Karolo ea Mosali ka Mangolong
“O tla bitsoa mosali, hobane o ntšitsoe ho monna.”—GENESE 2:23.
1, 2. (a) Batho ba bang ba nahana hore Bibele e talima basali joang? (b) Bonneteng, ke papiso efe e lokelang ho etsoa, ’me buka e ’ngoe ea litšupiso e re’ng?
MANGOLO a Halalelang a talima basali joang? Maikutlo aa fapana tabeng ena. Buka e ’ngoe ea morao-rao e buang ka taba ena e re: “Khopolo e teng morao-rao tjena e entsoeng ka leeme ke hore Bibele e nyenyefalitse basali.” Batho ba bang ba bolela hore likarolong tsa eona tsa Seheberu le tsa Segerike, Bibele e tlatlapa basali. Na sena ke ’nete?
2 Bonneteng, ke ho loketseng hore pele ho hlahlobisisoe kamoo basali ba neng ba tšoaroa ka teng mehleng ea Bibele har’a batho ba neng ba sa rapele Jehova. Libakeng tse ling tse tsoetseng pele tsa boholo-holo tse neng li sebelisa borapeli ba molimotsana oa ’mè, basali ba ne ba hlomphuoa joaloka matšoao a kemolo. Ho bonahala eka ba ne ba hlomphuoa haholo Babylonia le Egepeta. Empa libakeng tse ling ba ne ba sa tšoaroe hantle. Assyria ea boholo-holo monna o ne a ka hlala mosali oa hae ha a rata ’me o ne a ka ba a ’molaea haeba a sa tšepahale. Ha mosali a tlohile lapeng, o ne a lokela ho ikhurumetsa ka lesira. Greece le Roma, ke basali ba ruileng feela, bao ba bangata ho bona e neng e le matekatse a sehlopha se mathang le batho ba ruileng, kapa matekatse a phahameng, ba neng ba fumana thuto le ho fumana tokoloho e itseng. Ka hona, hoa hlasimolla ho bala sena ho The New International Dictionary of New Testament Theology:a “Ho fapana le lefatše la (bolumeli) la bochabela ka kakaretso, [mosali ka Mangolong a Seheberu] o nkoa e le motho ebile e le molekane oa monna.” Sena se boletsoe ka ho hlaka bukeng e qetellang ea Mangolo a Seheberu, moo moprofeta oa Jehova a hlalosang mosali oa monna e le “molekane” oa hae, ’me a phaella: “U se ke ua etsa ka bolotsana ho mosali oa bocha ba hao.”—Malakia 2:14, 15.
O Bōpetsoe ho ba Molekane oa Monna
3 le mongolo o botlaaseng ba leqephe. (a) Ka mor’a hore Jehova a bōpe Adama, o ile a mo fa likabelo life tsa mosebetsi? (b) Le hoja Adama a ne a ntse a e-s’o be le mosali, boemo ba hae e ne e le bofe pele Eva a bōptjoa, ’me boemo ba “Adama oa morao,” Jesu, e ne e le bofe?
3 Ho latela Bibele, Jehova o bōpile Adama “ka lerōle le tsoang mobung” ’me a ’meha tšimong ea Edene, hore a e leme. Molimo o ile oa tlisa liphoofolo tsohle tsa naha le libōpuoa tse fofang ho Adama e le hore a ka ithuta tsona a be a li rehe mabitso. Ho sa tsotellehe hore na Adama o nkile nako e kae hore a etse sena, o ne a le mong. O ne a phethahetse, a felletse, a sa haelloe ke letho bakeng sa ho phetha likabelo tseo a neng a li fumane ho Jehova ho tla fihlela nakong eo.b O ne a se na “mothusi e le motlatsi oa hae.”—Genese 2:7, 15, 19, 20, NW.
4, 5. (a) Ha e se e se nako ea hore Adama a tsoele pele a le mong, Jehova o ile a etsa eng? (b) Jehova o ile a fa Adama le Eva kabelo efe ea nako e telele, ’me kabelo ee e ne e tla hloka hore ba etse eng?
