ka lefe, etsoe tse ngata li ’nile tsa balisisa temana ena ea Bibele moo li batlang ho fumana leselinyana la hore na ebe mehleng ena sebaka seo sa boholo-holo se ka fumaneha hokae. Leha ho le joalo, litsebi tseo li ’nile tsa e-ba le maikutlo a mangata a sa tšoaneng. Na see se bolela hore tlhaloso ea Edene, serapa sa eona le linōka tsa eona e mpa e le ntho e iqapetsoeng kapa tšōmo feela?
Nahana ka sena: Litaba tsa serapa sa Edene ke lintho tse etsahetseng lilemong tse ka bang 6 000 tse fetileng. Ho hlakile hore li ngotsoe ke Moshe, eo e ka ’nang eaba o ne a ngola litlaleho tseo a li boleletsoeng ke ba bang kapa mohlomong tseo a li nkileng litokomaneng tsa pele ho eena. Leha ho le joalo, Moshe o ngotse seo lilemo tse ka bang 2 500 ka mor’a hore lintho tseo li etsahale. Ka nako eo, Edene e ne e se e le histori ea nako e fetileng. Na ho ka etsahala hore matšoao a kang linōka a fetohe ha ho ntse ho feta lilemo tse makholo? Sebōpeho sa lefatše se lula se feto-fetoha. Sebaka seo e ka ’nang eaba Edene e ne e le ho sona se moo ho etsahalang litšisinyeho tsa lefatše tse ngata—seo hona joale liphesente tse ka bang 17 tsa litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše li bang ho sona. Libakeng tse joalo, joang kapa joang ho ba le liphetoho tse etsahalang. Ho feta moo, e ka ’na eaba Moroallo oa mehleng ea Noe o ile oa fetola sebōpeho sa lefatše ka litsela tse itseng tseo rōna kajeno re sa li tsebeng.c
Leha ho le joalo, lintlha tse ’maloa tse latelang ke tseo re li tsebang: Tlaleho ea Genese e bua ka serapa seo e le sebaka sa sebele se kileng sa e-ba teng. Linōka tse peli ho tse ’nè tseo tlaleho ena e buang ka tsona—e leng Nōka ea Eufrate le ea Tigris, kapa Hiddekel—li ntse li le teng le kajeno ’me e meng ea mehloli ea tsona e atamelane haholo. Tlaleho eo ebile e bolela libaka tseo linōka tseo li fetang ho tsona le lirafshoa tse tsebahalang tsa libakeng tseo. Baiseraele ba boholo-holo bao e bileng bona ba pele ba ileng ba bala tlaleho ena, ba ile ba ithuta ho itseng boitsebisong ba eona.
Na litšōmo le lipale tse iqapetsoeng li joalo? Ka tloaelo tsona ha li na boitsebiso bo tobileng bo ka netefatsoang kapa ba latoloa. Hangata tsona li qala feela ka polelo e reng “ba re e ne e-re, sebakeng se seng se hōle.” Leha ho le joalo, histori eona e akarelletsa boitsebiso ba bohlokoa joalokaha tlaleho ea Edene e bo akarelelitse.
2. Na ruri ke ntho e ka etsahalang hore ebe Molimo o ile a bōpa Adama ka lerōle, eaba Eva eena o mo etsa ka khopo ea Adama?
Saense ea kajeno e tiisitse taba ea hore ’mele oa motho o entsoe ka metsoako e sa tšoaneng—e kang haedrojene, oksijene le k’habone—tseo kaofela ha tsona li fumanoang mobung. Empa metsoako eo e kopantsoe joang hore e hlahise sebōpuoa se phelang?
Bo-rasaense ba bangata ba lumela hore bophelo bo bile teng ka bobona, bo qalile nthong e sa rarahanang eo butle-butle ha lilemo tse limilione li ntse li feta, e ileng ea ’na ea rarahana. Leha ho le joalo, mantsoe a reng “e sa rarahanang,” a ka lahla haholo, etsoe lintho tsohle tse phelang li rarahane haholo, esita le ntho e nyenyane haholo e nang le sele e le ’ngoe, e ke keng ea bonoa ntle ho mochine o hōlisang ponahalo ea lintho. Ha ho na bopaki ba hore ntho leha e le efe e phelang e bile teng ka tšohanyetso le hore ntho e joalo e tla ke e etsahale. Ho e-na le hoo, lintho tsohle tse phelang li fana ka bopaki bo ke keng ba latoloa ba hore li qapiloe ke motho ea bohlale ho re feta hōle.d—Baroma 1:20.
