Mahlomola ka Lapeng—Pontšo ea Linako
MAHLOMOLA ka lapeng—batho ba bangata ba a talima e le pontšo ea hore meetlo ea lenyalo le botsoali e fetiloe ke nako. Ba bang ba nahana hore a tlisitsoe ke phetoho e leng teng lipolotiking, boemong ba moruo, le likamanong tsa sechaba. Ba bang ba nahana hore ke e ’ngoe ea likotsi tse bakoang ke theknoloji ea kajeno. Ha e le hantle mathata ana ao malapa a tobaneng le ’ona kajeno ke pontšo ea ntho e ’ngoe ea bohlokoa haholoanyane. Hlokomela mantsoe a Bibele ho 2 Timothea 3:1-4:
“Tseba hobane mehleng ea qetello ho tla hlaha linako tse bohloko. Hobane batho e tla ba baithati, le ba ratang leruo, le bakaki, le baikakasi, le banyefoli, le ba sa utloeng batsoali ba bona, ba hlokang teboho le borapeli; e tla ba ba se nang lerato la hlaho, leha e le ho tšepeha, ba etselletsang ba bang, ba sa tsebeng ho itšoara, ba sehlōhō, ba hloeang ba molemo; e be baeki, le bahalefi, le baikhohomosi, ba ratang menate ea nama, e seng Molimo.”
Na mantsoe aa ha a kenelle sesoseng sa mathata a kajeno? Ho hlakile hore mahlomola a lelapa a kajeno ke phello e tobileng ea maemo a profetiloeng hore a tla ba teng mehleng ea bofelo ba lefatše lena. ’Me ho na le bopaki bo matla ba hore nako ena ea mahlomola e qalile ka selemo sa 1914.a Ho tloha ka nako eo, tšusumetso ea motho oa moea ea nang le matla a phahametseng a motho Satane Diabolose ka ho khethehileng e ’nile ea ba le matla a bolaeang.—Mattheu 4:8-10; 1 Johanne 5:19.
Ka baka la ho koalloa lefatšeng ho tloha ka 1914, Satane o “halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le ekae.” (Tšenolo 12:7-12) Kaha Satane ke sera se seholo sa Molimo “eo leloko le leng le le leng le maholimong le lefatšeng le bitsoang ka eena,” na hoa makatsa hore ebe lefatše le fetohile sebaka se nang le mathata a lelapa? (Ba-Efese 3:15) Satane o ikemiselitse ho furallisa moloko oohle oa batho Molimo. O ne a ka finyella see hamolemo joang ho feta ho hlasela malapa ka mathata?
Ho tla hlokahala ho fetang feela likhopolo tse bonolo tsa batho bao ho lekanngoang hore ke litsebi bakeng sa ho sireletsa malapa tlhaselong ena e phahametseng matla a motho. Leha ho le joalo, Bibele e re ka Satane: “Re hlile re tseba merero ea hae.” (2 Ba-Korinthe 2:11) Ho na le tekanyo e itseng ea tšireletseho e fumanoang ka ho tseba tse ling tsa litsela tse tobileng tseo a hlaselang ka tsona.
Chelete le Mosebetsi
Khatello ea moruo ke se seng sa libetsa tse matla tseo Satane a hlaselang ka tsona. Tsena ke “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,” kapa “linako tsa khatello” ho latela tsela eo Revised Standard Version e fetolelang 2 Timothea 3:1 ka teng. Linaheng tse tsoelang pele moruong, mathata a kang ho se hiroe, meputso e tlaase, le khaello ea lintho tseo batho ba ke keng ba phela ka ntle ho tsona ho bakela malapa mathata a mangata. Leha ho le joalo, esita le United States eo ha ho bapisoa e leng naha e ruileng, likhatello tsa moruo li na le phello e tebileng. Phuputso e ’ngoe ea U.S. e ile ea senola hore chelete ke se seng sa lisosa tse ka sehloohong tsa khohlano ka lapeng. Buka Secrets of Strong Families e bolela hore “nako, tlhokomelo, [le] matla” tse sebelisoang bakeng sa ho khahlametsa litlhoko tsa mosebetsi oa boipheliso li ka boela tsa fetoha “sera se bohlale” se senyang tlamo ea lenyalo.