4 Leha ho le joalo, ka mor’a hore ho fete nako e itseng, Jehova o ile a re “ha ho molemo hoba motho a lule a ’notši,” ’me o ile a tsoela pele ho etsetsa Adama motsoalle eo a neng a tla arolelana mesebetsi e larileng ka pele le eena. O ile a robatsa Adama, a ntša e ’ngoe ea likhopo tsa hae, ’me a bōpa mosali ka eona, ‘lesapo la masapo a Adama le nama ea nama ea hae.’ Joale Adama o ne a tla ba le “mothusi,” “motlatsi,” kapa molekane. “Molimo oa ba hlohonolofatsa, ’me Molimo oa re ho bona: Ngatafalang, le ate, le tlale lefatšeng, le rene holim’a lona, ’me le buse lihlapi tsa leoatle, le tse rurang tsa maholimo, le tsohle tse phelang, tse hahabang lefatšeng.”—Genese 1:25, 28; 2:18, 21-23, NW.
5 Hlokomela hore “ba” ile ba fuoa kabelo ena ba le babeli, monna le mosali. Tšebelisano-’moho ea bona e ne e ke ke ea fella feela tabeng ea hore ba tlatse lefatše. E ne e tla boela e akarelletsa ho busa lefatše le ho sebelisa matla a loketseng a bolaoli holim’a libōpuoa tsohle tse tlaasana. Ho ne ho tla hlokahala litšoaneleho tsa kelello le tsa moea, ’me monna le mosali ba ne ba na le matla a hlokahalang bakeng sa ho hōlisa litšoaneleho tsena tumellanong le thato ea Molimo.
Karolo e Loketseng ea Mosali
6. (a) Bibele e bontša eng mabapi le matla a lekanyelitsoeng a ’mele a monna le a mosali? (b) Ho ka ba hotle ha basali ba ka ikutloa joang e le hore ba ka amohela tokisetso ea Jehova ea lintho?
6 Ha e le hantle, ho busa lefatše ho ne ho tla hloka matla a ’mele. Jehova o ile a bōpa Adama pele, ka bohlale ba hae bo ke keng ba lekanngoa, hamorao ha bōpjoa Eva. O bōpiloe ‘ka ho ntšoa ho monna,’ ‘o bōpetsoe monna,’ ’me kamoo ho bonahalang ka teng o bōpiloe a na le matla a ’mele a fokolang ho feta monna. (1 Timothea 2:13; 1 Ba-Korinthe 11:8, 9; bapisa le 1 Petrose 3:7.) Ena ke ’nete e teng eo ho bonahalang eka batho ba bangata ba loanelang litokelo tsa basali, le basali ba bang, ba thatafalloa ke ho e amohela. Ka sebele ba ne ba tla thaba haholoanyane haeba ba ne ba ka leka ho utloisisa lebaka leo ka lona Jehova a lokiselitseng hore lintho li be ka tsela ena, ka hona ba amohele karolo ea bona eo ba e fuoeng ke Molimo. Batho ba tletlebisoang ke tokisetso ea Molimo ba ka tšoantšoa le nonyana e binang bosiu e ipatang sehlaheng sa eona hobane e le boi ho feta nonyana ea leoatle, ho e-na le hore e fofele lekaleng la sefate le phahameng le hore e bine ka thabo ka baka la limpho tse ikhethang tseo Molimo o e fileng tsona.
7. Ke hobane’ng ha Adama a ne a le boemong bo botle ba ho sebelisa bohlooho holim’a Eva le bana bafe kapa bafe bao ba neng ba tla ba le bona, empa na see se ne se behile Eva kotsing?
