“U Thabe Feela”
“U tla keteka mokete oa Jehova . . . , ’me u thabe feela.”—DEUTERONOMA 16:15.
1. (a) Ke litseko life tseo Satane a ileng a li hlahisa? (b) Ke eng eo Jehova a ileng a e bolela esale pele ka mor’a borabele ba Adama le Eva?
HA Satane a ne a etsa hore Adama le Eva ba fetohele ’Mōpi oa bona, o ile a hlahisa litseko tse peli tsa bohlokoa haholo. Ea pele, o ile a belaella botšepehi ba Jehova le ho nepahala ha tsela ea hae ea ho busa. Ea bobeli, Satane o ile a fana ka maikutlo a hore batho ba ne ba tla sebeletsa Molimo ka mabaka a boithati feela. Tseko ena ea bobeli e ile ea buuoa ka ho hlaka mehleng ea Jobo. (Genese 3:1-6; Jobo 1:9, 10; 2:4, 5) Leha ho le joalo, Jehova o ile a sebetsa taba eo kapele. Esita le nakong ea ha Adama le Eva ba ntse ba le serapeng sa Edene, Jehova o ile a bolela esale pele kamoo A neng a tla rarolla litseko tsena kateng. O ile a bolela esale pele ka ho tla ha “peō” eo, ka mor’a ho longoa serethe, e neng e tla bolaea Satane ka ho mo khoba hlooho.—Genese 3:15.
2. Jehova o ile a fana ka boitsebiso bofe mabapi le kamoo a neng a tla phethahatsa boprofeta bo tlalehiloeng ho Genese 3:15?
2 Ha nako e ntse e tsoela pele, Jehova o ile a hlakisa boprofeta boo haholo, ka tsela eo a bontša hore ka sebele bo tla qetella bo phethahetse. Ka mohlala, Molimo o ile a bolella Abrahama hore “peō” eo e ne e tla hlaha lesikeng la hae. (Genese 22:15-18) Jakobo, e leng setloholo sa Abrahama e ile ea e-ba ntate oa meloko ea Iseraele e 12. Ka 1513 B.C.E., ha meloko eo e e-ba sechaba, Jehova o ile a e fa melao e ngotsoeng e neng e akarelletsa mekete e fapa-fapaneng e neng e tšoaroa selemo le selemo. Moapostola Pauluse o itse mekete eo e ne e le “seriti sa lintho tse tlang ho tla.” (Bakolose 2:16, 17; Baheberu 10:1) Mekete eo e ne e bontša esale pele kamoo morero oa Jehova mabapi le Peō eo o neng o tla phethahala kateng. Ho boloka mekete eo ho ne ho thabisa Baiseraele haholo. Ho e hlahloba ka bokhutšoanyane ho tla matlafatsa tumelo ea rōna litšepisong tsa Jehova tse tšepahalang.
Peō ea Hlaha
3. Peō e tšepisitsoeng e ne e le mang, hona e ile ea longoa serethe joang?
3 Lilemo tse fetang 4 000 ka mor’a boprofeta ba pele ba Jehova, Peō e tšepisitsoeng e ile ea hlaha. E ne e le Jesu. (Bagalata 3:16) Kaha Jesu e ne e le motho ea phethahetseng, o ile a tšepahala ho isa lefung ’me kahoo a paka hore liqoso tsa Satane e ne e le mashano. Ho phaella moo, kaha Jesu o ne a se na sebe, lefu la hae e ne e le sehlabelo sa bohlokoa haholo. Ka lefu leo la hae, Jesu o ile a lokisetsa hore bana ba tšepahalang ba Adama le Eva ba lopolloe lefung le sebeng. Lefu la Jesu thupeng ea tlhokofatso e ne e le ho ‘longoa ha serethe’ sa Peō e tšepisitsoeng.—Baheberu 9:11-14.
