Khaolo ea 11
Ana ke Matsatsi a Qetello!
1. Ke hobane’ng ha ba bangata ba ikutloa eka ba lahlehile ha ba nahana ka pono ea lefatše, empa tlhaloso e tšepahalang ea liketsahalo tsa lefatše e ka fumanoa hokae?
Ho tlile joang hore lefatše la rōna le mabifi le fihle boemong boo? Re lebile hokae? Na u kile ua botsa lipotso tse joalo? Ba bangata ba batla ba ikutloa ba lahlehile ha ba sheba boemo ba lefatše lena. Lintho tsa sebele tse kang ntoa, mafu, le tlōlo ea molao li siea batho ba ntse ba ipotsa hore na bokamoso bo tšoere eng. Baeta-pele ba mebuso ba fana ka tšepo e fokolang. Leha ho le joalo, tlhaloso e ka tšeptjoang ea matsatsi ana a sithabetsang e fumaneha ho Molimo ka Lentsoeng la hae. Ka botšepehi Bibele e re thusa ho bona hore na re hokae kemisong ea nako. E bontša hore re “matsatsing a ho qetela” a tsamaiso ea hona joale ea lintho.—2 Timothea 3:1.
2. Barutuoa ba Jesu ba ile ba mo botsa potso efe, hona o ile a e arabela joang?
2 Ka mohlala, nahana karabelo eo Jesu a ileng a fana ka eona lipotsong tse ileng tsa botsoa ke barutuoa ba hae. Matsatsi a mararo pele Jesu a e-shoa, ba ile ba mo botsa: “Pontšo ea ho ba teng ha hao le ea qetello ea tsamaiso ea lintho e tla ba efe?”a (Matheu 24:3) Ha a arabela, Jesu o ile a bua ka liketsahalo tsa lefatše tse tobileng le maemo a neng a tla bontša ka ho hlaka hore tsamaiso ena eo e seng ea bomolimo e kene matsatsing a eona a qetello.
3. Ke hobane’ng ha maemo lefatšeng a ile a mpefala ha Jesu a qala ho busa?
3 Joalokaha ho bontšitsoe khaolong e ka pele, nako ea tatellano ea liketsahalo ea Bibele e lebisa qetong ea hore ’Muso oa Molimo o se o qalile ho busa. Empa hoo ho ka ba joalo joang? Lintho li mpefetse, ha lia ntlafala. Ha e le hantle, ena ke pontšo e matla ea hore ’Muso oa Molimo o qalile ho busa. Hobane’ng ho le joalo? Pesaleme ea 110:2 e re tsebisa hore ka nako e itseng Jesu o ne a tla busa ‘har’a lira tsa hae.’ Ka sebele, bohato ba hae ba pele e le Morena oa leholimo e ne e le ho lihela Satane le mangeloi a hae a bademona tikolohong ea lefatšeng. (Tšenolo 12:9) Phello e bile efe? E bile joalokaha Tšenolo 12:12 e boletse esale pele: “Ho malimabe lefatše le leoatle, hobane Diabolose o theohetse ho lōna, a halefile haholo, a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.” Hona joale re phela ‘nakong eo e khutšoanyane.’
4. Litšobotsi tse ling tsa matsatsi a qetello ke life, hona li bontša eng? (Bona lebokose.)
4 Ka hona, ha ho makatse hore ha Jesu a ne a botsoa hore na pontšo ea ho ba teng ha hae le ea qetello ea tsamaiso ea lintho e ne e tla ba neng, karabelo ea hae e bile e tebileng. Likarolo tse sa tšoaneng tsa pontšo eo li fumanoa lebokoseng le leqepheng la 102. Joalokaha u ka bona, baapostola ba Bakreste Pauluse, Petrose le Johanne ba re fa makolopetso a eketsehileng mabapi le matsatsi a ho qetela. Ke ’nete, litšobotsi tse ngata tsa pontšo ena le tsa matsatsi a ho qetela li ama maemo a sithabetsang. Leha ho le joalo, ho phethahala ha boprofeta bona ho lokela ho re kholisa hore tsamaiso ena e khopo e haufi le ho fela. A ke re hlahlobisiseng tse ling tsa litšobotsi tse ka sehloohong tsa matsatsi a qetello.
