Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona
LA 6-LA 12 JANUARY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | GENESE 1-2
“Jehova o Etsa Hore ho be le Bophelo Lefatšeng”
(Genese 1:3, 4) Molimo a re: “Leseli le ke le be teng.” Joale leseli la e-ba teng.4 Ka mor’a moo Molimo a bona hore leseli le molemo, ’me Molimo a hlahisa karohano pakeng tsa leseli le lefifi.
(Genese 1:6) Molimo a tsoela pele ho re: “Ho ke ho be le sepakapaka pakeng tsa metsi ’me ho ke ho be le karohano pakeng tsa metsi le metsi.”
(Genese 1:9) Molimo a tsoela pele ho re: “Metsi a ka tlas’a maholimo a ke a bokelloe sebakeng se le seng ’me ho ke ho hlahe naha e omileng.” ’Me ha e-ba joalo.
(Genese 1:11) Molimo a tsoela pele ho re: “Lefatše le ke le hlahise joang, limela tse behang peo, lifate tsa litholoana tse behang litholoana ho ea ka mefuta ea tsona, tseo peo ea tsona e leng ho tsona, holim’a lefatše.” ’Me ha e-ba joalo.
it-1-E 527-528
Popo
Ka letsatsi la pele ha Molimo a ne a re, “Leseli le ke le be teng,” ho ile ha e-ba le khanya e hlahang ka har’a maru le hoja lefatšeng ho ne ho sa bonahale hore na khanya eo e ne e tsoa hokae. Ho bonahala eka khanya ena e ile ea hlaha hanyane ka hanyane ho latela seo mofetoleli J. W. Watts a ileng a se bua ha a re: “ ’Me hanyane ka hanyane khanya ea e-ba teng.” (Gen 1:3, A Distinctive Translation of Genesis) Molimo o ile a etsa hore ho be le khanya le lefifi, a re khanya ke motšehare ’me lefifi ke bosiu. Taba ena e bontša hore lefatše le ne le potoloha letsatsi, eleng se neng se etsa hore mahlokore ’ohle a lefatše a ka ba le motšehare le bosiu.—Gen 1:3, 4.
Ka letsatsi la bobeli, Molimo o ile a arola metsi eaba o etsa sepakapaka. Metsi a mang a ile a sala lefatšeng empa a mangata a nyolohela holimo, eleng se ileng sa etsa hore lipakeng ho be le sepakapaka. Molimo o ile a reha sepakapaka leholimo, empa se ne ntse se thusa lefatše hobane metsi ao a mangata a neng a le ka holim’a sepakapaka a ne a sa sitise linaleli kapa lintho leha efe life tse holimo hore li se ke tsa hlahella lefatšeng.—Gen 1:6-8; bona SEPAKAPAKA.
Ka letsatsi la boraro, Molimo o ile a sebelisa matla a hae hore a bokelle metsi ’ohle a neng a le teng lefatšeng hore ho hlahe sebaka se ommeng ’me a se bitsa lefatše. Ke ka lona letsatsi lena leo Molimo a ileng a etsa hore liathomo li be teng eleng tsona tse etsang hore ho be le joang, limela le lifate tsa litholoana. Lintho tsena tse tharo li ne li khona hore li ikatise “ho ea ka mefuta ea tsona.”—Gen 1:9-13.
(Genese 1:14) Molimo a tsoela pele ho re: “Ho ke ho be le mehloli ea leseli sepakapakeng sa maholimo ho etsa karohano pakeng tsa motšehare le bosiu; ’me e tla ba lipontšo le linako tsa selemo le matsatsi le lilemo.
(Genese 1:20) Molimo a tsoela pele ho re: “Metsi a ke a nyeunye boieane ba meea e phelang ’me libopuoa tse fofang li ke li fofe holim’a lefatše sepakapakeng sa maholimo.”
(Genese 1:24) Molimo a tsoela pele ho re: “Lefatše le ke le hlahise meea e phelang ho ea ka mefuta ea eona, phoofolo e ruuoang le phoofolo e hahabang le sebata sa lefatše ho ea ka mofuta oa sona.” ’Me ha e-ba joalo.
(Genese 1:27) Molimo a bopa motho ka setšoantšo sa hae, a mo bopa ka setšoantšo sa Molimo; a ba bopa e le e motona le e motšehali.
it-1-E 528 ¶5-8
Popo
Ke ntho e utloahalang hore ebe lengolong la Genese 1:16 ha hoa sebelisoa lentsoe la Seheberu ba·raʼʹ, le bolelang “popo.” Empa, ho sebelisitsoe lentsoe la Seheberu ʽa·sahʹ, le bolelang “a etsa.” Kaha letsatsi, khoeli le linaleli li kenyelelitsoe ‘maholimong’ ao ho buoang ka oona ho Genese 1:1, li bopiloe nako e telele pele ho letsatsi la bone. Ka letsatsi la bone, Molimo o ile “a etsa” linaleli, khoeli, lipolanete, letsatsi le tse ling tse teng holimo tse neng li tla etsa hore ho be le tšebelisano-’moho pakeng tsa sepakapaka le lefatše. Ha ho thoe, ‘Molimo a li beha sepakapakeng sa maholimo hore ho be le khanya holim’a lefatše,’ ho boleloa hore li ile tsa hlahella le lefatše joalokaha eka li ne li le sepakapakeng. Joale, lintho tsena tse etsang hore ho be le khanya lefatšeng, li ne li tla thusa ho bontša “linako tsa selemo le matsatsi le lilemo” ’me ha nako e ntse e-ea li thuse batho ka litsela tse ngata.—Gen 1:14.
Ka letsatsi labohlano, Molimo o ile a bopa mefuta e mengata ea liphoofolo. Ha se hore Molimo o ile a bopa ntho e le ’ngoe e le hore eona e tle e iphetole e hlahise tse ling, empa o ile a sebelisa matla a hae ho bopa liphoofolo tse ngata. Bibele e re: ‘Molimo a bopa liphoofolo tsa litonanahali tsa leoatle le moea o mong le o mong o phelang o tsamaeang, tseo metsi a li hlahisitseng ka bongata ho ea ka mefuta ea tsona, le sebopuoa se seng le se seng se fofang se nang le mapheo ho ea ka mofuta oa sona.’ Molimo o ile a thaba ha a bona lintho tseo a li entseng eaba oa li hlohonolofatsa ’me a re li ‘ate li ngatafale’ eleng se bolelang hore li ne li tla tsoala tse ling tse ngata “ho ea ka mefuta ea tsona.”—Gen 1:20-23.