Maemo a qobelletse palo e khōlō ea basali hore e batle mosebetsi. Mongoli Vance Packard oa tlaleha: “Hona joale, bonyane karolo ea bone ea masea a Amerika le bana ba ithutang ho tsamaea ba leng ka tlaase ho lilemo tse tharo ba na le bo-’mè ba nang le mofuta o itseng oa mosebetsi o ka ntle ho lelapa.” Ho khahlametsa litlhoko tse batlang li sa fele tsa bana ba banyenyane esita le tsa mosebetsi ho ka hloka boiteko bo etsang hore motho a nyahame le ho khathala—ho ka ba le liphello tse mpe ho batsoali le bana. Packard o phaella ka ho bontša hore ka baka la khaello ea litokisetso tsa tlhokomelo e loketseng ea bana United States, “kajeno ke limillione tse ’maloa tsa bana ba qhekanyetsoang ka ho se fuoe tlhokomelo e ntle nakong ea bonyenyane ba bona.”—Our Endangered Children.
Sebaka sa mosebetsi ka bosona hangata se nyelisa kopano ea lelapa. Basebetsi ba bangata ba hohetsoe hore ba kopanele likamanong tsa boitšoaro bo bobe le basebetsi-’moho le bona. Ba bang ba tšoarehile tabeng ea ho batla katleho eo ba sa e fumaneng ka ho sebelisa nako eo ba lokelang ho ba le malapa a bona bakeng sa ho ntlafatsa tsebo ea bona ea mosebetsi o itseng. (Bapisa le Moeklesia 4:4.) Monna e mong o ile a tšoareha ka ho felletseng mosebetsing oa hae oa ho ba moemeli oa thekiso hoo mosali oa hae a ileng a itlhalosa e le “motsoali a le mong oa sebele.”
Litlamo tsa Lenyalo tse Fokolisitsoeng
Tokisetso ea lenyalo ka boeona e boetse e hlasetsoe. Buka The Intimate Environment e re: “Nakong e fetileng, ho ne ho lebeletsoe hore banyalani ba tla lula lenyalong ka ntle le haeba e mong oa balekane a etsa phoso e tebileng khahlanong le lenyalo—bofebe, bokhopo, ho hlokomoloha molekane e mong ka ho fetelletseng. Hona joale batho ba bangata ba bona morero oa lenyalo e le ho ikhotsofatsa ha botho.” E, lenyalo le nkoa e le ntho e felisang ho hloka thabo, ho tepella, kapa bolutu—e seng joaloka tlamo ea bophelo bohle ho motho e mong. Hona joale tlhokomelo e lebisitsoe ho molemo oo motho a o fumanang lenyalong, eseng seo a tlatsetsang ka sona lenyalong. (Bapisa le Liketso 20:35.) “Phetoho [ena] e khōlō ea litekanyetso tse potolohileng lenyalo” e fokolisitse litlamo tsa lenyalo haholo. Ha ho ikhotsofatsa ha botho ho ba phonyoha, hangata banyalani ba sebelisa tlhalo joaloka tharollo ea kapele.
Batho ba “mehla [ena] ea qetello” ho latela boprofeta ba Bibele ba hlalosoa e le ba ‘nang le sebōpeho sa borapeli, empa e le ba latotseng matla a jona.’ (2 Timothea 3:4, 5) Litsebi tse ngata li na le boikutlo ba hore ho oa ha bolumeli ho bile le karolo tabeng ea ho nyelisa lenyalo. Bukeng ea hae The Case Against Divorce, Dr. Diane Medved o ngotse: “Ho latela malumeli a mangata, Molimo o itse lenyalo e lokela ho ba ntho ea ka ho sa feleng. Ha u sa tiisehe ka boteng ba Molimo kapa u sa lumele ho Eena, joale u etsa seo u se ratang.” Phello ke hore, ha lenyalo le na le mathata, banyalani ha ba batle litharollo tse utloahalang. “Ba potlakela ho qhala lenyalo.”
