Lentsoe la Jehova Lea Phela
Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Genese—I
“GENESE” e bolela “qalo,” kapa “tsoalo.” Lena ke lebitso le loketseng buka e bolelang hore na bokahohle bo bile teng joang, hore na lefatše le ile la lokisoa joang hore batho ba phele ho lona le hore na ho tlile joang hore motho a ahe ho lona. Moshe o ile a ngola buka ena lefeelleng la Sinai, mohlomong o ile a e qeta ka 1513 B.C.E.
Buka ea Genese e re bolella ka lefatše pele ho Moroallo, se etsahetseng ha ho qaleha nako ea ka mor’a Moroallo, le kamoo Jehova Molimo a ileng a sebetsana kateng le Abrahama, Isaka, Jakobo le Josefa. Sehlooho sena se tla tšohla lintlha-khōlō tsa Genese 1:1–11:9, ha e le hantle, ho fihlela nakong ea ha Jehova a qala ho sebelisana le mopatriareka Abrahama.
LEFATŠE PELE HO MOROALLO
Mantsoe a qalang a Genese a reng, “tšimolohong,” a bua ka lilemo tse fetileng tse limilione tse likete. Liketsahalo tsa “matsatsi” a tšeletseng a pōpo, kapa linako tsa mesebetsi e khethehileng ea pōpo, li hlalosoa kamoo motho a neng a tla li bona kateng haeba a ne a le teng lefatšeng. Qetellong ea letsatsi la botšelela, Molimo o ile a bōpa motho. Le hoja Paradeise e lahleha kapele ka lebaka la ho se mamele ha motho, Jehova o fana ka tšepo. Boprofeta ba pele feela ba Bibele bo bua ka “peō” e tla etsolla liphello tsa sebe ’me e khobe Satane hlooho.
Lilemong tse latelang tse 1 600, Satane o atleha ho etsa hore batho bohle ba furalle Molimo, ntle ho ba seng bakae ba tšepahalang ba kang Abele, Enoke le Noe. Ka mohlala, Kaine o bolaea moen’ae ea lokileng, Abele. “[Ho] qaloa ho ipiletsa lebitsong la Jehova,” ’me ho totobetse hore ke ka tsela e nyelisang. Lameke o bontša moea o mabifi oa mehleng eo, ’me o qapa thothokiso ea kamoo a ileng a bolaea mohlankana, a ikemela ka ho re o ne a itšireletsa. Maemo a senyeha ho ea pele ha bara ba Molimo ba sa mameleng ba mangeloi ba inkela basali har’a batho ’me ba hlahisa linatla tse mabifi tse bitsoang Banefilime. Leha ho le joalo, Noe ea tšepahalang o haha areka, ka sebete o lemosa ba bang ka Moroallo o tlang ’me eena hammoho le ba lelapa la hae ba phonyoha timetso e tlisoang ke oona.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
1:16—Ke joang Molimo a neng a ka hlahisa leseli ka letsatsi la pele haeba mehloli ea leseli e entsoe letsatsing la bone? Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “etsa” temaneng ea 16 ha le tšoane le lentsoe le fetoletsoeng e le “bōpa” le sebelisitsoeng ho Genese khaolo ea 1, temana ea 1, 21 le 27. “Maholimo” a neng a kopanyelletsa le mehloli ea leseli a ile a bōptjoa nako e telele pele “letsatsi la pele” le ka qala. Empa leseli la mehloli ena ha lea ka la phunyelletsa ho fihla lefatšeng. Letsatsing la pele, “leseli [le ile] la e-ba teng” hobane leseli le hasaneng le ile la phunyelletsa maru ’me la bonahala lefatšeng. Kahoo, lefatše le potolohang le ile la qala ho ba le motšehare ho ntan’o latela bosiu. (Genese 1:1-3, 5) Lefatšeng ho ne ho sa bonahale hore na leseli leo le simoloha hokae. Leha ho le joalo, nakong ea bone ea pōpo, ho ile ha e-ba le phetoho ea bohlokoa. Ka nako eo, ho ile ha etsoa hore letsatsi, khoeli le linaleli li “khanye holim’a lefatše.” (Genese 1:17) ‘Molimo o ile a li etsa’ ka kutloisiso ea hore joale li ne li ka bonahala lefatšeng.
