Bophelo ka Mor’a Lefu—bibele e Re’ng?
“U lerōle, ’me u tla khutlela lerōleng.”—GENESE 3:19.
1, 2. (a) Ke likhopolo life tse sa tšoaneng tse teng tabeng ea Bophelo ka Mor’a Lefu? (b) Ho hlokahala hore re hlahlobe eng e le hore re tle re fumane hantle seo Bibele e se rutang ka moea?
RAFILOSOFI oa Mohindu, Nikhilananda, o hlokometse: “Khopolo ea ho ba mahlomoleng ka ho sa feleng ha e lumellane le tumelo leratong la Molimo bakeng sa lintho tse bōpiloeng. . . . Ho lumela kotlong e sa feleng ea moea bakeng sa liphoso tsa lilemo tse seng kae, kantle le ho o fa monyetla oa ho lokisoa, ke ho ba khahlanong le melao-motheo eohle e nang le mabaka.”
2 Joaloka Nikhilananda, ba bangata kajeno ha baa phutholoha ka thuto ea tlhokofatso e sa feleng. Ba bang ka lebaka leo, ba ba le bothata ba ho utloisisa likhopolo tse joalo tse kang ho finyella Nirvana le ho ba bonngoeng le tlhaho. Esita le har’a ba bolelang hore tumelo ea bona e thehiloe Bibeleng, ho na le likhopolo tse sa tšoaneng tabeng ea hore na moea ke eng le hore na ho etsahala’ng ka oona ha re e-shoa. Empa ha e le hantle, Bibele e ruta eng ka moea? Ho fumana karabo, re lokela ho hlahloba se boleloang ke mantsoe a Seheberu le a Segerike a fetoletsoeng e le “moea” ka Bibeleng.
Moea ho Latela Bibele
3. (a) Ke lentsoe lefe le fetoletsoeng e le “moea” Mangolong a Seheberu, hona moelelo oa lona oa motheo ke ofe? (b) Genese 2:7 e tiisa joang hore lentsoe “moea” le ka bolela motho ea feletseng?
3 Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “moea” ke neʹphesh, ’me le hlaha ka makhetlo a 754 Mangolong a Seheberu. Neʹphesh e bolela’ng? Ho latela The Dictionary of Bible and Religion, “hangata le bolela ntho eohle e phelang, motho ea feletseng.” Sena se tiisoa ke tlhaloso ea Bibele ea moea e ho Genese 2:7: “Jehova Molimo a bōpa motho ka lerōle la lefatše, ’me a bululela linkong tsa hae phefumoloho ea ho phela, ’me motho ea e-ba moea o phelang.” Hlokomela hore motho oa pele e ‘ile ea e-ba’ moea. Sena se bolela hore Adama o ne a se na moea; e ne e le moea—feela joalokaha motho ea fetohang ngaka e le ngaka. Joale, mona lentsoe “moea” le hlalosa motho ea feletseng.
4. Ke lentsoe lefe le fetoletsoeng e le “soule” ka Mangolong a Segerike a Bakreste, hona moelelo oa lentsoe lee oa motheo ke ofe?
4 Lentsoe le fetoletsoeng e le “soule” (psy·kheʹ) le hlaha ka makhetlo a fetang lekholo Mangolong a Segerike a Bakreste. Joaloka neʹphesh, lentsoe lena hangata le bolela motho ea feletseng. Ka mohlala, hlahloba lipolelo tse latelang: “Soule ea ka e khathatsehile.” (Johanne 12:27) “Tšabo ea qala ho oela soule e ’ngoe le e ’ngoe.” (Liketso 2:43) “Soule e ’ngoe le e ’ngoe a e ipehe tlas’a ba phahameng ba nang le matla a ho laela.” (Baroma 13:1) “Le bue ka mokhoa o tšelisang le lisoule tse tepeletseng maikutlo.” (1 Bathesalonika 5:14) “Batho ba seng bakae, ke hore, lisoule tse robeli, ba [ile] ba pholosoa ka tšireletseho metsing.” (1 Petrose 3:20) Ka ho hlakileng, psy·kheʹ, joaloka neʹphesh, e bolela motho ea feletseng. Ho latela setsebi Nigel Turner, lentsoe lena “le bolela se khetholloang ka litšobotsi tsa motho, boeena, ’mele oa nama o nang le rûaḥ [moea] ea Molimo e bululetsoeng ho oona. . . . Khatiso e ho motho ea feletseng.”