Ka letsatsi la botšelela, Molimo a “etsa libata tsa lefatše ho ea ka mofuta oa tsona le liphoofolo tse ruuoang ho ea ka mofuta oa tsona le phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe e hahabang ea lefatše ho ea ka mofuta oa eona.” Lintho tseo Molimo a ileng a li bopa letsatsing leo, li ne li le ntle joaloka tseo a ileng a li bopa ka matsatsi a fetileng.—Gen 1:24, 25.
Ho elella qetellong ea letsatsi la bo tšelela, Molimo o ile a bopa motho, eleng sebopuoa se neng se phahametse liphoofolo hole empa se le ka tlaasana ho mangeloi. Molimo o bopile motho ka setšoantšo sa hae. Le hoja Genese 1:27 e bontša hore Molimo o ile a bopa batho “e le e motona le e motšehali,” lengolo le tšoanang le lona lena e leng la Genese 2:7-9, le bontša hore Molimo o ile a bopa monna ka lerole la lefatše eaba o bululela phefumoloho ea bophelo linkong tsa hae ’me monna eo a phela, a fuoa serapa sa Edene le lijo. Mona Molimo o ile a sebelisa ntho e se ntse e le teng e leng lerole ho bopa monna eaba o sebelisa khopo ea monna eo ho bopa mosali. (Gen 2:18-25) Kamor’a hore Molimo a bope mosali, o ne a se a qetile ka ho bopa motho.—Gen 5:1, 2.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Genese 1:1) Tšimolohong Molimo o ile a bopa maholimo le lefatše.
Saense e U Ama Joang?
Lefatše le bokahohle li bile teng neng?
Bo-rasaense ba hakanya hore lefatše le bile teng lilemong tse ka bang libilione tse 4 tse fetileng le hore bokahohle bo bile teng lilemong tse ka bang libilione tse 13 ho isa ho tse 14 tse fetileng. Bibele ha e bolele hore na bokahohle bo bile teng neng. Ha ho moo e reng lefatše le bile teng lilemong tse fetileng tse ka bang likete tse seng kae feela. Temana e qalang ea Bibele e re: “Tšimolohong Molimo o ile a bopa maholimo le lefatše.” (Genese 1:1) Polelo eo e tloaelehileng e thusa bo-rasaense ho hakanya hore na lefatše le bile teng neng ho latela melao ea saense.
(Genese 1:26) Molimo a tsoela pele ho re: “A re etse motho ka setšoantšo sa rona, ho ea ka sebopeho sa rona, ’me ba laole litlhapi tsa leoatle le libopuoa tse fofang tsa maholimo le liphoofolo tse ruuoang le lefatše lohle le phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe e hahabang lefatšeng.”
it-2-E 52
Jesu Kreste
Ha se ’Mopi. Hore e be Jesu Kreste o ile a kenya letsoho ha ho ne boptjoa, ha ho bolele hore joale e ne e le ’mopi joaloka Molimo. Jehova Molimo o ile sebelisa matla a hae eleng moea o halalelang ho bopa lintho. (Gen 1:2; Pes 33:6) Kaha Jehova ke eena Mohloli oa bophelo, lintho tsohle tse bopiloeng, tseo re li bonang le tseo re sa li boneng li fuoe bophelo ke eena. (Pes 36:9) Jesu o ne a sa bope empa Jehova o ne a mo sebelisa ha a bopa. Le Jesu ka boeena o ile a re Molimo ke eena ’Mopi oa lintho tsohle joalokaha mangolo ’ohle a Bibele a bontša.—Mat 19:4-6; bona POPO.
’Malo oa Bibele
(Genese 1:1-19) Tšimolohong Molimo o ile a bopa maholimo le lefatše.2 Joale lefatše le ne le se na sebopeho ebile le se na letho ’me lefifi le ne le le holim’a boliba; matla a sebetsang a Molimo a ne a e-ea koana le koana holim’a metsi. 3 Molimo a re: “Leseli le ke le be teng.” Joale leseli la e-ba teng. 4 Ka mor’a moo Molimo a bona hore leseli le molemo, ’me Molimo a hlahisa karohano pakeng tsa leseli le lefifi. 5 Molimo a bitsa leseli Motšehare, empa lefifi a le bitsa Bosiu. Ea e-ba mantsiboea ’me ea e-ba hoseng, letsatsi la pele. 6 Molimo a tsoela pele ho re: “Ho ke ho be le sepakapaka pakeng tsa metsi ’me ho ke ho be le karohano pakeng tsa metsi le metsi.” 7 Joale Molimo a etsa sepakapaka ’me a etsa karohano pakeng tsa metsi a lokelang ho ba ka tlas’a sepakapaka le metsi a lokelang ho ba ka holim’a sepakapaka. ’Me ha e-ba joalo. 8 Molimo a bitsa sepakapaka Leholimo. Ea e-ba mantsiboea ’me ea e-ba hoseng, letsatsi la bobeli. 9 Molimo a tsoela pele ho re: “Metsi a ka tlas’a maholimo a ke a bokelloe sebakeng se le seng ’me ho ke ho hlahe naha e omileng.” ’Me ha e-ba joalo. 10 Molimo a bitsa naha e omileng Lefatše, empa pokello ea metsi a e bitsa Maoatle. Ho ekelletsa moo, Molimo a bona hore ho molemo. 11 Molimo a tsoela pele ho re: “Lefatše le ke le hlahise joang, limela tse behang peo, lifate tsa litholoana tse behang litholoana ho ea ka mefuta ea tsona, tseo peo ea tsona e leng ho tsona, holim’a lefatše.” ’Me ha e-ba joalo. 12 Lefatše la qala ho hlahisa joang, limela tse behang peo ho ea ka mefuta ea tsona le lifate tse behang litholoana, tseo peo ea tsona e leng ho tsona ho ea ka mefuta ea tsona. Joale Molimo a bona hore ho molemo. 13 Ea e-ba mantsiboea ’me ea e-ba hoseng, letsatsi la boraro. 14 Molimo a tsoela pele ho re: “Ho ke ho be le mehloli ea leseli sepakapakeng sa maholimo ho etsa karohano pakeng tsa motšehare le bosiu; ’me e tla ba lipontšo le linako tsa selemo le matsatsi le lilemo. 15 E tla ba mehloli ea leseli sepakapakeng sa maholimo hore e khanye holim’a lefatše.” ’Me ha e-ba joalo. 16 Molimo a etsa mehloli e ’meli e meholo ea leseli, mohloli o moholo oa leseli bakeng sa ho laola motšehare le mohloli o monyenyane oa leseli bakeng sa ho laola bosiu, le linaleli. 17 Kahoo Molimo a e beha sepakapakeng sa maholimo hore e khanye holim’a lefatše, 18 le ho laola motšehare le bosiu le ho etsa karohano pakeng tsa leseli le lefifi. Joale Molimo a bona hore ho molemo. 19 Ea e-ba mantsiboea ’me ea e-ba hoseng, letsatsi la bone.
