Pono ea Bibele
Ke Eng Seo Genese e Hlileng e se Bolelang?
“BAHLALEFI ba lumelang matsatsing a sebele a pōpo” ba bolela hore ho ea ka buka ea Bibele ea Genese, bokahohle bo bōpiloe ke Molimo lilemong tse ka tlase ho tse likete tse leshome tse fetileng. Hape ba bolela hore lefatše le mefuta eohle ea lona ea bophelo li bōpiloe ka matsatsi a sebele a lihora tse 24.
Ka lehlakoreng le leng, monahano oa ho iphetola ha lintho o nka Genese e le tšōmo. O ruta hore bokahohle le lefatše, le tsohle tse phelang ho lona, ke lintho tse itlhahetseng feela li sa reroa nakong ea lilemo tse limillione tse likete.
Leha ho le joalo, ho na le batho ba bangata ba sa lumellaneng le likhopolo tsena tse peli. Ho bonahala likarolo tsa bahlalefi ba lumelang matsatsing a sebele a pōpo li hanyetsa boikutlo bo tloaelehileng ’me li khahlanong le bopaki boo re iponelang bona ka borōna hohle pōpong. Leha ho le joalo, khopolo ea hore bophelo ho kopanyelletsa le ho rarahana hoa bona ho makatsang ho hlahisitsoe feela ke matla a ho iphetola ha lintho ke taba e thatafallang ba bangata ho e lumela. Joale na maikutlo ana a mabeli ke ’ona feela ao ho ka khethoang ho ’ona?
Che. Ho na le boikutlo ba boraro. Ke seo buka ea Bibele ea Genese e hlileng e se bolelang. A re nahaneng ka boikutlo bona ba boraro.
Tlhaloso ea Genese
Mantsoe a qalang a Genese a re bolella tjena: “Tšimolohong, Molimo o no o hlole maholimo le lefatše.” (Genese 1:1) Na mantsoe aa a Genese a bolela hore sena se etsahetse lilemong tse ka bang likete tse leshome tse fetileng? Che, hobane ha e bolele nako. Kahoo mohlomong “tšimolohong” ebile lilemo tse limillione tse likete tse fetileng.
Leha ho le joalo, hona “tšimolohong” feela Bibele e bua ka boleng bo bohlale Mōpi, bo laola mosebetsi oa pōpo. Le hoja bahlalefi ba bangata ba sa lumellane le khopolo ena, e lumellana le liqeto tsa balepi ba linaleli hore bokahohle bo bile le tšimoloho, le hore bo hlophisitsoe hantle, le ho tsamaisoa ke melao e tobileng. Tlhophiso e makhethe e theiloeng molaong e ka hlaha feela monahanong o bohlale. Le hoja mahlale a re hlaloselitse melao ena e mengata, Genese e le ’ngoe e re tsebisa Monei-molao.
Joale tlaleho e ho Genese e tsoela pele ho thathamisa “matsatsi” a tsebahalang a tšeletseng a pōpo. Leha ho le joalo, matsatsi ana ha se nako eo lefatše le bokahohle bo bonahalang li bōpiloeng ka ’ona. Tseo li ne li se li etsahetse “tšimolohong.” Ho e-na le hoo matsatsi a tšeletseng a pōpo e ne e le linako tseo ka tsona lefatše la pele, leo e neng e se sebaka se ka ahuoang le ileng la fetoloa butle-butle ho ba sebaka se ka ahuoang.
Na letsatsi ka leng la ao a tšeletseng e ne e le letsatsi la sebele la lihora tse 24? Ha se seo Genese e se bolelang. Lentsoe “letsatsi” ka Seheberu (puo eo Genese e ileng ea ngoloa ka eona) le ka bolela nako e telele, esita le lilemo tse likete. (Bapisa Pesaleme ea 90:4; Genese 2:4.) Ka mohlala, “letsatsi la bosupa” leo re phelang ho lona ha joale le bolelele ba lilemo tse likete. (Genese 2:2, 3) Kahoo, bopaki bo bontša hore nako eohle ea matsatsi a tšeletseng e tlameha ho talingoa e le lilemo tse mashome a likete ka bolelele.