LITŠOBOTSI TSA MATSATSI A QETELLO
5, 6. Boprofeta bo mabapi le ntoa le tlala ea sekoboto bo phethahala joang?
5 “Sechaba se tla tsohela sechaba matla le ’muso o tla tsohela ’muso matla.” (Matheu 24:7; Tšenolo 6:4) Mongoli Ernest Hemingway o ile a bitsa Ntoa ea I ea Lefatše “polao e khōlō ka ho fetisisa, e sehlōhō ka ho fetisisa, e sa laoleheng ka ho fetisisa e kileng ea etsahala holim’a lefatše.” Ho latela buka The World in the Crucible—1914-1919, ena e ne e le “sebōpeho se secha sa ntoa, ntoa ea pele e akaretsang phihlelong ea moloko oa batho. Nako eo e tsoetseng pele ka eona, bohale ba eona le boholo ba eona li ile tsa feta ntho leha e le efe e kileng ea tsejoa kapa ea lebelloa ka kakaretso.” Joale ha latela Ntoa ea II ea Lefatše, e ileng ea ipaka e senya ho feta Ntoa ea I ea Lefatše. Moprofesa oa histori Hugh Thomas, o re: “Lekholo la bomashome a mabeli la lilemo, le ’nile la laoloa ke sethunya sa morathatha, tanka, B-52, bomo ea nyutlelie, le misaele qetellong. Le ’nile la tšoauoa ka lintoa tse bileng le tšollo ea mali le ho senya ho feta nako leha e le efe.” Ke ’nete hore ho ile ha buuoa haholo ka ho fokotsoa ha libetsa ka mor’a hore Ntoa ea Mantsoe e lale. Ho ntse ho le joalo, tlaleho e ’ngoe e hakanyetsa hore ka mor’a ho fokotsoa ha limisaele tse nang le libomo tsa nyutlelie tse buelletsoeng, ho tla sala tse ka bang 10 000 ho ea ho 20 000—tse fetang matla a libomo tse ileng tsa sebelisoa Ntoeng ea II ea Lefatše ka makhetlo a 900.
6 “Ho tla ba le likhaello tsa lijo.” (Matheu 24:7; Tšenolo 6:5, 6, 8) Ho tloha ka 1914 ho se ho bile le bonyane litlala tse khōlō tse 20. Libaka tse bileng mahlomoleng li akarelletsa Bangladesh, Burundi, Cambodia, Chaena, Ethiopia, Greece, India, Nigeria, Russia, Rwanda, Somalia, le Sudan. Empa hase kamehla tlala e bakoang ke ho haella ha lijo. Sehlopha sa litsebi tsa saense ea temo le tsa moruo li ile tsa fihlela qeto ena: “Phepelo ea lefatše ea lijo lilemong tsa morao tjena e hotse ka potlako ho feta baahi ba lona. Empa ka hobane bonyane batho ba limilione tse 800 ba phela bofutsaneng ba boja-likata, . . . ha ba khone ho reka tse lekaneng matletse-tletseng hore li ba phemise khaello ea phepo e nepahetseng e sa feleng.” Mabakeng a mang ke ho itšunya-tšunya ha lipolotiki. Dr. Abdelgalil Elmekki oa Univesithi ea Toronto o bolela mehlala e ’meli eo ho eona ba likete ba ileng ba bolaoa ke tlala ha linaha tsa habo bona li ne li romela lijo tse ngata haholo linaheng tse ling. Mebuso e bonahala e amehile haholo ka ho fumana chelete e tsoang linaheng tse ling bakeng sa ho tšehetsa lintoa tsa eona ka lichelete ho feta ho fepa baahi ba eona. Qeto ea Dr. Elmekki ke efe? Hangata tlala ke “taba ea kabo le leano la ’muso.”