LA 13-LA 19 JANUARY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | GENESE 3-5
“Liphello Tse Bohloko Tse Bakiloeng ke Leshano la Pele”
(Genese 3:1-5) Joale noha e ne e le seli ka ho fetisisa har’a libata tsohle tsa naha tseo Jehova Molimo a li entseng. Kahoo ea qala ho re ho mosali: “Na ehlile Molimo o itse le se ke la ja tsa sefate se seng le se seng se serapeng?” 2 Eaba mosali o re ho noha: “Re ka ja litholoana tsa lifate tse serapeng. 3 Empa ha e le ho ja litholoana tsa sefate se har’a serapa, Molimo o itse, ‘Le se ke la ja tsa sona, che, le se ke la li ama e le hore le se ke la shoa.’ ” 4 Eaba noha e re ho mosali: “Ka sebele le ke ke la shoa. 5 Etsoe Molimo oa tseba hore letsatsing leo ka lona le jang tsa sona mahlo a lona a tla tutuboloha ’me le tla ba joaloka Molimo, le tsebe botle le bobe.”
Morero oa Jehova o Tla Phethahala!
9 Satane Diabolose o ile a sebelisa noha ho thetsa Eva hore a se ke a mamela Ntate oa hae Jehova. (Bala Genese 3:1-5; Tšen. 12:9) Satane o ile fetola mantsoe a Molimo a fana ka maikutlo a hore ba ne ba sa lokela ho ja litholoana tsa “sefate se seng le se seng se serapeng.” Ho joalokaha eka o ne a re: ‘Na u bolela hore ha le khone ho etsa seo le se batlang?’ Ka mor’a moo, o ile a bua leshano le letala, a re: “Ka sebele le ke ke la shoa.” O ile a leka ho kholisa Eva hore o ne a sa hloke ho mamela Molimo, ha a re: “Molimo oa tseba hore letsatsing leo ka lona le jang tsa sona mahlo a lona a tla tutuboloha.” Satane o ile a re Jehova ha a batle ha ba e-ja tholoana ea sefatse seo hobane a tseba hore ba tla hlalefa. Ho feta moo, Satane o ile a etsa tšepiso ena ea bohata: “Le tla ba joaloka Molimo, le tsebe botle le bobe.”
(Genese 3:6) Ka lebaka leo mosali a bona hore sefate se loketse ho jeoa le hore sea lakatseha mahlong, e, sefate se ne se lakatseha ha se talingoa. Kahoo a qala ho kha tholoana ea sona ’me a e ja. Ka mor’a moo a fa le monna oa hae ha a se a e-na le eena ’me a qala ho e ja.
Re ka Ithuta ho Banyalani ba Pele
Na sebe sa Eva se ne se ke ke sa qojoa? Le hanyenyane! Ipehe boemong ba hae. Noha e ile ea sotha ka ho feletseng seo Molimo le Adama ba neng ba se buile. U ne u tla ikutloa joang haeba motho eo u sa mo tsebeng a ne a qosa motho eo u mo ratang le eo u mo tšepang ka hore ha a tšepahale? Eva a ka be a ile a arabela ka tsela e fapaneng, e bontšang ho khoboheloa le ho halefa, esita le ho hana ho mamela. Etsoe, noha e ne e le mang hore e ka belaella ho loka ha Molimo le se builoeng ke monna oa hae? Ka lebaka la ho hlompha molao-motheo oa bohlooho, Eva a ka be a ile a batla keletso pele a etsa qeto leha e le efe. Re lokela ho etsa se tšoanang ha ho ka etsahala hore re fuoe boitsebiso bo khahlanong le litaelo tseo Molimo a re fileng tsona. Empa, Eva o ile a tšepa lipolelo tsa Moleki, a lakatsa hore ka boeena a etse qeto ka se setle le se sebe. Ha a ntse a nahanisisa haholoanyane ka taba ena, e ile ea ipiletsa haholoanyane ho eena. O ile a etsa phoso e kaakang ka ho lula a nahana ka takatso e fosahetseng, ho e-na le hore a e tlose kelellong kapa a buisane le hlooho ea lelapa ka litaba tsee!—1 Bakorinthe 11:3; Jakobo 1:14, 15.
Adama o Mamela Lentsoe la Mosali oa Hae
Kapele Eva o ile a phehella Adama hore a kopanele le eena sebeng. Re ka hlalosa ho lumela ha hae habonolo joang? (Genese 3:6, 17) Adama o ile a talimana le ntoa ea hore na o tšepahala ho mang. Na o ne a tla mamela ’Mopi oa hae, ea neng a mo file ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ho akarelletsa le molekane ea ratoang, Eva? Na Adama o ne a tla batla tataiso ea Molimo mabapi le seo a neng a lokela ho se etsa nakong ee? Kapa monna o ne a tla ema le mosali oa hae? Adama o ne a tseba hantle hore seo mosali oa hae a neng a e-na le tšepo ea hore o tla se fumana ka ho ja tholoana e hanetsoeng e ne e le bohata. Moapostola Pauluse o ile a bululeloa hore a ngole tjena: “Adama ha aa ka a thetsoa, empa mosali o ile a thetsoa ka ho phethahetseng ’me a ba tlolong.” (1 Timothea 2:14) Ka hona, Adama o ile a khetha ka boomo ho hanyetsa Jehova. Ho bonahala hore tšabo ea hae ea ho arohana le mosali oa hae e ne e le kholoanyane ho feta tumelo ea hae matleng a Molimo a ho lokisa boemo.