“Ka Mefuta ea Tsona”
Tlhahlamano ea linako tse tšeletseng tsa pōpo e bontša ho hlaha ho latellanang ha metsi, lefatše, khanya, sepaka-paka, limela, lihlapi, linonyana, liphoofolo, ’me qetellong batho. (Genese 1:3-27) Ho hlahlamana hona hoa khōlo ka kakaretso ho lumellana le tlhophiso e sibollotsoeng ke bahlalefi.
Empa polelo e hlokomelehang e hlaha ka makhetlo a mangata tlalehong e ho Genese khaolo 1. Ka mohlala, mabapi le letsatsi la bohlano la pōpo, Genese 1:21 ea re bolella: “Molimo oa etsa lihlapi tsa litonana, le libōpuoa tsohle tse phelang, tse nyekenyehang, tse hlahisitsoeng ke metsi ka bongata ka mefuta ea tsona.” Mabapi le letsatsi la botšelela, temana ea 24 e re: “Lefatše la hlahisa libōpuoa tse phelang ka mefuta ea tsona, likhomo, le lihahabi, le liphoofolo tsa lefatše, ka mefuta ea tsona.”
Kahoo, ebile mefuta ea liphoofolo e ileng ea bōptjoa, e seng mofuta ka mong. Empa “mefuta” e fapaneng e ile ea bōptjoa ka ho arohaneng ’me ha e tsoe ho e meng. ‘Mofuteng’ o le mong, ho ka ba le “mefuta” e mangata haholo, joaloka ha re bona ‘mofuteng’ oa katse kapa ‘mofuteng’ oa ntja kapa ‘mofuteng’ oa motho. Empa ka mehla liphatsa tsa lefutso tse kentsoeng ke ’Mōpi li boloka “mefuta” ena e arohane. Ke ka lebaka lena katse le ntja li ke keng tsa kopana ’me tsa qalisa mofuta o mong oa bophelo.
Ke ’nete, sena se hanana le khopolo ea ho iphetola ha lintho. Empa ha se hanane le linnete tse hlokometsoeng. Leha liphoofolo li hlahisa mefuta e mengata haholo ‘mofuteng’ oa tsona, ha ho ea kileng a paka hore ‘mofuta’ o mong oa phoofolo o hlahisitse kapa o fetohetse ‘mofuteng’ o mong.
Empa ho thoe’ng ka ho tšoana hoa libōpeho ho teng mefuteng e meng ea liphoofolo? Tsena lia utloisisoa ha re nahana hore kaofela li tsoa ho ’Mōpi a le mong le hore li bōpiloe ka likarolo tse tšoanang tsa mobu ho phela tikolohong e tšoanang.
Ho phaella moo, Genese e fana ka karabo bothateng boo bahlalefi ba sitoang ho bo rarolla: Bophelo bo tsoile hokae? Bahlalefi ba leka ho arabela potso ena ka likhopolo tse fapaneng, empa ha e le hantle baa hlōleha. ’Nete e ’nileng ea pakoa ka makhetlo a mangata moo ho etsoang liphuputso tsa mahlale ke hore bophelo bo ka hlaha feela linthong tse phelang tse seng li ntse li le teng, le ho tsoa ‘mofuteng’ o tšoanang oa bophelo.
Genese e boetse e re bolella hore bophelo ke ba khale ho feta bokahohle le hore bophelo bohle bo bong bo leholimong le lefatšeng bo tsoa Mohloling oa pele oa bophelo, ’Mōpi ea matla ’ohle, ea bolelang hore lebitso la hae ke Jehova. Mahlale a ke ke a fana ka tlhaloso e molemonyana, e lumellanang le bopaki ba mahlale boo re bo bonang—Pesaleme ea 36:9; 83:18; Esaia 42:8; Tšenolo 4:11.
