Tsela Feela e Isang Bophelong bo sa Feleng
“Ke ’na tsela le ’nete le bophelo.”—JOHANNE 14:6.
1, 2. Jesu o ile a bapisa tsela e isang bophelong bo sa feleng le eng, ’me papiso ea hae e na le bohlokoa bofe?
THUTONG ea hae ea Thabeng e tummeng, Jesu o bapisa tsela e isang bophelong bo sa feleng le tsela eo ka eona motho a kenang hekeng. Hlokomela hore Jesu o hatisa hore tsela ena e isang bophelong ha e bonolo, ha a re: “Kenang ka heke e moqotetsane; hobane e sephara ebile e batsi tsela e isang timetsong, ’me ba bangata ke ba kenang ka eona; athe heke e moqotetsane le tsela e patisane e isang bophelong [bo sa feleng], ’me ke ba seng bakae ba e fumanang.”—Matheu 7:13, 14.
2 Na u bona bohlokoa ba papiso ee? Na ha e senole hore ho na le tsela e le ’ngoe feela, kapa mokhoa, e isang bophelong le hore ho tla hlokahala hore re be hlokolosi e le hore re qobe ho kheloha tsela eo ea bophelo? Joale, tsela ee e le ’ngoe feela e isang bophelong bo sa feleng ke’ng?
Karolo ea Jesu Kreste
3, 4. (a) Bibele e bontša karolo ea bohlokoa ea Jesu joang polokong ea rōna? (b) Molimo o ile a senola neng ka lekhetlo la pele hore batho ba ka fumana bophelo bo sa feleng?
3 Ho hlakile hore Jesu o phetha karolo ea bohlokoa mabapi le tsela eo, joalokaha moapostola oa hae Petrose a boletse: “Ha ho poloko ho mang kapa mang e mong, kaha ha ho lebitso le leng [ntle ho la Jesu] tlas’a leholimo leo ho fanoeng ka lona har’a batho leo ka sebele re tla pholoha ka lona.” (Liketso 4:12) Ka ho tšoanang, moapostola Pauluse o ile a re: “Mpho eo Molimo a fanang ka eona ke bophelo bo sa feleng ka Kreste Jesu Morena oa rōna.” (Baroma 6:23) Jesu ka boeena o ile a senola hore tsela feela e isang bophelong bo sa feleng ke ka eena, hobane o itse: “Ke ’na tsela le ’nete le bophelo.”—Johanne 14:6.
4 Ka hona, ke ho potlakileng hore re amohele karolo ea Jesu ea ho etsa hore bophelo bo sa feleng bo be teng. Ka lebaka leo, a re hlahlobeng karolo ea hae ka hloko. Na ua tseba hore ke neng, ka mor’a hore Adama a etse sebe, Jehova Molimo a ileng a bontša hore batho ba ka phela ka ho sa feleng? E bile hang feela ka mor’a hore Adama a etse sebe. Joale, a re hlahlobeng hore na tokisetso ea Jesu Kreste e le ’Moloki oa batho e ile ea boleloa joang esale pele ka lekhetlo la pele.
Peō e Tšepisitsoeng
5. Re ka khetholla noha e ileng ea khelosa Eva joang?
5 Jehova Molimo o ile a tsebahatsa Mopholosi ea tšepisitsoeng ka puo ea tšoantšetso. O ile a etsa sena ha a ne a ahlola “noha” e neng e ile ea bua le Eva le e neng e ile ea mo leka hore a se mamele Molimo ka ho ja tholoana e hanetsoeng. (Genese 3:1-5) Ka sebele, noha eo e ne e se ea sebele. E ne e le sebōpuoa sa moea se matla seo ka Bibeleng se tsebahatsoang e le “noha ea pele, e bitsoang Diabolose le Satane.” (Tšenolo 12:9) Satane o ile a sebelisa phoofolo ena e ikokobelitseng e le ’muelli oa hae bakeng sa ho khelosa Eva. Kahoo, ha a ahlola Satane, Molimo o ile a re ho eena: “Ke tla bea hloeano mahareng a hao le mosali, le mahareng a peo ea hao le peo ea hae; peo eo [ea mosali] e tla u khoba hloho, ’me u tla e lōma serethe.”—Genese 3:15.
