“Septuagint” e Bile Molemo Nakong e Fetileng le Kajeno
MONNA ea tsebahalang oa Ethiopia o ne a leba hae a tsoa Jerusalema. Ha a ntse a palame koloi ea hae ea lipere tseleng ea lehoatata, o ne a bala moqolo oa bolumeli ka lentsoe le phahameng. O ile a angoa ka botebo ke ha a hlalosetsoa mantsoe ao a neng a a bala ’me bophelo ba hae bo ile ba fetoha ho tloha ka nako eo. (Liketso 8:26-38) Monna enoa o ne a ntse a bala Esaia 53:7, 8 phetolelong ea pele ea Bibele—Septuagint ea Segerike. Buka ena e phethile karolo ea bohlokoa ho phatlalatseng molaetsa oa Bibele ho pholletsa le makholo a lilemo hoo e ’nileng ea bitsoa phetolelo ea Bibele e fetotseng lefatše.
Septuagint e ngotsoe neng hona e le tlas’a maemo afe? Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala phetolelo e joalo? E bile molemo joang ho pholletsa le makholo a lilemo? Ke eng seo Septuagint e ka re rutang sona kajeno?
E ne e Etselitsoe Bajuda ba Buang Segerike
Ka 332 B.C.E., ha Alexandere e Moholo a kena Egepeta ka mor’a ho timetsa motse oa Foenisia oa Tyre, o ile a nkoa e le molopolli. Ha a le moo, o ile a theha motse oa Alexandria, oo e neng e le setsi sa thuto lefatšeng leo la boholo-holo. Kaha o ne a batla ho phatlalatsa setso sa Bagerike ho batho ba phelang linaheng tse hapiloeng, Alexandere o ile a laela hore ho sebelisoe Segerike se tloaelehileng (Sekoine) libakeng tsohle tseo a li hapileng.
Lekholong la boraro la lilemo B.C.E., Alexandria e ile ea e-ba le baahi ba bangata ba Bajuda. Bajuda ba bangata bao ka mor’a ho khutla kholehong Babylona ba neng ba lula likoloneng tse qhalakaneng thōko le Palestina, ba ile ba fallela Alexandria. Bajuda baa ba ne ba tseba Seheberu hakae? Cyclopedia ea McClintock le Strong e re: “Hoa tsebahala hore kaha Bajuda ba khutlileng botlamuoeng Babylona ba ne ba se ba sa tsebe Seheberu sa boholo-holo hantle, ba ne ba hlalosetsoa ka Sekalde libuka tsa Moshe tse neng li baloa ka lisynagogeng tsa Palestina . . . Mohlomong Bajuda ba Alexandria ba ne ba e-na le tsebo e fokolang le ho feta ea Seheberu; ’me puo eo ba neng ba e tseba e ne e le Segerike sa Alexandria.” Ka ho totobetseng, boemo ba Alexandria bo ne bo loketse hore ho fetoleloe Mangolo a Seheberu ka Segerike.
Aristobulus, Mojuda ea neng a phela lekholong la bobeli la lilemo B.C.E., o ile a ngola hore molao oa Seheberu o ile oa fetoleloa ka Segerike ’me oa phethoa nakong ea puso ea Ptolemy Philadelphus (285-246 B.C.E.). Ho na le maikutlo a sa tšoaneng ka hore na ebe Aristobulus o ne a bolela’ng ka “molao.” Ba bang ba nahana hore o ne a bua feela ka Libuka Tse Hlano Tse Qalang Tsa Bibele, ha ba bang ba bolela hore e ka ’na eaba o ne a hopotse Mangolo ’ohle a Seheberu.
Ebang ho joalo kapa che, ho latela neano, ho boleloa hore litsebi tse ka bang 72 tsa Bajuda li ile tsa kopanela phetolelong ena ea pele e ngotsoeng ea Mangolo ho tloha Seheberung ho ea Segerikeng. Hamorao, ho ile ha qaloa ho sebelisa palo e batlang e nepahetse haholoanyane ea 70. Kahoo, phetolelo ena e ile ea bitsoa Septuagint, e bolelang “70,” ’me e ngoloa e le LXX, palo ea Seroma bakeng sa 70. Ho elella bofelong ba lekholo la bobeli la lilemo B.C.E., libuka tsohle tsa Mangolo a Seheberu li ne li ka baloa ka Segerike. Kahoo, lebitso Septuagint le ile la bolela Mangolo a feletseng a Seheberu a fetoletsoeng ka Segerike.