(Genese 3:15-19) Ke tla beha bora pakeng tsa hao le mosali le pakeng tsa peo ea hao le peo ea hae. E tla u khoba hlooho ’me uena u tla e loma serethe.” 16 A re ho mosali: “Ke tla eketsa bohloko ba boimana ba hao haholo; u tla tsoala bana ka bohloko bo hlabang ba pelehi, ’me u tla ba le takatso bakeng sa monna oa hao, ’me o tla u laola.” 17 Eaba o re ho Adama: “Kahobane u mametse lentsoe la mosali oa hao ’me u jele tsa sefate seo ke u laetseng tjena malebana le sona, ‘U se ke ua ja tsa sona,’ lefatše le rohakiloe ka lebaka la hao. U tla ja lihlahisoa tsa lona ka bohloko ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hao. 18 Le tla u melisetsa meutloa le lihlabahlabane, ’me u tla ja limela tsa naha. 19 U tla ja bohobe ka mofufutso oa phatla ea hao ho fihlela u khutlela mobung, kaha u ntšitsoe ho oona. Etsoe u lerole ’me u tla khutlela leroleng.”
Na Ruri Molimo o Tsotella Basali?
Na basali ba rohakiloe ke Molimo?
Che. Genese 1:27 e re: “Molimo a bopa motho ka setšoantšo sa hae, a mo bopa ka setšoantšo sa Molimo; a ba bopa e le e motona le e motšehali.” Kahoo ho tloha qalong, batho—e leng monna le mosali—ba ne ba bopeletsoe le bokhoni ba ho bonahatsa litšobotsi tsa Molimo. Le hoja Adama le Eva ba ne ba bopiloe ka tsela e fapaneng maikutlong le ’meleng, ka bobeli ba bona ba ile ba fuoa litaelo tse tšoanang ’me ’Mopi oa bona o ne a ba file boikarabelo bo tšoanang.—Genese 1:28-31.
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Genese—I
3:17—Lefatše le ile la rohakoa ka tsela efe, hona e le ka nako e kae? Ho rohakoa ha lefatše ho ne ho bolela hore joale ho le lema ho ne ho tla ba thata haholo. Liphello tsa lefatše le rohakiloeng, le nang le meutloa le lihlabahlabane, li ile tsa utluoa haholo ke litloholo tsa Adama hoo ntat’a Noe, Lameke, a ileng a bua ka ‘bohloko ba matsoho a rona bo bakoang ke lefatše leo Jehova a le rohakileng.’ (Genese 5:29) Ka mor’a Moroallo, Jehova o ile a hlohonolofatsa Noe le bara ba hae, a bolela hore morero oa Hae ke hore ba tlatse lefatše. (Genese 9:1) Kamoo ho bonahalang kateng, thohako eo Molimo a neng a rohakile lefatše ka eona e ile ea fela.—Genese 13:10.
it-2-E 186
Mahlaba a Pelehi
Matšoenyeho a amahanngoa le ho beleha. Kamor’a hore Eva a etse sebe, Molimo o ile mo bolella hore na liphello e tla ba life ha a ba le ngoana. Hoja o ile a mamela, Molimo a ka be a mo hlohonolofalitse ’me o ne a sa tl’o utloa bohloko ha a beleha, etsoe “tlhohonolofatso ea Jehova ea ruisa, ’me ha a e phaelle ka bohloko.” (Lipr 10:22) Empa kaha joale o ne a se a sa phethahala, o ne a tla utloa bohloko ha a beleha. Kahoo, Molimo o ile a re : “Ke tla eketsa bohloko ba boimana ba hao haholo; u tla tsoala bana ka bohloko bo hlabang ba pelehi.” (Hangata ha ho buuoa ka lintho tseo Molimo a lumelletseng hore li etsahale, ho thoe li bakoa ke eena.)—Gen 3:16.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Genese 4:23, 24) Ka lebaka leo Lameke a hlophisa mantsoe ana bakeng sa basali ba hae Ada le Tsilla: “Utloang lentsoe la ka, lona basali ba Lameke; Mamelang polelo ea ka: Ke bolaile monna ka lebaka la ho ’ntša leqeba, E, ka bolaea mohlankana ka lebaka la ho nkotla. 24 Haeba Kaine o tla pheteletsoa ka makhetlo a supileng, Joale Lameke o tla pheteletsoa ka makhetlo a mashome a supileng le a supileng.”
it-2-E 192 ¶5
Lameke
Thothokiso eo Lameke a ileng a e ngolla basali ba hae (Gen 4:23, 24) e bontša hore na o ne a le moeeng oa ntoa hakae. Thothokiso eo ea Lameke e re: “Utloang lentsoe la ka, lona basali ba Lameke; mamelang polelo ea ka: Ke bolaile monna ka lebaka la ho ’ntša leqeba, e, ka bolaea mohlankana ka lebaka la ho nkotla. Haeba Kaine o tla pheteletsoa ka makhetlo a supileng, joale Lameke o tla pheteletsoa ka makhetlo a mashome a supileng le a supileng.” Ha e le hantle, Lameke o ne a ikemela ka hore eena ha a bolaea motho ka boomo joaloka Kaine. Lameke o ile a re o ne a itšireletsa ho monna ea ileng a mo otla ’me a mo ntša leqeba. Kahoo, thothokiso ena ea hae e ne e bontša hore o ne a itšireletsa ho batho ba neng ba ka batla ho iphetetsa bakeng sa monna eo a mo bolaileng.
(Genese 4:26) Setha le eena a tsoalloa mora ’me a mo reha lebitso la Enoshe. Ka nako eo ho ile ha qaloa ho ipiletsa lebitsong la Jehova.
it-1-E 338 ¶2
Ho nyefola
Mehleng ea Enoke pele ho moroallo, batho ba ile ba “ipiletsa lebitsong la Jehova” empa eseng ka tsela e nepahetseng hobane nako e telele pele ho moo, Abele o ne a bua le Molimo a sebelisa lebitso la hae e leng Jehova. (Gen 4:26; Heb 11:4) Haeba batho bana ba ne ba sebelisa lebitso la Molimo ka tsela e fosahetseng, ba rehella batho ba bang kapa litšoantšo ka lebitso la Jehova joalokaha litsebi tse ling tsa Bibele li bontša, ketso eo e ne e le ho nyefola.—Bona ENOKE.