6, 7. (a) Mosali ea belehang “peo” ke mang? (b) Peō e tšepisitsoeng ke mang, ’me o finyella eng?
6 “Mosali” enoa ke mang eo Satane e leng sera sa hae, kapa a mo hloileng? Joalokaha “noha ea pele” e tsebahatsoa ho Tšenolo khaolo ea 12, ho joalo le ka mosali enoa eo Satane a mo hloileng. Hlokomela hore temaneng ea 1 ho boleloa hore o “apere letsatsi, o eme holim’a khoeli, ’me linaleli tse leshome le metso e ’meli li hloohong ea hae.” Mosali enoa o emela mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo oa leholimo oa mangeloi a tšepahalang, ’me “ngoana e motona” eo a mo belehang o emela ’Muso oa Molimo, oo ho oona Jesu Kreste a busang e le Morena.—Tšenolo 12:1-5, The Jerusalem Bible.
7 Ka lebaka leo, “peo” ee kapa bana ba mosali, e boletsoeng ho Genese 3:15, e tlang ho khoba Satane “hloho,” ka tsela eo e mo timetse, ke mang? Ke eena eo Molimo a ileng a mo romela ho tloha leholimong hore a tsoaloe ke moroetsana ka mohlolo, e, motho Jesu. (Matheu 1:18-23; Johanne 6:38) Khaolo ea 12 ea Tšenolo e senola hore e le ’Musi oa leholimo ea tsositsoeng, Peō ena, Jesu Kreste, e ne e tla etella pele tlhōlong ea Satane ’me e ne e tla theha “’muso oa Molimo oa rōna, le tokelo ea ho laela ea Kreste oa hae,” joalokaha Tšenolo 12:10 e bolela.
8. (a) Molimo o fane ka ntho efe e ncha mabapi le morero oa hae oa tšimolohong? (b) ’Muso oa Molimo o mocha o etsoa ka bo-mang?
8 Kahoo, ’Muso ona o matsohong a Jesu Kreste ke ntho e ncha eo Molimo a faneng ka eona mabapi le morero oa hae oa tšimolohong e le hore batho ba ka phela ka ho sa feleng lefatšeng. Ka mor’a bofetoheli ba Satane, hang-hang Jehova o ile a nka bohato ba ho felisa liphello tsohle tse mpe tsa bokhopo ka puso ena e ncha ea ’Muso. Ha a le lefatšeng, Jesu o ile a senola hore o ne a sa tl’o ba mong ’musong ona. (Luka 22:28-30) Ho ne ho tla khethoa ba bang molokong oa batho, ’me ba ne ba tla ikopanya le eena leholimong bakeng sa ho kopanela pusong, ’me ka tsela eo e ne e tla ba karolo e tlatsetsang ea peō ea mosali. (Bagalata 3:16, 29) Ka Bibeleng palo ea bana ba busang le Jesu—kaofela ba nkiloe bathong ba baetsalibe lefatšeng—e fanoe e le 144 000.—Tšenolo 14:1-3.
9. (a) Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore Jesu a hlahe lefatšeng e le motho? (b) Jesu o ile a felisa mesebetsi ea Diabolose joang?
9 Leha ho le joalo, pele ’Muso oo o ka qala ho busa, e ne e le habohlokoa hore karolo e ka sehloohong ea peō eo, Jesu Kreste, a hlahe lefatšeng. Hobane’ng? Hobane o ne a khethiloe ke Jehova Molimo e le Ea ‘tla qhaqha [kapa a felise] mesebetsi ea Diabolose.’ (1 Johanne 3:8) Mesebetsi ea Satane e ne e akarelletsa ho susumelletsa Adama sebeng, e leng ho ileng ha tlisetsa bana bohle ba Adama kahlolo ea sebe le lefu. (Baroma 5:12) Jesu o ile a felisa mosebetsi ona oa Diabolose ka ho fana ka bophelo ba Hae e le thekollo. Kahoo, o ile a fana ka motheo oa ho lokolloa ha batho kahlolong ea sebe le lefu ’me a bula tsela e isang bophelong bo sa feleng.—Matheu 20:28; Baroma 3:24; Baefese 1:7.
