Qetellong—Bolulo bo Botle Bakeng sa Bohle!
THŌKOANA le motse oa Nairobi, Kenya, ho na le sebaka se setle sa lihekthere tse 56 se kampetsoeng sa Machaba a Kopaneng sa Gigiri, se nang le ntlo-khōlō ea UN-HABITAT. Sebaka sena ke letšoao la ho ikemisetsa ha machaba ho rarolla qaka ea lefatše lohle ea bolulo. Ho tsamaea Gigiri Nature Trail, e ka har’a sona sebaka sena, ho fana ka bopaki bo matla ba se ka finyelloang ha batho ba etsa boiteko bo kopanetsoeng ’me ho e-na le chelete e lekaneng. Mona ho fetotsoe sebaka seo pele e neng e le letsoatlare ho se fetola sebaka se nang le bophelo le se setle ka ho fetisisa bakeng sa batho ba sebetsang moo le bakeng sa baeti.
Leha ho le joalo, lik’hilomithara tse ’maloa ho tloha moo, ho na le setakana se sa tsoa ba teng, se ntseng se hōla. Ke khopotso e bohloko ea hore na ruri qaka ea bolulo ho thata hakaakang ho e rarolla. Matlo a mek’huk’hu, a hahiloeng ka mobu, lithupa le ka makapa-kapa, a ka koahela sebaka se ka bang boholo ba lisekoere-mithara tse 16. Litselana tse pakeng tsa ’ona lia nkha ke seputa sa likhoerekhoere. Baahi ba mona ba lefella metsi chelete e ka imenang ka makhetlo a mahlano ho e lefuoang ke moahi ea boemong bo itekanetseng oa United States. Boholo ba batho bana ba ka bang 40 000 ba phelang mona ke batho ba lilemong tsa bo-20 le tsa bo-30. Hase batho ba botsoa kapa ba hlokang morero bophelong. Ba tlile mona ka sepheo sa ho batla mosebetsi sebakeng se haufi sa Nairobi.
Baeta-pele ba lefatše bona ba bokana mona sebakeng se hloekileng, se tšoanelehang le se bohehang hantle ho tla tšohla bokamoso ba banna, basali le bana ba futsanehileng ba phelang haufi le sebaka sena. Ho latela mongoli e moholo oa Machaba a Kopaneng, ’nete e bohloko ke ea hore “lefatše le na le matlotlo, mokhoa le matla” tsa ho ntlafatsa bophelo ba batho bana ba lulang litakaneng. Joale ke eng e lokelang ho etsoa? Monghali Annan o qetella ka ho re: “Ke tšepa hore . . . bohle ba amehang [ba ka] khona ho hlōla moea oa ho se tsotelle le oa ho hloka thahasello oa bo-ralipolotiki oo e ’nileng ea e-ba ’ona o thibetseng khatelo-pele.”
Empa tšepo eo ke ea sebele hakae? Ho tla hlokahala eng hore bo-ralipolotiki bohle ba machaba le ba sebaka ka seng ba behelle lithahasello tsa bona ka thōko ’me ba fumane tharollo bakeng sa bohle? Ho na le Motho ea nang le matlotlo, mokhoa le matla a ho felisa qaka ena ea kajeno. Habohlokoa le ho feta, o na le kutloelo-bohloko le boikemisetso ba ho nka khato haufinyane. Ha e le hantle, ’muso oa hae o se o hlalositse lenaneo le hlakileng le tla rarolla ka ho feletseng bothata ba lefatše lohle ba bolulo.
Lenaneo le Lecha la Bolulo
Ka Bibeleng, ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo, o lokolisa seo a rerileng ho se etsa. Oa tšepisa: “Ke bōpa maholimo a macha le lefatše le lecha.” (Esaia 65:17) Seo se tla fella ka liphetoho tse khōlō. “Maholimo” a ’muso o mocha a tla finyella seo mebuso ea batho kajeno e ke keng ea se finyella. ’Muso oa Molimo, kapa puso, o tla etsa bonnete ba hore bohle ba bōpang lefatše le lecha la batho, ba tla ba le bophelo bo botle, tšireletseho le seriti. Pejana, Esaia o ile a bolelloa hore bao e tla ba baahi ba lefatše lena le lecha ba tla bokelloa “karolong e qetellang ea matsatsi.” (Esaia 2:1-4) Sena se bolela hore liphetoho tsena li haufi le ho etsahala.—Matheu 24:3-14; 2 Timothea 3:1-5.