’Malo oa Bibele
(Genese 4:17–5:8) Ka mor’a moo Kaine a kopanela liphate le mosali oa hae eaba oa ima ’me o tsoala Enoke. Eaba o haha motse ’me o rehella motse ka lebitso la mora oa hae Enoke. 18 Hamorao Enoke a tsoalloa Irade. Irade a tsoala Mehujaele, Mehujaele a tsoala Methushaele, ’me Methushaele a tsoala Lameke. 19 Lameke a inkela basali ba babeli. Lebitso la oa pele e ne e le Ada ’me lebitso la oa bobeli e ne e le Tsilla. 20 Ka mor’a nako Ada a tsoala Jabale. Ea e-ba mothehi oa ba lulang litenteng le ba nang le liphoofolo tse ruiloeng. 21 Lebitso la mor’abo e ne e le Jubale. Ea e-ba mothehi oa bohle ba tšoarang harepa le phala. 22 Ha e le Tsilla, le eena o ile a tsoala Tubale-kaine, setei sa mofuta o mong le o mong oa sesebelisoa sa koporo le tšepe. Khaitseli ea Tubale-kaine e ne e le Naama. 23 Ka lebaka leo Lameke a hlophisa mantsoe ana bakeng sa basali ba hae Ada le Tsilla: “Utloang lentsoe la ka, lona basali ba Lameke; Mamelang polelo ea ka: Ke bolaile monna ka lebaka la ho ’ntša leqeba, E, ka bolaea mohlankana ka lebaka la ho nkotla. 24 Haeba Kaine o tla pheteletsoa ka makhetlo a supileng, Joale Lameke o tla pheteletsoa ka makhetlo a mashome a supileng le a supileng.” 25 Adama a boela a kopanela liphate le mosali oa hae kahoo a tsoala mora eaba o mo reha lebitso la Setha, hobane, joalokaha a boletse: “Molimo o mpehetse peo e ’ngoe sebakeng sa Abele, hobane Kaine o mo bolaile.” 26 Setha le eena a tsoalloa mora ’me a mo reha lebitso la Enoshe. Ka nako eo ho ile ha qaloa ho ipiletsa lebitsong la Jehova.
5 Ena ke buka ea histori ea Adama. Letsatsing leo Molimo a bopileng Adama ka lona o ile a mo etsa ka sebopeho sa Molimo. 2 A ba bopa e le e motona le e motšehali. Ka mor’a moo a ba hlohonolofatsa eaba o ba reha lebitso la Motho letsatsing leo ba bopiloeng ka lona. 3 Adama a tsoela pele ho phela lilemo tse lekholo le mashome a mararo. Joale a tsoala mora ea tšoanang le eena, ka setšoantšo sa hae, eaba o mo reha lebitso la Setha. 4 Matsatsi a Adama ka mor’a ho tsoala Setha e bile lilemo tse makholo a robeli. Khabareng a tsoala bara le barali. 5 Kahoo matsatsi ’ohle a Adama ao a a phetseng e bile lilemo tse makholo a robong le mashome a mararo eaba oa shoa. 6 Setha a tsoela pele ho phela lilemo tse lekholo le metso e mehlano. Joale a tsoala Enoshe. 7 Ka mor’a ho tsoala Enoshe, Setha a tsoela pele ho phela lilemo tse makholo a robeli le metso e supileng. Khabareng a tsoala bara le barali. 8 Kahoo matsatsi ’ohle a Setha e bile lilemo tse makholo a robong le leshome le metso e ’meli eaba oa shoa.
LA 20-LA 26 JANUARY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | GENESE 6-8
“A Fela a Etsa Joalo”
(Genese 6:9) Ena ke histori ea Noe. Noe e ne e le motho ea lokileng. O ne a se na molato har’a batho ba mehleng ea hae. Noe o ne a tsamaea le Molimo oa ’nete.
(Genese 6:13) Ka mor’a moo Molimo a re ho Noe: “Bofelo ba nama eohle bo fihlile ka pel’a ka, hobane lefatše le tletse pefo ka lebaka la bona; ’me bona! ke tla ba felisa hammoho le lefatše.
Etsisa Noe, Daniele le Jobo
4 Mathata a Noe. Batho ba mehleng ea Enoke e leng ntate-moholo oa Noe, ba ne ba sa tšabe Molimo. Ba ne ba bile ba bua “lintho. . . . tse tšosang” ka Eena. (Juda 14, 15) Batho ba bangata ba ne ba le mabifi. Ha e le hantle, mehleng ea Noe ‘lefatše le ne le tletse pefo.’ Mangeloi a khopo a ile a iketsa batho eaba a nyala basali ’me a e-ba le bana ba lifonthoane. (Gen. 6:2-4, 11, 12) Empa ha Bibele e bua ka Noe e re: “Noe a fumana kamohelo mahlong a Jehova. . . . O ne a se na molato har’a batho ba mehleng ea hae. Noe o ne a tsamaea le Molimo oa ’nete.”—Gen. 6:8, 9.
(Genese 6:14-16) Iketsetse areka ka lehong la sefate se ntšang boroku. U tla etsa liphaposi ka arekeng, ’me u e koahele ka sekontiri ka hare le ka ntle. 15 U tla e etsa ka mokhoa ona: bolelele ba areka e be litsoe tse makholo a mararo, bophara ba eona e be litsoe tse mashome a mahlano, ’me bophahamo ba eona e be litsoe tse mashome a mararo. 16 U tla etsetsa areka tsohar [marulelo; kapa, fensetere], ’me u tla e phetha ho isa tekanyong ea setsoe ho ea holimo, u tla beha monyako oa areka lehlakoreng la eona; ’me u tla e etsa e e-na le mokato o ka tlaase, mokato oa bobeli le mokato oa boraro.
“O ne a Tsamaea le Molimo oa ’Nete”
Mosebetsi ona o ile oa nka lilemo tse mashome, mohlomong lilemo tse 40 ho isa ho tse 50. Ba ne ba lokela ho rema lifate, ho li hula, ho etsa lipalo ho li betla le ho li kopanya. Areka e ne e lokela ho ba le mekato e meraro, liphaposi tse ngata le monyako lehlakoreng. Ho hlakile hore ho ne ho e-na le lifensetere holimo, hammoho le marulelo a phahamisitsoeng hare a litsoeng hanyenyane ka sekontiri e le hore metsi a phalle.—Genese 6:14-16.
(Genese 6:22) Eaba Noe o etsa ho ea ka sohle seo Molimo a mo laetseng sona. A fela a etsa joalo.