Haeba u mametse lehlaso la pina e nyalanang hamonate kapa u khahloa ke setšoantšo se takiloeng ka bokhabane, kapa mohlomong u tsota ntho e itseng eo theknoloji e e finyeletseng, na u ka tsitlella hore ha ho motho ea entseng lintho tseo? Le hanyenyane! Empa lintho tseo tse tsotehang hase letho ha li bapisoa le ’mele oa motho o rarahaneng, o babatsehang le o entsoeng ka bohlale bo boholo. Na ruri hoa utloahala ho nahana hore ha ho ’Mōpi ea u entseng? Ho feta moo, tlaleho ea Genese e hlalosa hore linthong tsohle tse phelang lefatšeng, batho ke bona feela ba entsoeng ka setšoantšo sa Molimo. (Genese 1:26) Ke lona lebaka le etsang hore ebe ke batho feela lefatšeng ba khonang ho bonahatsa takatso e kang ea Molimo ea ho etsa lintho, eo ka linako tse ling e etsang hore ba qape ’mino o monate, ba take litšoantšo tse ntle, kapa ba etse ntho e itseng ea theknoloji. Na re lokela ho makala ha Molimo a khona ho etsa lintho tse fetang hōle tseo re ka li etsang?
Ha e le tabeng ea ho etsa mosali ka khopo ea monna, ebe ho bonahala eka bothata bo hokae?e Molimo a ka be a sebelisitse mekhoa e meng, empa mokhoa oo a entseng mosali ka oona o ne o e-na le seo o se bolelang. O ne a batla hore monna le mosali ba nyalane ’me ba momahane joalokaha eka ke “nama e le ’ngoe.” (Genese 2:24) Na tsela eo monna le mosali ba tlatsanang ka eona e le hore ba be le kamano e tsitsitseng le e matlafetseng, hase bopaki bo matla ba hore ho na le ’Mōpi ea bohlale le ea lerato?
Ho feta moo, litsebi tsa kajeno tsa liphatsa tsa lefutso li lumetse hore batho kaofela ba bonahala ba tsoa ho motho a le mong e motona le e motšehali. Joale na ruri ho ka thoe tlaleho ea Genese hase ea sebele?
3. Taba ea sefate sa tsebo le sefate sa bophelo e utloahala e le tšōmo.
Ha e le hantle, tlaleho ea Genese ha e rute hore lifate tsena li ne li e-na le matla a itseng a ikhethang kapa a sa tloaelehang. Ho e-na le hoo, e ne e le lifate tsa sebele tseo Jehova a neng a entse hore li tšoantšetse ho itseng.
Batho le bona ba khona ho etsa seo ka linako tse ling. Ka mohlala, moahloli a ka ’na a lemosa motho hore ke tlōlo ea molao ho etsa ketso e tellang lekhotla. Seo hase bolele hore moahloli o batla ho sireletsa thepa e ka lekhotleng hammoho le mabota hore li se ke tsa telloa, empa o batla ho sireletsa tsamaiso ea toka eo lekhotla le e emelang. Marena a fapa-fapaneng le ’ona a ’nile a sebelisa kotjane le moqhaka ho tšoantšetsa matla a bona a ho busa.
Joale lifate tse peli tseo li ne li tšoantšetsa eng? Ho ’nile ha fanoa ka litlhaloso tse ngata tse thata ho utloisisoa. Karabo ea potso ena e bonolo, empa ke ea bohlokoa haholo. Sefate sa tsebo ea botle le bobe se ne se emela tokelo eo Molimo a nang le eona a le mong ea ho etsa qeto ea hore na botle le bobe ke eng. (Jeremia 10:23) Hase feela ho utsoa tholoana ea sefate seo e neng e le tlōlo ea molao! Ka lehlakoreng le leng, sefate sa bophelo se ne se tšoantšetsa mpho eo e leng Molimo feela ea ka fanang ka eona, e leng bophelo bo sa feleng.—Baroma 6:23.
4. Noha e buang e utloahala e le litaba tsa tšōmong.
Ke ’nete hore karolo ena ea tlaleho ea Genese e ka makatsa, haholo-holo haeba re sa nahane ka litlaleho tse ling tsa Bibele. Leha ho le joalo, butle-butle Mangolo a hlakisa taba ena e bonahalang eka ea makatsa.
Ke mang kapa ke eng e ileng ea etsa eka noha ea bua? Batho ba Iseraele ea boholo-holo ba ne ba tseba lintlha tse ling tse neng li ba fa leseli ka noha eo. Ka mohlala, ba ne ba tseba hore le hoja liphoofolo li sa bue, motho oa moea a ka etsa hore ho bonahale eka lia bua. Moshe o ile a ngola tlaleho e ’ngoe ka Balame; Molimo o ile a rōma lengeloi hore le etse hore tonki ea Balame e bue joaloka motho.—Numere 22:26-31; 2 Petrose 2:15, 16.
Na libōpuoa tse ling tsa moea, tse akarelletsang lira tsa Molimo, li ka etsa mehlolo e joalo? Moshe o ne a ile a bona ha baprista ba Egepeta ba maselamose ba etsisa e meng ea mehlolo ea Molimo, e kang oa hore ba etse eka lere le fetohile noha. Matla a ho etsa mehlolo e joalo a ne a ka tsoa feela ho lira tsa Molimo tse sebakeng sa moea.—Exoda 7:8-12.