Ntho ea bohlokoa le ho feta, mantsoeng a tlalehiloeng litemaneng tse ling tsa Esaia khaolo ea 65, ka ho toba, Molimo o re o tla fana ka lehae la ka ho sa feleng bakeng sa e mong le e mong ka nako eo. O re: “Ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona. . . . Ba ke ke ba haha ’me e mong a lule teng.” (Esaia 65:21, 22) Nahana feela qetellong u ba le ntlo ea hao ’me u lula sebakeng se hloekileng le se sireletsehileng paradeiseng e tsotehang! Ke mang ea sa lakatseng ho phela maemong a joalo? Empa u ka tiiseha joang ka seo Molimo a se tšepisitseng?
Tšepiso eo U ka e Tšepang
Ha Molimo a ne a bōpa Adama le Eva qalong, ha aa ka a ba petlenya sebakeng se letsoatlare. Ho e-na le hoo, o ile a ba beha serapeng sa Edene, serapeng se setle se nang le moea o hloekileng le metsi a mangata le matletsetletse a lijo. (Genese 2:8-15) Adama o ile a bolelloa hore ‘a tlatse lefatše,’ eseng hore le pepetehe. (Genese 1:28) Ho tloha tšimolohong, morero oa Molimo e ne e le hore e mong le e mong moo a thabele tlhophiso, kutloano le lintho tse ngata tse molemo.
Hamorao, mehleng ea Noe, pefo le boitšoaro bo bobe li ile tsa aparela sechaba, kahoo “lefatše le ne le senyehile mahlong a Molimo oa ’nete.” (Genese 6:11, 12) Na Molimo o ile a iphapanyetsa boemo boo? Che. O ile a nka khato ka potlako. O ile a hloekisa lefatše lohle ka Moroallo, molemong oa lebitso la hae le molemong oa Noe ea lokileng le bana ba hae. Kahoo, ha Noe le ba lelapa la hae ba tsoa Arekeng ’me ba fumana lehae le lecha, ba ile ba bolelloa hore ba ‘ngatafale ’me ba tlale lefatše.’—Genese 9:1.
Hamorao, Jehova o ile a fa Baiseraele lefa leo a neng a le tšepisitse moholo-holo oa bona Abrahama. Naha eo e Tšepisitsoeng e ile ea hlalosoa e le ‘naha e ntle le e khōlō, e phallang lebese le mahe a linotši.’ (Exoda 3:8) Ka lebaka la ho se utloe ha bona, Baiseraele ba ile ba lelera lefelleng ba hloka bolulo bo tsitsitseng ka lilemo tse 40. Empa joalokaha a ne a tšepisitse, qetellong Molimo o ile a ba fa naha eo hore ba lule ho eona. Tlaleho e bululetsoeng e re: “Jehova a ba fa phomolo ka hohle . . . Ha ho tšepiso e ileng ea hlōleha ho phethahala tšepisong eohle e molemo eo Jehova a neng a e entse ho ntlo ea Iseraele; e ile ea phethahala kaofela.”—Joshua 21:43-45.
Ho Fumana Lehae Qetellong!
Ka hona, ho hlakile hore mantsoe a Jehova a khaolong ea 65 ea Esaia hase tšepiso ea lefeela. Kaha ke ’Mōpi oa lintho tsohle, ka sebele o na le matla a ho etsa ntho leha e le efe e hlokahalang ho hloekisa lefatše le ho phethahatsa morero oa hae oa tšimolohong ka lona. (Esaia 40:26, 28; 55:10, 11) Ho feta moo, Bibele ea re tiisetsa hore o batla ho etsa joalo. (Pesaleme ea 72:12, 13) Nakong e fetileng o ile a nka khato ho fa batho ba lokileng bolulo bo botle, ’me haufinyane o tla boela a etse joalo.