4. Sehlabelo sa Jesu se ile sa tšoantšetsoa joang?
4 Jesu o ile a shoa ka la 14 Nisane, 33 C.E.a La 14 Nisane e ne e le letsatsi la thabo la mokete oa Paseka, Iseraele. Selemo le selemo ka letsatsi leo, malapa a ne a ja hammoho lijo tse neng li akarelletsa konyana e se nang sekoli. Ka ho etsa joalo, a ne a hopola karolo eo mali a konyana a ileng a e phetha ha ho lopolloa matsibolo a Baiseraele nakong eo lengeloi le bolaeang le neng le bolaea matsibolo a Baegepeta ka la 14 Nisane, 1513 B.C.E. (Exoda 12:1-14) Konyana ea Paseka e ne e tšoantšetsa Jesu, eo moapostola Pauluse a ileng a re ka eena: “Kreste paseka ea rōna o entsoe sehlabelo.” (1 Bakorinthe 5:7) Joaloka mali a konyana ea Paseka, mali a tšolotsoeng a Jesu a lopolla batho ba bangata.—Johanne 3:16, 36.
‘Litholoana Tsa Pele ho ba Shoeleng’
5, 6. (a) Jesu o ile a tsosoa neng, hona ketsahalo eo e ne e tšoantšetsoa ke eng Molaong? (b) Ho tsoha ha Jesu ho ile ha betla tsela ea hore Genese 3:15 e phethahale joang?
5 Ka letsatsi la boraro, Jesu o ile a tsosoa e le hore a hlahise molemo oa sehlabelo sa hae ho Ntate oa hae. (Baheberu 9:24) Ho tsoha ha hae ho ile ha tšoantšetsoa ke mokete o mong. Mokete oa Mahobe a sa Lomosoang o ne o qala letsatsi ka mor’a la 14 Nisane. Letsatsing le latelang leo, e leng la 16 Nisane, Baiseraele ba ne ba tlisetsa moprista ngata eo a neng a e tsoka ka pel’a Jehova ea litholoana tsa pele tsa kotulo ea bona, e leng kotulo ea harese. (Levitike 23:6-14) Ho loketse hakaakang hore ebe ka selemo sa 33 C.E., letsatsing lona leo la la 16 Nisane, Jehova o ile a nyopisa boiteko bo sehlōhō ba Satane ba ho bolaea ‘paki ea hae e tšepahalang le ea ’nete’! Ka la 16 Nisane, 33 C.E., Jehova o ile a tsosa Jesu bafung ’me a mo tsosetsa bophelong ba moea ba ho se shoe.—Tšenolo 3:14; 1 Petrose 3:18.
6 Jesu e ile ea e-ba “litholoana tsa pele ho ba robetseng lefung.” (1 Bakorinthe 15:20) Ho fapana le ba ileng ba tsoha pele eaba ba shoa hape, Jesu ha aa ka a shoa hape. Ho e-na le hoo, o ile a nyolohela leholimong ho ea ba ka letsohong le letona la Jehova, moo a ileng a leta ho fihlela a behoa hore e be Morena oa ’Muso oa Jehova oa leholimo. (Pesaleme ea 110:1; Liketso 2:32, 33; Baheberu 10:12, 13) Ho tloha ha Jesu a hlomamisoa hore e be Morena, o se a ka khoba hlooho ea sera se seholo, e leng Satane le ho mo felisa ka ho sa feleng ebe o timetsa le peō ea hae.—Tšenolo 11:15, 18; 20:1-3, 10.
Litho Tse Ling Hape Tsa Peō ea Abrahama
7. Mokete oa Libeke e ne e le eng?
7 Jesu e ne e le eena Peō e tšepisitsoeng Edene ’me ke eena eo Jehova a neng a tla mo sebelisa ho “qhaqha mesebetsi ea Diabolose.” (1 Johanne 3:8) Leha ho le joalo, ha Jehova a ne a bua le Abrahama, O ile a bontša hore “peō” ea Abrahama e ne e ke ke ea e-ba motho a le mong feela. E ne e tla ba “joaloka linaleli tsa maholimo le joaloka lehlabathe le lebōpong la leoatle.” (Genese 22:17) Ho hlaha ha litho tse ling tsa “peō” eo ho ile ha tšoantšetsoa ke mokete o mong hape o thabisang. Matsatsi a 50 ka mor’a la 16 Nisane, Baiseraele ba ne ba tšoara Mokete oa Libeke. Molao o ne o re ka oona: “Le lokela ho bala matsatsi a mashome a mahlano ho isa letsatsing la ka mor’a sabatha ea bosupa, ’me le hlahise nyehelo ea lijo-thollo tse ncha ea Jehova. Ho tsoa libakeng tsa lōna tsa bolulo le lokela ho tlisa mahobe a mabeli e le nyehelo e tsokoang. E be likarolo tse peli tsa leshome tsa efa ea phofo e thumisehileng. A lokela ho apehoa a lomositsoe, e le litholoana tsa pele tse butsoitseng tsa Jehova.”b—Levitike 23:16, 17, 20.