Matha ka Mamello Peisong
13 Ke’ng e ileng ea thusa bahlanka baa ba Jehova hore ba mamelle ’me ba atlehe peisong? Hlokomela seo Pauluse a ileng a se ngola ka Noe. (Bala Baheberu 11:7.) Noe o ne a ‘e-s’o ka a bona’ “moroallo oa metsi holim’a lefatše [o neng o tla] felisa nama eohle.” (Gen. 6:17) E ne e le ntho eo ho hang e e-s’o ka e etsahala, e neng e sa lebelloa. Ho ntse ho le joalo, Noe ha aa ka a nka hore ke ntho e neng e ke ke ea khoneha kapa ea etsahala. Hobane’ng? Hobane o ne a e-na le tumelo ea hore Jehova o tla etsa sohle seo a boletseng hore o tla se etsa. Noe ha aa ka a nka hore seo a neng a koptjoa hore a se etse se ne se le boima. Ho e-na le hoo, o ile “a fela a etsa joalo.” (Gen. 6:22) Ha re nahana ka sohle seo Noe a neng a tlameha ho se etsa—e leng ho haha areka, ho bokella liphoofolo, ho bokella lijo ka arekeng bakeng sa batho le liphoofolo, ho bolela molaetsa o lemosang batho le ho thusa lelapa la hae hore le lule le le matla moeeng—ho “etsa joalo” e ne e se mosebetsi o bonolo. Leha ho le joalo, tumelo ea Noe le mamello ea hae li ile tsa etsa hore eena le ba lelapa la hae ba fumane bophelo ba be ba hlohonolofatsoe.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Genesis 7:2) Ho phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe e hloekileng u inkele tse supileng, e tona le molekane oa eona; ’me ho phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe e sa hloekang e be tse peli feela, e tona le molekane oa eona;
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Genese—I
7:2—Ke eng se neng se sebelisoa e le motheo oa ho khetholla liphoofolo tse hloekileng le tse sa hloekang? Kamoo ho bonahalang kateng, motheo oa ho khetholla e ne e le tšebeliso ea mahlabelo borapeling eseng hore na ke phoofolo efe e neng e ka jeoa le hore na ke efe e neng e ke ke ea jeoa. Pele ho Moroallo batho ba ne ba sa je nama ea liphoofolo. Hore ho na le lijo tse “hloekileng” le tse “sa hloekang” ho ile ha hlaha ka Molao oa Moshe, ’me ha fela ha o felisoa. (Liketso 10:9-16; Baefese 2:15) Kamoo ho bonahalang kateng, Noe o ne a tseba hore na ke eng se neng se tšoaneleha bakeng sa ho etsa sehlabelo borapeling ba Jehova. Hang feela ha a tsoa ka arekeng, o ile “a qala ho hahela Jehova aletare le ho nka tse ling tsa liphoofolo tsohle tse hloekileng le tse ling tsa libopuoa tsohle tse fofang tse hloekileng ’me a nyehela linyehelo tsa secheso aletareng.”—Genese 8:20.
(Genese 7:11) Ka selemo sa makholo a tšeletseng sa bophelo ba Noe, ka khoeli ea bobeli, ka letsatsi la leshome le metso e supileng la khoeli, ka letsatsi lena mehloli eohle ea boliba bo boholo ea phunyeha ’me likhoro tsa moroallo tsa maholimo tsa buleha.
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Genese—I
7:11—Metsi a ileng a baka Moroallo oa lefatše lohle a ne a tsoa hokae? Nakong ea bobeli ea popo, kapa ‘letsatsing’ la bobeli ha ho etsoa “sepakapaka” holim’a lefatše, ho ne ho e-na le metsi “ka tlas’a sepakapaka” le metsi “ka holim’a sepakapaka.” (Genese 1:6, 7) Metsi a ‘ka tlaase’ e ne e le a seng a ntse a le lefatšeng. Metsi a ‘ka holimo’ e ne e le mouoane o mongata o neng o lepeletse holimo ka holim’a lefatše, o entse “boliba bo boholo.” Metsi ana a ile a theohela lefatšeng mehleng ea Noe.
’Malo oa Bibele
(Genese 6:1-16) Eitse ha batho ba qala ho eketseha holim’a lefatše ’me ba tsoalloa barali, 2 joale bara ba Molimo oa ’nete ba qala ho hlokomela barali ba batho, hore ba batle; eaba ba inkela basali, e leng, bohle bao ba ba khethileng. 3 Ka mor’a moo Jehova a re: “Moea oa ka o ke ke oa sebetsa ho motho ka nako e sa lekanyetsoang kaha ebile ke nama. Ka lebaka leo matsatsi a hae e tla ba lilemo tse lekholo le mashome a mabeli.” 4 Banefilime ba ne ba le teng lefatšeng matsatsing ao, le ka mor’a moo, ha bara ba Molimo oa ’nete ba tsoela pele ho kopanela liphate le barali ba batho ’me ba ba tsoalla bara, e ne e le banna ba khale ba matla, ba tummeng. 5 Ka lebaka leo Jehova a bona hore bobe ba motho bo bongata lefatšeng ’me tšekamelo eohle ea menahano ea pelo ea hae e mpe feela ka linako tsohle. 6 Jehova a ikutloa a soabile hore ebe o entse batho lefatšeng, ’me pelo ea hae ea utloa bohloko. 7 Kahoo Jehova a re: “Ke tla felisa batho bao ke ba bopileng holim’a lefatše, ho tloha ho motho ho ea ho phoofolo e ruuoang, ho ea ho phoofolo e hahabang le ho ea ho sebopuoa se fofang sa maholimo, kahobane ke soabile hore ebe ke li entse.” 8 Empa Noe a fumana kamohelo mahlong a Jehova. 9 Ena ke histori ea Noe.Noe e ne e le motho ea lokileng. O ne a se na molato har’a batho ba mehleng ea hae. Noe o ne a tsamaea le Molimo oa ’nete. 10 Ka mor’a nako Noe a tsoala bara ba bararo, Sema, Kama le Jafeta. 11 Lefatše le ne le senyehile mahlong a Molimo oa ’nete ’me lefatše le ne le tletse pefo. 12 Kahoo Molimo a bona lefatše ’me, bonang! le ne le senyehile, hobane nama eohle e ne e sentse tsela ea eona lefatšeng. 13 Ka mor’a moo Molimo a re ho Noe: “Bofelo ba nama eohle bo fihlile ka pel’a ka, hobane lefatše le tletse pefo ka lebaka la bona; ’me bona! ke tla ba felisa hammoho le lefatše. 14 Iketsetse areka ka lehong la sefate se ntšang boroku. U tla etsa liphaposi ka arekeng, ’me u e koahele ka sekontiri ka hare le ka ntle. 15 U tla e etsa ka mokhoa ona: bolelele ba areka e be litsoe tse makholo a mararo, bophara ba eona e be litsoe tse mashome a mahlano, ’me bophahamo ba eona e be litsoe tse mashome a mararo. 16 U tla etsetsa areka tsohar [marulelo; kapa, fensetere], ’me u tla e phetha ho isa tekanyong ea setsoe ho ea holimo, u tla beha monyako oa areka lehlakoreng la eona; ’me u tla e etsa e e-na le mokato o ka tlaase, mokato oa bobeli le mokato oa boraro.