7 Pele Eva a bōptjoa, ntle ho pelaelo Adama o ne a fumane phihlelo e ngata bophelong. Nakong ena, Jehova o ile a mo fa litaelo tse itseng. Adama o ne a lokela ho li fetisetsa ho mosali oa hae, ka hona o ne a tla sebeletsa e le ’muelli oa Molimo. Ka ho utloahalang, o ne a lokela ho etella pele litabeng tsohle tse amanang le borapeli le lipakane tsa bomolimo tseo ba neng ba lokela ho li finyella ka morero oa ho phethahatsa kabelo ea bona. Ha bana ba hlaha, e ne e tla ba hlooho ea lelapa. Empa sena se ne se ke ke sa beha mosali oa hae kotsing. Ho fapana le hoo, se ne se tla mo hlahisetsa molemo hobane ho ne ho tla be ho e-na le e mong ea mo tšehelitseng ha a sebelisa matla a bolaoli ao a a fuoeng ke Molimo holim’a bana ba hae.
8. Taolo ea Molimo ea lintho e hlalositsoeng ka Bibeleng ke efe?
8 Ho latela taolo ea bomolimo ea lintho, Adama o ne a tla ikarabella ho Jehova, Eva o ne a le tlas’a bohlooho ba Adama, bana leha e le bafe ba ne ba tla ba tlas’a tataiso ea batsoali ba bona, ’me liphoofolo li ne li busoa ke batho. Monna le mosali ba ne ba na le likarolo tseo ba lokelang ho li phetha ka ho fapana, ’me e mong le e mong ho bona o ne a ka phela bophelo bo thabisang le bo hlahisang litholoana. Ka hona, ‘lintho tsohle li ne li tla etsahala ka nepo le ka tlhophiso.’—1 Ba-Korinthe 11:3; 14:33, 40, (NW) mongolo o botlaaseng ba leqephe.
Sebe se Sentse Karolo ea Mosali
9, 10. Liphello tsa ho oela sebeng ha monna le mosali e bile life, hona see se tliselitse basali ba bangata liphello life?
9 Joalokaha ho ka lebelloa, ho kena ha sebe le ho se phethahale Paradeiseng ea pele ho ile ha senya taolo ena e hlophisehileng ea lintho. (Ba-Roma 7:14-20) Ho ile ha tlisetsa motho oa mofetoheli le mosali oa hae ea hlokang kutlo mathata. (Genese 3:16-19) Ho tloha ka nako eo, banna ba bangata ba baithati ba ’nile ba sebelisa tokelo ea bona ea bohlooho hampe, ba ’nile ba sotla basali ho theosa le lilemo.
10 Ha a bonela pele phello ena e tobileng ea sebe, Jehova o ile a re ho Eva: “Litakatso tsa hao li tla ba ho monna oa hao, ’me u tla busoa ke eena.” (Genese 3:16) Puso ena e sebelisoang hampe hase tšebeliso e loketseng ea bohlooho. E bontšitse boemo ba motho ba boetsalibe hape le ho se phethahale ha mosali, hobane ka linako tse ling basali ba ’nile ba sotleha hobane ba leka ho amoha banna ba bona matla a bolaoli.
11. Boemo ba basali ba bangata ke bofe, ’me sengoli se seng se ile sa ngola eng ka basali ba mehleng ea bapatriareka?
11 Empa basali ba bangata ba ’nile ba fumana khotsofalo le thabo ha ba khomarela melao-motheo ea Bibele ho isa bohōleng bo itseng. Esita le mehleng ea bapatriareka ho ne ho le joalo. Ha sengoli Laure Aynard se bua ka nako eo, se ile sa ngola tjena bukeng ea sona La Bible au Féminin (Bibele Bathong ba Batšehali): “Ho ikhethang ka ho tobileng litlalehong tsena tsohle ke karolo ea bohlokoa e neng e phethoa ke basali, tšusumetso eo ba neng ba na le eona ho bapatriareka, tsebo ea bona e ikhethang, le boemo ba tokoloho boo ba neng ba phela ho bona.”
Basali Tlas’a Molao oa Moshe
12, 13. (a) Boemo ba basali e ne e le bofe tlas’a Molao oa Moshe? (b) Basali ba ne ba tsoella joang moeeng tlas’a Molao?