Seo Thekollo e se Finyellang
10. Jesu le Adama ba ne ba tšoana joang?
10 Kaha bophelo ba Jesu bo ile ba tlosoa leholimong ba kenngoa pōpelong ea mosali, o ile a tsoaloa e le motho ea phethahetseng, ea sa silafatsoang ke sebe sa Adama. O ne a e-na le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. Ka ho tšoanang, Adama o ile a bōptjoa e le motho ea phethahetseng ea nang le tebello ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. Moapostola Pauluse o ne a nahanne ka ho tšoana ha batho bana ba babeli ha a ne a ngola: “‘Motho oa pele Adama o ile a fetoha soule e phelang.’ Adama oa ho qetela [Jesu Kreste] o ile a fetoha moea o fanang ka bophelo. Motho oa pele o tsoa lefatšeng ’me o entsoe ka lerōle; motho oa bobeli o tsoa leholimong.”—1 Bakorinthe 15:45, 47.
11. (a) Adama le Jesu ba bile le phello efe bathong? (b) Re lokela ho talima sehlabelo sa Jesu joang?
11 Ho tšoana ha ba babeli bana—banna ba babeli bao e leng bona feela ba phethahetseng ba kileng ba phela lefatšeng—ho hatisoa ke polelo ea Bibele e reng Jesu ‘o ile a fana ka eena ka boeena e le thekollo e lekanang bakeng sa bohle.’ (1 Timothea 2:6) Jesu o ne a lekana le mang? Ka sebele, o ne a lekana le Adama ha e sa ntse e le motho ea phethahetseng! Sebe sa Adama oa pele se ile sa fella ka kahlolo ea lefu la lelapa lohle la motho. Sehlabelo sa “Adama oa ho qetela” se fana ka motheo bakeng sa topollo sebeng le lefung, e le hore re ka phela ka ho sa feleng. Sehlabelo sa Jesu ke sa bohlokoa hakaakang! Moapostola Petrose o ile a re: “E ne e se ka lintho tse ka bolang, ka silevera kapa khauta, le ileng la lopolloa.” Ho e-na le hoo, Petrose o ile a hlalosa: “E ne e le ka mali a bohlokoa, a joaloka a konyana e se nang sekoli le e se nang letheba, ’ona a Kreste.”—1 Petrose 1:18, 19.
12. Bibele e hlalosa ho fetoloa ha kahlolo ea rōna ea lefu joang?
12 Bibele e hlalosa hantle kamoo kahlolo ea lefu ea lelapa la motho e tla etsolloa kateng, ha e re: “Ka tšito e le ’ngoe [ea Adama] phello ho batho ba mefuta eohle e ile ea e-ba tsuo, ka ho tšoanang hape ka ketso e le ’ngoe ea tokafatso [tsela eohle ea Jesu ea botšepehi, e fihlang tlhōrong ka lefu la hae] phello ho batho ba mefuta eohle ke ho ba bolela ba lokile bakeng sa bophelo. Etsoe feela joalokaha ka ho se mamele ha motho a le mong [Adama] ba bangata ba ile ba etsoa baetsalibe, ka ho tšoanang hape ka ho mamela ha motho a le mong [Jesu] ba bangata ba tla etsoa ba lokileng.”—Baroma 5:18, 19.
Tebello e Khanyang
13. Ke hobane’ng ha ba bangata ba ikutloa ka tsela eo ba ikutloang ka eona ka ho phela ka ho sa feleng?
13 Tokisetso ena ea Molimo e lokela ho re thabisa hakaakang! Na ha u thabele hore ebe ho lokiselitsoe hore Mopholosi a be teng? Phuputsong e kileng ea etsoa ke koranta e ’ngoe motseng o moholo oa Amerika, ha ho ne ho botsoa potso e reng, “Na tebello ea ho phela ka ho sa feleng ea ipiletsa ho uena?” hoa makatsa hore ebe karolo ea 67,4 lekholong ea ba ileng ba arabela e ile ea araba ka hore, “Che.” Ke hobane’ng ha ba ne ba re ha ba batle ho phela ka ho sa feleng? Ho hlakile hore ke hobane hona joale bophelo lefatšeng bo na le mathata a mangata. Motho e mong o itse: “Ha ke thabele mohopolo oa ho shebahala ke le lilemo li 200.”