Bacha Baa Hlaseloa
Bana ba ferekantsoe ke likhatello tsa kajeno. Batsoali ba bacha ba bangata ba ba shapa ka tsela e mabifi ’me ba ba hleka-hleka ka lipuo kapa ka likamano tsa botona le botšehali. Ka baka la tlhalo, bana ba limillione tse eketsehileng ba amohiloe tokelo ea ho ba tlas’a taolo e lerato ea batsoali ba babeli, ’me hangata bohloko ba tlhalo ea batsoali bo ba teng bophelo bohle.
Bacha ba hlaseloa ke litšusumetso tse matla. Ka nako eo mocha oa Leamerika a leng lilemo li 14, u tla be a ile a bona batho ba 18 000 ba bolaoa le mefuta e meng e mengata ea pefo, likamano tsa botona le botšehali tse sa lokang, boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali bo fellang ka ho kula kelellong kapa ’meleng, le tlōlo ea molao feela ka ho shebella thelevishene. ’Mino le oona o na le matla a maholo ho bacha, ’me o mongata ke o sa itlhompheng ka tsela e makatsang, ha ho ntho eo o e patang mabapi le likamano tsa botona le botšehali, kapa o bile o na le mantsoe a nang le bosatane. Likolo li ruta bana likhopolo tse kang ho iphetola ha lintho tse nyelisang ho lumela ho Molimo le Bibeleng. Khatello ea lithaka e susumelletsa ba bangata hore ba kopanele likamanong tsa botona le botšehali pele ho lenyalo le hore e be makhoba a tahi le lithethefatsi.
Mohloli oa Mahlomola a Lelapa
Kahoo tlhaselo ea malapa e pharalletse ’me e ka ba e ferekanyang. Ke’ng se ka thusang malapa hore a pholohe? Moeletsi oa malapa John Bradshaw o etsa tlhahiso: “Melao ea rōna ea botsoali ha ea nchafatsoa ka ho teba lilemong tse 150. . . . Ke lumela hore melao ea khale ha e sa sebetsa.” Leha ho le joalo, melao e mengata e entsoeng ke motho hase tharollo. Jehova Molimo ke Moqapi oa lelapa. O tseba hamolemonyana ho feta motho leha e le ofe kamoo karolo eo lelapa le e phethang mabapi le thabo ea rōna ea botho e leng ea bohlokoa ka teng le se hlokahalang bakeng sa ho etsa hore lelapa le thabe le ho ba matla. Na ho lokela ho re makatsa hore ebe Lentsoe la hae, Bibele le fana ka tharollo ea mahlomola a lelapa?
Buka eo ea boholo-holo e hlalosa kamoo bophelo ba lelapa bo ileng ba senyeha. Banyalani ba pele, Adama le Eva, ba ne ba beiloe serapeng se setle ’me ba filoe phephetso e putsang ea ho fetola lefatše lohle paradeise. Molimo o ile a laela hore Adama o ne a lokela hore e be hlooho ea lelapa. Eva o ne a lokela ho sebetsa ’moho le eena joaloka “mothusi,” oa hae kapa “motlatsi.” Empa Eva o ile a hanyetsa tokisetso ena. O ile a inkela bohlooho ba monna oa hae ’me a hlompholla thibelo e le ’ngoe feela eo Molimo a neng a ba behetse eona. Eaba Adama o tlohela bohlooho ba hae ’me a kopanela le eena phetohelong ena.—Genese 1:26–3:6, NW.
Liphello tse senyang tsa ho ikarola tokisetsong ea Molimo li ile tsa bonahala hang-hang. Ba se ba sa hloeka le ho ba ba hlokang molato, Adama le Eva ba ile ba bontša ho hlajoa ke lihlong le ho ba le letsoalo le molato. Adama, eo pejana a ileng a hlalosa mosali oa hae ka mantsoe a bontšang thabo, a puo ea thothokiso, joale, ka mokhoa o bontšang ho hloka thahasello o bua ka eena e le “mosali eo u ’neileng eena.” Polelo eo e bontšang maikutlo a mabe e ne e le qalo feela ea masisa-pelo a lenyalo. Boiteko ba Adama bo ileng ba hlōleha ba ho fumana bohlooho ba hae hape bo ne bo tla fella ka ho ‘hatella mosali.’ Ka lehlakoreng le leng Eva o ne a tla “lakatsa” monna oa hae, mohlomong ka tsela e fetelletseng kapa e sa leka-lekanang.—Genese 2:23; 3:7-16, NW.