5. Na liphoofolo ke meea? Hlalosa.
5 Ka ho thahasellisang, ka Bibeleng lentsoe “moea” ha le sebetse feela bathong empa le liphoofolong. Ka mohlala, ha e hlalosa pōpo ea libōpuoa tsa leoatle, Genese 1:20 (NW) e re Molimo o ile a laela: “Metsi a a ke a nyekenyehe boieane ba meea e phelang.” ’Me letsatsing le latelang la pōpo, Molimo o ile a re: “Lefatše ha le hlahise meea e phelang ho ea ka mefuta ea eona, liphoofolo tse ruuoang le liphoofolo tse hahabang le sebata sa naha sa lefatše ho ea ka mofuta oa sona.”—Genese 1:24, NW; bapisa le Numere 31:28, NW.
6. Ho ka thoe’ng ka ho sebelisa ha Bibele lentsoe “moea”?
6 Ka hona, lentsoe “moea” joalokaha le sebelisitsoe ka Bibeleng le bolela motho kapa phoofolo kapa bophelo boo motho a bo thabelang kapa boo phoofolo e bo thabelang. (Bona lebokose le ka holimo.) Tlhaloso ea Bibele ea moea e bonolo, ha e feto-fetohe hape ha ea pupetsoa ke lifilosofi tse rarahaneng le litumela-khoela tsa batho. Ka lebaka leo, potso ea bohlokoa e ka botsoang ke ea hore na, Ho latela Bibele, ho etsahala’ng ka moea lefung?
Bafu ha ba Ikutloe
7, 8. (a) Mangolo a senola eng ka boemo ba bafu? (b) Fana ka mehlala e tsoang Bibeleng e bontšang hore moea o ka shoa.
7 Boemo ba bafu bo hlakisitsoe ho Moeklesia 9:5, 10, moo re balang: “Bafu ha ba tsebe letho . . . Ha ho pakane eo ba e phehellang, ha ho morero, ha ho tsebo kapa bohlale, ka hare ho lebitla.” (Moffatt) Kahoo, lefu ke boemo ba ho se be teng. Mopesaleme o ile a ngola hore ha motho a e-shoa, ‘o khutlela lerōleng la hae; ka tsatsi lona leo, merero ea hae e felile.’ (Pesaleme ea 146:4) Bafu ha ba ikutloe, ha ba etse letho.
8 Ha a lihela kahlolo ho Adama, Molimo o ile a re: “U lerōle, ’me u tla khutlela lerōleng.” (Genese 3:19) Pele Molimo a mo bōpa ka lerōle la lefatše ’me a mo fa bophelo, Adama o ne a le sieo. Ha a e-shoa, o ile a khutlela boemong bona boo. Kotlo ea hae e ne e le lefu—eseng ho fetisetsoa sebakeng se seng. Joale ho ile ha etsahala’ng ka moea oa hae? Kaha ka Bibeleng lentsoe “moea” hangata le mpa le bolela feela motho, ha re re Adama o ile a shoa, re bolela hore moea o bitsoang Adama o ile oa shoa. Sena se ka ’na sa utloahala se sa tloaeleha ho motho ea lumelang hore moea ha o shoe. Leha ho le joalo, Bibele e re: “Moea o etsang sebe ke oona o tla shoa.” (Ezekiele 18:4) Levitike 21:1 e bua ka “moea o shoeleng” (NW) (“setopo,” The Jerusalem Bible). ’Me Banazari ba ile ba bolelloa hore ba se ke ba atamela haufi le “moea leha e le ofe o shoeleng” (“’mele o shoeleng,” Lamsa).—Numere 6:6, NW.
