Le be le Tumelo e Kang ea Abrahama!
“Ba khomarelang tumelo ke bona bara ba Abrahama.”—BAGALATA 3:7.
1. Abrame o ile a thulana ka katleho joang le teko e ncha Kanana?
ABRAME o ne a siile bophelo ba boiketlo ba Ure ka lebaka la ho mamela taelo ea Jehova. Litšitiso tseo a ileng a ba le tsona lilemong tse latelang e ne e le selelekela sa teko ea tumelo eo a ileng a talimana le eona Egepeta. Tlaleho ea Bibele e re: “Joale tlala ea e-ba teng naheng eo.” Ho ka be ho bile bonolo hakaakang hore Abrame a hloname ka lebaka la boemo ba hae! Ho e-na le hoo, o ile a nka mehato e sebetsang ho hlokomela lelapa la hae. “Abrame a theohela nģ’a Egepeta ho ea lula teng e le mojaki, hobane tlala e ne e le khōlō naheng eo.” Lelapa le leholo la Abrame le ne le ke ke la pateha Egepeta. Na Jehova o ne a tla etsa seo a se tšepisitseng ’me a sireletse Abrame kotsing?—Genese 12:10; Exoda 16:2, 3.
2, 3. (a) Ke hobane’ng ha Abrame a ile a pata kamano ea ’nete ea hae le mosali oa hae? (b) Abrame o ile a sebelisana le mosali oa hae joang maemong a neng a hlahile?
2 Ho Genese 12:11-13 rea bala: “Eitse hang ha a le haufi le ho kena Egepeta, a re ho mosali oa hae Sarai: ‘Bona hle! ke tseba hantle hore u mosali ea nang le ponahalo e ntle. Etlare ha Baegepeta ba u bona ba tla re, “Enoa ke mosali oa hae.” ’Me ka sebele ba tla mpolaea, empa uena ba tla u boloka u phela. Ka kōpo e-re u khaitseli ea ka, e le hore lintho li ntsamaele hantle ka lebaka la hao, ’me ka sebele moea oa ka o tla phela ka lebaka la hao.’” Le hoja Sarai a ne a fetile lilemo tse 65, o ne a ntse a le motle bo hlollang. Hoo ho ne ho beha bophelo ba Abrame kotsing.a (Genese 12:4, 5; 17:17) Ntho ea bohlokoa haholo, litaba tse amanang le morero oa Jehova li ne li le kotsing, kaha o ne a itse lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa ka peō ea Abrame. (Genese 12:2, 3, 7) Kaha Abrame o ne a ntse a se na bana, e ne e le habohlokoa haholo hore a ’ne a phele.
3 Abrame o ile a bua le mosali oa hae hore ba sebelise leqheka leo ba neng ba ile ba lumellana ka lona pele la hore a re ke khaitseli ea hae. Hlokomela hore le hoja a ne a e-na le matla a bohlooho, ha aa ka a sebelisa boemo ba hae hampe, empa o ile a batla tšebelisano-’moho le tšehetso ea hae. (Genese 12:11-13; 20:13) Ntlheng ena Abrame o ile a behela banna mohlala o motle oa ho sebelisa bohlooho bo lerato, ’me Sarai eena, ka ho bontša boikokobetso, ke mohlala oa basali kajeno.—Baefese 5:23-28; Bakolose 4:6.
4. Kajeno bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ba lokela ho itšoara joang ha bophelo ba barab’abo bona bo le kotsing?
4 Sarai o ne a ka re ke khaitseli ea Abrame kahobane e le ruri e ne e le khaitseli’e ka ntat’a bona. (Genese 20:12) Ho feta moo, o ne a sa tlameha ho tsoa ka taba ho batho bao e sa ba ameng. (Matheu 7:6) Mehleng ea kajeno bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ba mamela taelo ea Bibele ea hore ba tšepahale. (Baheberu 13:18) Ka mohlala, ba ke ke ba qala leshano ba hlapantse ka lekhotleng la molao. Leha ho le joalo, ha barab’abo bona ba le kotsing ea ho lematsoa ’meleng kapa moeeng, joaloka linakong tsa mahloriso kapa matšoenyehong a lehae, ba mamela keletso ea Jesu ea hore ba ‘be seli joaloka linoha ’me leha ho le joalo ba hloke molato joaloka maeba.’—Matheu 10:16; bona Molula-Qhooa oa November 1, 1996, leqepheng la 18, serapeng sa 19.