Kamoo ho bonahalang kateng, Moshe o ile a boela a bululeloa hore a ngole buka ea Jobo. Buka eo e ruta ho hongata ka sera se ka sehloohong sa Molimo, Satane, seo ka leshano se ileng sa phephetsa botšepehi ba bahlanka bohle ba Jehova. (Jobo 1:6-11; 2:4, 5) Na ebe mohlomong Baiseraele ba boholo-holo ba ile ba nahana hore Satane ke eena ea neng a ile a sebelisa noha Edene, a etsa hore eke ea bua e le hore e eke Eva hore a se ke a hlola a tšepahala ho Molimo? Ho bonahala eka ho joalo.
Na Satane ke eena ea neng a etsa eka noha ea bua? Hamorao Jesu o ile a re Satane “o leshano ’me ke ntate oa leshano.” (Johanne 8:44) Ha ho pelaelo hore “ntate oa leshano” e ne e tla ba eena moqapi oa pele oa leshano, na ha ho joalo? Leshano la pele le fumanoa mantsoeng ao noha e ileng ea a bolella Eva. Noha e ile ea bua se fapaneng le temoso ea Molimo ea hore ba se ke ba ja tholoana e hanetsoeng, ea re: “Ka sebele le ke ke la shoa.” (Genese 3:4) Ka ho hlakileng, Jesu o ne a tseba hore Satane o ile a sebelisa noha hampe. Tšenolo eo Jesu a ileng a e fa moapostola Johanne e khaola khang hantle, e bitsa Satane “noha ea pele.”—Tšenolo 1:1; 12:9.
Na ruri ke ntho e sa utloahaleng ho lumela hore motho ea matla oa moea a ka sebelisa noha hampe, a etsa hore ho bonahale eka ea bua? Esita le batho feela tjee, ba seng matla joaloka libōpuoa tsa moea, ba khona ho etsa lintho ka boqhetseke boo ha motho a shebeletse a ka kholoang hore popi ea bua.
Bopaki bo Kholisang ka ho Fetisisa
Na joale ua lumela hore lipelaelo tse teng ka tlaleho ea Genese ha li na motheo o tiileng? Ka lehlakoreng le leng, ho na le bopaki bo matla ba hore tlaleho eo ke histori e etsahetseng.
Ka mohlala, Jesu Kreste o bitsoa “paki e tšepahalang.” (Tšenolo 3:14) Kaha o ne a phethahetse, ha ho mohla a kileng a bua leshano kapa a emela ’nete hampe. Ho feta moo, o ile a ruta hore o ne a ile a phela nako e telele pele e e-ba motho lefatšeng—ha e le hantle, o ne a phetse haufi le Ntate oa hae, Jehova, “pele lefatše le e-ba teng.” (Johanne 17:5) Ka hona, o ne a le teng ha tsohle tse phelang li ne li etsoa. Paki ee e tšepahalang ho feta tsohle e fane ka bopaki bofe?
Jesu o ile a bua ka Adama le Eva e le batho ba sebele. O ile a bua ka lenyalo la bona ha a hlalosa molao oa Molimo oa ho nyalana le motho a le mong. (Matheu 19:3-6) Haeba ha ba e-s’o ka ba phela ’me le serapa seo ba phetseng ho sona ke pale feela e iqapetsoeng, seo se bolela hore Jesu o ne a thetsitsoe kapa ho seng joalo, o ne a bua leshano, e leng ntho e ke keng ea etsahala. Jesu o bile leholimong, a bona ha liketsahalo tseo tse sa thabiseng li etsahala serapeng seo. Ruri ha ho na bopaki bo kholisang ho feta ba hae!
Bonneteng, ho se lumele tlaleho ea Genese ho bontša ho se be le tumelo e matla ho Jesu. Ho boetse ho etsa hore ho be thata hore motho a utloisise litaba tse ling tsa bohlokoahali tsa Bibele le litšepiso tse khothatsang. A re boneng hore na seo ke ’nete joang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka Bibeleng, Jehova ke lebitso la Molimo.
b Khopolo ena ha e lumellane le Mangolo. Bibele e ruta hore mosebetsi oohle oa Molimo o phethahetse; bobolu bo tsoa mohloling osele. (Deuteronoma 32:4, 5) Ha Jehova a qetile mosebetsi oa hae oa ho bōpa lefatše, o ile a phatlalatsa hore tsohle tseo a li entseng li ne li le “molemo haholo.”—Genese 1:31.
c Ho hlakile hore ketsahalo ea Moroallo e entsoeng ke Molimo e ile ea felisa mesaletsa eohle ea serapa sa Edene. Ezekiele 31:18 e fana ka maikutlo a hore lekholong la bosupa la lilemo B.C.E., e ne e se e le khale “lifate tsa Edene” li le sieo. Ka hona, bohle ba neng ba ntse ba nahana hore serapa sa Edene se ntse se le teng ’me ba batla ho se fumana ba ne ba lahlehile.
d Sheba bukana e reng The Origin of Life—Five Questions Worth Asking, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.
e Ntho e thahasellisang ke hore saense ea morao tjena e fumane hore khopo e na le matla a sa tloaelehang a ho fola. Ho fapana le masapo a mang, lesapo la khopo le ka hōla hape haeba lisele tsa moo le hlomelang teng li sa ameha.