9. Bibele e bolela’ng ha e re Ragele o ile a “neela” moea?
9 Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka polelo e ho Genese 35:18 mabapi le lefu le bohloko la Ragele, le ileng la etsahala ha a beleha mora oa hae oa bobeli? Moo rea bala: “Eare ha a neela moea, a se a e-shoa, a mo rea lebitso la Benoni (mora oa bohloko ba ka); empa ntat’ae a mo rea la Benyamine.” Na temana ee e fana ka maikutlo a hore Ragele o ne a e-na le boleng bo ka hare bo ileng ba tsoa ha a e-shoa? Le hanyenyane. Hopola, lentsoe “moea” le ka boela la bolela bophelo boo motho a nang le bona. Kahoo tabeng ena “moea” oa Ragele o ne o mpa o bolela “bophelo” ba hae. Ke ka lebaka leo Libibele tse ling li fetolelang poleloana e reng “ha a neela moea,” e le ha “bophelo ba hae bo ne bo fela” (Knox), “o ile a phefumoloha la ho qetela” (JB), le “bophelo ba hae bo ile ba tsoa ho eena” (Bible in Basic English). Ha ho pontšo ea hore karolo ea mohlolo ea Ragele e ile ea pholoha lefu la hae.
10. Ke ka tsela efe moea oa mora ea tsositsoeng oa mohlolohali o ileng oa “khutlela ho eena”?
10 Hoa tšoana le ka tsoho ea mora oa mohlolohali, e tlalehiloeng ho 1 Marena khaolo ea 17. Temaneng ea 22, re bala hore ha Elia a rapella moshanyana eo, “Jehova a utloa lentsoe la Elia, ’me moea oa ngoana oa khutlela ka ho eena, a boela a phela.” Le mona hape, lentsoe “moea” le bolela “bophelo.” Kahoo, New American Standard Bible e baleha tjena: “Bophelo ba ngoana eo bo ile ba khutlela ho eena ’me a boela a phela.” E, e ne e le bophelo, eseng sebōpeho se seng sa seriti, bo ileng ba khutlela moshanyaneng eo. Sena se tumellanong le seo Elia a ileng a se bua ho ’mè oa moshanyana eo: “Bona, mor’a hao [motho ea feletseng] oa phela.”—1 Marena 17:23.
Ho Thoe’ng ka Moea (Spirit)?
11. Ke hobane’ng ha lentsoe “moea” (spirit) le sa bolele karolo ea motho e tsoileng ’meleng e pholohang lefu?
11 Bibele e bolela hore ha motho a e-shoa, “moea [spirit] oa hae oa tsoa, eena o khutlela lerōleng la hae.” (Pesaleme ea 146:4, NW) Na hoo ho bolela hore moea o tsoileng ’meleng o hlile oa tloha ’me o tsoela pele ho phela ka mor’a hore motho a shoe? Hoo ho ke ke ha e-ba joalo, hobane mopesaleme o re hape: “Ka letsatsi lona leo menahano ea hae ea timela” (“ho nahana hohle ha hae hoa fela,” The New English Bible). Joale, moea (spirit), ke eng, hona o ‘tsoa’ joang ho motho nakong ea lefu la hae?
12. Ke eng se boleloang ke lentsoe la Seheberu le la Segerike le fetoletsoeng e le “moea” (spirit) ka Bibeleng?
12 Ka Bibeleng mantsoe a fetoletsoeng e le “moea” (spirit) (ruʹach, ka Seheberu; pneuʹma, ka Segerike) ha e le hantle a bolela “phefumoloho.” Kahoo, ho e-na le ho re “moea oa hae oa tsoa,” phetolelo ea R. A. Knox e sebelisa poleloana “phefumoloho e tsoa ’meleng oa hae.” (Pesaleme ea 145:4) Empa lentsoe “moea” (spirit) le fana ka maikutlo a ho fetang feela ketso ea ho phefumoloha. Ka mohlala, ha e hlalosa ho timetsoa ha bophelo ba batho le ba liphoofolo nakong ea Moroallo oa lefatše lohle, Genese 7:22 e re: “Lintho tsohle tse neng li na le phefumoloho [kapa moea; ruʹach, ka Seheberu] ea ho phela linkong tsa tsona, kaofela ha tse lutseng moo ho omileng tsa e-shoa.” Kahoo “moea” (spirit) o ka bolela matla a bophelo a sebetsang libōpuoeng tsohle tse phelang, ka bobeli batho le liphoofolo, ’me li bolokoa li phela ke ho phefumoloha.