12 Ho latela melao ea Jehova e fanoeng ka Moshe, basali ba ne ba lokela ho ‘baballoa.’ (Deuteronoma 13:6, NW) Seriti sa basali se ne se lokela ho hlomphuoa litabeng tsa botona le botšehali, ’me ho ne ho se mosali ea lokelang ho hlekefetsoa litabeng tsa botona kapa botšehali. (Levitike 18:8-19) Banna le basali ba ne ba ahloloa ka ho lekana tlas’a Molao haeba ba ne ba ka fumanoa ba le molato oa bofebe, ho kopanela likamano tsa botona le botšehali pakeng tsa batho ba amanang haufi, kapa ho robala le liphoofolo. (Levitike 18:6, 23; 20:10-12) Taelo ea bohlano e ne e hloka hore ntate le ’mè ba hlomphuoe ka ho lekana.—Exoda 20:12.
13 Ka holim’a tsohle, Molao o ile oa fa basali monyetla o felletseng oa ho hōla moeeng. Ba ne ba rua molemo ha ho baloa Molao. (Joshua 8:35; Nehemia 8:2, 3) Ho ne ho hlokoa hore ba keteke mekete ea bolumeli. (Deuteronoma 12:12, 18; 16:11, 14) Ba ne ba kopanela Sabbatheng beke le beke ’me ba ne ba ka etsa likano tsa ho ba Banazari. (Exoda 20:8; Numere 6:2) Ba ne ba na le kamano ea botho le Jehova ’me ba ne ba mo rapela moo ba leng bang.—1 Samuele 1:10.
14. Seithuti sa Bibele sa K’hatholike se re’ng ka basali ba Baheberu, ’me ho ka thoe’ng ka karolo ea mosali tlas’a Molao?
14 Ha seithuti sa Bibele sa K’hatholike Roland de Vaux se hlalosa karolo ea basali ba Baheberu, se ngola tjena: “Ka sebele mosebetsi ’ohle o boima oa lapeng o ne o jaroa ke eena; o ne a alosa mehlape, a sebetsa masimong, a pheha lijo, a ohla, joalo-joalo. Leha ho le joalo, mosebetsi ona o bonahalang o khathatsa o ne o mo tlisetsa tlhompho ho fapana le ho nyenyefatsa boemo ba hae. . . . ’Me lirapa tsena tse khethehileng tse re fang pono e nyenyane ea katamelano ea bophelo ba lelapa li bontša hore mosali oa Moiseraele o ne a ratoa a bile a mameloa ke monna oa hae, ’me a mo tšoara joaloka ea lekanang le eena. . . . ’Me ha ho na pelaelo hore bona e ne e le boemo bo tloaelehileng. E ne e le pontšo e tšepahalang ea thuto e bolokiloeng joaloka e halalelang ho Genese, moo ho boletsoeng hore Molimo o bōpile mosali e le molekane ea tla thusa monna, eo a neng a lokela ho mo khomarela (Gen. 2:18, 24); ’me khaolo ea ho qetela ea Liproverbia e pheta lithotokiso tsa mosali oa lelapa ea molemo, ea rorisoang ke bana ba hae, le eo monna oa hae a leng motlōtlō ka eena (Liprov. 31:10-31).” (Ancient Israel—Its Life and Institutions) Ntle ho pelaelo, ha Molao o ne o lateloa Iseraeleng, basali ba ne ba sa tšoaroe hampe.
Basali ba Ikhethang
15. (a) Ke joang boitšoaro ba Sara bo bontšang kamano e loketseng pakeng tsa monna le mosali oa hae? (b) Ke hobane’ng ha mohlala oa Rahaba e le o ikhethang?
15 Mangolo a Seheberu a na le mehlala e mengata ea basali bao e neng e le bahlanka ba ikhethang ba Jehova Molimo. Sara ke mohlala o motle oa kamoo mosali ea tšabang Molimo a ka ikokobeletsang monna oa hae a be a mo thuse ho etsa liqeto. (Genese 21:9-13; 1 Petrose 3:5, 6) Mohlala oa Rahaba ke o ikhethang. O shanofatsa qoso ea hore Jehova o na le khethollo ea merabe le hore o tlatlapa basali. Rahaba e ne e le letekatse leo e seng Moiseraele. Hase feela hore Jehova o ile a mo amohela joaloka morapeli empa ka baka la tumelo ea hae e khōlō, e tšehelitsoeng ke mesebetsi e akarelletsang ho fetola mokhoa oa hae oa bophelo, o ile a ’molela a lokile. Ho phaella moo, o ile a mo putsa ka tokelo e khethehileng ea ho ba nkhono oa Messia.—Mattheu 1:1, 5; Ba-Heberu 11:31; Jakobo 2:25.