14. Ke hobane’ng ha ho phela ka ho sa feleng e tla ba ho thabisang ka ho feletseng?
14 Empa, Bibele ha e bue ka ho phela ka ho sa feleng lefatšeng leo ho lona batho ba kulang, ba tsofalang le ho ba mathateng a mang. Che, hobane joaloka ’Musi oa ’Muso oa Molimo, Jesu o tla felisa mathata a joalo a bakiloeng ke Satane. Ho latela Bibele, ’Muso oa Molimo “o tla robaka o felise mebuso eo kaofela” e hatellang ea lefatše lena. (Daniele 2:44) Ka nako eo, e le ho arabela thapelo eo Jesu a e rutileng balateli ba hae, “thato” ea Molimo e tla “etsoa lefatšeng joaloka leholimong.” (Matheu 6:9, 10, Today’s English Version) Lefatšeng le lecha la Molimo, ka mor’a hore lefatše le hloekisoe bobe bohle, melemo ea thekollo ea Jesu e tla sebelisoa ka ho feletseng. E, bohle ba tšoanelehang ba tla busetsoa bophelong bo botle bo phethahetseng!
15, 16. Ke maemo afe a tla ba teng lefatšeng le lecha la Molimo?
15 Ho batho ba phelang lefatšeng le lecha la Molimo, temana ena ea Bibele e tla sebetsa: “Ke ha nama ea hae e se e nchafala ho fetisa bonyenyaneng ba hae; o khutlela matsatsing a bocha ba hae.” (Jobo 33:25) Tšepiso e ’ngoe ea Bibele le eona e tla phethahala: “Mahlo a lifofu a tla tutuboloha, litsebe tsa ba thibaneng litsebe li bulehe. Sehlotsa se tla tlōla joalo ka khama, leleme la semumu le tla bina.”—Esaia 35:5, 6.
16 Ak’u nahane: Ho sa tsotellehe hore na re lilemo li kae ka nako eo, ebang li 80, li 800 kapa esita le ho feta, ’mele ea rōna e tla lula e phela hantle haholo. Ho tla ba joalokaha Bibele e tšepisa: “Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” Ka nako eo tšepiso ena le eona e tla phethahala: “[Molimo] o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, ’me lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, leha e le ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”—Esaia 33:24, NW; Tšenolo 21:3, 4.
17. Re ka ’na ra lebella hore batho ba finyelle eng lefatšeng le lecha la Molimo?
17 Lefatšeng leo le lecha, re tla khona ho sebelisa boko ba rōna bo hlollang ka tsela eo ’Mōpi oa rōna a neng a rerile hore re bo sebelise ka eona ha a ne a bo etsa bo e-na le matla a ho ithuta a sa lekanyetsoang. Ka sebele, ak’u nahane ka lintho tse hlollang tseo re ka ’nang ra li finyella! Esita le batho ba sa phethahalang ba entse ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e bonang ho re potoloha ka thepa e ngata ea motheo e lefatšeng—lithelefono tsa cellular, li-microphone, lioache, li-pager, lik’homputha, lifofane, e, le tse ling tse ngata. Ha ho le e ’ngoe ea tsona e entsoeng ka thepa eo ba e latileng sebakeng se seng se hōle bokahohleng. Ha re phela ka ho sa feleng, matla a boqapi e tla ba a sa lekanyetsoang lefatšeng la Paradeise le tlang!—Esaia 65:21-25.