Ha ho makatse hore ebe ntoa e leng lenyalong la Adama le Eva e bile le phello e senyang ho bana ba bona. Mora oa bona oa letsibolo, Kaine, o ile a fetoha ’molai ea sehlōho. (Genese 4:8) Lemeke, setloholo sa Kaine, o ile a tlatsetsa tabeng ea ho oa ha bophelo ba lelapa ka ho ba motho oa pele tlalehong ea batho ba nyetseng sethepu. (Genese 4:19) Kahoo Adama le Eva ha baa ka ba fetisetsa sebe le lefu feela ho bana ba bona empa ba ile ba fetisetsa le sebōpeho se kulang sa lelapa seo e bileng boemo ba moloko oa batho ho tloha ka nako eo. Mehleng ena ea qetello, liqabang tsa lelapa li finyelletse tlhōrō e phahameng ka ho fetisisa.
Malapa a Atlehileng
Leha ho le joalo, hase malapa ’ohle a hlasetsoeng ke likhatello tsa kajeno. Ka mohlala, monna e mong o lula le mosali oa hae le barali ba babeli sechabeng se seng se senyenyane United States. Le hoja baahelani ba bona ba bangata ba na le lekhalo la moloko pakeng tsa bana le batsoali, eena le mosali oa hae ha ba na lona, leha e le hona ho tšoenyeha ka hore barali ba bona ba ka leka ho sebelisa lithethefatsi kapa ho kopanela likamano tsa botona le botšehali. Mantsiboea a ’Mantaha, ha bacha ba bang ba tjametse Thelevishene, lelapa la bona lohle le bokane hammoho le pota-potile tafole ea kamore eo ho jelloang ho eona bakeng sa puisano ea Bibele. Oa hlalosa: “Mantsiboea a ’Mantaha ke mantsiboea a rōna a khethehileng a hore re be ’moho le ho buisana. Barali ba rōna ba ikutloa ba lokolohile hore ba ka buisana le rōna ka mathata a bona.”
Ka lehlakoreng le leng, ho na le motsoali ea se nang molekane New York City eo le eena a thabelang ho momahana ha lelapa ho sa tloaelehang le barali ba hae ba babeli. Lekunutu la hae ke lefe? Oa hlalosa: “Re lula re koetse thelevishene ho fihlela nakong ea mafelo-beke. Re ba le puisano ea ka mehla ea temana ea Bibele. Re boetse re behella mantsiboea a letsatsi le leng ka thōko bakeng sa puisano ea Bibele ea lelapa.”
Malapa ana a mabeli ke a Lipaki tsa Jehova. A latela keletso e leng ka Bibeleng bakeng sa malapa—’me ea sebetsa. Leha ho le joalo, hase mekhelo. Ho na le malapa a likete tse makholo a tšoanang hantle le ana a kotulang litholoana tse molemo ka ho sebelisa melao ea bophelo ba lelapa e fumanoang bukeng eo.b Ha e le hantle melao eo ke efe? Ke joang e ka u tsoelang molemo le lelapa la hao? Re arabela potso ena ka ho u memela hore u hlahlobe lihlooho tse qalang leqepheng le latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa bopaki bo eketsehileng ba hore mehla ea qetello e qalile ka 1914, bona khaolo 18 ea buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
b Ka thuso ea thuto ea Bibele e sa lefelloeng, Lipaki tsa Jehova li fana ka thuso mabapi le ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ka lapeng. U ka kopana le tsona ka ho ngolla bahatisi ba makasine ona.
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Maemo a moruo a mabe a baka mahlomola bakeng sa malapa a leng linaheng tse hōlang moruong
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
U.S. Navy Photo
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ka ho sebelisa melao-motheo ea Bibele, malapa a mangata a hanela likhatello tsa kajeno