16. Mohlala oa Abigaile o bontša eng, hona ke hobane’ng ha tsela eo a ileng a nka khato ka eona e loketse?
16 Se bontšang hore Jehova ha a hloke hore mosali a ikokobeletse monna oa hae ka ho hloka kutloisiso ke mohlala oa Abigaile. Monna oa hae e ne e le morui, a e-na le mehlape e meholo ea linku le lipoli. Empa o ne a “le thata, a le mobe metsamaong ea hae.” Abigaile o ile a hana ho latela monna oa hae tseleng ea hae e mpe. O ile a bontša bohlale, phalimeho, boikokobetso, le ho ikemisetsa ho nka khato ka potlako, o ile a thibela boemo bo neng bo ka tlisetsa lelapa la hae tlokotsi, ’me Jehova o ile a mo hlohonolofatsa ka ho enneng.—1 Samuele 25:2-42.
17. (a) Basali ba bang ba ne ba na le tokelo efe e ikhethang Iseraeleng? (b) Mohlala oa Miriame o fana ka thuto efe ho basali ba Bakreste ba ka ’nang ba fuoa litokelo tse itseng tsa tšebeletso?
17 Basali ba seng bakae e ne e bile e le baprofeta. Ho ne ho le joalo ka Debora, mehleng ea Baahloli. (Baahloli, likhaolo 4 le 5) Hulda e ne e le moprofeta Juda, pejana Jerusalema e timetsoa. (2 Marena 22:14-20) Mohlala oa Miriame ke o ikhethang. Le hoja ho buuoa ka eena e le moprofeta oa mosali, ea rometsoeng ke Jehova, ho bonahala eka neng-neng tokelo ena e ile ea mo mathela hloohong. Ha a ka a hlokomela matla ao Jehova a a fileng moen’ae Moshe hore a etelle Iseraele pele, ’me o ile a fuoa kotlo, le hoja ho bonahala eka o ile a baka ’me a busetsoa boemong ba hae.—Exoda 15:20, 21; Numere 12:1-15; Mikea 6:4.
Basali Tlas’a Bolumeli ba Bajode
18, 19. Boemo ba basali e ne e le bofe tlas’a bolumeli ba Bajode, ’me boemo boo bo ile ba hlaha joang?
18 Joalokaha re se re bone, Molao oa Moshe o ne o sireletsa litokelo tsa basali ’me o ne o lumella basali hore ba phele bophelo bo khotsofatsang ha ba o latela. Empa ha nako e ntse e e-ea, haholo-holo ka mor’a ho timetsoa ha Jerusalema ka 607 B.C.E., ho ile ha hlaha bolumeli ba Bajode, boo haholo-holo bo neng bo theiloe holim’a lineano tsa molomo ho feta Molaong o ngotsoeng oa Jehova. Ho tloha lekholong la bone la lilemo B.C.E. ho ea pele, bolumeli ba Bajode bo ile ba sebelisa filosofi e ngata ea Bagerike. Ka kakaretso bo-rafilosofi ba Bajode ba ne ba sa tsotelle litokelo tsa basali hakaalo, kahoo boemo ba basali bolumeling ba Bajode le bona bo ile ba theoha. Ho tloha lekholong la boraro la lilemo B.C.E., basali ba ile ba qala ho aroloa ho banna ka lisynagogeng tsa Bajode ’me ba ile ba haneloa ho bala Torah (Molao oa Moshe). Encyclopaedia Judaica ea lumela: “Ka baka leo ke basali ba fokolang feela ba neng ba rutehile.” Thuto e ne e le ntho ea bashanyana haholo.