13. Moea o khutlela ho Molimo joang ha motho a e-shoa?
13 Ka hona, Moeklesia 12:7 (NW) e bolela’ng ha e re ha motho a e-shoa, “moea o khutlela ho Molimo oa ’nete ea ileng a fana ka oona”? Na hoo ho bolela hore moea o hlile o haola sepakapaka ho ea kena moo Molimo a leng teng? Ha ho ntho e joalo. Kaha moea ke matla a bophelo, “o khutlela ho Molimo oa ’nete” ka kutloisiso ea hore tšepo leha e le efe ea bophelo ba ka moso bakeng sa motho eo, joale e se e itšetlehile ka ho feletseng ka Molimo. Ke Molimo feela ea ka khutlisetsang moea (spirit), kapa matla a bophelo, a etsa hore motho a boele a phele. (Pesaleme ea 104:30) Empa na Molimo o rerile ho etsa joalo?
“O Tla Tsoha”
14. Jesu o ile a re’ng a ba a etsa’ng ho imolla le ho tšelisa likhaitseli tsa Lazaro ka mor’a hore li lahleheloe ke khaitseli ea tsona?
14 Motsaneng oa Bethani, o ka bang lik’hilomithara tse tharo ka bochabela ho Jerusalema, Maria le Maretha ba ne ba siame ka lebaka la lefu le tlileng pele ho nako la khaitseli ea bona, Lazaro. Jesu o ile a sareloa hammoho le bona hobane o ne a e-na le kameho e lerato ka Lazaro le likhaitseli tsa hae. Jesu o ne a ka tšelisa likhaitseli tsee tsa Lazaro joang? Eseng ka ho li bolella taba e rarahaneng, empa ka ho li bolella ’nete. Ka bonolo feela Jesu o ile a re: “Mor’eno o tla tsoha.” Joale Jesu o ile a ea lebitleng, ’me a tsosa Lazaro—a khutlisetsa bophelo ho motho ea neng a shoele matsatsi a mane!—Johanne 11:18-23, 38-44.
15. Maretha o ile a arabela joang ho seo Jesu a ileng a se bolela le ho se etsa?
15 Na Maretha o ile a makatsoa ke polelo ea Jesu ea hore Lazaro o ne a tla “tsoha”? Ha ho bonahale joalo, hobane o ile a arabela: “Kea tseba hore o tla tsoha tsohong ka letsatsi la ho qetela.” O ne a se a ntse a e-na le tumelo tšepisong ea tsoho. Joale Jesu o ile a mo bolella: “Ke ’na tsoho le bophelo. Ea sebelisang tumelo ho ’na, esita le hoja a ka shoa, o tla phela.” (Johanne 11:23-25) Mohlolo oa ho tsosetsoa ha Lazaro bophelong o ile oa sebeletsa ho mo matlafatsa tumelo le ho kenya tumelo ho ba bang. (Johanne 11:45) Empa hantle-ntle ho boleloa’ng ka lentsoe “tsoho”?
16. Lentsoe lee “tsoho” le bolela’ng?
16 Lentsoe “tsoho” le fetoletsoe ho tsoa lentsoeng la Segerike a·naʹsta·sis, leo ka ho toba le bolelang “ho ema hape.” Bafetoleli ba Baheberu ba fetolelang Segerike ba fetoletse a·naʹsta·sis ka polelo e bolelang ho “tsosolosoa ha bafu” (techi·yathʹ ham·me·thimʹ, ka Seheberu).a Kahoo, tsoho e akarelletsa ho phahamisa motho boemong ba ho se phele ba lefu—ho busetsa le ho tsosolosa mokhoa oa bophelo oa motho ka mong.
17. (a) Ke hobane’ng ha tsoho ea batho ka bomong e ke ke ea e-ba bothata ho Jehova Molimo le Jesu Kreste? (b) Jesu o ile a etsa tšepiso efe mabapi le ba mabitleng a khopotso?
17 Kaha o na le bohlale bo sa feleng le mohopolo o phethahetseng, Jehova Molimo a ka tsosa motho habonolo. Ho hopola mokhoa oa bophelo oa bafu—litšobotsi tsa bona tsa botho, histori ea bona ea botho, le makolopetso ’ohle ao ba tsebahalang ka ’ona—hase bothata ho eena. (Jobo 12:13; bapisa le Esaia 40:26.) Ho feta moo, joalokaha phihlelo ea Lazaro e bontša, Jesu Kreste o rata ho tsosa batho ebile a ka khona ho etsa joalo. (Bapisa le Luka 7:11-17; 8:40-56.) Ha e le hantle, Jesu Kreste o itse: “Hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae [Jesu] ’me ba tsoe.” (Johanne 5:28, 29) E, Jesu Kreste o ile a tšepisa hore bohle ba khopolong ea Jehova ba tla tsosoa. Ka ho hlakileng, moea oa shoa ho ea ka Bibele, ’me pheko ea lefu ke tsoho. Empa batho ba limilione tse likete ba phetse ’me ba shoa. Har’a bona ke bo-mang ba khopolong ea Molimo, ba emetse tsoho?