8. Ke ketsahalo efe e ikhethang e ileng ea etsahala ka Pentekonta ea 33 C.E.?
8 Ha Jesu a ne a le lefatšeng, Mokete oa Libeke o ne o bitsoa Pentekonta (e tsoang lentsoeng la Segerike le bolelang “ea mashome a mahlano”). Ka Pentekonta ea 33 C.E., Moprista ea Phahameng e moholo, e leng Jesu Kreste ea tsositsoeng bafung, o ile a tšollela moea o halalelang ho sehlotšoana sa barutuoa ba 120 ba neng ba bokane Jerusalema. Kahoo barutuoa bao e ile ea e-ba bara ba Molimo ba tlotsitsoeng le barab’abo Jesu Kreste. (Baroma 8:15-17) E ile ea e-ba sechaba se secha, “Iseraele ea Molimo.” (Bagalata 6:16) Sechaba seo sa bara ba tlotsitsoeng se qalileng se le senyenyane, qetellong palo ea sona e ne e tla ba batho ba 144 000.—Tšenolo 7:1-4.
9, 10. Phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng e ile ea tšoantšetsoa ka eng moketeng oa Pentekonta?
9 Phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng e ne e tšoantšetsoa ke mahobe a mabeli a lomositsoeng a neng a tsokoa ka pel’a Jehova moketeng o mong le o mong oa Pentekonta. Hore ebe mahobe ao a ne a lomositsoe ho bontša hore Bakreste ba tlotsitsoeng ba ne ba ntse ba e-na le tomoso ea sebe seo ba se futsitseng. Leha ho le joalo, ba ne ba ka atamela Jehova ka sehlabelo sa Jesu sa thekollo. (Baroma 5:1, 2) Ke hobane’ng ha ho ne ho sebelisoa mahobe a mabeli? E ka ’na eaba seo se ne se bontša hore qetellong bara ba Molimo ba tlotsitsoeng ba ne ba tla hlaha lihlopheng tse peli—sa pele e le sa Bajuda ba tlhaho ’me hamorao e le sa Balichaba.—Bagalata 3:26-29; Baefese 2:13-18.
10 Mahobe a mabeli a neng a nyeheloa moketeng oa Pentekonta a ne a tsoa litholoaneng tsa pele tsa kotulo ea koro. Ka ho tšoanang, Bakreste bao ba tsoetsoeng ka moea ba bitsoa “litholoana tse itseng tsa pele tsa libōpuoa tsa hae.” (Jakobo 1:18) Ke bona ba pele ba ileng ba tšoareloa libe ka mali a Jesu a tšolotsoeng, ’me seo se ba nolofalletsa hore ba fuoe bophelo ba ho se shoe maholimong, moo ba tla busa le Jesu ’Musong oa hae. (1 Bakorinthe 15:53; Bafilipi 3:20, 21; Tšenolo 20:6) Kaha ke bara ba leholimo, haufinyane ba tla “lisa [lichaba] ka molamu oa tšepe” ’me ba bone ha ‘Satane a silakanngoa ka tlas’a maoto a bona.’ (Tšenolo 2:26, 27; Baroma 16:20) Moapostola Johanne o ile a re: “Bana ba . . . ntse ba latela Konyana ho sa tsotellehe hore na e ea hokae. Ba rekiloe har’a moloko oa batho joaloka litholoana tsa pele ho Molimo le ho Konyana.”—Tšenolo 14:4.
Letsatsi le Hatisang Bohlokoa ba Topollo
11, 12. (a) Ho ne ho etsahala’ng ka Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe? (b) Baiseraele ba ne ba fumana melemo efe ka mahlabelo a neng a etsoa ka poho le lipōli?