LA 27 JANUARY–LA 2 FEBRUARY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | GENESE 9-11
“Lefatše Lohle la Tsoela Pele le e-na le Puo e le ’Ngoe”
(Genese 11:1-4) Joale lefatše lohle la tsoela pele le e-na le puo e le ’ngoe le pokello e le ’ngoe ea mantsoe. 2 Eitse ha ba le leetong le eang nģ’a bochabela ba qetella ba fumane thota naheng ea Shinare, ’me ba lula teng. 3 Eaba ba qala ho buisana, ba re: “Tloong! A re etseng litene ’me re li bese ka ho li chesa.” Kahoo setene ea e-ba lejoe la bona, empa sekontiri se thata ea e-ba seretse sa bona. 4 Joale ba re: “Tloong! A re ikaheleng motse le tora eo tlhoro ea eona e leng maholimong, ’me re iketsetseng lebitso le tummeng, esere ra hasanngoa lefatšeng lohle.”
it-1-E 239
Babylona e Moholo
Lintho Tseo Babylona ea Mehleng ea Khale e Neng e Tsebahala ka Tsona. Ho hahoa ha motse oa Babylona Lithoteng tsa Shinare ho ne ho tšoana le ho hahoa ha Tora ea Babele. (Gen 11:2-9) Sepheo sa batho ba neng ba haha tora le motse oo, e ne e se ho halaletsa lebitso la Jehova empa ba ne ba batla hore bona ba iketsetse ‘lebitso le tummeng.’ Hore ebe litora tse nang le litepisi ha lia fumanoa lithakong tsa motse oa Babylona esita le Mesopotamia e bontša hore tora eane ea pele e ne e le ea bolumeli ho sa tsotellehe hore na e ne e shebahala joang. Taba ea hore e be Jehova o ile a thibela ho hahoa ha tora eo, ho bontša hore e ne e hlile e simoloha bolumeling ba bohata. Ka Seheberu, lebitso la motse oo oa Babele le bolela “Ho Ferekanya,” lebitso la oona la Sesumere (Ka-dingir-ra) le la Seakkad (Bab-ilu) ka bobeli a bolela “Heke ea Molimo.” Batho ba neng ba setse motseng oo ba ile ba fetola lebitso la oona hore le se ke la ba le moelelo oa lona oa pele, empa lebitso leo ba ileng ba le khetha le ne ntse le amahanya motse ona le bolumeli.
it-2-E 202 ¶2
Puo
Litaba tse lengolong la Genese li bontša hore batho ba bang ba neng ba phela pele ho Moroallo, ba ile ba ikopanya ba etsa ntho eo Molimo a sa ba laelang hore ba e etse. Molimo o ile a bolella Noe le bara ba hae litaba tsena. (Gen 9:1) Ho e-na le hore batho bana ba itaolang ba etse hore batho ba ‘tlale lefatše’ bona ba ne ba batla hore batho ba bokellane sebakeng se le seng se ileng sa tsebahala e le Mahoatata a Shinare a Mesopotamia. Ho ne ho bonahala hore e tl’o ba motse-moholo oa bolumeli, o nang le tora ea bolumeli.—Gen 11:2-4.
(Genese 11:6-8) Ka mor’a moo Jehova a re: “Bonang! Ke sechaba se le seng ebile bohle ba na le puo e le ’ngoe, ’me sena ke seo ba qalang ho se etsa. Joale ha ho letho leo ba ka hopolang ho le etsa leo ba ke keng ba le fihlela. 7 Tloong joale! A re theoheng ’me re ferekanye puo ea bona e le hore e mong a se ke a utloa puo ea e mong.” 8 Tumellanong le hoo Jehova a ba hasanya lefatšeng lohle ho tloha moo, ’me butle-butle ba tlohela ho haha motse.
it-2-E 202 ¶3
Puo
Batho bao ba ile ba inkela molao matsohong eaba ba haha tora eo. Empa Molimo o ile a ba ferekanya ka ho etsa hore ba bue lipuo tse sa tšoaneng. Taba eo e ile ea etsa hore ba se ke ba utloana hohang eaba baa qhalakana ba ea libakeng tse sa tšoaneng lefatšeng ho pota. Hore e be Molimo o ile a ferekanya puo ea bona ho ile ha sitisa kapa hoa liehisa batho ho hanyetsa Molimo. Ho ne ho tla ba thata hore batho ba ikopanye ka tsebo le matla ao ba neng ba e-na le oona, ao ba neng ba sa a fuoa ke Molimo empa ba na le oona ka lebaka la ho iketsetsa lipatlisiso le boiphihlelo ba bona. (Bapisa le Moe 7:29; De 32:5.) Le hoja taba ea hore puo ea batho e ile ea fetoha e ne e le phetoho e kholo, empa e ile ea qobisa batho liphello tse kotsi le tse bohloko tse neng li ka ba hlahela. (Gen 11:5-9; bapisa le Esa 8:9, 10.) Mohlala, hona joale batho ba finyelletse lintho tse ngata ka lebaka la bohlale boo ba nang le bona. Empa joale batho ba bang ba sebelisa lintho tseo hampe. Hoa hlaka hore Molimo o ile a bona esale pele hore na bohlale ba batho bo ka baka mathata a makae, ke kahoo a ileng a thibela ho hahoa ha tora ea Babele.
(Genese 11:9) Ke ka lebaka leo o rehiloeng lebitso la Babele, kahobane Jehova o ile a ferekanya puo ea lefatše lohle moo, ’me Jehova a ba hasanya lefatšeng lohle ho tloha moo.
it-2-E 472
Lichaba
Kaha tsela eo batho ba buisanang ka eona e fapane haholo, batho ba puo e ’ngoe le e ’ngoe ba na le setso sa bona, meetlo, litloaelo le bolumeli ba bona, ebile ba etsa lintho ka tsela ea bona e fapaneng le ea ba bang. (Le 18:3) Batho ba bangata ba khelohile ho Molimo ’me ba iketsetsa litšoantšo tsa bona tseo ba li rapelang.—De 12:30; 2Ma 17:29, 33.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Genese 9:20-22) Joale Noe a qala ho ba sehoai ’me a lema serapa sa morara. 21 A qala ho noa veine ’me a tahoa, kahoo a ikapola ka har’a tente ea hae. 22 Hamorao Kama ntat’a Kanana a bona bofeela ba ntat’ae ’me a ea bolella barab’abo ba babeli ka ntle.