5. Ke hobane’ng ha Sarai a ne a ikemiselitse ho mamela kōpo ea Abrame?
5 Sarai o ile a arabela kōpo ea Abrame joang? Moapostola Petrose o hlalosa basali ba tšoanang le eena e le ‘ba tšepileng Molimo.’ Kahoo, Sarai o ne a ka utloisisa taba ea moea e amehang. Ntle ho moo, o ne a rata monna oa hae le ho mo hlompha. Ka tsela eo, Sarai o ile a khetha ho ‘ipeha tlas’a monna oa hae’ ’me a pata hore o nyetsoe. (1 Petrose 3:5) Ha ho pelaelo hore ho etsa joalo ho ile ha mo pepesetsa kotsi. “Hang ha Abrame a kena Egepeta, Baegepeta ba bona mosali eo, hore o motle haholo. Le likhosana tsa Faro tsa mo bona eaba li qala ho mo rorisa ho Faro, hoo mosali enoa a ileng a isoa ka tlung ea Faro.”—Genese 12:14, 15.
Jehova oa Lopolla
6, 7. Abrame le Sarai ba ile ba iphumana ba le maemong afe a tšoenyang, ’me Jehova o ile a lopolla Sarai joang?
6 E tlameha ebe see se ne se tšoenya Abrame le Sarai hakaakang! Ho ne ho bonahala hore Sarai o mocheng oa ho silafatsoa. Ho feta moo, Faro ka ho se hlokomele hore Sarai o hlile o nyetsoe, o ile a fa Abrame limpho tse ngata, hoo a ileng “a ba le linku le likhomo le liesele le bahlanka le makhabunyane le liesele tse tšehali le likamele.”b (Genese 12:16) E tlameha ebe Abrame o ne a khesa limpho tsee hakaakang! Le hoja ho ne ho bonahala maemo a le mabe, Jehova o ne a sa lahla Abrame.
7 “Joale Jehova a tlisetsa Faro le ba ntlo ea hae likotlo tse khōlō ka lebaka la Sarai, mosali oa Abrame.” (Genese 12:17) Ka tsela e itseng e sa senoloang, Faro o ile a senoleloa sesosa sa ’nete sa “likotlo” tsena. O ile a arabela hang-hang: “Eaba Faro o bitsa Abrame o re: ‘Ke eng sena seo u nkentseng sona? Ke hobane’ng ha u sa ka ua mpolella hore ke mosali oa hao? Ke hobane’ng ha u itse, “Ke khaitseli ea ka,” hoo ke neng ke le makhatheng a ho mo nka hore e be mosali oa ka? Joale mosali oa hao ke enoa. Mo nke ’me u tsamaee!’ Eaba Faro o laela banna malebana le eena, ’me ba mo felehetsa le mosali oa hae le tsohle tseo a nang le tsona.”—Genese 12:18-20; Pesaleme ea 105:14, 15.
8. Kajeno Jehova o tšepisa Bakreste tšireletso ea mofuta ofe?
8 Kajeno, Jehova ha a tiisetse bahlanka ba hae hore o tla ba sireletsa liphellong tse bohloko tsa lefu, tlōlo ea molao, tlala, kapa likoluoa tsa tlhaho. Re tšepisoa hore kamehla Jehova o tla re sireletsa linthong tse ka behang kamano ea rōna le eena kotsing. (Pesaleme ea 91:1-4) O etsa joalo haholo-holo ka ho re fa litemoso ka nako e nepahetseng ka Lentsoe la hae le ka “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Matheu 24:45) Ho thoe’ng ka tšokelo ea lefu le tlisoang ke mahloriso? Leha batho ka bomong ba ka tlohelloa hore ba shoe, Molimo a ke ke a tlohella hore batho ba hae ba felisoe kaofela. (Pesaleme ea 116:15) Haeba ba bang ba tšepahalang ba ka shoa, re ka kholiseha hore ba tla tsoha.—Johanne 5:28, 29.