18. Ke bo-mang ba tla tsosoa?
18 Ba hahamaletseng tsela e lokileng e le bahlanka ba Jehova ba tla tsosoa. Leha ho le joalo, batho ba bang ba limilione ba shoele ba sa bontša hore na ba tla lumellana le litekanyetso tse lokileng tsa Molimo kapa che. E ka ’na eaba ba ne ba sa tsebe seo Jehova a se hlokang kapa ba hlokile nako e lekaneng ea ho etsa liphetoho tse hlokahalang. Bana le bona ba mohopolong oa Molimo, kahoo ba tla tsosoa, hobane Bibele ea tšepisa: “Ho tla ba le tsoho ea ba lokileng hammoho le ba sa lokang.”—Liketso 24:15.
19. (a) Moapostola Johanne o ile a fumana pono efe ka tsoho? (b) Ke eng e ‘liheloang letšeng la mollo,’ ’me poleloana eo e bolela’ng?
19 Moapostola Johanne o ile a ba le pono e hlollang ea ba tsositsoeng ba emeng ka pel’a terone ea Molimo. Ha a e hlalosa, o ile a ngola: “Leoatle la nehelana ka bafu ba ho lona, ’me lefu le Hadese tsa nehelana ka bafu ba ho tsona, eaba ba ahloloa ka bomong ho ea ka liketso tsa bona. ’Me lefu le Hadese tsa liheloa ka letšeng la mollo. Sena se bolela lefu la bobeli, letša la mollo.” (Tšenolo 20:12-14) Nahana hore na seo se bolela’ng! Bafu bohle ba mohopolong oa Molimo ba tla lokolloa Hadese, kapa Sheole, lebitla le tloaelehileng la moloko oa batho. (Pesaleme ea 16:10, NW; Liketso 2:31) Joale “lefu le Hadese” li tla liheloa ho se bitsoang ‘letša la mollo’ le tšoantšetsang thipitlo e feletseng. Lebitla le tloaelehileng la moloko oa batho le tla khaotsa ho ba teng.
Tebello e Ikhethang!
20. Ba limilione ba shoeleng hona joale ba tla tsosetsoa tikolohong ea mofuta ofe?
20 Ha ba limilione ba tsosoa tsohong ea bafu, ba ke ke ba khutlisetsoa bophelong lefatšeng le se nang baahi. (Esaia 45:18) Ba tla tsohela tikolohong e ntlafalitsoeng e ntle ’me ba tla fumana ba lokiselitsoe matlo, liaparo le lijo tse ngata. (Pesaleme ea 67:6; 72:16; Esaia 65:21, 22) Ke bo-mang ba tlang ho etsa litokisetso tsee kaofela? Ka ho hlakileng, ho tla tlameha hore ho be ho e-na le batho ba phelang lefatšeng leo le lecha pele tsoho ea lefatšeng e qala. Empa e tla be e le bo-mang?
21, 22. Ke tebello efe e larileng ka pel’a ba phelang “matsatsing a ho qetela”?
21 Ho phethahala ha boprofeta ba Bibele ho bontša hore re phela “matsatsing a ho qetela” a tsamaiso ena ea lintho.b (2 Timothea 3:1) Haufinyane haholo, Jehova Molimo o tla kenella litabeng tsa batho ’me a fiele bokhopo lefatšeng. (Pesaleme ea 37:10, 11; Liproverbia 2:21, 22) Nakong eo, ho tla etsahala’ng ka ba sebeletsang Molimo ka botšepehi?