3:8—Na Jehova Molimo o ile a bua le Adama ka ho toba? Bibele e senola hore ha Molimo a bua le batho, hangata o ne a etsa joalo a sebelisa lengeloi. (Genese 16:7-11; 18:1-3, 22-26; 19:1; Baahloli 2:1-4; 6:11-16, 22; 13:15-22) ’Muelli e moholo oa Molimo e ne e le Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, ea bitsoang “Lentsoe.” (Johanne 1:1) Ho ka etsahala hore ebe Molimo o ile a bua le Adama le Eva a sebelisa “Lentsoe.”—Genese 1:26-28; 2:16; 3:8-13.
3:17—Lefatše le ile la rohakoa ka tsela efe, hona e le ka nako e kae? Ho rohakoa ha lefatše ho ne ho bolela hore joale ho le lema ho ne ho tla ba thata haholo. Liphello tsa lefatše le rohakiloeng, le nang le meutloa le lihlabahlabane, li ile tsa utluoa haholo ke litloholo tsa Adama hoo ntat’a Noe, Lameke, a ileng a bua ka ‘bohloko ba matsoho a rōna bo bakoang ke lefatše leo Jehova a le rohakileng.’ (Genese 5:29) Ka mor’a Moroallo, Jehova o ile a hlohonolofatsa Noe le bara ba hae, a bolela hore morero oa Hae ke hore ba tlatse lefatše. (Genese 9:1) Kamoo ho bonahalang kateng, thohako eo Molimo a neng a rohakile lefatše ka eona e ile ea fela.—Genese 13:10.
4:15—Ke joang Jehova a ileng “a hloma pontšo bakeng sa Kaine”? Ha ho moo Bibele e reng ho ile ha behoa pontšo kapa letšoao ’meleng oa Kaine. Mohlomong pontšo eo e ne e le taelo e tiileng e neng e tsejoa ebile e bolokoa ke ba bang le e neng e reretsoe ho thibela hore a se ke a bolaoa ka boiphetetso.
4:17—Kaine o ile a fumana mosali hokae? Adama o ile “a tsoala bara le barali.” (Genese 5:4) Kahoo, Kaine o ile a nyala e mong oa likhaitseli tsa hae kapa e mong oa bachana ba hae. Hamorao, Molao oa Molimo ho Baiseraele ha oa ka oa lumella hore bana ba motho ba nyalane.—Levitike 18:9.
5:24—Ke ka tsela efe Molimo ‘a ileng a nka Enoke’? Kamoo ho bonahalang kateng, Enoke o ne a le kotsing ea ho bolaoa, empa Molimo ha aa ka a lumella hore a utloisoe bohloko ke lira tsa hae. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Enoke o ile a fallisoa e le hore a se ke a bona lefu.” (Baheberu 11:5) Sena ha se bolele hore Molimo o ile a mo isa leholimong, moo a ileng a tsoela pele a phela teng. Jesu e ne e le eena oa pele oa ho nyolohela leholimong. (Johanne 3:13; Baheberu 6:19, 20) ‘Ho fallisoa [ha Enoke] hore a se ke a bona lefu’ ho ka ’na ha bolela hore Molimo o ile a etsa hore kelello ea hae e hapehe ponong ea boprofeta eaba o felisa bophelo ba hae ha a sa ntsane a le boemong boo. Tlas’a maemo a joalo, Enoke ha aa ka a utloa bohloko kapa “a bona lefu” a bolaoa ke lira tsa hae.
6:6—Ke ka kutloisiso efe ho ka boleloang hore Jehova o ile “a ikutloa a soabile” hore ebe o ne a entse motho? Mona lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “a ikutloa a soabile” le bolela ho fetola maikutlo kapa boikemisetso. Jehova o phethahetse, kahoo, ha aa ka a etsa phoso ka ho bōpa motho. Leha ho le joalo, o ile a fetola maikutlo a hae mabapi le moloko oa batho ba khopo ba pele ho Moroallo. Molimo o ile a fetola maikutlo a hae ho tloha ho a ’Mōpi oa batho ho ea ho a motimetsi oa bona ka lebaka la ho se rate bokhopo ba bona. Hore ebe ho na le batho bao a ileng a ba pholosa ho bontša hore o ne a soabisitsoe feela ke ba neng ba le khopo.—2 Petrose 2:5, 9.