19 Bukeng ea hae Jerusalem in the Time of Jesus, J. Jeremias oa ngola: “Ka kakaretso, boemo ba basali tšebelisong ea matla a bolumeli bo ka hlalosoa hantle ka mantsoe ana a phetoang khafetsa: ‘Basali, ke makhoba le bana (ba Balichaba).’ . . . Ho phaella moo re ka re ho ne ho na le likhopolo tse ngata tse khesang tse neng li buuoa ka basali. . . . Ka hona re na le maikutlo a hore bolumeli ba Bajode ba mehleng ea Jesu le bona bo ne bo na le tlhompho e fokolang bakeng sa basali.”
Basali ba Tšepahalang ba Neng ba Emetse Messia
20, 21. (a) Ho sa tsotellehe boikutlo bo nyelisang basali ba baeta-pele ba bolumeli ba Bajode, ke bo-mang ba ileng ba fumanoa ba lebelletse nako ea Messia ha e ntse e atamela? (b) Ke eng se bontšang hore Elizabetha le Maria ba ne ba na le boinehelo ba bomolimo bo tebileng?
20 Boikutlo bona bo nyelisang basali ke e ’ngoe ea litsela tseo ka tsona bo-rabbi ba Bajode ba neng ba ‘etsa lentsoe la Molimo lefeela ka lineano tsa bona.’ (Mareka 7:13) Empa ho sa tsotellehe nyeliso ena, ha nako ea ho tla ha Messia e ntse e atamela, basali ba bang ba tšabang Molimo ba ne ba mo lebelletse ka phalimeho. E mong oa bona e ne e le Elizabetha, mosali oa moprista oa Molevi Zakaria. Eena le monna oa hae “ba ne ba lokile pel’a Molimo ba babeli, ba tsamaea melaong eohle le litaelong tsohle tsa Morena.” (Luka 1:5, 6) Elizabetha o ile a fumana mohau ho Jehova ka hore, le hoja e ne e le nyopa a bile a tsofetse, o ile a fetoha ’mè oa Johanne Mokolobetsi.—Luka 1:7, 13.
21 A susumetsoa ke moea o halalelang, Elizabetha o ile a bontša lerato le tebileng bakeng sa mosali e mong ea tšabang Molimo oa mehleng ea hae, mong ka eena ea bitsoang Maria. Hoo e ka bang bofelong ba 3 B.C.E., ha lengeloi Gabriele le tsebisa Maria hore ka mohlolo o ne a tla emola ngoana (Jesu), le ile la ’mitsa, “mohauheloa,” ’me la phaella: ‘Jehova o na le uena.’ Kapele ka mor’a moo, Maria o ile a etela Elizabetha, ea ileng a mo rorisa a ba a rorisa ngoana ea e-s’o hlahe eo a mo jereng, a bitsa Jesu “Moren’a ka” esita le pele a tsoaloa. Hang-hang, Maria o ile a hooa mantsoe a thoriso a eang ho Jehova a bontšang bopaki bo matla ba boinehelo ba hae ba bomolimo bo tebileng.—Luka 1:28, 31, 36-55.
22. Ka mor’a hore Jesu a hlahe, ke mosali ofe ea tšabang Molimo ea ileng a bontša hore o har’a ba neng ba emetse Messia?
22 Ha Jesu a hlaha ’me Maria a mo tlisa tempeleng e Jerusalema ho tla mo hlahisa ho Jehova, mosali e mong ea tšabang Molimo, moprofeta oa mosali ea seng a tsofetse Anna, o ile a bontša thabo ea hae. O ile a lebisa liteboho ho Jehova ’me a bua ka Jesu ho bohle ba neng ba emetse Messia ea tšepisitsoeng ka cheseho.—Luka 2:36-38.
23. Moapostola Petrose o bua joang ka basali ba tšepahalang ba pele ho Bokreste, ’me ke lipotso life tse tla hlahlobjoa sehloohong se latelang?