O ne a Itella ho Boloka Khotso
9. Ke eng se bontšang hore Abrame o ne a sa lule nģa e le ’ngoe Kanana?
9 Kaha ho ne ho totobetse hore tlala e felile Kanana, “Abrame a tloha Egepeta, eena le mosali oa hae le tsohle tseo a nang le tsona, hammoho le Lota, a ea Negebe [e leng sebaka se batlang se omeletse se ka boroa ho lithaba tsa Juda]. Abrame o ne a ruile mehlape e mengata le silevera le khauta.” (Genese 13:1, 2) Ka tsela eo baahi ba moo ba ne ba tla mo nka e le monna ea nang bolaoli le tšusumetso hape e le morena ea matla. (Genese 23:6) Abrame o ne a se na takatso ea ho lulela ruri nģa e le ’ngoe le ho ameha lipolotiking tsa Bakanana. Ho e-na le hoo, o ile a “tloha liahelong tse ling ho ea ho tse ling ho tsoa Negebe le ho ea fihla Bethele, ho ea fihla sebakeng seo tente ea hae e neng e le ho sona pele pakeng tsa Bethele le Ai.” Joaloka kamehla, kae le kae moo a neng a e-ea teng, Abrame o ne a etelletsa borapeli ba Jehova pele.—Genese 13:3, 4.
10. Ho ile ha hlaha bothata bofe lipakeng tsa balisa ba Abrame le ba Lota, ’me ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore bo rarolloe kapele?
10 “Joale Lota, ea neng a tsamaea le Abrame, le eena o ne a e-na le linku le likhomo le litente. Kahoo naha ha ea ka ea ba lumella hore ba lule hammoho, hobane thepa ea bona e ne e le ngata ’me ba ne ba sa khone ho lula hammoho. Eaba ho tsoha qabang pakeng tsa balisa ba liphoofolo tse ruiloeng tsa Abrame le balisa ba liphoofolo tse ruiloeng tsa Lota; ’me ka nako eo Bakanana le Bapereze ba ne ba lula naheng eo.” (Genese 13:5-7) Naha e ne e se na metsi a lekaneng le lekhulo le lekaneng ho phelisa mehlape ea Abrame hammoho le Lota. Kahoo, balisa ba ile ba hloeana le ho halefelana. Ho tjolietsana ho joalo ho ne ho sa lokela barapeli ba Molimo oa ’nete. Ha qabang ena e ne e ka tsoela pele, ba ne ba ka ’na ba arohana ka ho sa feleng. Ebe Abrame o ne a tla sebetsa boemo boo joang? O ne a nkile Lota ka mor’a lefu la ntat’a Lota, mohlomong a mo hōlisa joaloka ngoana oa hae. Kaha Abrame e ne e le eena e moholo, na o ne a sa lokela ho inkela se molemohali?
11, 12. Abrame o ile a bulela Lota monyetla ofe ka bolokolohi, ’me ke hobane’ng ha khetho ea Lota e ne e le booatla?