18. Ke hobane’ng ha ho se mohla bophelo bo tla tena lefatšeng le lecha la Molimo?
18 ’Me bophelo bo ke ke ba tena. Esita le hona joale re lebella lijo tse latelang ka thabo, le hoja e ka ’na eaba re jele lijo tseo ka makhetlo a likete tse mashome. Ha re le batho ba phethahetseng, re tla thabela haholoanyane lintho tse monate tse behoang ke lefatše la Paradeise. (Esaia 25:6) ’Me re tla ba le thabo e sa feleng ea ho hlokomela liphoofolo tse ngata tsa lefatše le ho thabela ho likela ha letsatsi ho hlollang, lithaba, linōka le liphula. Ka sebele, ha ho mohla bophelo bo tla tena lefatšeng le lecha la Molimo!—Pesaleme ea 145:16.
Ho Finyella Seo Molimo a se Hlokang
19. Ke hobane’ng ha e le ho utloahalang ho lumela hore ho na le lintho tse hlokahalang hore re fumane mpho ea Molimo ea bophelo?
19 Na u ne u ka lebella ho amohela mpho ea Molimo e hlollang ea bophelo bo sa feleng Paradeiseng u sa etsa boiteko ba letho? Na hase ho utloahalang hore Molimo a hloke ho itseng? Ka sebele ho joalo. Ha e le hantle, Molimo ha a re akhele mpho ena feela tjee. O re neheletsa eona, empa re lokela ho e nanabela ’me re e nke. E, ho ameha boiteko. U ka ’na ua botsa eona potso eo ’musi e mocha ea ruileng a ileng a e botsa Jesu: “Ke lokela ho etsa molemo ofe e le hore ke fumane bophelo bo sa feleng?” Kapa u ka ’na ua beha potso ena ka tsela eo molebeli oa teronko oa Mofilippi a ileng a e beha ka eona ho moapostola Pauluse: “Ke lokela ho etsa’ng hore ke pholohe?”—Matheu 19:16; Liketso 16:30.
20. Tlhokahalo ea bohlokoa ke efe bakeng sa bophelo bo sa feleng?
20 Bosiung ba pele ho lefu la hae, Jesu o ile a bontša tlhokahalo e ka sehloohong ha a ne a re thapelong ho Ntate oa hae oa leholimo: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba ithuisa tsebo ka uena, Molimo eo e leng eena feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) Na hase tlhokahalo e utloahalang ea hore re ithuise tsebo ka Jehova, ea entseng hore bophelo bo sa feleng bo be teng, le ka ea re shoetseng, Jesu Kreste? Empa, ho hlokahala se eketsehileng ho feta feela ho ithuisa tsebo e joalo.
21. Re ka bontša joang hore re khahlanyetsa tlhoko ea ho sebelisa tumelo?
21 Bibele e boetse e re: “Ea sebelisang tumelo ho Mora o na le bophelo bo sa feleng.” Joale ea eketsa: “Ea sa mameleng Mora ha a na ho bona bophelo, empa khalefo ea Molimo e sala holim’a hae.” (Johanne 3:36) U ka bontša hore u sebelisa tumelo ho Mora ka ho etsa liphetoho bophelong ba hao le ho bo lumellanya le thato ea Molimo. U lokela ho hana tsela efe kapa efe e fosahetseng eo e ka ’nang eaba u ne u tsamaea ka eona ’me u nke bohato ba ho etsa se thabisang Molimo. Ho hlokahala hore u etse seo moapostola Petrose a se laetseng: “Bakang, ’me le sokolohe e le hore libe tsa lōna li hlakoloe, e le hore linako tse khathollang li ka tla ho tsoa ho Jehova ka boeena.”—Liketso 3:19.