22 Jehova a ke ke a timetsa ba lokileng hammoho le ba khopo. (Pesaleme ea 145:20) Ha ho mohla a kileng a etsa ntho e joalo, ’me a ke ke a e etsa ha a hloekisa bobe bohle lefatšeng. (Bapisa le Genese 18:22, 23, 26.) Ha e le hantle, buka ea ho qetela ea Bibele e bua ka “bongata bo boholo, boo ho seng motho ea neng a khona ho bo bala, bo tsoa lichabeng tsohle le melokong eohle le lihlopheng tsohle tsa batho le malemeng ’ohle,” e le bo tsoang “matšoenyehong a maholo.” (Tšenolo 7:9-14) E, letšoele le leholo le tla pholoha matšoenyeho a maholo ao lefatše la hona joale le khopo le fellang ho ’ona, ’me le tla kena lefatšeng le lecha la Molimo. Mono, moloko oa batho ba utloang o ka rua molemo ka botlalo tokisetsong e babatsehang ea Molimo ea ho lokolla moloko oa batho sebeng le lefung. (Tšenolo 22:1, 2) Kahoo, ha ho hlokahale hore “bongata bo boholo” bo latsoe lefu ho hang. Ke tebello e ikhethang hakaakang!
Bophelo Ntle ho Lefu
23, 24. Haeba u rata ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng lefatšeng, u lokela ho etsa’ng?
23 Na re ka kholiseha ka tšepo ee e hlollang? Hantle haholo! Jesu Kreste ka boeena o ile a bontša hore ho ne ho tla ba le nako eo ka eona batho ba neng ba tla phela ho se ho se mohla ba tla shoa. Pejana feela a tsosa motsoalle oa hae Lazaro, Jesu o ile a bolella Maretha hore: “E mong le e mong ea phelang ’me a sebelisa tumelo ho ’na ho hang ha a na ho shoa le ka mohla.”—Johanne 11:26.
24 Na u rata ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng lefatšeng? Na u labalabela ho bona baratuoa ba hao hape? Moapostola Johanne o re: “Lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.” (1 Johanne 2:17) Joale ke nako ea ho ithuta hore na thato ea Molimo ke eng ’me re ikemisetse ho phela tumellanong le eona. Joale uena, hammoho le ba bang ba limilione ba seng ba ntse ba etsa thato ea Molimo, le ka phela ka ho sa feleng Paradeiseng lefatšeng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Le hoja lentsoe “tsoho” le sa hlahe Mangolong a Seheberu, tšepo ea tsoho e boletsoe ka ho hlakileng ho Jobo 14:13, Daniele 12:13 le Hosea 13:14.
b Bona Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, leqepheng la 98-107, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
Na U sa Hopola?
◻ Moelelo oa motheo oa mantsoe a puo ea pele a fetoletsoeng e le “moea” (soul) ke ofe?
◻ Ho etsahala’ng ka moea (soul) lefung?
◻ Pheko ea lefu ke eng ho ea ka Bibele?
◻ Ke tebello efe e hlollang e letetseng ba tšepahalang kajeno?
[Lebokose le leqepheng la 15]
“Moea” (soul) e le Bophelo ba Sebōpuoa
Ka linako tse ling, lentsoe “moea” le bolela bophelo boo motho kapa phoofolo a nang le bona. Sena ha se fetole tlhaloso ea Bibele ea moea e le motho kapa phoofolo. Ho etsa mohlala: Re re motho oa phela, e le ha re bolela hore ke motho ea phelang. Re ka boela ra re o na le bophelo. Ka tsela e tšoanang, motho ea phelang ke moea. Leha ho le joalo, ha a ntse a phela, ho ka ’na ha buuoa ka “moea” e le ntho eo a nang le eona.
Ka mohlala, Molimo o ile a bolella Moshe: “Batho bohle ba neng ba tsoma moea oa hao ba shoele.” Ka ho hlakileng, lira tsa Moshe li ne li batla ho mo amoha bophelo. (Exoda 4:19, NW; bapisa le Joshua 9:24, NW; Liproverbia 12:10, NW.) Jesu o ile a sebelisa tsela e tšoanang ha a re: “Mora motho o ile a tla . . . ho fana ka soule ea hae ho ba thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.” (Matheu 20:28; bapisa le 10:28.) Lekhetlong ka leng, lentsoe lena “moea” le bolela “bophelo ba sebōpuoa.”
[Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Kaofela ha tsona ke meea
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Hummingbird: U.S. Fish and Wildlife Service, Washington, D.C./Dean Biggins
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Jesu o ile a bontša hore pheko ea lefu ke tsoho
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
“E mong le e mong ea phelang ’me a sebelisa tumelo ho ’na ho hang ha a na ho shoa le ka mohla.”—Johanne 11:26