Babali ba Batla ho Tseba . . .
Kaine o Fumane Mosali oa Hae Hokae?
▪ “Haeba Adama le Eva ba ne ba e-na le bara ba babeli, e leng Kaine le Abele, joale Kaine o fumane mosali oa hae hokae?” Le hoja hangata batho ba belaellang Bibele ba botsa potso ena hobane ba nahana hore e thata, Bibele e fana ka boitsebiso bo lekaneng hore e arajoe ka tsela e khotsofatsang.
Genese khaolo ea 3 le ea 4 e fana ka boitsebiso bo latelang: (1) Eva e ne e le “’mè oa e mong le e mong ea phelang.” (2) Ka mor’a hore Kaine a tsoaloe, ho ile ha feta nako e telele pele a etsa sehlabelo seo Molimo a sa kang a se amohela. (3) Ka mor’a hore a lelekoe hore e be “moleleri le ’malehi,” Kaine o ile a tšoenngoa ke taba ea hore ‘mang kapa mang ea mo fumanang’ a ka ’na a mo bolaea. (4) Molimo o ile a hloma pontšo ho sireletsa Kaine, ho bontšang hore bana babo kapa beng ka eena ba bang ba ne ba ka ’na ba leka ho mo bolaea. (5) “Ka mor’a moo,” Kaine o ile a kopanela liphate le mosali oa hae “naheng ea Bobalehi.”—Genese 3:20; 4:3, 12, 14-17.
Ho latela boitsebiso bo ka holimo, re ka etsa qeto e nepahetseng ea hore mosali oa Kaine e ne e le e mong oa leloko la Eva ea ileng a hlaha nakong e itseng e sa tsejoeng. Genese 5:4 e re lilemong tse 930 tseo Adama a li phetseng, o ile “a tsoala bara le barali.” Ke ’nete hore Bibele ha e bolele ka ho toba hore mosali oa Kaine e ne e le morali oa Eva. Taba ea hore o boleloa ka mor’a hore Kaine a lelekoe e bontša hore ho ne ho se ho fetile nako e ngata hoo e ka ’nang eaba e ne e le setloholo sa Adama le Eva. Ka hona, The Amplified Old Testament ha e bua ka mosali oa Kaine e re feela e ne e le “e mong oa bana ba Adama.”
Mohlalosi oa Bibele oa lekholong la bo19 la lilemo, Adam Clarke, o ile a nahana hore e ka ’na eaba Molimo o ile a hloma pontšo ha Kaine a tšohile hobane ho ne ho se ho ntse ho e-na le meloko e mengata e tsoang ho Adama—e lekaneng ho “theha metse e mengata.”
Kajeno batho ba bang ba nka hore ho ke ke ha etsahala hore ebe Kaine o ile a nyala khaitseli ea hae kapa ngoana ea bileng teng hobane mora e mong oa Adama a ile a nyala morali e mong oa hae. Hangata sena se bakoa ke hore ketso eo e nkoa e le e tsoileng tseleng kapa ho tšajoa hore bana ba ka ameha hampe ka lebaka la liphatsa tsa lefutso. Leha ho le joalo, F. LaGard Smith, ho The Narrated Bible in Chronological Order, o re: “Ha ho pelaelo hore bara le barali ba pele [ba Adama] ba ile ba nyalana, le hoja melokong e latelang seo se ne se ka ’na sa nkoa e le se sa amoheleheng.” Hape ntho e thahasellisang ke hore, e bile feela ka mor’a hore Moshe a fuoe melao ea Molimo bakeng sa sechaba sa Iseraele ka 1513 B.C.E. moo ka ho toba ho ileng ha thibeloa ketso ea ho kopanela liphate le mong ka motho ea haufi.—Levitike 18:9, 17, 24.
Kajeno re se re le hōle-hōle le phetheho eo batsoali ba rōna ba pele ba neng ba e-na le eona. Mathata a ka bakoang ke liphatsa tsa lefutso ho rōna e ka ’na eaba a ne a le sieo ho bona. Ho feta moo, liphuputso tsa morao tjena tse kang e hatisitsoeng ho Journal of Genetic Counseling, li bontša hore ha e le hantle, ha bo-motsoala ba nyalana, bana ba bona ha ba be kotsing e kaalo ea hore ba tla hlaha ba holofetse joalokaha ka tloaelo batho ba nahana joalo. Hoa utloahala hore e ka ’na eaba mehleng ea Adama batho ba ne ba sa ameha ka seo, mohlomong le pele ho mehla ea Noe. Ka hona, re ka etsa qeto ea hore mosali oa Kaine e ne e le e mong oa beng ka eena.