Ha e le hantle, ha Mora oa hae, Jesu Kreste, a tla lefatšeng, o ile a ruta balateli ba hae ka ho khetheha hore ba rapelle ‘thato ea Molimo hore e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.’ (Matheu 6:10) O ile a bontša hore lefatše e tla ba paradeise. (Luka 23:43) Nahana feela hore na seo se tla bolela eng. Ha ho sa tla ba le litakana, mekh’uk’hu, batho ba robalang literateng kapa batho ba ntšoang ka matlong. Eo e tla ba nako e thabisang hakaakang! Tlas’a ’Muso oa Molimo, qetellong motho e mong le e mong o tla ba le bolulo ba ka ho sa feleng!
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 26]
MATLO A ISERAELE EA BOHOLO-HOLO
Kamoo ho bonahalang kateng, Baiseraele ba ile ba khetha ho haha matlo ka majoe joaloka Bakanana ba neng ba ile ba haha pele ho bona, kaha matlo ao a ne a tiile haholoanyane ho feta a mang ’me a ne a sireletsehile masholung. (Esaia 9:10; Amose 5:11) Leha ho le joalo, mabalane teng ho ne ho ahoa mabota a matlo ka litene tsa mobu tse besitsoeng kapa tse sa besoang. Boholo ba marulelo e ne e le a bataletseng, ka linako tse ling ho ahoa kamore e ka holimo ka holim’a ’ona. Hangata lebaleng ho ne ho e-ba le leifo ’me ka linako tse ling ho be ho be le seliba.—2 Samuele 17:18.
Molao oa Moshe o ne o akarelletsa litaelo tse ’maloa tabeng ea matlo. Ho hlakile hore tšireletseho e ne e le ntho e ka sehloohong. Ho ne ho lokela ho ahoe lehora ho potoloha marulelo a bataletseng e le ho thibela likotsi tse ka hlahang. Molao oa boleshome o ne o lemosa Baiseraele hore ba se ke ba chachehela ntlo ea oa habo bona. Motho ea neng a tlameha ho rekisa ntlo ea hae o ne a e-na le tokelo ea ho e reka hape, bonyane ka nako e itseng.—Exoda 20:17; Levitike 25:29-33; Deuteronoma 22:8.
Iseraeleng, ntlo e ne e boetse e le sebaka sa bohlokoa sa ho ruta lintho tsa moea. Bo-ntate ba ne ba laetsoe ka ho toba hore ba rute bara ba bona litaelo tsa Molimo ha ba lutse ka matlong a bona, ’me lehae le ne le sa lokela ho ba le ntho leha e le efe e amanang le borapeli ba litšoantšo.—Deuteronoma 6:6, 7; 7:26.
[Setšoantšo]
Iseraele ea boholo-holo, mahae a ne a sebelisetsoa lintho tsa moea, tse kang ho keteka Mekete ea Maphephe
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 28]
MATLO A BOHOLO-HOLO
Bibele ha e bue letho ka hore motho oa pele, Adama, o ne a lula ntlong. Leha ho le joalo, Genese 4:17 e re Kaine o ile a ‘haha motse ’me a rehella motse ka lebitso la mora oa hae Enoke.’ Ho ea ka litekanyetso tsa mehla ena, e tlameha ebe motse oo e ne e le feela motse o sirelelitsoeng. Tlaleho eo ha ea hlalosa hore na matlo e ne e le a mofuta ofe. Ho ka etsahala hore batho bohle motseng e ne e litho tse haufi-ufi tsa lelapa la Kaine.
Mehleng ea khale mokhoa o tloaelehileng oa bolulo e ne e le litente. Setloholo se seng sa Kaine, Jabale, se bitsoa “mothehi oa ba lulang litenteng le ba nang le liphoofolo tse ruiloeng.” (Genese 4:20) Ho hlakile hore ho ne ho le bonolo ho hloma litente haesitana le ho li hlomolla ho ea li hloma sebakeng se seng.
Ka mor’a nako, tsoelo-pele e ile ea tlatsa metse e mengata ka matlo a tsoetseng pele haholo. Ka mohlala, motse oa Ure, oo mopatriareka Abrame (Abrahama) a kileng a lula ho ’ona, lithako tsa oona li bontša hore baahi ba bang ba ne ba phela matlong a majabajaba a likamore tse 13 kapa tse 14, a neng a litsoe ka samente le ho pentoa ka bosoeu. E tlameha ebe ba bang ba ne ba laba-labela ho ba le matlo a joalo mehleng eo.
[Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]
Molimo o tšepisa bolulo bo sireletsehileng bakeng sa ba lokileng