11 Empa “Abrame a re ho Lota: ‘Ka kōpo, ho se ke ha tsoela pele ho e-na le qabang leha e le efe pakeng tsa ka le uena le pakeng tsa balisa ba ka le balisa ba hao, etsoe re bara ba motho. Na naha eohle ha ea u bulehela? Ke kōpa hore re arohane. Haeba u e-ea ka ho le letšehali, ke tla ea ka ho le letona; empa haeba u e-ea ka ho le letona, joale ke tla ea ka ho le letšehali.’” Haufi le Bethele ho na le se ’nileng sa bitsoa “e ’ngoe ea liqhooa tse khōlō tsa Palestina.” Mohlomong ke hona moo “Lota a [ileng a] phahamisa mahlo ’me a bona Setereke sohle sa Jordane, hore kaofela ha sona e ne e le sebaka se noselitsoeng hantle pele Jehova a felisa Sodoma le Gomora, se tšoana le serapa sa Jehova, se tšoana le naha ea Egepeta ho ea fihla Zooare.”—Genese 13:8-10.
12 Le hoja Bibele e hlalosa Lota e le “ea lokileng,” ka lebaka le itseng ha aa ka a ikokobelletsa Abrame tabeng ena, hape ha ho bonahale eka o ile a batla keletso ea monna enoa ea hōlileng. (2 Petrose 2:7) “Lota a ikhethela Setereke sohle sa Jordane, ’me Lota a tlosa liahelo a li isa bochabela. Kahoo ba arohana. Abrame a lula naheng ea Kanana, empa Lota a lula har’a metse ea Setereke seo. Qetellong a hloma tente haufi le Sodoma.” (Genese 13:11, 12) Sodoma e ne e e-na le maruo ’me e e-na le menyetla e mengata ea ho rua. (Ezekiele 16:49, 50) Leha tabeng ea leruo ho ne ho ka bonahala khetho ea Lota e hlalefile, moeeng teng e ne e le booatla. Hobane’ng? Hobane Genese 13:13 e re: “Banna ba Sodoma ba ne ba le babe ’me e le baetsalibe ba baholo khahlanong le Jehova.” Qeto ea Lota ea ho fallela moo e ne e tla felella ka mahlomola a maholo ho lelapa la hae.
13. Mohlala oa Abrame o thusa Bakreste ba ka ’nang ba ameha litsekisanong tsa lichelete joang?
13 Leha ho le joalo, Abrame o ile a bontša tumelo tšepisong ea Jehova ea hore qetellong peō ea hae e ne e tla rua naha eo eohle; ha aa ka a tlatsa lerata ka karolo e nyenyane ea eona. O ile a sebetsa ka bolokolohi tumellanong le molao-motheo oo hamorao o neng o tla ngoloa ho 1 Bakorinthe 10:24: “E mong le e mong a ’ne a batle, eseng se molemo ho eena, empa se molemo ho motho e mong.” Ena ke khopotso e ntle bakeng sa ba ka ’nang ba ameha litsekisanong tsa chelete le balumeli-’moho le bona. Ho e-na le hore ba latele keletso e ho Matheu 18:15-17, ba bang ba isitse barab’abo bona khotla. (1 Bakorinthe 6:1, 7) Mohlala oa Abrame o bontša hore ho molemo ho mamella ho etsoa hampe litabeng tsa lichelete ho e-na le ho tlisetsa lebitso la Jehova thohako kapa ho senya khotso ea phutheho ea Bokreste.—Jakobo 3:1.
14. Abrame o ne a tla hlohonolofaletsoa ho fana ha hae ka seatla se bulehileng joang?
14 Abrame o ne a tla hlohonolofaletsoa ho fana ha hae ka seatla se bulehileng. Molimo o ile a re: “Ke tla etsa hore peō ea hao e be joaloka lerōle la lefatše, hoo haeba motho a ka khona ho bala lerōle la lefatše, le peō ea hao a ka khonang ho e bala.” E tlameha ebe Abrame ea se nang bana o ile a khothala hakaakang ke tšenolo ee! Ka mor’a moo, Molimo o ile a laela, a re: “Ema, pholletsa le naha ho ea ka bolelele ba eona le bophara ba eona, hobane ke tla u fa eona.” (Genese 13:16, 17) Che, Abrame o ne a sa tl’o lumelloa ho lula maemong a boiketlo a toropo. O ne a lokela ho aroha ho Bakanana. Bakreste le bona kajeno ba lokela ho aroha lefatšeng. Ha ba nke hore ba phahametse batho ba bang, empa ha ba tloaelane haholo le mang kapa mang ea ka ’nang a ba eka hore ba kopanele boitšoarong boo e seng ba Mangolo.—1 Petrose 4:3, 4.