23 Ka hona, ha nako ea tšebeletso ea Jesu ea lefatšeng e ntse e atamela, ho ne ho ntse ho na le “basali ba halalelang, ba tšepileng Molimo.” (1 Petrose 3:5) Ba bang ba basali bana ba ile ba fetoha barutuoa ba Kreste. Jesu o ile a ba tšoara joang? ’Me na kajeno ho na le basali bao ka thabo ba amohelang karolo ea bona e boletsoeng ka ho hlaka ka Bibeleng? Lipotso tsena li tla hlahlobjoa sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Moqolo 3, leqephe 1055.
b Ka ho tšoanang “Adama oa morao,” Jesu Kreste, e ne e le motho ea phethahetseng, ea felletseng, le hoja a ne a se na mosali oa motho.—1 Ba-Korinthe 15:45.
Lipotso tsa Tlhahlobo
◻ Tsela eo basali ba neng ba tšoaroa ka eona Iseraeleng e ne e fapane joang le tsela eo ba neng ba tšoaroa ka eona linaheng tse ling?
◻ Maemo a lekanyelitsoeng a Adama le Eva e ne e le afe, hona hobane’ng?
◻ Boemo ba basali ba Baiseraele e ne e le bofe tlas’a Molao, hona na bomoea ba bona bo ne bo behiloe kotsing?
◻ Lithuto tse ling tse ka ithutoang ke life bophelong ba basali ba ikhethang ka Mangolong a Seheberu?
◻ Mehlala e metle ea tumelo e fumanoang ho sa tsotellehe lipono tsa bolumeli ba Bajode ke efe?
[Lebokose le leqepheng la 10]
“MOSALI EA TŠABANG JEHOVA”
“10 Mosali ea khabane ke mang ea tla mo fumana? Ke ea bohlokoa ho fetisa liperela hole. 11 Pelo ea monna oa hae ea mo tšepa, ’me a ke ke a hlokisoa leruo. 12 O mo etsa hantle, e seng hampe, ka matsatsi ’ohle a ho phela ha hae. 13 O ipatlela boea ba linku le line, ’me o sebetsa ka matsoho ka thabo. 14 O tšoana le likepe tsa mohoebi, o lata bohobe ba hae hole. 15 O tsoha e sa le bosiu, o abela ba ntlo ea hae lijo, le makhabunyane a hae mesebetsi. 16 O khahloa ke tšimo, a ee a e reke; ka tsee a li sebelelitseng, o hloma tšimo ea merara. 17 O itlama letheka ka matla, ’me o matlafatsa matsoho a hae. 18 O thabela leruo la mahlaha-hlaha a hae; le bosiu lebone la hae ha le time. 19 Matsoho a hae a tšoara thupa ea ho ohla, menoana ea hae e tsamaisa thupa e etsang litšoele. 20 O fuparollela bafumanehi seatla sa hae, o se otlollela mohloki. 21 Ha a tšohe lehloa bakeng sa ba ntlo ea hae, hobane ba ntlo ea hae bohle ba apere likobo tse futhumetseng. 22 O itohela liphate tse ntle; ho apara ha hae ke line le sekarelata. 23 Monna oa hae o tsejoa khorong ea motse, ha a lutse har’a banna ba baholo ba sechaba. 24 O etsa masela a line, o rekisa ka ’ona, le linyepa o rekisa ka tsona ho mohoebi. 25 Matla le hlompho ke seaparo sa hae, o tšeha letsatsi la hosasane. 26 O ahlamisa molomo oa hae ka bohlale, molao o mosa o lelemeng la hae. 27 O alosa ntlo ea hae, ha a je bohobe ba botsoa. 28 Bara ba hae ba tsoha, ’me ba ’mitsa ea lehlohonolo. Monna oa hae le eena oa mo rorisa, 29 o re: Barali ba bangata ba bile khabane, empa uena, u ba feta bohle. 30 Khahleho ea thetsa; botle ke bosaoana! Mosali ea tšabang Jehova ke eena ea tla rorisoa. 31 A ke a je tholoana tsa matsoho a hae, ’me mesebetsi ea hae e mo rorise khorong tsa motse.”—Liproverbia 31:10-31.
[Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]
Sebaka sa mosali ka lapeng e ne e le se hlomphehang