7. Linnete ke life ka mafu a seoa kajeno?
7 “Mafu a seoa.” (Luka 21:11; Tšenolo 6:8) Mokakallane oa Spain oa 1918-19 o ile oa felisa bonyane bophelo ba ba limilione tse 21. A. A. Hoehling o-oa ngola ho The Great Epidemic: “Le ka mohla lefatše ha le e-s’o senngoe hakana ke ’molai ea bolaileng batho ba bangata hakana ka potlako e kana.” Kajeno, mafu a ntse a tota. Selemo le selemo, kankere e bolaea batho ba limilione tse hlano, mafu a amanang le letšollo a amoha masea le bana ba fetang limilione tse tharo bophelo, ’me lefuba le bolaea ba limilione tse tharo. Lefu la ho tšoaetsana ho amanang le ho hema, haholo-holo lefu la matšoafo, ka selemo le bolaea bana ba limilione tse 3,5 ba ka tlaase ho lilemo tse hlano. ’Me palo e tšosang ea ba limilione tse likete tse 2,5—halofo ea baahi ba lefatše—e tšoeroe ke mafu a bakoang ke khaello kapa ho silafala ha metsi le khaello ea bohloeki. AIDS e hlahella e le khopotso e tsoelang pele ea hore motho, ho sa tsotellehe seo a se finyelletseng tabeng tsa meriana, o hlōlehile ho felisa mafu.
8. Batho ba ipaka joang hore ke “ba ratang chelete”?
8 “Batho e tla ba . . . ba ratang chelete.” (2 Timothea 3:2) Linaheng ho pota lefatše, ho bonahala batho ba na le lenyora le sa kholoeng bakeng sa leruo le leholoanyane. “Katleho” hangata e lekanngoa ka chelete eo motho a e amohelang, “se finyelletsoeng” ka seo motho a nang le sona. Motlatsi oa mopresidente oa mokhatlo oa phatlalatso o ile a bolela: “Lerato la lintho tse bonahalang le tla tsoela pele e ntse e le matla a susumetsang ho batho ba Amerika . . . ’me e le matla a bohlokoa ka ho eketsehileng le limmarakeng tse ling tse khōlō.” Na see sea etsahala moo u phelang teng?
9. Ho ka thoe’ng ka ho se utloe batsoali ho boletsoeng esale pele?
9 “Ba sa mameleng batsoali.” (2 Timothea 3:2) Batsoali ba kajeno, matichere le ba bang ka bobona ba na le bopaki ba hore bana ba bangata ha ba hlomphe e bile ha ba utloe. Ba bang ba bana bana e ka ’na eaba ba itšoara joalo ka lebaka la boitšoaro bo seng botle ba batsoali kapa baa ba etsisa. Palo e ntseng e eketseha ea bana e felloa ke tumelo le ho bontša bofetoheli sekolong, molaong, bolumeling, le batsoaling ba bona. E mong eo e kileng ea e-ba tichere ea sekolo o re: “E le tloaelo, ba bonahala ba se na tlhompho ho hang bakeng sa ntho leha e le efe.” Leha ho le joalo, ho thabisang ke hore bana ba bangata ba tšabang Molimo ke mehlala e metle ea boitšoaro.
10, 11. Bopaki bo teng ke bofe ba hore batho ba bohale bo tšosang le hore ba hloka boikutlo bo mofuthu ba tlhaho?
10 “Ba bohale bo tšosang.” (2 Timothea 3:3) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “bohale bo tšosang” le bolela ‘ea sa thapang, ea hlaha, ea haelloang ke kutloelo-bohloko ea botho le maikutlo.’ See se tšoanela bahlohlelletsi ba bangata ba pefo ea kajeno hantle hakaakang! Mohlophisi e mong o ile a re: “Bophelo ke bo sithabetsang haholo, bo tletseng tšollo e tšabehang ea mali hoo ho u hlokang letsoalo le cheleng ho bala litaba tsa letsatsi le letsatsi.” Sajene e ’ngoe ea balebeli ba meaho e ile ea hlokomela hore bacha ba bangata ho bonahala ba iphoufaletsa liphello tsa liketso tsa bona. E ile ea re: “Ho na le maikutlo a hore, ‘Ha ke tsebe tsa hosasane. Ke tla fumana seo ke se batlang kajeno.’”