(Genese 9:24, 25) Qetellong Noe a hlaphoheloa veineng ea hae ’me a tseba seo mora oa hae e monyenyane a mo entseng sona. 25 Eaba o re: “Kanana a rohakoe. E ke e be lekhoba le tlaase-tlaase la barab’abo.”
it-1-E 1023 ¶4
Kama
Ho ka etsahala hore Kanana o ile a kenella ka ho toba ketsong ena eaba ntate oa hae eleng Kama haa mo khalemele. Kapa Noe o ile a hla a profeta hore tloaelo e mpe eo Kama a neng a e-na le eona e ka ’na eaba e ne e se e fetetse le ho mora oa hae Kanana ’me e ne e tla fetela le ho litloholo tsa hae. Karolo e ’ngoe ea bomali-mabe boo e ile ea phethahala ha Baiseraele ba tsoang lelapeng la Sema ba loantša Bakanana ’me ba ba hlola. Batho ba neng ba sa haptjoa ntoeng eo (mohlala, Bagibeone) [Jos 9] ba ile ba etsoa makhoba naheng ea Israele. Lilemo tse makholo hamorao, bomali-mabe boo bo ile ba phethahala hape ha litloholo tsa Kanana ngoan’a Kama li busoa ke marena a Medo-Persia, Greece le Roma, ao e neng e le litloholo tsa Jafeta.
(Genese 10:9, 10) O ile a iponahatsa e le setsomi se matla se hanyetsang Jehova. Ke ka lebaka leo ho nang le polelo e reng: “Feela joaloka Nimrode setsomi se matla se hanyetsang Jehova.” 10 ’Muso oa hae o ile oa simoloha Babele le Ereke le Akade le Kalene, naheng ea Shinare.
it-2-E 503
Nimrode
’Muso oa Nimrode o ile oa qala Babele, Ereke, Akade le Kalene eleng libaka tse naheng ea Shinare. (Gen 10:10) Ka hona, ho ka etsahala hore ebe ke eena ea laetseng hore ho hahoe tora ea Babele. Hape, qeto ena e lumellana le setso sa Bajuda. Josephus o ile a re: “Hanyane ka hanyane, [Nimrode] o ile a a hatella batho haholo a itjoetsitse hore tsela feela ea ho etsa hore batho ba se ke ba mamela Jehova ke ho etsa hore ba tšepe eena eseng Molimo. O ile a itšosetsa ka hore o tla iphetetsa haeba Molimo a ka tlisa moroallo hape lefatšeng, a re o tla haha tora e kholo eo metsi a ke keng a e liha a be a iphetetse ho Molimo ka lebaka la hore o timelitse baholo-holo ba hae. Batho ba ile ba lumellana le Nimrode eaba ba bona eka ho sebeletsa Molimo ke bokhoba, ’me ba qala ho haha tora eo ka ho panya ka leihlo e ileng ea e-ba kholo.”—Jewish Antiquities, I, 114, 115 (iv, 2, 3).
’Malo oa Bibele
(Genese 10:6-32) Bara ba Kama e ne e le Kushe le Mizraime le Pute le Kanana. 7 Bara ba Kushe e ne e le Seba le Havila le Sabta le Rama le Sabteka.Bara ba Rama e ne e le Sheba le Dedane. 8 Eaba Kushe o tsoala Nimrode. Ke eena oa pele oa ho ba matla lefatšeng. 9 O ile a iponahatsa e le setsomi se matla se hanyetsang Jehova. Ke ka lebaka leo ho nang le polelo e reng: “Feela joaloka Nimrode setsomi se matla se hanyetsang Jehova.” 10 ’Muso oa hae o ile oa simoloha Babele le Ereke le Akade le Kalene, naheng ea Shinare. 11 Ho tloha naheng eo a ea Assyria ’me a haha Ninive le Rehobothe-Ire le Kala 12 le Resene pakeng tsa Ninive le Kala: ona ke motse o moholo. 13 Mizraime a tsoala Ludime le Anamime le Lehabime le Naftuhime 14 le Patrusime le Kasluhime (bao Bafilista ba tsoileng har’a bona) le Kaftorime. 15 Kanana a tsoala Sidone letsibolo la hae le Hethe 16 le Mojebuse le Moamore le Mogirgashe 17 le Moheve le Moarke le Mosine 18 le Moarvade le Mozemare le Mohamathe; ’me ka mor’a moo malapa a Mokanana a hasana. 19 Kahoo moeli oa Mokanana oa e-ba ho tloha Sidone ho ea fihla Gerare, haufi le Gaza, ho ea fihla Sodoma le Gomora le Adma le Zeboime, haufi le Lasha. 20 Bana e ne e le bara ba Kama ho ea ka malapa a bona, ho ea ka lipuo tsa bona, linaheng tsa bona, ka lichaba tsa bona. 21 Sema, moholo-holo oa bara bohle ba Ebere, mor’abo Jafeta e moholo, le eena a tsoalloa bana. 22 Bara ba Sema e ne e le Elame le Asshure le Arpakshade le Lude le Arame. 23 Bara ba Arame e ne e le Utse le Hule le Gethere le Mashe. 24 Arpakshade a tsoala Shela, ’me Shela a tsoala Ebere. 25 Ebere a tsoalloa bara ba babeli. Lebitso la e mong e ne e le Pelege, hobane lefatše le ile la aroloa matsatsing a hae; ’me lebitso la mor’abo e ne e le Jokthane. 26 Jokthane a tsoala Almodade le Shelefe le Hazaremavethe le Jera 27 le Hadorame le Uzale le Dikla 28 le Obale le Abimaele le Sheba 29 le Ofire le Havila le Jobabe; bana bohle e ne e le bara ba Jokthane. 30 Sebaka sa bona sa bolulo sa nama ho tloha Mesha ho ea fihla Sefare, sebaka se lithaba sa Bochabela. 31 Bana e ne e le bara ba Sema ho ea ka malapa a bona, ho ea ka lipuo tsa bona, linaheng tsa bona, ho ea ka lichaba tsa bona. 32 Ana ke malapa a bara ba Noe ho ea ka masika a bona, ka lichaba tsa bona, ’me lichaba tse ileng tsa hasanngoa lefatšeng ka mor’a Moroallo li tsoa ho bona.