22. Ho latela mehato ea Jesu ho akarelletsa liketso life?
22 E se eka le ka mohla re ke ke ra lebala hore ke feela ka ho sebelisa tumelo ho Jesu re ka phelang ka ho sa feleng. (Johanne 6:40; 14:6) Re bontša hore re sebelisa tumelo ho Jesu ka ho ‘latela mehato ea hae haufi-ufi.’ (1 Petrose 2:21) Ho etsa joalo ho akarelletsa eng? Ha e le hantle, ha a rapela Molimo, Jesu o itse: “Bona! ke tlile . . . ho etsa thato ea hao, Uena Molimo.” (Baheberu 10:7) Ke habohlokoa ho etsisa Jesu ka ho lumela ho etsa thato ea Molimo le ka ho nehela bophelo ba hao ho Jehova. Ka mor’a moo ho hlokahala hore u tšoantšetse boinehelo boo ka kolobetso ea metsing; Jesu le eena o ile a itlhahisa bakeng sa kolobetso. (Luka 3:21, 22) Ho nka mehato e joalo ho utloahala ka ho feletseng. Moapostola Pauluse o bontšitse hore “lerato leo Kreste a nang le lona lea re qobella.” (2 Bakorinthe 5:14, 15) Ka tsela efe? Ha e le hantle, lerato le ile la susumelletsa Jesu ho re tella bophelo ba hae. Na seo ha sea lokela ho re qobella ho arabela ka ho sebelisa tumelo ho eena? E, se lokela ho re qobella ho latela mohlala oa hae o lerato oa ho itella ho thusa ba bang. Kreste o ne a phelela ho etsa thato ea Molimo; re lokela ho etsa se tšoanang, re se hlole re iphelela.
23. (a) Ba fumanang bophelo ba lokela ho eketsoa ho eng? (b) Ho hlokahala eng ho ba leng ka har’a phutheho ea Bokreste?
23 Taba ena ha e felle moo. Bibele e re ha ho ne ho kolobetsoa ba 3 000 ka Pentekonta ea 33 C.E., ba ile ba “eketsoa.” Ba eketsoa ho eng? Luka oa hlalosa: “Ba tsoela pele ho inehela thutong ea baapostola le ho arolelaneng e mong le e mong.” (Liketso 2:41, 42) E, ba ile ba bokana hammoho bakeng sa ho ithuta Bibele le ho thabela botsoalle ’me ka tsela eo ba ile ba eketsoa ho, kapa ea e-ba karolo ea, phutheho ea Bokreste. Bakreste ba pele ba ne ba e-ba teng libokeng kamehla bakeng sa thuto ea moea. (Baheberu 10:25) Lipaki tsa Jehova kajeno le tsona li etsa sena, ’me li ka thabela ho u khothalletsa ho ba le tsona libokeng tsena.
24. “Bophelo ba sebele” ke eng, ’me bo tla ba teng joang hona neng?
24 Hona joale ba limilione ba tsamaea tseleng e moqotetsane e isang bophelong. Ho lula tseleng ena e moqotetsane ho hloka boiteko ba sebele! (Matheu 7:13, 14) Pauluse o bontšitse sena boipiletsong ba hae bo bontšang boikutlo bo mofuthu: “Loana ntoa e ntle ea tumelo, u tšoare ka tieo bophelo bo sa feleng boo u ileng ua bo bitsetsoa.” Ho tsoela pele ka ntoa ena hoa hlokahala hore u ‘tšoare ka tieo bophelo ba sebele.’ (1 Timothea 6:12, 19) Bophelo boo hase bophelo ba hona joale ba ho opeloa le bohloko le mahlomola tseo re li tliselitsoeng ke sebe sa Adama. Ho e-na le hoo, ke bophelo lefatšeng le lecha la Molimo, leo haufinyane le tla ba teng ha sehlabelo sa thekollo sa Kreste se sebelisoa molemong oa barati bohle ba Jehova Molimo le Mora oa hae ka mor’a hore tsamaiso ena ea lintho e tlosoe. E se eka rōna bohle re ka khetha bophelo—“bophelo ba sebele”—bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo le khanyang.
U ne U Tla Araba Joang?
◻ Noha, mosali le peō ea Genese 3:15 ke bo-mang?
◻ Jesu o ne a lekana le Adama joang, ’me ke eng eo thekollo e ileng ea etsa hore e be teng?
◻ U ka lebella eng e tla etsa hore lefatše le lecha la Molimo e be le thabisang ho uena?
◻ Ho hlokahala hore re etse eng hore re phele lefatšeng le lecha la Molimo?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Ho ba bacha le ba tsofetseng, Jesu ke eena feela tsela e isang bophelong bo sa feleng
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Ka nako ea Molimo e loketseng, ba tsofetseng ba tla boela ba be le matla a bocha