11 “Ba se nang boikutlo bo mofuthu ba tlhaho.” (2 Timothea 3:3) Poleloana ena e fetoletsoe e tsoa lentsoeng la Segerike le bolelang “ea pelo-thata, ea se nang botho” ’me e bontša “ho haelloa ke kameho ea tlhaho, ea lelapa.” (The New International Dictionary of New Testament Theology) E, hangata boikutlo bo mofuthu ha bo eo tikolohong eo bo hlileng bo lokelang ho ata ho eona—lapeng. Litlaleho tsa tšoaro e mpe ea balekane ba lenyalo, bana, esita le batsoali ba hōlileng e fetohile e tloaelehileng ka mokhoa o tšoenyang maikutlo. Sehlopha se seng sa bafuputsi se ile sa hlalosa: “Pefo ea batho—e bang ke ho jabela kapa ho sututsa, ho hlaba ka thipa kapa ho thunyana—e etsahala khafetsa ka hare ho tikoloho ea lelapa ho feta kae kapa kae sechabeng.”
12. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore batho ba na le sebōpeho feela sa boinehelo ba bomolimo?
12 “Ba nang le ponahalo ea boinehelo ba bomolimo empa ba ipaka ba se na ’nete matleng a bona.” (2 Timothea 3:5) Bibele e na le matla a ho fetola bophelo hore bo be molemo. (Baefese 4:22-24) Leha ho le joalo, ba bangata kajeno ba sebelisa bolumeli ba bona e le setširelo seo ba etsang mesebetsi e sa lokang e sa thabiseng Molimo ba le ka mor’a sona. Ho bua leshano, ho utsoa, le boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali hangata li lumelloa ke baeta-pele ba bolumeli. Malumeli a mangata a ruta lerato empa a tšehetsa ntoa. Taba ea mohlophisi makasineng oa India Today e-ea hlokomela: “Ka lebitso la ’Mōpi ea Phahameng, batho ba hlohlellelitse liketso tsa bobatana tse nyonyehang ka ho fetisisa khahlanong le libōpuoa hammoho le bona.” Ha e le hantle, likhohlano tse peli tse tletseng tšollo ea mali tsa haufinyane tjena—Ntoa ea I le ea II ea Lefatše—li ile tsa qhoma khubung ea Bokreste-’mōtoana.
13. Ke bopaki bofe bo teng ba hore lefatše lea senngoa?
13 ‘Ho senya lefatše.’ (Tšenolo 11:18) Litsebi tsa saense tse fetang 1 600, ho akarelletsa le bahapi ba khau ea Nobel ba 104, ba tsoang lefatšeng lohle ba ile ba lumellana le temoso e ntšitsoeng ke Mokhatlo oa Litsebi tsa Saense tse Amehileng (UCS [Union of Concerned Scientists]) e ileng ea re: “Batho le tikoloho ba tseleng ea ho thulana. . . . Ho se ho setse mashome a seng makae a lilemo pele ho lahleha monyetla oa ho qoba litšokelo tseo.” Tlaleho e bolela hore mekhoa e sokelang bophelo ba motho “e ka ’na ea fetola lefatše hoo le tla sitoa ho boloka bophelo ka tsela eo re e tsebang.” Ho senyeha ha ozone, tšilafalo ea metsi, ho rengoa ha lifate, ho lahleheloa ha mobu ke matla a ho hlahisa lijalo, le ho fela ha liphoofolo tse ngata le mefuta ea limela li ile tsa boleloa e le mathata a potlakileng ao ho tlamehang ho sebetsanoa le ’ona. UCS e ile ea re: “Ho kena-kenana ha rōna le ho rarahana ha bophelo boo ho bona ho hong ho itšetlehileng ka ho hong, ho ka baka liphello tse saballetseng, ho akarelletsa le ho oa ha litsamaiso tse amanang le bophelo tseo mokhoa oa tsona re o utloisisang ka tsela e sa phethahalang.”