11 Ka letsatsi la leshome la khoeli ea Ethanime (eo hamorao e ileng ea bitsoa Tishri),c Baiseraele ba ne ba tšoara mokete o neng o tšoantšetsa kamoo melemo ea sehlabelo sa Jesu sa thekollo e neng e tla sebetsa kateng. Letsatsing leo, sechaba kaofela se ne se bokana hammoho bakeng sa Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe e le hore ho nyeheloe mahlabelo molemong oa sona bakeng sa ho koaheloa ha libe tsa sona.—Levitike 16:29, 30.
12 Ka Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe, moprista ea phahameng o ne a hlaba pohoana, ebe ha a le ka Sehalalelisisong, o fafatsa mali a mang a eona ka makhetlo a supileng ka pel’a sekoahelo sa Areka. Kahoo, ka tsela ea tšoantšetso, o ne a nyehela mali ka pel’a Jehova. Nyehelo eo e ne e etsoa bakeng sa libe tsa moprista ea phahameng, tsa ba “ntlo ea hae,” tsa baprista ba tlaasana le tsa Balevi. Ka mor’a moo, moprista ea phahameng o ne a nka lipōli tse peli ebe o hlaba e ’ngoe e le nyehelo “bakeng sa sechaba.” Mali a mang a eona le ’ona a ne a fafatsoa ka pel’a sekoahelo sa Areka e ka Sehalalelisisong. Ka mor’a moo, moprista ea phahameng o ne a beha matsoho hloohong ea pōli ea bobeli ebe o bolela liphoso tsa bara ba Iseraele. Joale o ne a lokolla pōli eo hore e ee lefelleng e jere libe tsa sechaba ka tsela ea tšoantšetso.—Levitike 16:3-16, 21, 22.
13. Liketsahalo tsa Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe li ne li tšoantšetsa joang karolo eo Jesu a e phethang?
13 Joalokaha liketsahalo tseo li bontšitse, Moprista ea Phahameng e moholo, e leng Jesu, o sebelisa molemo oa mali a hae bakeng sa ho tšoarela libe. Taba ea pele, molemo oa mali a hae o sebetsa ho Bakreste ba tlotsitsoeng ba “ntlo ea moea” ba 144 000, ’me o ba nolofalletsa hore ho boleloe hore ba lokile ebile ba hloekile ka pel’a Jehova. (1 Petrose 2:5; 1 Bakorinthe 6:11) Sena se ne se tšoantšetsoa ke sehlabelo sa poho. Kahoo ba na le monyetla oa ho amohela lefa la bona la leholimo. Taba ea bobeli, molemo oa mali a Jesu o sebetsa ho batho ba bang ba limilione ba bontšang tumelo ho Kreste, joalokaha seo se ne se tšoantšetsoa ke sehlabelo sa pōli. Bana ba tla fumana bophelo bo sa feleng hona mona lefatšeng, e leng lefa leo Adama le Eva ba ileng ba le lahla. (Pesaleme ea 37:10, 11) Ka mali a hae a tšolotsoeng, Jesu o jara libe tsa moloko oa batho, feela joalokaha ka tsela ea tšoantšetso, pōli e phelang e ne e jara libe tsa Baiseraele e li isa lefeelleng.—Esaia 53:4, 5.
Ho Thaba ka Pel’a Jehova
14, 15. Ho ne ho etsahala’ng nakong ea Mokete oa Maphephe, hona mokete oo o ne o hopotsa Baiseraele eng?
14 Ka mor’a Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe, Baiseraele ba ne ba tšoara Mokete oa Maphephe, e leng mokete o thabisang ka ho fetisisa selemong sa Bajuda. (Levitike 23:34-43) Mokete ona o ne o tšoaroa ho tloha ka la 15 ho isa ho la 21 khoeling ea Ethanime ’me o ne o phethoa ka seboka se hlomphehang ka la 22 khoeling eo. O ne o tšoaea ho fela ha nako ea ho bokelloa ha se kotutsoeng ’me e ne e le nako ea ho leboha Molimo ka molemo oa hae o moholo. Ka lebaka leo, Jehova o ile a laela ba ketekang, a re: “Jehova Molimo oa hao o tla u hlohonolofatsa lihlahisoeng tsohle tsa hao le mosebetsing o mong le o mong oa letsoho la hao, ’me u thabe feela.” (Deuteronoma 16:15) E tlameha ebe eo e ne e le nako e thabisang hakaakang!