15. (a) E ka ’na eaba maeto a Abrame e ne e le a bohlokoa ka tsela efe? (b) Abrame o ile a behela malapa a Bakreste a kajeno mohlala ofe?
15 Mehleng ea Bibele, pele motho a rua naha, o ne a e-na le tokelo ea ho e lekola. Ho se lule nģa e le ’ngoe ho ne ho ka ’na ha sebetsa e le khopotso e tsoelang pele ea hore ka letsatsi le leng bana ba Abrame ba ne ba tla rua naha ena. Abrame o ile a mamela ’me “a tsoela pele a phela litenteng. Hamorao a tla ’me a lula har’a lifate tse khōlō tsa Mamre, tse Hebrone; ’me a hahela Jehova aletare moo.” (Genese 13:18) Abrame o ile a boela a bontša hore o etelletsa borapeli pele. Na thuto ea lelapa, thapelo ea lelapa le ho ba teng libokeng li etelletsoa pele lelapeng la hao?
Sera Sea Hlasela
16. (a) Ke hobane’ng ha mantsoe a qalang a Genese 14:1 a e-na le moelelo o tšosang? (b) Marena a mane a bochabela a ne a futuhile ka lebaka lefe?
16 “Eitse matsatsing a Amrafele morena oa Shinare, Arioke morena oa Elasare, Kedorlaomere morena oa Elamec le Tidale morena oa Goime, marena ana a [tsosa ntoa].” Ka Seheberu sa mathomo, mantsoe ana a qalang (“Eitse matsatsing . . . ”) a na le moelelo o tšosang, a supa “nako ea liteko e qetellang ka tlhohonolofatso.” (Genese 14:1, 2, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Teko e qalile ha marena ana a mane a bochabela le mabotho a ’ona a futuhela Kanana ho e ripitla. Sepheo sa ’ona e ne e le sefe? Ho felisa bofetoheli ba metse e mehlano ea Sodoma, Gomora, Adma, Zeboime le Bela. Ha a hlōtse bahanyetsi bohle, “a tsamaea a entse selekane a ea Khohlong ea Sidime, ke hore, Leoatleng la Letsoai.” Lota le lelapa la hae ba ne ba lula haufi le moo.—Genese 14:3-7.
17. Ke hobane’ng ha ho haptjoa ha Lota e ne e le teko ea tumelo ho Abrame?
17 Marena a Kanana a ile a itoanela ka bohale khahlanong le bahlaseli, empa a ile a hlōloa ka mokhoa o hlabisang lihlong. “Joale bahlōli ba nka thepa eohle ea Sodoma le Gomora le lijo tsohle tsa ’ona ’me ba tsamaea. Ba nka le Lota mora oa mor’abo Abrame le thepa ea hae ’me ba tsoela pele ho tsamaea. Ka nako eo o ne a lula Sodoma.” Kapele feela litaba tsena tse bohloko li ile tsa fihla ho Abrame: “Ka mor’a moo monna ea balehileng a tla ’me a bolella Abrame oa Moheberu. Ka nako eo o ne a lula ka nakoana har’a lifate tse khōlō tsa Mamre oa Moamore, mor’abo Eshkole le mor’abo Anere; ’me ba ne ba entse selekane le Abrame. Kahoo Abrame a utloa hore mor’abo o isitsoe kholehong.” (Genese 14:8-14) E ne e le teko e kaakang ea tumelo! Na Abrame o ne a tla jara ngoan’a ngoan’abo ka pelo a re o nkile sebaka se setle ka ho fetisisa? Hape, u hopole hore bahlaseli bana ba ne ba tsoa naheng ea habo ea Shinare. Ho ba loantša ho ne ho tla bolela ho senya menyetla eohle ea ho khutlela ha habo. Ntle ho moo, Abrame o ne a ka etsa’ng khahlanong le lebotho le hlōtseng mabotho a kopaneng a Bakanana?