14. U ka paka joang hore Matheu 24:14 e-ea phethahala nakong ea rōna?
14 “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.” (Matheu 24:14) Jesu o ile a bolela esale pele hore litaba tse molemo tsa ’Muso li ne li tla boleloa lefatšeng ka bophara, bakeng sa bopaki ho lichaba tsohle. Ka thuso ea Molimo le tlhohonolofatso ea hae, Lipaki tsa Jehova tse limilione li nehela lihora tse likete tsa limilione mosebetsing ona oa ho bolela le ho etsa barutuoa. (Matheu 28:19, 20) E, Lipaki lia hlokomela hore li ne li tla ba molato oa mali haeba li ne li sa bolele litaba tse molemo. (Ezekiele 3:18, 19) Empa lia thaba hore ebe selemo le selemo ba likete ba arabela ka teboho molaetseng oa ’Muso ’me ba ema ba tiile e le Bakreste ba ’nete, ke hore, e le Lipaki tsa Jehova. Ke tokelo e ke keng ea lekanngoa ho sebeletsa Jehova ’me kahoo li jala tsebo ea Molimo. ’Me ka mor’a hore litaba tsena tse molemo li boleloe lefatšeng le ahiloeng, bofelo ba tsamaiso ena e khopo bo tla tla.
ARABELA BOPAKING
15. Tsamaiso ea hona joale e khopo e tla fela joang?
15 Tsamaiso ee e tla fela joang? Bibele e bolela esale pele ka “matšoenyeho a maholo” a tla qala ka hore karolo ea lefatše ea bopolotiki e hlasele “Babylona e Moholo,” ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. (Matheu 24:21; Tšenolo 17:5, 16) Jesu o ile a bolela hore nakong ena ‘letsatsi le ne le tla fifala, ’me khoeli e ne e sa tlo fana ka leseli la eona, le linaleli li ne li tla oa leholimong, ’me matla a maholimo a ne a tla sisinyeha.’ (Matheu 24:29) Hona ho ka ’na ha bolela liketsahalo tsa sebele tsa leholimo. Leha ho le joalo, maseli a khanyang a lefatše la bolumeli a tla pepesoa le ho felisoa. Joale, Satane ea bitsoang “Gogo, naheng ea Magogo,” o tla sebelisa batho ba senyehileng ho hlasela batho ba Jehova ka ho feletseng. Empa Satane a ke ke a atleha, hobane Molimo o tla ba pholosa. (Ezekiele 38:1, 2, 14-23) ‘Matšoenyeho a maholo’ a tla fihla tlhōrōng ea ’ona ka Armageddone, “ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle.” E tla hleka le moneketsela oa ho qetela oa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Satane oa lefatšeng, e bula tsela bakeng sa hore mahlohonolo a sa feleng a phallele molokong o phelang oa batho.—Tšenolo 7:9, 14; 11:15; 16:14, 16; 21:3, 4.
16.Re tseba joang hore litšobotsi tse profetiloeng tsa matsatsi a qetello li sebetsa nakong ea rōna?
16 Ka botsona, litšobotsi tse ling tsa boprofeta bo hlalosang matsatsi a ho qetela li ka ’na tsa bonahala li sebetsa linakong tse ling tsa histori. Empa ha li kopane, bopaki bo profetiloeng bo supa ka ho toba mehleng ea rōna. Ho etsa mohlala: Mela e etsang khatiso ea monoana oa motho e etsa paterone e ke keng ea e-ba ea motho leha e le ofe e mong. Ka ho tšoanang, matsatsi a qetello a na le litšobotsi, kapa liketsahalo tse a khethollang. Tsena li etsa “khatiso ea monoana” e ke keng ea e-ba ea nako leha e le efe. Ha bo hlahlobjoa hammoho le lipontšo tsa Bibele tsa hore ’Muso oa Molimo oa leholimo o-oa busa hona joale, bopaki bo fana ka motheo o tiileng bakeng sa ho fihlela qeto ea hore re fela re le matsatsing a qetello. Ho feta moo, ho na le bopaki bo hlakileng ba Mangolo ba hore tsamaiso ea hona joale e khopo e tla timetsoa haufinyane.