7:2—Ke eng se neng se sebelisoa e le motheo oa ho khetholla liphoofolo tse hloekileng le tse sa hloekang? Kamoo ho bonahalang kateng, motheo oa ho khetholla e ne e le tšebeliso ea mahlabelo borapeling eseng hore na ke phoofolo efe e neng e ka jeoa le hore na ke efe e neng e ke ke ea jeoa. Pele ho Moroallo batho ba ne ba sa je nama ea liphoofolo. Hore ho na le lijo tse “hloekileng” le tse “sa hloekang” ho ile ha hlaha ka Molao oa Moshe, ’me ha fela ha o felisoa. (Liketso 10:9-16; Baefese 2:15) Kamoo ho bonahalang kateng, Noe o ne a tseba hore na ke eng se neng se tšoaneleha bakeng sa ho etsa sehlabelo borapeling ba Jehova. Hang feela ha a tsoa ka arekeng, o ile “a qala ho hahela Jehova aletare le ho nka tse ling tsa liphoofolo tsohle tse hloekileng le tse ling tsa libōpuoa tsohle tse fofang tse hloekileng ’me a nyehela linyehelo tsa secheso aletareng.”—Genese 8:20.
7:11—Metsi a ileng a baka Moroallo oa lefatše lohle a ne a tsoa hokae? Nakong ea bobeli ea pōpo, kapa ‘letsatsing’ la bobeli ha ho etsoa “sepakapaka” holim’a lefatše, ho ne ho e-na le metsi “ka tlas’a sepakapaka” le metsi “ka holim’a sepakapaka.” (Genese 1:6, 7) Metsi a ‘ka tlaase’ e ne e le a seng a ntse a le lefatšeng. Metsi a ‘ka holimo’ e ne e le mouoane o mongata o neng o lepeletse holimo ka holim’a lefatše, o entse “boliba bo boholo.” Metsi ana a ile a theohela lefatšeng mehleng ea Noe.
Seo re Ithutang Sona:
1:26. Kaha batho ba entsoe ka setšoantšo sa Molimo, ba na le bokhoni ba ho bontša litšoaneleho tsa Molimo. Ka sebele re lokela ho leka ho hlaolela litšoaneleho tse kang lerato, mohau, mosa, molemo le ho se fele pelo, ’me re tšoane le Ea re entseng.
2:22-24. Lenyalo ke tokisetso ea Molimo. Tlamo ea lenyalo ke ea ka ho sa feleng ebile ea halalela, ’me monna ke hlooho ea lelapa.
3:1-5, 16-23. Thabo e itšetlehile ka hore re amohele bobusi ba Jehova bophelong ba rōna re le batho ka bomong.
3:18, 19; 5:5; 6:7; 7:23. Kamehla lentsoe la Jehova lea phethahala.
4:3-7. Jehova o ile a thabela nyehelo ea Abele hobane e ne e le monna ea lokileng ea nang le tumelo. (Baheberu 11:4) Empa Kaine eena o ne a se na tumelo joalokaha liketso tsa hae li ile tsa bontša. Mesebetsi ea hae e ne e le khopo, e tsebahala ka mōna, lehloeo le polao. (1 Johanne 3:12) Ho feta moo, mohlomong ha aa ka a nkela nyehelo ea hae hloohong ’me o ne a mpa a phetha molao feela ha a fana ka eona. Na mahlabelo a rōna a thoriso ho Jehova ha ea lokela ho ba a pelo eohle ’me a tsamaee le boikutlo bo loketseng le boitšoaro bo nepahetseng?
6:22. Le hoja ho haha areka ho ile ha nka lilemo tse ngata, Noe o ile a fela a etsa seo Molimo a neng a se laetse. Kahoo, Noe le lelapa la hae ba ile ba pholosoa Moroallong. Jehova o bua le rōna ka Lentsoe la hae le ngotsoeng ’me o re tataisa ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. Ho molemong oa rōna ho utloa le ho mamela.
7:21-24. Jehova ha a felise ba lokileng hammoho le ba khopo.
MOLOKO OA BATHO O KENA NAKONG E NCHA
Kaha lefatše la pele ho Moroallo le fetile, moloko oa batho o kena nakong e ncha. Batho ba lumelloa ho ja nama empa ba fuoa taelo ea hore ba ile mali. Jehova o lumella kotlo ea lefu bakeng sa polao ’me o theha selekane sa mookoli, o tšepisa hore a ke ke a hlola a tlisa Moroallo. Bara ba bararo ba Noe e ba batsoali ba moloko oohle oa batho, empa setlohotloholoana sa hae, Nimrode, se fetoha “setsomi se matla se hanyetsang Jehova.” Ho e-na le hore batho ba phatlalle ba tlatse lefatše, ba etsa qeto ea ho haha motse o bitsoang Babele le tora bakeng sa ho iketsetsa lebitso le tummeng. Boikemisetso ba bona boa senyeha ha Jehova a ferekanya puo ea bona ’me a ba hasanya lefatšeng lohle.
Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa:
8:11—Haeba lifate li ile tsa senngoa ke Moroallo, leeba le ile la fumana lekhasi la mohloaare hokae? Ho na le lintho tse peli tseo e ka ’nang eaba li etsahetse. Kaha sefate sa mohloaare ke sefate se thata haholo, ho ka etsahala hore ebe se ile sa tsoela pele se phela ka tlas’a metsi ka likhoeli tse seng kae nakong ea Moroallo. Ha metsi a moroallo a kokobela, sefate sa mohloaare se neng se koahetsoe ke metsi se ne se tla boela se e-ba moo ho omileng ’me se hlahise makhasi. Hape ho ka etsahala hore ebe lekhasi la mohloaare leo leeba le ileng la le isa ho Noe le ne le nkiloe lehlomeleng le lenyenyane haholo le ileng la mela ha metsi a moroallo a se a kokobetse.
9:20-25—Ke hobane’ng ha Noe a ile a rohaka Kanana? Ho ka etsahala hore ebe Kanana o ne a le molato oa ketso e itseng e mpe kapa e litšila eo a e entseng ho ntat’ae-moholo Noe. Le hoja ntat’a Kanana, Kama, a ile a bona sena, ha ho letho leo a ileng a le etsa empa ho bonahala eka o ile a jala taba eo. Leha ho le joalo, bara ba bang ba babeli ba Noe, e leng Sema le Jafeta, ba ile ba koahela ntat’a bona. Ba ile ba hlohonolofaletsoa sena, empa Kanana o ile a rohakoa, ’me Kama a utloa bohloko ka lebaka la sekhobo se ileng sa tlela bana ba hae.
10:25—Ke joang lefatše le ileng la “aroloa” matsatsing a Pelege? Pelege o ile a phela ho tloha ka 2269 ho ea ho 2030 B.C.E. Ke “matsatsing a hae” moo Jehova a ileng a baka karohano e khōlō ka ho ferekanya puo ea lihahi tsa Babele le ho li hasanya lefatšeng lohle. (Genese 11:9) Kahoo, “lefatše [kapa, baahi ba lefatše] le ile la aroloa” matsatsing a Pelege.
Seo re Ithutang Sona:
9:1; 11:9. Ha ho leano la motho kapa boiteko bo ka senyang morero oa Jehova.
10:1-32. Litlaleho tse peli tsa leloko tsa pele le ka morao ho Moroallo—tse khaolong ea 5 le ea 10—li amahanya moloko oa batho le motho oa pele, Adama, ka bara ba bararo ba Noe. Baassyria, Bakalde, Baheberu, Basyria le meloko e meng ea Maarabia, ke litloholo tsa Sema. Baethiopia, Baegepeta, Bakanana le meloko e meng ea Maafrika le Maarabia ke litloholo tsa Kama. Maindo-european ke litloholo tsa Jafeta. Batho bohle baa amana, ’me bohle ba tsoetsoe ba lekana ho Molimo. (Liketso 17:26) ’Nete ena e lokela ho ama tsela eo re nkang ba bang ka eona le kamoo re ba tšoarang kateng.
Lentsoe la Molimo le ka Fana ka Matla
Karolo ea pele ea buka ea Genese ke eona feela e nang le tlaleho e nepahetseng ea histori ea pele ea motho. Maqepheng ana, re utloisisa ka botebo morero oa Molimo oa ho beha motho holim’a lefatše. Ho khothatsa hakaakang ho bona hore ha ho boiteko ba motho, joaloka ba Nimrode, bo ka thibelang morero ona ho phethahala!
Ha u ntse u etsa ’malo oa Bibele oa beke le beke nakong ea ha u lokisetsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, ho hlahloba se boletsoeng karolong e reng “Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa” ho tla u thusa ho utloisisa tse ling tsa litemana tse thata tsa Bibele. Lintlha tse tlas’a “Seo re Ithutang Sona” li tla u bontša kamoo u ka ruang molemo kateng ’malong oa Bibele oa beke eo. Ha ho loketse, e ka ba tsona tseo ho ka thehoang puo ea litlhoko tsa phutheho ho tsona Sebokeng sa Tšebeletso. Ka sebele Lentsoe la Jehova lea phela ’me le ka fana ka matla bophelong ba rōna.—Baheberu 4:12.