E Bile Molemo Lekholong la Pele la Lilemo
Septuagint e ne e sebelisoa haholo ke Bajuda ba buang Segerike pele ho mehla ea Jesu Kreste le baapostola ba hae le nakong ea bona. Bajuda ba bangata le basokolohi ba neng ba bokane Jerusalema letsatsing la Pentekonta ea 33 C.E. ba ne ba tsoa seterekeng sa Asia, Egepeta, Libya, Roma le Kreta—libaka tseo baahi ba tsona ba neng ba bua Segerike. Ha ho pelaelo hore ba ne ba tloaetse ho bala Septuagint. (Liketso 2:9-11) Kahoo, phetolelo ena e ile ea e-ba le tšusumetso ho phatlalatseng litaba tse molemo lekholong la pele la lilemo.
Ka mohlala, ha morutuoa Setefane a bua le banna ba tsoang Cyrene, Alexandria, Silisia le Asia, o ile a re: “Josefa [o ile] a romeletsa ’me a bitsa ntat’ae Jakobo le beng ka eena kaofela sebakeng seo [Kanana], ho fihlela palong ea meea e mashome a supileng a metso e mehlano.” (Liketso 6:8-10; 7:12-14) Taba e ngotsoeng ea Seheberu ho Genese khaolo ea 46 e bolela hore palo ea beng ka Josefa e ne e le mashome a supileng. Empa Septuagint e sebelisa palo ea mashome a supileng le metso e mehlano. Ho totobetse hore Setefane o ile a qotsa Septuagint.—Genese 46:20, 26, 27.
Ha moapostola Pauluse a pholletsa Asia Minor le Greece leetong la hae la bobeli le la boraro la boromuoa, o ile a bolela ho Balichaba ba bangata ba neng ba tšaba Molimo le ho “Bagerike ba neng ba rapela Molimo.” (Liketso 13:16, 26; 17:4) Batho bana ba ne ba tšaba Molimo kapa ba mo rapela ka lebaka la ho mo tseba ka tsela e itseng ka Septuagint. Ha a bolela ho batho bana ba buang Segerike, hangata Pauluse o ne a qotsa kapa a akaretsa likarolo tsa phetolelo ena.—Genese 22:18; Bagalata 3:8.
Mangolo a Segerike a Bakreste a qotsa ka ho toba Mangolong a Seheberu ka makhetlo a 320 ’me a a qotsa ka mokhoa o sa tobang le ho bua ka se tsoang ho ’ona ka makhetlo ao ha a kopantsoe a ka bang 890. Boholo ba taba e qotsitsoeng bo nkiloe ho Septuagint. Ka lebaka lena, taba e qotsitsoeng phetolelong ena ho e-na le libukeng tse ngotsoeng ka letsoho tsa Seheberu e ile ea fetoha karolo ea Mangolo a Segerike a Bakreste a bululetsoeng. Ee e ne e le ntlha ea bohlokoa hakaakang! Jesu o ne a boletse esale pele hore litaba tse molemo tsa ’Muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona. (Matheu 24:14) E le ho phetha sena, Jehova o ne a tla lumella Lentsoe la hae le bululetsoeng hore le fetoleloe ka lipuo tse fapaneng tse baloang ke batho lefatšeng ka bophara.
E Molemo Kajeno
Septuagint e sa ntsane e le molemo kajeno ’me e sebelisetsoa ho senola liphoso tsa bakopitsi tseo ho ka etsahalang hore ebe li ile tsa kenella libukeng tse ngotsoeng ka letsoho tsa Seheberu tse ileng tsa kopitsoa hamorao. Ka mohlala, tlaleho e ho Genese 4:8 e re: “Ka mor’a moo Kaine a re ho moen’ae Abele: [‘A re ee naheng.’] Kahoo eitse ha ba ntse ba le naheng Kaine a hlasela moen’ae Abele ’me a mo bolaea.”
Mantsoe a ka masakaneng a reng, “a re ee naheng” ha a hlahe libukeng tse ngotsoeng ka letsoho tsa Seheberu tsa ho tloha lekholong la leshome la lilemo C.E. Leha ho le joalo, a teng libukeng tsa pele tse ngotsoeng ka letsoho tsa Septuagint le libukeng tse ling tse ’maloa tsa pele. Taba e ngotsoeng libukeng tseo tse ngotsoeng ka letsoho tsa Seheberu e na le lentsoe leo ka tloaelo le kenyelletsang seo motho a se buang, empa ho se mantsoe a latelang a Kaine. Ebe ho etsahetse’ng? Genese 4:8 e na le likarolo tse peli tse latellanang tsa lipolelo tse qetellang ka polelo e reng, “naheng.” Cyclopedia ea McClintock le Strong e re ho ka etsahala hore ebe “mohlomong leihlo la mongoli oa Seheberu le ile la tlōla mantsoe a mang ka lebaka la lentsoe [le tšoanang] . . . le qetellang likarolo tsena tse peli tsa polelo.” Kahoo ho ka etsahala hore ebe mongoli ha aa ka a bona polelo ea pele e qetellang ka lentsoe, “naheng.” Ka ho hlakileng, Septuagint, esita le libuka tsa khale tse ling tse sa ntsaneng li le teng tse ngotsoeng ka letsoho, li ka ba molemo ho senola liphoso tse likoping tse ileng tsa etsoa hamorao tsa taba e ngotsoeng ea Seheberu.