17. Ho tseba hore ana ke matsatsi a qetello ho lokela ho re susumelletsa ho etsa eng?
17 U tla arabela joang bopaking ba hore ana ke matsatsi a qetello? Nahana sena: Haeba sefefo se matla se senyang se atamela, ka ntle ho tieho re nka mehato ea ho itšireletsa. Seo Bibele e se bolelang esale pele ka tsamaiso ena ea hona joale se lokela ho re susumelletsa ketsong. (Matheu 16:1-3) Ka ho hlakileng re ka bona hore re phela matsatsing a qetello a tsamaiso ea lefatše lena. Sena se lokela ho re susumelletsa ho etsa liphetoho leha e le life tse hlokahalang hore re fumane mohau oa Molimo. (2 Petrose 3:3, 10-12) Ha a bua ka eena e le moemeli oa pholoho, Jesu o hlaba mokhosi o potlakileng: “Ikeleng hloko hore lipelo tsa lōna le ka mohla e se ke ea e-ba tse imeloang ke ho ja ho tlōla le ho noa haholo le matšoenyeho a bophelo, ’me ka tšohanyetso letsatsi leo la e-ba holim’a lōna hang-hang joaloka leraba. Etsoe le tla tla holim’a bohle ba lulang holim’a lefatše lohle. Joale, le lule le falimehile nako eohle le etsa thapeli e le hore le ka atleha ho phonyoha lintho tsena tsohle tse reretsoeng hore li etsahale, le ho ema ka pel’a Mora oa motho.”—Luka 21:34-36.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Libibele tse ling li sebelisa lentsoe “lefatše” ho e-na le “tsamaiso ea lintho.” Expository Dictionary of New Testament Words ea W. E. Vine e bolela hore lentsoe la Segerike ai·onʹ “le fana ka maikutlo a nako eo bolelele ba eona bo sa hlalosoang, kapa nako e talingoang kamanong le se etsahalang mehleng eo.” Greek and English Lexicon to the New Testament ea Parkhurst (leqepheng la 17) e akarelletsa polelo “tsamaiso ena ea lintho” ha e tšohla tšebeliso ea ai·oʹnes (bongata) ho Baheberu 1:2. Kahoo phetolelo ea “tsamaiso ea lintho” e tumellanong le taba e ngotsoeng ea pele ea Segerike.
LEKA TSEBO EA HAO
Bibele e ile ea bolela eng esale pele ka liphetoho tsa lefatše qalong ea puso ea Kreste?
Litšobotsi tse ling tsa matsatsi a qetello ke life?
U kholisoa ke eng hore ana ke matsatsi a qetello?
[Lebokose le leqepheng la 102]
LITŠOBOTSI TSE LING TSA MATSATSI A QETELLO
• Ntoa eo ho seng e kileng ea tšoana le eona.—Matheu 24:7; Tšenolo 6:4.
• Tlala ea sekoboto.—Matheu 24:7; Tšenolo 6:5, 6, 8.
• Mafu a seoa.—Luka 21:11; Tšenolo 6:8.
• Ho hloka molao ho eketsehang.—Matheu 24:12.
• Ho senya lefatše.—Tšenolo 11:18.
• Litšisinyeho tsa lefatše.—Matheu 24:7.
• Linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.—2 Timothea 3:1.
• Lerato le feteletseng la chelete.—2 Timothea 3:2.
• Ho se utloe batsoali.—2 Timothea 3:2.
• Ho haelloa ke boikutlo bo mofuthu ba tlhaho.—2 Timothea 3:3.
• Ho rata menyaka ho e-na le Molimo.—2 Timothea 3:4.
• Ho hloka boitšoaro.—2 Timothea 3:3.
• Ho hloka lerato la se molemo.—2 Timothea 3:3.
• Ho se ele hloko kotsi e atamelang.—Matheu 24:39.
• Basomi ba hana bopaki ba matsatsi a qetello.—2 Petrose 3:3, 4.
• Ho boleloa ha ’Muso oa Molimo lefatšeng lohle.—Matheu 24:14.
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 101]