18, 19. (a) Abrame o ile a khona ho lopolla Lota joang? (b) Ho ile ha tlotlisoa mang ka tlhōlo ee?
18 Abrame o ile a boela a beha tšepo e feletseng ho Jehova. “Eaba o khobokanya banna ba hae ba koetlisitsoeng, makhoba a makholo a mararo le leshome le metso e robeli a tsoaletsoeng ntlong ea hae, ’me a ba lelekisa ho fihlela Dane. Bosiu a arola makhotla a hae, eena le makhoba a hae, khahlanong le bona, kahoo a ba hlōla ’me a tsoela pele ho ba lelekisa ho fihlela Hoba, e ka leboea ho Damaseka. Eaba o lopolla thepa eohle, a lopolla le Lota mor’abo le thepa ea hae le basali le sechaba.” (Genese 14:14-16) Abrame o ile a bontša tumelo e matla ho Jehova ka ho etella pele masole a hae a fokolang ka palo hore a hlōle, a pholosa Lota le lelapa la hae. Joale Abrame o ile a kopana le Melkizedeke, morena le moprista oa Saleme. “Melkizedeke morena oa Saleme a tlisa bohobe le veine, ’me e ne e le moprista oa Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa. Joale a mo hlohonolofatsa eaba o re: “Abrame a hlohonolofatsoe ke Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa, Moetsi oa leholimo le lefatše; ’me ho bokoe Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa, ea nehelaneng ka bahatelli ba hao matsohong a hao!” Eaba Abrame o mo fa karolo ea leshome ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe.”—Genese 14:18-20.
19 E, Jehova o ne a hlōtse. Abrame o ile a boela a lopolloa ke Jehova ka lebaka la tumelo ea hae. Kajeno batho ba Molimo ha ba loane ntoa ea sebele, empa ba talimana le liteko le liphephetso tse ngata. Sehloohong se latelang re tla bona kamoo mohlala oa Abrame o ka re thusang ho li mamella ka katleho.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho ea ka Insight on the Scriptures (e hatisoang ke Lipaki tsa Jehova) “moqolo oa boholo-holo oa ntho ea ho ngolla e entsoeng ka loli o bua ka Faro ea ileng a laela banna ba hlometseng hore ba tšoare mosali e motle ’me ba bolaee monna oa hae.” Kahoo, Abrame o ne a e-na le lebaka la ho tšoha.
b Ho ka etsahala hore ebe Hagare, eo hamorao e ileng ea e-ba mosali e monyenyane oa Abrame, o ne a le har’a makhabunyane a ileng a fuoa Abrame ka nako ena.—Genese 16:1.
c Bahlahlobisisi ba Bibele ba kile ba bolela hore ha ho mohla Elame e kileng ea e-ba le tšusumetso e joalo Shinare le hore tlaleho ea tlhaselo ea Kedorlaomere e ne e se ’nete. Bakeng sa makolopetso a bopaki ba mesaletsa ea lintho tsa khale bo tšehetsang tlaleho ea Bibele, bona Molula-Qhooa oa July 1, 1989, leqepheng la 4-7.
Na U Hlokometse?
•Tlala e neng e le naheng ea Kanana e bile teko ea tumelo ho Abrame joang?
•Abrame le Sarai ba ile ba behela banna le basali ba kajeno mohlala o motle joang?
•Re ka ithuta eng tseleng eo Abrame a ileng a sebetsa tsekisano e neng e le lipakeng tsa bahlanka ba hae le ba Lota?
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Abrame ha aa ka a tsitlella litokelo tsa hae empa o ile a etelletsa lithahasello tsa Lota ka pele ho tsa hae
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Abrame o ile a bontša hore o tšepile Jehova ha a pholosa Lota, ngoan’a ngoan’abo