15 Nakong ea mokete oo, Baiseraele ba ne ba lula maphepheng ka matsatsi a supileng. Seo se ne se ba hopotsa hore ba kile ba lula maphepheng lefeelleng. Mokete ona o ne o ba fa nako e lekaneng ea ho thuisa ka tlhokomelo e lerato ea Jehova. (Deuteronoma 8:15, 16) Kaha bohle, barui le mafutsana ba ne ba lula maphepheng a tšoanang, Baiseraele ba ne ba hopotsoa hore nakong eo ea mokete, kaofela ha bona ba ne ba lekana.—Nehemia 8:14-16.
16. Mokete oa Maphephe o ne o tšoantšetsa eng?
16 Mokete oa Maphephe e ne e le mokete oa kotulo, e leng mokete o thabisang oa ho bokella, ’me o ne o tšoantšetsa ho bokelloa ho thabisang ha ba bontšang tumelo ho Jesu Kreste. Ho bokelloa hona ho qalile ka Pentekonta ea 33 C.E., ha barutuoa ba Jesu ba 120 ba ne ba tlotsetsoa ho ba karolo ea “boprista bo halalelang.” Feela joalokaha Baiseraele ba ne ba lula maphepheng ka matsatsi a seng makae, batlotsuoa baa tseba hore le bona ke “baahi ba nakoana” lefatšeng lena le khopo. Ba na le tšepo ea ho phela leholimong. (1 Petrose 2:5, 11) Ho bokelloa hoo ha Bakreste ba tlotsitsoeng ho tla phethoa ‘matsatsing ana a ho qetela,’ ha ho bokelloa litho tsa ho qetela tsa ba 144 000.—2 Timothea 3:1.
17, 18. (a) Ke eng e bontšang hore ho na le batho ba bang ka ntle ho Bakreste ba tlotsitsoeng ba ruang molemo sehlabelong sa Jesu? (b) Ke bo-mang bao kajeno ba ruang molemo Moketeng oa Maphephe oa tšoantšetso, hona mokete oo o thabisang o tla fihla tlhōrōng ea oona neng?
17 Re tla hlokomela hore nakong ea mokete ona oa boholo-holo, ho ne ho nyeheloa lipoho tse 70. (Numere 29:12-34) Palo ea 70 e emela palo ea 7 e phetiloeng ka makhetlo a 10, e leng lipalo tseo ka Bibeleng li emelang ho phethahala ha lintho tsa leholimong le ho phethahala ha lintho tsa lefatšeng. Kahoo, sehlabelo sa Jesu se tla thusa batho ba tšepahalang ba tsoang malapeng ’ohle a 70 a moloko oa batho a tsoileng ho Noe. (Genese 10:1-29) Tumellanong le seo, mehleng ea rōna ho bokelloa hona ho atolositsoe hore ho akarelletse batho ba tsoang lichabeng tsohle ba bontšang tumelo ho Jesu ’me ba e-na le tšepo ea ho phela lefatšeng la paradeise.
18 Moapostola Johanne o ile a bona ka pono ho bokella ho etsoang kajeno. Pele, o ile a utloa ha ho phatlalatsoa ho tiisoa ha litho tsa ho qetela tsa ba 144 000. Eaba o bona “bongata bo boholo, boo ho seng motho ea neng a khona ho bo bala,” bo eme ka pel’a Jehova le Jesu, bo “e-na le makala a palema matsohong a bona.” Bana ‘ba tsoa matšoenyehong a maholo’ ’me ba kena lefatšeng le lecha. Hona joale le bona ke baahi ba nakoana tsamaisong ena ea khale ea lintho, ’me ba lebeletse ka thabo nako ea ha ‘Konyana e tla ba lisa, ’me e ba tataisetse lilibeng tsa metsi a bophelo.’ Ka nako eo, “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona.” (Tšenolo 7:1-10, 14-17) Mokete oa Maphephe oa tšoantšetso o tla fihla tlhōrōng ea oona qetellong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete ea Kreste ha bongata bo boholo, hammoho le ba tsositsoeng ba tšepahalang, ba fuoa bophelo bo sa feleng.—Tšenolo 20:5.