Tšimoloho ea Motho
Ho ea ka Genese, mosebetsi oa ho qetela oa pōpo lefatšeng, e bile motho ka boeena: “Jehova Molimo a bōpa motho ka lerōle la lefatše, ’me a bululela linkong tsa hae phefumoloho ea ho phela, ’me motho ea e-ba moea o phelang.” (Genese 2:7) Esita le bahlalefi ba hlokomela motho e le ea tlileng morao ha ho bapisoa le mefuta e meng ea bophelo.
Leha ho le joalo, lengolo lena le hlile le hanana le tumelo ea bahlalefi ba bangata ba lumelang matsatsing a sebele a pōpo ea hore motho o na le moea o sa shoeng o kathoko le o ikhethileng ’meleng oa hae. Ho boleloa hore moea ona o pholoha ’mele ho ea sebakeng se seng kamor’a lefu. Leha ho le joalo, Genese, hammoho le likarolo tse ngata tsa Mangolo, li bontša hore motho ha a na moea o sa bonahaleng o ahileng ka hare ho eena. Ho e-na le hoo eena ka sebele ke moea. Lefung motho o ba sieo, ’me o emetse tsoho. (Moeklesia 9:5, 10; Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15; Tšenolo 20:12, 13) Bibele e tšoantša lefu le boroko boo motho a ka tsosoang ho bona.—Johanne 11:11, 43, 44.
Polelo e ho Genese 2:7 e boetse e hanyetsa khopolo ea ho iphetola ha lintho ka tsela e ’ngoe. E bontša ka ho hlakileng hore motho o bōpuoe ke Molimo ka ho toba le hore ha a tsoe liphoofolong.
Na polelo ea Genese e ka lumeloa? Koana, mahlale ha a e-so ho hlahise bopaki leha e le bofe ba hore motho o tsoile liphoofolong. Ha ho bopaki ba hore masapo a khale a kang a tšoene a epollotsoeng Afrika le libakeng tse ling ka tsela leha e le efe e kile ea e-ba baholo-holo ba motho. Ka sebele, haeba a ne a phela kajeno, ka ho tšoanang a ne a tla kenngoa serapeng sa liphoofolo le libōpuoa tse ling tse kang litšoene. Masapo leha e le afe a tšoanang le a batho ka sebōpeho le ka boholo ho ka etsahala hore ke a mofuta o mong oa lelapa la motho.
Hape, kamano ea motho le “lerōle la lefatše,” joaloka ha Genese e bolela, ha e belaetse. Metsoako eohle e bōpileng ’mele oa motho e fumanoa “lerōleng la lefatše.” Ha e le hantle, motho o itšetlehile ka “lerōle” lena hore a tsoele pele a le teng. O phelisa le ho matlafatsa ’mele oa hae ka lijo tse entsoeng ka matsoai a fumanoang “lerōleng la lefatše,” a hlahisoang ke limela le liphoofolo tseo a li jang.
Na o Hlaha—Kapa ke Mor’a Molimo?
Tlhaloso e ’ngoe ea pōpo ea motho e fumanoa ho Genese 1:26. Moo Molimo o re: “A re etseng motho ka setšoantšo sa rōna le ka ho tšoana ha rōna, ’me a buse lihlapi tsa leoatle, le tse rurang tsa maholimo, le lefatše lohle, le lihahabi tsohle tse hahabang le fatšeng.” (Genese 1:26) Kaha Bibele e re bolella hore Molimo ke moea, poleloana “ka setšoantšo sa rōna” e tlameha ho utloisisoa hore e bolela ho ba le litšoaneleho tsa Molimo.
Polelo ena e hlalosa ka tsela e ’ngoe kamoo thuto ea ho iphetola ha lintho e ke keng ea hlalosa lebaka leo motho a fapaneng le liphoofolo ka lona. Ke motho feela ea ka laolang liphoofolo le limela tse mo potolohileng. Ke motho feela ea nang le boitšoaro le letsoalo. Ke motho feela ea nang le bolokolohi bo boholo ba khetho le bohlale bo bokaalo. Ke motho feela ea nang le matla a ho nahana ka boteng ba Molimo ’me o na le mpho ea ho bua le Oona. Journal of Semitic Studies e re: “Puo ea batho ke sephiri; ke mpho ea Molimo.”