Ka lehlakoreng le leng, likopi tsa Septuagint le tsona li na le liphoso, ’me ka linako tse ling ho sebelisoa taba e ngotsoeng ea Seheberu ho lokisa phoso e Segerikeng. Kahoo, ha libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa Seheberu li bapisoa le liphetolelo tsa Segerike le tsa lipuo tse ling, sena se etsa hore ho fumanoe liphoso tse bileng teng ha ho fetoleloa haesitana le liphoso tsa bakopitsi ’me se re kholisa hore Lentsoe la Molimo le fetoletsoe ka tsela e nepahetseng.
Likopi tse feletseng tsa Septuagint tse ntseng li le teng kajeno ke tsa khale hoo e ka bang lekholong la bone la lilemo C.E. Libuka tsena tse ngotsoeng ka letsoho le likopi tsa morao ha li na lebitso la Molimo, Jehova, le emeloang ke Litlhaku Tse ’Nè Tsa Seheberu Tse Emelang Lebitso la Molimo (YHWH). Likopi tsena li sebelisitse mantsoe a Segerike a bolelang “Molimo” le “Morena” hohle moo Litlhaku Tse ’Nè Tsa Seheberu Tse Emelang Lebitso la Molimo li hlahang teng tabeng e ngotsoeng ea Seheberu. Leha ho le joalo, se sibolotsoeng Palestina lilemong tse ka bang 50 tse fetileng se ile sa fana ka leseli tabeng ena. Sehlopha se neng se hlahloba mahaha haufi le lebōpo le ka bophirimela la Leoatle le Shoeleng se ile sa sibolla likhechana tsa moqolo oa boholo-holo oa letlalo oa baprofeta ba 12 (Hosea ho ea ho Malakia) tse ngotsoeng ka Segerike. Li ne li ngotsoe pakeng tsa 50 B.C.E. le 50 C.E. Likhechaneng tsena tsa pele, Litlhaku Tse ’Nè Tsa Seheberu Tse Emelang Lebitso la Molimo li ne li sa nkeloa sebaka ke mantsoe a Segerike a bolelang “Molimo” le “Morena.” Kahoo, ho na le bopaki ba hore phetolelo ea pele ea Septuagint ea Mangolo e ne e sebelisitse lebitso la Molimo.
Ka selemo sa 1971 ho ile ha lokolloa likhechana tsa moqolo oa boholo-holo oa loli (Fouad 266 papyri) hore li hatisoe. Likarolo tsee tsa Septuagint, tsa morao ho tloha lekholong la bobeli le la boraro la lilemo B.C.E., li senotse’ng? Lebitso la Molimo le ne le le teng le ho tsona. Likhechana tsena tsa pele tsa Septuagint li fana ka bopaki bo matla ba hore Jesu le barutuoa ba hae ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba tseba lebitso la Molimo ba bile ba le sebelisa.
Kajeno, Bibele ke buka e fetoleloang haholo ho feta tsohle historing. Malapa a etsang karolo e ka holimo ho 90 lekholong a na le bonyane karolo ea eona ka puo ea ’ona. Re leboha haholo-holo phetolelo e nepahetseng ea puo ea kajeno, Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang, eo hona joale e fumanehang e feletse kapa e sa fella ka lipuo tse fetang 40. New World Translation of the Holy Scriptures—With References e na le litšupiso tse makholo tse mongolong o botlaaseng ba leqephe tse supang ho Septuagint le ho libuka tse ling tsa boholo-holo tse ngotsoeng ka letsoho. Ka sebele, Septuagint e tsoela pele ho thahasellisa liithuti tsa Bibele tsa kajeno le ho ba bohlokoa ho tsona.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Morutuoa Filipi o ile a hlalosa temana e neng e baloa ho “Septuagint”
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Hangata moapostola Pauluse o ne a qotsa “Septuagint”