19. Re rua molemo joang ka ho tšohla taba ea mekete e neng e tšoaroa Iseraele?
19 Le rōna re ka ‘thaba’ ha re thuisa ka se boleloang ke mekete ea boholo-holo ea Bajuda. Hoa hlolla ho hlokomela hore Jehova o fane ka tlhase ea kamoo boprofeta boo a faneng ka bona morao koana Edene bo neng bo tla phethahala kateng, ’me hoa thabisa ho bo bona bo hlile bo phethahala, mohato ka mohato. Kajeno, rea tseba hore Peō e ile ea hlaha le hore e ile ea longoa serethe. Hona joale Peō eo e se e le Morena oa leholimo. Ho phaella moo, boholo ba batho bana ba 144 000 bo se bo tšepahetse ho isa lefung. Joale ho setse’ng? Boprofeta boo bo tla phethahala neng ka ho feletseng? Taba ena e tla tšohloa sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Khoeli ea Nisane e oela ho March/April almanakeng ea rōna ea hona joale.
b Nyehelong ena e tsokoang ea mahobe a mabeli a lomositsoeng, hangata moprista o ne a nka mahobe ao, a phahamisetsa matsoho holimo, ebe o tsokela mahobe ao koana le koana. Ketso ena e ne e tšoantšetsa ho nyeheloa ha mahlabelo ho Jehova.—Bona Insight on the Scriptures, Buka 2, leqepheng la 528, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
c Khoeli ea Ethanime, kapa Tishri, e oela ho September/October almanakeng eo re e sebelisang hona joale.
Na U ka Hlalosa?
• Konyana ea Paseka e ne e tšoantšetsa eng?
• Ke ho bokella hofe ho neng ho tšoantšetsoa ke Mokete oa Pentekonta?
• Ke litšobotsi life tsa Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe tse neng li bontša kamoo sehlabelo sa Jesu sa thekollo se neng se tla sebetsa kateng?
• Ho bokelloa ha Bakreste ho tšoantšelitsoe joang ke Mokete oa Maphephe?
[Chate e leqepheng la 22, 23]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Ketsahalo: Seo e se Tšoantšetsang:
Paseka La 14 Nisane Ho hlajoa konyana Jesu o etsoas ehlabelo
ea Paseka
Mokete La 15 Nisane Sabatha
oa Mahobe La 16 Nisane Ho nyeheloa harese Jesu oa tsosoa
a sa Lomosoang
(la 15-21 Nisane)
↑
Matsatsi a 50
↓
Mokete La 6 Sivane Ho nyeheloa Jesu o ile a hlahisa
oa Libeke mahobe a barab’abo ba
(Pentekonta) mabeli tlotsitsoeng ho
Jehova
Letsatsi La 10 Tishri Ho nyeheloa Jesu o ile
la ho poho le lipōli a fana ka molemo
Koaheloa tse peli oa mali a hae bakeng
ha Libe sa moloko oohle oa
batho
Mokete La 15-21 Tishri Baiseraele ba Ho bokelloa ha
oa Maphephe ne ba thabela batlotsuoa le ha
(Ho bokella, ho lula “bongata bo boholo”
ho Litabernakele) maphepheng
’me ba thabela
kotulo,ho nyeheloa
lipoho tse 70
[Litšoantšo tse leqepheng la 21]
Joaloka mali a konyana ea Paseka, mali a tšolotsoeng a Jesu a pholosa batho ba bangata
[Litšoantšo tse leqepheng la 22]
Litholoana tsa pele tsa kotulo ea harese tse neng li nyeheloa ka la 16 Nisane li ne li tšoantšetsa tsoho ea Jesu
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Mahobe a mabeli a neng a nyeheloa ka Pentekonta a ne a tšoantšetsa phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng
[Litšoantšo tse leqepheng la 24]
Mokete oa Maphephe o ne o tšoantšetsa ho bokelloa ho thabisang ha batlotsuoa le ha “bongata bo boholo” bo tsoang lichabeng tsohle