Ba lumelang thuto ea ho iphetola ha lintho ba tšoantša batho ba pele e le ba sehlōhō le ba hlaha. Ntle ho pelaelo, liketso tse ngata tse hlaha li ile tsa etsoa ke litho tsa pelenyana tsa moloko oa batho. Empa le batho ba mehleng ena ba ’nile ba ba hlaha, joaloka ho bolaoa ha ba limillione tse lekholo lintoeng tsa lekholong lena la lilemo ho ho paka. Ho fihlela kajeno, motho o ntse a le hlaha! Leha ho le joalo, Bibele e bontša hore boitšoaro le bohlale ba motho oa pele li ne li se ka tlase ho tsa motho oa kajeno. (Bapisa Genese 4:20-22; 5:22; 6:9.) Sena ha se hanane le linnete tse hlokometsoeng. Ka mohlala, nahana ka litšoantšo tse entsoeng ke batho ba boholo-holo tse fumanoang Lehaheng la Lascaux Fora. Boikutlo le bokhoni ba botšoantši bo bontšitsoeng litšoantšong tseo li tsotoa haholo esita le kajeno.
Bohlokoa ba Sebele ba Genese
Kahona, likhaolo tse qalang tsa Genese li fana ka leselinyana la tšimoloho ea lintho. Leha ho le joalo, Genese ha se buka e hlalosang mahlale, kapa leha e le hore e ne e reretsoe hoo. Boitsebiso boo e bo fupereng bo na le morero o tebileng haholoanyane.
Ka mohlala, e bontša hore thabo ea motho e itšetlehile ka ho tsoela pele a sebelisana le merero ea ’Mōpi oa hae. Empa eitse ha motho a hana ho hlokomela tlamo ena ’me a fetohela litokisetso tsa Molimo, o ile a lahleheloa ke thabo ea hae ea mathomo ’me a oela sebeng, lefung le moeeng o hlaha oo re sa ntsaneng re o bona.—Genese 3:1-18; Deuteronoma 32:4, 5.
Leha ho le joalo, likhaolo tse qalang tsa Genese li bontša hore hang kamor’a bofetoheli ba motho, Molimo o ile a nka bohato ba pele ka morero oa nako e telele oa ho khutlisetsa batho thabong ea mathomo. “Peō” e ne e tla felisa liphello tse mpe tsa sebe sa motho. (Genese 3:15) Hore na Peō eo e ne e tla ba mang ke sehlooho sa bohlokoa sa Bibele eohle. Kamor’a ho tlaleha hore Peō e ne e tla ba Messia, Jesu, Bibele tsoela pele ho hlalosa hore ke joang litokisetso tseo Molimo o li entseng tse supang ho Jesu, li tlang ho khutlisa tsela e kotsi eo batho ba e nkileng. Hape e hlalosa kamoo lefatše lohle le tla fetoleloa paradeiseng e tla ahuoa ke batho ba phethahetseng, paradeise moo ntoa, pefo, bonokoane, masoabi, esita le ho kula le lefu li ke keng tsa hlola li hlokofatsa lelapa la motho.—Pesaleme ea 46:9; Tšenolo 21:4, 5.
E, Genese hase feela pale ea pōpo. E fana ka motheo oa histori eohle ea batho—e fetileng, ea joale, le ea nakong e tlang. Boholo ba histori, le bophelo ka bobona, bo ne bo ke ke ba utloahala ha re sa kenyelletse mehato eo ea pele ea bohlokoa. Ka sebele, re beha bokamoso ba rōna kotsing haeba re hlokomoloha seo Genese e hlileng e se bolelang.—1 Johanne 2:15-17.
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 16]
Tlaleho ea Genese ha e hanyetse linnete tse hlokometsoeng
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 17]
Linnete li pakela tlaleho ea Genese hore lintho tse phelang li bōpiloe ho ea “ka mefuta ea tsona”
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 19]
Kantle ho tlaleho ea Bibele, re ke ke ra hlalosa histori ea batho kapa morero oa bophelo
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Bibele e bontša hore lefatše lohle le tla etsoa paradeise